Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 7/8 maq. 12-13
  • Ho Itšireletsa—Mokreste o Lokela ho ho Etsa ho ea Bohōleng Bofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Itšireletsa—Mokreste o Lokela ho ho Etsa ho ea Bohōleng Bofe?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho Tobana le Pefo ka Pefo ho Loketse?
  • Na ke Nako ea ho Loana?
  • Ke Maemong Afe ho Loketseng Hore Motho a Itšireletse ha a Hlaseloa?
    Tsoha!—2008
  • Na ke Lokela ho Ithuta ho Itšireletsa?
    Tsoha!—1995
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Pefo—U ka Itšireletsa
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 7/8 maq. 12-13

Pono ea Bibele

Ho Itšireletsa—Mokreste o Lokela ho ho Etsa ho ea Bohōleng Bofe?

“Ke hobane’ng ha u phela ka tšabo? Ithute litsela tse sebetsang tsa ho itšireletsa le tsa ho phonyoha ho ea u hlaselang. Mekhoa e bonolo le e sebetsang ea ho itšireletsa e bontšitsoe ka botlalo. Video ena e koetlisang e ka etsa phapang pakeng tsa ho ba mohlaseluoa kapa mophonyohi.”—Phatlalatso bakeng sa “video” ea lenaneo la ho itšireletsa.

HA HO motho ea ka hlalosang kamoo video eo e rekoang haholo ka teng kajeno. Motseng oa Philadelphia, Pennsylvania, U.S.A., lihlopha tsa bacha li pheta mantsoe ana hangata “Otla, otla, otla” ha ba ntse ba solla literateng ba batla bahlaseluoa bao ba ka ba otlang le ho ba utsoetsa. Makasine oa Time oa tlaleha: “Tšabo ea tlōlo ea molao e ama sebōpeho sa batho bohle ba motse” oa Rio de Janeiro. Hong Kong bosholu ba batho ba hlometseng ka libetsa le ho thunngoa ha batho li etsahala libakeng tseo ho tsona tlōlo ea molao e mabifi e neng e batla e sa tsejoe—ho fihlela kajeno.

Litlaleho tse tšoanang le tseo li utloahala lefatšeng lohle. Ka phello efe? Newsweek e re: “Baahi ba lekanya ka hloko likotsi tsa ho iphetetsa ka ho thunya.” Bakreste ha baa sireletsoa ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ empa na ho iphetetsa ka ho thunya ho hlile ho etsa “phapang pakeng tsa ho ba mohlaseluoa kapa mophonyohi?”—2 Timothea 3:1, NW.

Na ho Tobana le Pefo ka Pefo ho Loketse?

Ba bang ba lumela hore, ‘haeba ke tšoere sethunya, ke tla sireletseha. Ke tla mo thunya pele a nthunya. Bonyane ke tla mo tšosa!’ Leha ho le joalo, ha ho bonolo joalo.

Mokomishinara oa tšireletseho ea sechaba, George Napper, oa Atlanta, Georgia, U.S.A., o re: “Ho ba le sethunya ho bolela ho ikemisetsa ho mamella liphello tsa ho bolaea motho e mong.” Na Mokreste o ikemiselitse ho mamella liphello tse joalo, tse ka ’nang tsa akarelletsa ho ba molato oa mali?—Bapisa le Numere 35:11, 12.

Hape, Lentsoe la Molimo lea re laela, ‘Teang lisabole tsa lōna hore e be mehoma’ hape le re re ‘Batle khotso re e phehelle.’ (Mikea 4:3; 1 Petrose 3:11) Ke joang Bakreste ba ka batlang tšireletso libetseng ’me ka nako e tšoanang ba phela tumellanong le se hlokoang ke Bibele? Boemong leha e le bofe, ho ka ’na ha etsahala hore motho ea hlaselang a hule sethunya sa hae kapele ho feta mohlaseluoa.

Jesu o ile a hana ho itšireletsa ka libetsa. Ke ’nete, o ile a laela baapostola ba hae hore ba ee le lisabole tse peli serapeng sa Gethsemane, sebakeng seo a neng a tla tšoaroa ho sona. Empa ke hobane’ng ha a ile a etsa joalo? Ho ba le libetsa, empa ba sa li sebelise, ho ile ha bontša ka matla hore balateli ba Jesu ha baa lokela ho itšireletsa ka libetsa tsa nama. Hoa hlokomeleha hore hobane Petrose a ne a na le sebetsa ho eena, o ile a susumelletseha hore a se sebelise. Jesu o ile a mo khalemela ka matla bakeng sa ho potlakela ho etsa ketso ena e kotsi ka mantsoe ana: “Bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.”—Mattheu 26:36, 47-56; Luka 22:36-38, 49-51.

E mong a ka ’na a re: ‘Seo se sebetsa hantle le hamolemo ho ba nang le libetsa. Empa ho thoe’ng ka taba ea ho ithuta mekhoa ea ho loana ntle ho lihlomo bakeng sa ho itšireletsa, e kang judo, karate, le kendo?’ Ipotse, na sepheo sa koetliso ee hase ho loana kapa ho ntša ba bang kotsi? ’Me na koetliso e joalo ha e hlile ha e tšoane le ho itlhomella bakeng sa ho bolaea? (1 Timothea 3:3) Esita le mananeo a ho itlhakisa a felletse ka likotsi tse tebileng le mafu.

Ba-Roma 12:17-19 e fana ka keletso e bohlale tabeng ena: “Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. . . . Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle. Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngoliloe, ho thoe: Phetetso ke ea ka; ke ’na ea tlang ho busetsa, ho rialo Morena.” Lentsoe la Segerike leo Pauluse a le sebelisang bakeng sa “bobe” (ka·kosʹ) le ka boela la bolela “ho ntša kotsi ho timetsang.” Kahoo, Bakreste ba lokela ho qoba monahano oa ho iphetetsa ka ho ntša motho e mong kotsi kapa ho mo utloisa bohloko.

Ho e-na le hore Mokreste a susumelletse ho bontša bohale ba hae, o tšepa Molimo ka ho felletseng, ea reng ka batho ba hae: “Ea le amang o thetsa thaka ea leihlo la ka.” Tumellanong le sena, Molimo o tšepisa hore o tla “felisa ba babe kaofela” ka nako e loketseng.—Zakaria 2:8, BPN; Pesaleme ea 145:20.

Na ke Nako ea ho Loana?

Ba bang ba bua ka sebete ba re ‘Nke ke ka fana ka chelete ea ka ke sa loana!’ Mookameli oa thuto oa Setsi sa Sechaba sa Thibelo ea Tlōlo ea Molao, Dick Mellard, oa lemosa: “Ke tlhaho ea motho ho hana ka ntho e itseng, empa tlhaho e ka etsa hore u bolaoe boemong bo fosahetseng.” Masholu a mangata a hlometseng a tšoara libetsa tse kotsi, a tšohile ’me a ferekane. Chelete e lahlehileng e ka fumanoa hape, empa ho thoe’ng ka bophelo bo lahlehileng? Na ho ipeha kotsing ho lekana le bona?

George Napper o fana ka keletso ena: “Mohlomong tsela e molemohali ea ho itšireletsa ke ea ho beha thepa ea hao kotsing ho e-na le ho beha bophelo ba hao kotsing. Masholu a mangata a nkang lintho tsa batho ka mahahapa le a thuhang matlo a na le morero oa ho utsoa, eseng oa ho bolaea.” Maemong ao ho ’ona motho a atameloang feela ka morero oa ho mo phephetsa kapa oa ho batla chelete ea hae, molao-motheo o utloahalang ke: “Mohlanka oa Morena ha a tšoanela ho loana.”—2 Timothea 2:24.a

Hona ha ho bolele ho se itšireletse tlas’a boemo bofe le bofe. Ho Exoda 22:2, 3, ho hlalositsoe boemo boo ho bona lesholu le shapuoang hampe haholo ha le kena ntlong ea e mong motšehare. Ho ne ho nahanoa hore bohato bo joalo ba ho itšireletsa bo lekana le polao, kaha lesholu le ka be le ile la tsejoa le ho ahloloa lekhotleng la molao. Empa bosiu, ho ne ho tla ba thata hore mong’a ntlo a bone senokoane le ho elelloa seo se rerileng ho se etsa. Ka baka leo, motho ea bolaeang senokoane lefifing o ne a fumanoa a se na molato.

Ka hona, Bibele ha e tšehetse boiteko ba ho itšireletsa bo susumetsoang ke bohale. Leha ho le joalo, ho se tšehetse ha Bibele leano la ho se itšireletse tlas’a boemo bofe le bofe, ho bontša hore ho na le nako ea ho itšireletsa. Bakreste ba ka ’na ba itšireletsa khahlanong le litlhaselo tse mabifi tsa ’meleng tse etsoang khahlanong le bona, malapa a bona, kapa ba bang ba hlileng ba hlokang tšireletso.b Empa, ba ke ke ba mema tlhaselo, leha e le hona hore ba ka iphetetsa ka morero oa ho sireletsa thepa ea bona. Ba ke ke ba nka libetsa ka baka la ho lebella tlhaselo e joalo; ho e-na le hoo, ba leka ka matla hore ba “lule ka khotso.”—2 Ba-Korinthe 13:11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Le hoja taba e potolohileng temana ena e bontša hore Pauluse mona o ne a bua ka ho loana ka mantsoe, lentsoe la pele-pele le fetoletsoeng e le “loana” (maʹkhe·sthai) ka kakaretso le amahanngoa le ho loantšana ka libetsa kapa ka matsoho.

b Mosali ea tšosoang ka ho betoa o lokela ho hoeletsa le ho sebelisa mekhoa leha e le efe e matleng a hae ho hanela likamano tsa botona le botšehali.—Deuteronoma 22:23-27.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Betrayal of Christ, by Albrecht Dürer, 1508

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela