Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 25 leq. 64-leq. 65 ser. 6
  • O Folisa Molepera ka Mosa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Folisa Molepera ka Mosa
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molepera o Utloeloa Bohloko
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ho Utloela Molepera Bohloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • “Hore le Tsebe Lerato la Kreste”
    Atamela ho Jehova
  • Na U Hopola ho Leboha?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 25 leq. 64-leq. 65 ser. 6
Jesu o tšoara molepera ea itihileng ka pel’a hae

KHAOLO EA 25

Jesu o Folisa Molepera ka Mosa

MATHEU 8:​1-4 MAREKA 1:​40-45 LUKA 5:​12-16

  • JESU O FOLISA MOLEPERA

Jesu le barutuoa ba hae ba banè ba ruta ka “lisynagogeng . . . ho pholletsa le Galilea.” Lintho tseo Jesu a li entseng li fihla litsebeng tsa batho ba bangata. (Mareka 1:​39) Li fihla le motseng oo ho lulang monna ea tšoeroeng ke lepera. Luka e ne e le ngaka ’me ha a hlalosa boemo ba monna enoa o re ke ‘monna ea tletseng lepera.’ (Luka 5:​12) Ha lepera le se le le boemong bo bobe haholo, le etsa hore butle-butle litho tse ling tsa ’mele li se ke tsa sebetsa.

Monna enoa oa molepera o imetsoe haholo ebile ha aa lumelloa ho lula le batho. Hape ha batho ba le haufi le eena o lokela ho hoelehetsa a re, “ha kea hloeka, ha kea hloeka!” e le hore ba se ke ba mo atamela ’me a ba tšoaetsa. (Levitike 13:​45, 46) Leha ho le joalo, molepera eo eena o etsa’ng? O atamela Jesu ’me o itihela fatše ka sefahleho ka pel’a hae o re: “Morena, haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.”​—Matheu 8:2.

Monna enoa o na le tumelo e tsotehang ho Jesu. Lefu lena le etsa hore e be sono. Ebe Jesu o tla araba joang? Uena u ne u ka etsa’ng ha u ne u le moo? Jesu oa mo qenehela ’me oa mo tšoara o re ho eena: “Kea batla. Hloeka.” (Matheu 8:3) Joale ho etsahala ntho e ’ngoe e makatsang, lepera la monna enoa le fola hang-hang.

Na ha u rate ho busoa ke Morena ea mosa joaloka Jesu le ea khonang ho etsa lintho tse tsotehang joaloka eena? Tsela ena eo Jesu a phekotseng molepera ka eona e bontša hore ha e se e le Morena lefatšeng ho tla phethahala boprofeta bo reng: “O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng.” (Pesaleme ea 72:​13) Jesu o tla fela a folise batho bohle ba kulang.

Batho ba bangata ba ne ba se ba ntse ba rata mosebetsi oo Jesu a o etsang le pele a folisa molepera enoa. Joale le lekhetlong lena batho ba tla boela ba tsebe ka ntho ena e hlollang eo a e entseng. Leha ho le joalo, Jesu ha a batle hore batho ba behe tumelo ho eena ka lebaka la lintho tseo ba li utloileng feela. O tseba boprofeta bo reng o ne a ke ke “a etsa hore lentsoe la hae le utluoe seterateng” ka tsela e ka mo kenyetsang mahlo a batho. (Esaia 42:​1, 2) Kahoo ke ho utloahalang hore Jesu a fe molepera taelo e reng: “Tiisa hore u se ke oa bolella motho, empa u ee, u iponahatse ho moprista, ’me u nyehele mpho e behiloeng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.”​—Matheu 8:4.

U se u ka inahanela hore na monna enoa o thabile hakae ha Jesu a mo folisitse! O sitoa ho itšoara ke thabo, o bolella batho bohle se etsahetseng. Taba ena e etsa hore batho ba be le thahasello ba be ba batle ho tseba haholoanyane ka Jesu. Ka lebaka lena, Jesu o sitoa le ho kena motseng a itsamaela ka bolokolohi, kahoo o qeta nakonyana a le moo batho ba leng sieo. Ho ntse ho le joalo, batho ba tsoang libakeng tse fapaneng ba tla ho eena e le hore a ka ba ruta le ho ba folisa.

  • Lepera le ka etsa hore motho a be joang, hona molepera o ne a lokela ho etsa eng?

  • Molepera o kopa Jesu eng, ’me re ithuta’ng karabong ea Jesu?

  • Molepera o etsa’ng ka mor’a hore Jesu a mo phekole ’me seo se ama batho ba bang joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela