Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 28 leq. 70-leq. 71 ser. 6
  • Ke Hobane’ng ha Barutuoa ba Jesu ba sa Itime Lijo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Barutuoa ba Jesu ba sa Itime Lijo?
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Botsoa ka ho Itima Lijo
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • O Botsoa ka ho Itima Lijo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ho Itima Lijo—Na ho U Atametsa Haufi le Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na ho Itima Lijo ho Siiloe ke Nako?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 28 leq. 70-leq. 71 ser. 6
Barutuoa ba Johanne Mokolobetsi ba botsa Jesu ka ho itima lijo

KHAOLO EA 28

Ke Hobane’ng ha Barutuoa ba Jesu ba sa Itime Lijo?

MATHEU 9:​14-17 MAREKA 2:​18-22 LUKA 5:​33-39

  • BARUTUOA BA JOHANNE BA BOTSA JESU KA HO ITIMA LIJO

Nakoana ka mor’a hore Jesu a keteke Paseka ka selemo sa 30, Johanne Mokolobetsi o ile a koalloa teronkong. Johanne o ne a batla hore barutuoa bohle ba hae ba sale Jesu morao empa le ka mor’a likhoeli a kene teronkong, ba bang ba ne ba ntse ba e-s’o etse joalo.

Ha Paseka ea selemo sa 31 e ntse e atamela, ba bang ba barutuoa ba Johanne ba tla ho Jesu ’me baa mo botsa ba re: “Ke hobane’ng ha rona le Bafarisi re tloaetse ho itima lijo empa barutuoa ba hao ba sa itime lijo?” (Matheu 9:​14) Bafarisi ba itima lijo e le ho phetha moetlo oa bolumeli. Jesu o ba etsetsa papiso ea Mofarisi ea ikhohomosang. Ha Mofarisi eo a rapela o re: “Molimo, kea u leboha ha ke se joalo ka batho ba bang . . . ke itima lijo habeli ka beke.” (Luka 18:​11, 12) E ka ’na eaba barutuoa ba Johanne le bona ba itima lijo hobane e le ntho e tloaelehileng sebakeng sa habo bona. Kapa mohlomong ba etsa joalo hobane ba hloname ha Johanne a koalletsoe. Batho ba bang le bona baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha barutuoa ba Jesu ba sa itime lijo ho bontša hore le bona ba utloile bohloko ha Johanne a koalletsoe.

Jesu o ba araba ka ho ba etsetsa mohlala, o re: “Metsoalle ea monyali ha e na lebaka la ho siama hafeela monyali a e-na le eona, na ha ho joalo? Empa matsatsi a tla tla ha monyali a tla tlosoa ho eona, ’me joale e tla itima lijo.”​—Matheu 9:15.

Johanne o ile a re Jesu ke monyali. (Johanne 3:​28, 29) Kahoo ha Jesu a le teng barutuoa ba hae ha ba itime lijo. Leha ho le joalo, hamorao ha Jesu a shoa, barutuoa ba hae ba tla siama ’me ba ke ke ba e-ba le takatso ea lijo. Ho tla ba le phetoho e kholo ka mor’a hore a tsohe bafung. Ba tla be ba se ba se na lebaka la ho itima lijo.

Jesu o etsa lipapiso tse peli o re: “Ha ho ea rokellang setsiba sa lesela le sa honyelang seaparong sa ka ntle sa khale, etsoe matla a sona a feletseng a ne a tla rutla seaparong sa ka ntle ’me ho taboha hoo ho ne ho tla ba hobe haholo. Leha e le hore batho ba tšela veine e ncha ka makukeng a veine a khale, empa haeba ba etsa joalo, joale makuka a veine aa phatloha ’me veine ea tšoloha ’me makuka a veine aa senyeha. Empa batho ba tšela veine e ncha ka makukeng a veine a macha.” (Matheu 9:​16, 17) Jesu o bolela’ng?

Jesu o thusa barutuoa ba Johanne hore ba bone hore ha baa lokela ho qobella barutuoa ba hae hore ba khomarele litloaelo tse neng li etsoa ke Bajuda tse kang ho itima lijo. Jesu o ne a sa tlela ho tl’o lapa kapa ho lokisa mokhoa oa khale oo Bajuda ba neng ba rapela ka oona kaha o ne o se o ntse o tl’o felisoa. Tsela eo Jesu a khothalletsang batho hore ba rapele Molimo ka eona ha e tšoane le ea tumelo ea Sejuda e nang le makhomeletso a lineheletsano tsa batho. Ha a leke ho lapa seaparo sa khale ka lesela le lecha kapa hona ho tšela veine e ncha ka har’a lekuka la khale.

LIPAPISO TSE BUANG KA HO ITIMA LIJO

Botlolo ea letlalo

Jesu o buile ka papiso ea ho roka hobane batho ba bangata ba ka e utloisisa. Ho ne ho ka etsahala’ng haeba motho a ne a ka lapa seaparo sa khale ka lesela le lecha? Ha seaparo seo se hlatsuoa, lesela le lecha le ne le tla motela ’me seo se ne se tla etsa hore lesela la khale le rutlehe.

Ka linako tse ling veine e ne e tšeloa ka har’a libotlolo tse entsoeng ka letlalo la phoofolo. Ha letlalo lena le tsofala le ne le e-ba thata ebe ha le sa khona ho saroloha. U ne u ka ’na oa senyeheloa haeba u ne u ka tšela veine e ncha ka lekukeng la khale. Lekuka le ne le ka kokomoha ha veine e bela ’me le ne le ka phatloha.

  • Ke bo-mang ba neng ba itima lijo mehleng ea Jesu, hona hobane’ng?

  • Ke hobane’ng ha barutuoa ba Jesu ba sa itime lijo ha ba ntse ba e-na le eena, empa ho ka ’na ha etsahala’ng hamorao e ka etsang hore ba itime lijo?

  • Lipapiso tsa Jesu tse buang ka ho lapa le ka veine e ncha li bolela’ng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela