Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 2/15 maq. 4-7
  • “Re Fumane Mesia”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Re Fumane Mesia”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bopaki bo Neng bo Tla Bonahatsa Mesia
  • Setšoantšo se Entsoeng ka Likarolo Tse Ngata
  • Leloko la Mesia le Seo a Neng a Tla Tsejoa ka Sona
  • Na Jesu o Phethahalitse Boprofeta ka Tsietsi Feela Tjee?
  • ‘Ho Tla’ ha Mesia
  • Molimo o Pholosa Batho ka Mesia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Re Fumane Mesia”!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ba ne ba Lebeletse Mesia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Bibele—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ea 3
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 2/15 maq. 4-7

“Re Fumane Mesia”

“RE FUMANE Mesia.” “Re fumane eo Moshe, Molaong, le Baprofeta ba ileng ba ngola ka eena.” Bajuda ba babeli ba tšepahalang ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba phatlalatsa litaba tsena tse makatsang. Qetellong, Mesia eo e neng e le khale a lebeletsoe o ne a fihlile. Ba ne ba kholisehile ka seo!—Johanne 1:35-45.

Ha u nahana ka maemo a histori le a bolumeli a nakong eo, ke habohlokoa haholo hore ebe ba ne ba kholisehile. Ho ile ha hlaha balopolli ba bangata ba bohata ba neng ba ipolelisaka ebile ba tšepisa lintho tse ngata, empa tšepo ea batho e ne e fela ha batho bao ba hlōloa ho lopolla Bajuda khatellong ea Baroma.—Liketso 5:34-37.

Leha ho le joalo, Bajuda bao ba babeli—e leng Andrease le Filipi—ha baa ka ba belaela hore ba ne ba fumane Mesia oa sebele. Ho e-na le hoo, lilemong tse latelang, ba ile ba kholiseha haholo ha ba iponela ka mahlo mesebetsi e matla eo monna enoa a neng a e etsa ha a ntse a phethahatsa se ileng sa boleloa esale pele ka Mesia.

Ke hobane’ng ha batho baa ba babeli le ba bang ba bangata ba ile ba lumela ho eena, ba kholisehile hore e ne e se Mesia oa bohata kapa mothetsi ea neng a tla ba soabisa? Ke bopaki bofe bo kholisang bo ileng ba bontša hore ke Mesia oa sebele?

Tlaleho ea histori e bontša hore Andrease le Filipi ba ile ba lemoha hore, Jesu oa Nazaretha, eo e neng e le ’metli oa mapolanka, ke Mesia ea neng a tšepisitsoe le eo e neng e le khale a letetsoe. (Johanne 1:45) Rahistori ea hlokolosi oa mehleng eo, e leng Luka, o bolela hore ho tla hona ha Mesia ho etsahetse “ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ea Tiberiuse Cesare.” (Luka 3:1-3) Selemo sa bo15 sa puso ea Tiberiuse se ile sa qala ka khoeli ea September ea selemo sa 28 C.E. ’me sa fella ka khoeli ea September ea selemo sa 29 C.E. Luka o boetse o bolela hore nakong ena Bajuda ba ne “ba ntse ba lebeletse” hore Mesia a fihle. (Luka 3:15) Ke hobane’ng ha a ne a lebeletsoe ka nako eona eo? Re tla bona.

Bopaki bo Neng bo Tla Bonahatsa Mesia

Kaha Mesia o phetha karolo ea bohlokoa, hoa utloahala hore ’Mōpi, Jehova, o ne a tla fana ka bopaki bo bongata bo hlakileng bo neng bo tla thusa batho ba seli le ba tšepahalang hore ba tsebe Mesia ea tšepisitsoeng. Hobane’ng? Hobane ka tsela eo, batho ba seli ba ne ba ke ke ba thetsoa ke baikhakanyi, joalokaha batho ba bangata ba ile ba thetsoa.

Ha lenģosa la naha e ’ngoe le itlaleha ’musong o mong, ho lebeletsoe hore le hlahise mangolo a bontšang hore le tlile ka tumello ea ’muso oa lona. Ka tsela e tšoanang, Jehova o ne a tlalehile esale pele lintho tseo Mesia a neng a tla li finyella. Kahoo, e ne e tla re ha “Moemeli ea ka Sehloohong” a hlaha, e ne e tla ka o tla a tšoere mangolo a bopaki a neng a tla tiisa hore na ke mang.—Baheberu 12:2.

Lintho tseo Mesia ea nepahetseng a neng a tla lokela ho li finyella li ne li ngotsoe boprofeteng bo bongata ba Bibele bo neng bo ngotsoe lilemo tse makholo esale pele. Bo ile ba bolela esale pele ka ho qaqileng mokhoa oo Mesia a neng a tla tla ka oona, hore na tšebeletso ea hae e ne e tla ba ea mofuta ofe, hore o ne a tla hlokofatsoa ke batho ba bang le hore na o ne a tla shoa lefu la mofuta ofe. U ka ’na ua thahasella ho tseba hore boprofeta boo bo tšepahalang bo ile ba bolela esale pele ka tsoho ea hae, ho phahamisetsoa ha hae letsohong le letona la Molimo ’me qetellong ba bolela melemo e neng e tla tlisoa ke puso ea hae ea ’Muso. Ka tsela ena, boprofeta ba Bibele bo etsa paterone e khethehileng e ka tšoantšoang le mela ea letsoho, eo motho a tsejoang ka ea hae feela.

Ha e le hantle, ha Jesu a ne a bonahala ka 29 C.E., ha hoa ka ha phethahatsoa boprofeta bohle ba Bomesia ka nako eo. Ka mohlala, o ne a e-s’o bolaoe le ho tsosoa. Leha ho le joalo, Andrease, Filipi le ba bang ba bangata ba ile ba lumela ho Jesu ka lebaka la seo a ileng a se ruta le seo a ileng a se etsa. Ba ile ba bona bopaki bo bongata ba hore kannete e ne e le eena Mesia. Haeba u ne u phetse nakong eo ebile u hlahlobile bopaki ka bouena ntle ho leeme, mohlomong le uena u ka be u ile ua kholiseha hore Jesu e ne e le Mesia.

Setšoantšo se Entsoeng ka Likarolo Tse Ngata

Ebe ke eng e ka beng e ile ea u thusa hore u fihlele qeto eo? Ka lilemo tse makholo, baprofeta ba Bibele ba ile ba bolela lintho tse tobileng tseo Mesia a neng a tla tlameha ho li finyella, tse neng li tla mo khetholla ntle ho pelaelo. Ha baprofeta ba ntse ba bolela lintlha tsena ka lilemo tse makholo, setšoantšo sa Mesia se ile sa bonahala butle-butle. Henry H. Halley o ile a re: “Nahana haeba banna ba ’maloa ba tsoang linaheng tse fapa-fapaneng, bao ho neng ho se mohla ba kileng ba bonana, kapa ba buisana ka tsela efe kapa efe, ba ne ba ka kena ka phaposing e ’ngoe, eaba e mong le e mong o beha sekotoana sa lejoe le betliloeng la ’mabole, ebe likotoana tseo, ha li kopanngoa hammoho, li etsa setšoantšo se phethahetseng—na ho na le tsela e ’ngoe eo re neng re ka hlalosa seo ka eona haese feela hore re re motho e mong ea itseng, o ile a etsa moralo, eaba o romella monna e mong le e mong sekotoana sa hae?” Joale oa botsa: “Ebe marangrang aa a hlollang a bophelo ba Jesu le mosebetsi oa hae, ao bangoli ba fapa-fapaneng ba makholo a sa tšoaneng a lilemo ba ileng ba a kopanya lilemo tse ngata pele Jesu a tla, a ka hlalosoa ka ho re’ng haese feela hore kelello e ’ngoe e phahametseng matla a motho e ile ea laola se neng se ngoloa?” Halley o ile a phetha ka hore e ne e le “mohlolo oa mehlolo!”

“Mohlolo” ona o qalile bukeng ea pele ea Bibele. Ho phaella moo, boprofeta ba pele ba Bibele bo neng bo bontša karolo eo Mesia a neng a tla e phetha, mongoli oa Genese o ile a tlaleha hore Mesia o ne a tla tsoa lelokong la Abrahama. (Genese 3:15; 22:15-18) Boitsebiso bo bong bo ile ba bolela hore Mesia e ne e tla ba oa leloko la Juda. (Genese 49:10) Molimo o ile a bolella Baiseraele ka Moshe hore Mesia e ne e tla ba ’muelli le molopolli e moholo le ho feta Moshe.—Deuteronoma 18:18.

Mehleng ea Morena Davida, boprofeta bo ile ba bolela hore Mesia e ne e tla ba mojalefa oa terone ea Davida le hore ’muso oa Hae o ne ‘o tla tiisoa ka thata ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’ (2 Samuele 7:13-16) Buka ea Mikea e ile ea senola hore Mesia o ne a tla tsoalloa motseng oa ha habo Davida oa Bethlehema. (Mikea 5:2) Esaia o ile a bolela esale pele hore O ne a tla tsoaloa ke moroetsana. (Esaia 7:14) Moprofeta Malakia o hlile a phatlalatsa hore ho tla ha Hae ho ne ho tla phatlalatsoa ke e mong ea kang Elia.—Malakia 4:5, 6.

Ntlha e ’ngoe e hlalosang Mesia ka ho hlaka e ile ea hlaha bukeng ea Daniele. Boprofeta boo bo bua se latelang ha bo bolela ka ho toba selemo seo Mesia a neng a tla hlaha ka sona: “U lokela ho tseba ’me u be le temohisiso hore ho tloha ha ho tsoa lentsoe la hore Jerusalema e tsosolosoe ’me e hahuoe hape ho fihlela ho Mesia Moeta-pele, ho tla ba le libeke tse supileng, le libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli. E tla khutla ’me e tla hahuoa hape, e e-na le lepatlelo le foro e thibellang, empa e le linakong tsa mahlomola.”—Daniele 9:25.

Selemong sa bo20 sa puso ea hae, Morena Artaxerxese oa Persia o ile a ntša “lentsoe” la hore Jerusalema e tsosolosoe le ho hahuoa hape. Puso ea hae e ile ea qala ka 474 B.C.E., kahoo, selemo sa hae sa bo20 e ne e tla ba sa 455 B.C.E. (Nehemia 2:1-8) Kahoo, pakeng tsa ho hlaha ha Mesia le taelo ea ho tsosolosoa le ho hahuoa bocha ha Jerusalema ho ne ho tla ba le nako ea libeke tsa boprofeta tse 69 (7 ha e kopanngoa le 62). Ha e le hantle, libeke tsa sebele tse 69, e ne e tla ba feela matsatsi a 483, kapa ka tlaase ho lilemo tse peli. Empa ha ho sebelisoa molao o ngotsoeng oa boprofeta oa hore “letsatsi bakeng sa selemo,” hoa bonahala hore Mesia o ne a tla hlaha lilemo tse 483 hamorao, e leng ka 29 C.E.—Ezekiele 4:6.a

Le hoja ka linako tse sa tšoaneng ho ’nile ha hlaha batho ba bolelang hore ke bo-Mesia, ke Jesu oa Nazaretha feela ea ileng a bonahala lefatšeng ka 29 C.E. (Luka 3:1, 2) Selemong sona seo, Jesu o ile a ea ho Johanne Mokolobetsi eaba o kolobetsoa ka metsing. Ka mor’a moo, Jesu o ile a tlotsoa ka moea o halalelang hore e be Mesia. Hamorao, Johanne, eo e neng e le selelekela se boletsoeng esale pele se kang Elia, o ile a tsebisa Andrease le morutuoa e mong hore na Jesu ke mang, a Mo bitsa “Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše.”—Johanne 1:29; Luka 1:13-17; 3:21-23.

Leloko la Mesia le Seo a Neng a Tla Tsejoa ka Sona

Boprofeta bo bululetsoeng bo ile ba amahanya Mesia le malapa a itseng a Bajuda. Kahoo, hoa utloahala hore ’Mōpi ea bohlale bohle o ne a tla lokisetsa hore Mesia a tle nakong eo litlaleho tsa maloko li neng li le teng e le hore ho tiisoe hore na ke oa leloko lefe.

Cyclopedia ea McClintock le Strong e re: “Ha ho pelaelo hore litlaleho tsa maloko a malapa a Bajuda li ile tsa timela ha ho senngoa Jerusalema [ka 70 C.E.], eseng pele ho moo.” Ho na le lintho tse bontšang ka ho hlaka hore Matheu le Luka ba ile ba ngola Likosepele tsa bona pele ho 70 C.E. Kahoo, e tlameha ebe ba ile ba sheba litlalehong tsena ha ba bokella litlaleho tsa bona tsa leloko la Jesu. (Matheu 1:1-16; Luka 3:23-38) Kahoo, ha ho pelaelo hore tabeng ena ea bohlokoahali, batho ba bangata ba mehleng ea bona ba ne ba tla rata ho itlhahlobela leloko la Jesu.

Na Jesu o Phethahalitse Boprofeta ka Tsietsi Feela Tjee?

Leha ho le joalo, na ho ka etsahala hore ebe e mpile ea e-ba ka tsietsi feela tjee hore Jesu a phethahatse boprofeta boo bo buang ka Mesia? Motho e mong oa setsebi o ile a fana ka karabo e latelang ha a ne a botsoa: “Seo se ne se ke ke sa etsahala ka tsietsi feela tjena. Ho na le mabaka a mangata a hanyetsang hore seo se ne se ka etsahala ka tsietsi feela tjena. Motho e mong o ile a sebetsa lipalo eaba o fumana hore e le hore liketsahalo tse robeli feela tsa boprofeta li etsahale ka tsietsi feela tjena sena se ka etsahala ketsahalong e le ’ngoe ho tse ling le tse ling tse libilione tse limilione tse lekholo.” Ha a bontša ka lipalo hore sena se ke ke sa etsahala, o ile a re: “Ha u ne u ka nka lidolara tsa silevera tse etsang palo eo, li ne li tla koahela profinse ea Texas [e leng sebaka sa lisekoere-k’hilomithara tse 690 000] bophahamo ba limithara tse 0,6. Haeba u ne u ka tšoaea dolara e le ’ngoe ea silevera ho tsona eaba u re motho ea koetsoeng mahlo a tsamaee profinseng eo kaofela ebe oa inama hore a thonake [dolara e le ’ngoe ea silevera], ho ne ho ka ba le menyetla e mekae ea hore o ne a tla khetha e neng e tšoailoe?” Ka mor’a moo o bolela hore “ho ne ho tla ba joalo haeba ho ne ho ka ba le motho historing ea neng a ka phethahatsa liketsahalo tse robeli feela tsa boprofeta [ba Bomesia].”

Leha ho le joalo, tšebeletsong eo Jesu a e entseng ka lilemo tse tharo le halofo, ha aa ka a phethahatsa liketsahalo tse robeli feela tsa boprofeta ba Bibele, o phethahalitse tse ngata. Ka lebaka la boprofeta bo bongata hakana, setsebi sena se ile sa qeta ka ho re: “Jesu—le hona e le Jesu feela historing eohle—ke eena ea ileng a [phethahatsa boprofeta bo bongata ba Bibele].”

‘Ho Tla’ ha Mesia

Ho hlakile hore Mesia o ile a tla ka 29 C.E. e le Jesu oa Nazaretha. O ile a tla e le Molopolli ea ikokobelitseng, ea mahlomoleng. Ha aa ka a tla e le Morena ea hlōlang ea tlil’o felisa khatello ea Baroma, joalokaha ho bonahala Bajuda ba bangata esita le barutuoa ba hae ba ne ba lebeletse hore ho tla ba joalo. (Esaia, khaolo ea 53; Zakaria 9:9; Liketso 1:6-8) Leha ho le joalo, ho ile ha boleloa esale pele hore ha a tla nakong e tlang, o tla tla ka matla le ka bolaoli bo boholo.—Daniele 2:44; 7:13, 14.

Ho ithuta boprofeta ba Bibele ka hloko ho kholisitse batho ba nahanang lefatšeng lohle hore Mesia o ile a tla lekholong la pele la lilemo le hore o ne a tla khutla. Bopaki bo tiisa hore ho khutla hona ho boletsoeng esale pele, e leng qaleho ea “ho ba teng” ha hae, ho etsahetse ka 1914.b (Mattheu 24:3-14) Selemong seo, ho behoa teroneng ha Jesu maholimong hore e be Morena oa ’Muso oa Molimo ho ne ho sa ka ha bonahala mahlong a batho. Nakoana ka mor’a moo, o ne a tla nka khato hore a felise liphello tsa borabele bo ileng ba etsoa Edene. Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete e tlang ho latela, e tla hlohonolofatsa bohle ba lumelang ho eena hore ke Peō e tšepisitsoeng, e “tlosang sebe sa lefatše,” e leng Mesia.—Johanne 1:29; Tšenolo 21:3, 4.

Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla bopaki boo le uena le ho sebelisa Bibele ho u bontša hore na puso ea Mesia e tla bolela’ng ho uena le ho baratuoa ba hao.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa lintlha tse eketsehileng tsa Daniele 9:25, bona Insight on the Scriptures, Buka 2, leqepheng la 899-904, le Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!, leqepheng la 186-192, tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

b Bakeng sa lintlha tse ling tse qaqileng, bona khaolo ea 10 le ea 11 bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 6, 7]

455 B.C.E., 29 C.E., 1914., Mesia o tla tloha a

“lentsoe la Mesia Mesia o behoa felisa bokhopo ebe

hore Jerusalema oa fihla teroneng o etsa lefatše

e tsosolosoe” leholimong paradeise

Lilemo tse 483

(libeke tsa boprofeta

tse 69)—Daniele 9:25

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela