Khaolo ea Bohlano
Tokoloho e Thabeloang ke Barapeli ba Jehova
1, 2. (a) Molimo o ile a fa batho ba babeli ba pele tokoloho ea mofuta ofe? (b) Bolela e meng ea melao e neng e laola mosebetsi oa Adama le Eva.
HA Jehova a ne a bōpa batho ba babeli ba pele, ba ile ba thabela tokoloho e fetang leha e le efe eo batho ba nang le eona kajeno. Lehae la bona e ne e le Paradeise, Serapa se setle sa Edene. Ha ho ho kula ho neng ho ba sulafaletsa bophelo, kaha ba ne ba e-na le likelello le ’mele e phethahetseng. Ba ne ba sa emeloa ke lefu joalokaha le ’nile la lalla bohle ho tloha ka nako eo. Hape, e ne e se liroboto empa ba ne ba e-na le mpho e babatsehang ea bolokolohi ba ho ikhethela, matla a ho iketsetsa liqeto. Leha ho le joalo, e le hore ba tsoele pele ba thabela tokoloho eo e babatsehang, ba ne ba tlameha ho hlompha melao ea Molimo.
2 Ka mohlala, nahana ka melao ea tlhaho eo Molimo a e entseng. Ke ’nete hore melao ena e ka ’na eaba ha ea boleloa ka ho toba, empa Adama le Eva ba ne ba entsoe ka tsela eo ka tlhaho ba neng ba tla e hlompha. Takatso ea bona ea lijo e ne e ba lemosa hore ba lokela ho ja; lenyora la bona, le ne le ba lemosa hore ho hlokahala hore ba noe; ho likela ha letsatsi, ho ne ho ba lemosa hore ho hlokahala hore ba robale. Jehova o ile a boela a ba abela mosebetsi. Ha e le hantle, kabelo eo e ne e le molao, hobane e ne e tla laola liketso tsa bona. Ba ne ba tlameha ho tsoala bana, ba buse mefuta e mengata ea lintho tse phelang lefatšeng ’me ba atolose meeli ea Paradeise ho fihlela e nametse lefatšeng lohle. (Genese 1:28; 2:15) E ne e le molao o mosa le o molemo hakaakang! Kabelo eo e ne e le mosebetsi o neng o tla ba khotsofatsa ka botlalo, o ba nolofalletsa ho sebelisa matla a bona ka litsela tse hahang ka ho feletseng. Hape, ba ne ba e-na le bolokolohi bo eketsehileng ba hore ba etse liqeto mabapi le hore na ba ne ba tla phethahatsa kabelo ea bona joang. Ebe motho o ne a ka kōpa eng hape?
3. Adama le Eva ba ne ba ka sebelisa tokoloho ea bona ka bohlale joang ha ba etsa liqeto?
3 Ke ’nete hore ha Adama le Eva ba ne ba fuoa tokelo ea ho etsa liqeto, hona ho ne ho sa bolele hore qeto efe kapa efe eo ba ka e etsang e tla hlahisa liphello tse ntle. Tokoloho ea bona ea ho etsa liqeto e ne e lokela ho sebelisoa ka har’a meeli ea melao le litekanyetso tsa Molimo. Ba ne ba ka ithuta eona joang? Ka ho mamela Moetsi oa bona le ka ho ithuta mesebetsi ea hae. Molimo o ne a file Adama le Eva bohlale bo hlokahalang e le hore ba sebelise seo ba ithutileng sona. Kaha ba ne ba bōpiloe ba phethahetse, tšekamelo ea bona ea tlhaho e ne e tla ba ho bonahatsa litšoaneleho tsa Molimo ha ba etsa liqeto. Ka sebele ba ne ba tla ba hlokolosi ho etsa joalo haeba ba ne ba hlile ba ananela seo Molimo a ba etselitseng sona ’me ba batla ho mo khahlisa.—Genese 1:26, 27; Johanne 8:29.
4. (a) Na taelo e fuoeng Adama le Eva ea hore ba se ke ba ja tholoana ea sefate se le seng e ne e ba amoha tokoloho? (b) Ke hobane’ng ha ee e ne e le taelo e loketseng?
4 Joale, ka nepo Molimo o ile a khetha ho leka boinehelo ba bona ho eena joaloka Monehi-Bophelo oa bona le ho bona hore na ba ikemiselitse ho fella sebakeng seo a ba laetseng hore ba felle ho sona. Jehova o ile a fa Adama taelo ena: “U ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore u khotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.” (Genese 2:16, 17) Ka mor’a hore Eva a bōptjoe le eena o ile a tsebisoa molao ona. (Genese 3:2, 3) Na thibelo ee e ile ea ba amoha tokoloho? Le hanyenyane. Ba ne ba e-na le lijo tse ngata tsa mefuta eohle tse monate tseo ba ka li jang ntle le ho ja tholoana ea sefate seo se le seng. (Genese 2:8, 9) E ne e le ho loketseng hore ba hlokomele hore lefatše leo ba phelang ho lona ke la Molimo, kaha ke eena ea le bōpileng. Kahoo ke eena ea nang le tokelo ea ho etsa melao e lumellanang le morero oa hae le e tsoelang moloko oa batho molemo.—Pesaleme ea 24:1, 10.
5. (a) Adama le Eva ba ile ba lahleheloa ke tokoloho e khanyang eo ba neng ba e-na le eona joang? (b) Tokoloho eo Adama le Eva ba neng ba e thabela e ile ea nkeloa sebaka ke eng, hona re amehile joang?
5 Empa ho ile ha etsahala eng? Lengeloi le leng, le susumelitsoe ke takatso ea boithati, le ile la sebelisa bolokolohi ba lona hampe ’me la fetoha Satane, e bolelang “Mohanyetsi.” Le ile la thetsa Eva ka ho mo tšepisa ntho e ’ngoe e neng e le khahlanong le thato ea Molimo. (Genese 3:4, 5) Adama o ile a ikopanya le Eva ho tlōleng molao oa Molimo. Ka ho inkela ntho eo e neng e se ea bona, ba ile ba lahleheloa ke tokoloho e khanyang eo ba neng ba e-na le eona. Ba ile ba busoa ke sebe, ’me joalokaha Molimo a ne a lemositse, qetellong lefu la latela. Lefa leo ba ileng ba le fetisetsa ho bana ba bona ke sebe—se bonoang ka ho sekamela bobeng ka tlhaho. Sebe se boetse sa tlisa mefokolo e fellang ka maloetse, botsofali le lefu. Ho sekamela ho etseng phoso, ho feteletsoang ke tšusumetso ea Satane, ho hlahisitse mokhatlo oa batho o nang le histori ea lehloeo, tlōlo ea molao, khatello le lintoa tse bolaileng batho ba limilione tse ngata. Ho fapane hōle hakaakang le tokoloho eo Molimo a neng a e file batho tšimolohong!—Deuteronoma 32:4, 5; Jobo 14:1, 2; Baroma 5:12; Tšenolo 12:9.
Moo ho ka Fumanoang Tokoloho
6. (a) Tokoloho ea sebele e ka fumanoa hokae? (b) Jesu o ne a bua ka tokoloho ea mofuta ofe?
6 Ha ho talingoa maemo a mabe a teng hohle kajeno, ha ho makatse hore ebe batho ba labalabela tokoloho e fetang eo ba nang le eona. Empa tokoloho ea sebele e ka fumanoa hokae? Jesu o itse: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:31, 32) Tokoloho ena hase eo batho ba tšepang ho ba le eona ha ba lahla ’musi e mong kapa mofuta o mong oa puso bakeng sa o mong. Ho e-na le hoo, tokoloho ena e fihla hona khubung ea mathata a batho. Seo Jesu a neng a bua ka sona ke tokoloho botlamuoeng ba sebe. (Johanne 8:24, 34-36) Kahoo, ha motho e e-ba morutuoa oa ’nete oa Jesu Kreste, ho ba le phetoho e hlokomelehang bophelong ba hae, oa lokoloha!
7. (a) Ke ka kutloisiso efe re ka lokolohang sebeng hona joale? (b) Hore re be le tokoloho eo, re tlameha ho etsa eng?
7 Hona ha ho bolele hore hona joale Bakreste ba ’nete ha ba sa utloa liphello tsa tšekamelo ea tlhaho e isang boitšoarong ba boetsalibe. Kaha ba futsitse sebe, ba ntse ba le ntoeng ka lebaka la sona. (Baroma 7:21-25) Leha ho le joalo, haeba motho a hlile a phela tumellanong le lithuto tsa Jesu, e ke ke ea hlola e e-ba lekhoba la sebe. Ho eena sebe e ke ke ea hlola e e-ba mohatelli ea fanang ka litaelo tseo a tlamehang ho li mamela a sa tsilatsile. A ke ke a tšoaseha tseleng ea bophelo e se nang sepheo le e mo sieang ka letsoalo le molato. O tla thabela letsoalo le hloekileng ka pel’a Molimo hobane a tšoaretsoe libe tsa nakong e fetileng motheong oa tumelo ea hae sehlabelong sa Kreste. Litšekamelo tsa boetsalibe li ka ’na tsa leka ho itlhahisa, empa ha a hana ho nka bohato ka tsona hobane a hopola lithuto tse hloekileng tsa Kreste, o bontša hore sebe ha e sa le morena oa hae.—Baroma 6:12-17.
8. (a) Bokreste ba ’nete bo re fa tokoloho efe? (b) Boikutlo ba rōna e lokela ho ba bofe ka babusi ba lefatše?
8 Nahana ka tokoloho eo re e thabelang joaloka Bakreste. Re lokolotsoe liphellong tsa lithuto tsa bohata, botlamuoeng ba tumela-khoela le bohlankeng ba sebe. Linnete tse hlollang ka boemo ba bafu le tsoho li re lokolotse tšabong e se nang mabaka ea lefu. Ho tseba hore mebuso ea batho ba sa phethahalang e tla nkeloa sebaka ke ’Muso oa Molimo oa ho loka ho re lokolla ho hlokeng tšepo. (Daniele 2:44; Matheu 6:10) Leha ho le joalo, tokoloho eo ha e lokafatse hore re se hlomphe ba boholong pusong le melao ea bona.—Tite 3:1, 2; 1 Petrose 2:16, 17.
9. (a) Jehova ka lerato o re thusa joang ho thabela tokoloho e khōlōhali e ka fumanoang ke batho hona joale? (b) Re ka etsa liqeto tse bohlale joang?
9 Jehova ha aa re tlohella hore re ikahlolele ka ho leka sena le sane e le ho fumana hore na tsela e molemo ea ho phela ke efe. Oa tseba hore na re entsoe joang, hore na ke eng e re khotsofatsang e le kannete le hore na ke eng e tla ba molemo ho rōna ka linako tsohle. O tseba mehopolo le boitšoaro tse ka senyang kamano ea motho le Eena le batho ba bang, esita le tse ka thibelang motho ho kena lefatšeng le lecha. Ka lerato Jehova o re tsebisa lintho tsena tsohle ka Bibele le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang. (Mareka 13:10; Bagalata 5:19-23; 1 Timothea 1:12, 13) Joale ho ho rōna hore re sebelise bolokolohi boo re bo filoeng ke Molimo ho etsa qeto ea hore na re tla itšoara joang. Ho fapana le Adama, haeba re tebisetsa seo Bibele e re bolellang sona pelong, re tla etsa liqeto tse bohlale. Re tla be re bontša hore kamano e ntle le Jehova ke sona seo re amehileng haholo ka sona bophelong.
Ho Batla Tokoloho ea Mofuta o Mong
10. Ba bang ba Lipaki tsa Jehova ba batlile tokoloho ea mofuta ofe?
10 Ka linako tse ling bacha ba bang bao e leng Lipaki tsa Jehova—hammoho le ba bang ba seng bacha hakaalo—ba ka ’na ba ikutloa hore ba batla tokoloho ea mofuta o mong. Lefatše le ka ’na la bonahala le rateha, ’me ha ba ntse ba nahana ka lona haholo, takatso ea bona ea ho etsa lintho tseo e seng tsa Bokreste tse ratoang lefatšeng le eona ea hōla. Mohlomong ha ba rate ho sebelisa lithethefatsi hampe, ho noa ho tlōla tekano kapa ho etsa bohlola. Empa ba qala ho tloaelana le ba bang bao e seng Bakreste ba ’nete, ba batla hore bana ba ba amohele. Ba ka ba ba qala le ho ba etsisa ka lipuo le boitšoaro.—3 Johanne 11.
11. Keko ea ho etsa se sebe ka linako tse ling e hlaha hokae?
11 Ka linako tse ling keko ea ho kenella boitšoarong boo e seng ba Bokreste e tsoa ho motho e mong ea ipolelang hore o sebeletsa Jehova. Seo e bile ’nete ka Bakreste ba bang ba pele, ’me ntho e tšoanang e ka etsahala le mehleng ea rōna. Hangata batho ba joalo ba rata ho etsa lintho tseo ba nahanang hore li tla ba thabisa, empa lintho tsena li khahlanong le melao ea Molimo. Ba phehella ba bang hore ba “ithabise.” Ba ‘ba tšepisa tokoloho, empa bona ba phela e le makhoba a ho bola.’—2 Petrose 2:19.
12. Liphello tse bohloko tsa boitšoaro bo hananang le melao ea Molimo le litekanyetso tsa hae ke life?
12 Tholoana ea seo se bitsoang tokoloho e mpe kamehla, kaha se bolela ho se mamele melao ea Molimo. Ka mohlala, ho kopanela liphate hoo e seng ha molao ho fella ka ho ferekana maikutlo, maloetse, lefu, kemaro e sa batleheng ’me mohlomong le ho qhalana ha lenyalo. (1 Bakorinthe 6:18; 1 Bathesalonika 4:3-8) Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi e ka etsa hore motho e be sefela-peloana, a hoeleketse ha a bua, a fifalloe ke pono, a tšoaroe ke molikoalikoane, a koalehe moea, a be le lipono tsa bohata le lefu. Tšebeliso e joalo e ka fella ka lemalla lithethefatsi, ho ka ’nang ha isa tlōlong ea molao e le hore motho a reke lithethefatsi. Ho ba le liphello tse tšoanang le ho ba sebelisang joala hampe. (Liproverbia 23:29-35) Ba kenellang boitšoarong bo joalo ba ka ’na ba nahana hore ba lokolohile, empa joale ba fumana makhaba a se a khahletse hore ba fetohile makhoba a sebe. ’Me sebe ke morena ea sehlōhō hakaakang! Ho hlahlobisisa taba ena hona joale ho ka re thusa ho itšireletsa phihlelong e joalo.—Bagalata 6:7, 8.
Moo Mathata a Qalang
13. (a) Litakatso tse isang mathateng li atisa ho qaleha joang? (b) Hore re utloisise hore na “litloaelano tse mpe” ke eng, re hloka maikutlo a mang? (c) Ha u arabela lipotso tse thathamisitsoeng serapeng sa 13, hatisa maikutlo a Jehova.
13 Nahana hore na hangata mathata a qala hokae. Bibele ea hlalosa: “E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe; sebe, le sona, ha se phethehile, se hlahisa lefu.” (Jakobo 1:14, 15) Litakatso tsee li ee li qalehe joang? Ka se kenang kelellong. Hangata hona ho tsoaloa ke ho tloaelana le batho ba sa sebeliseng melao-motheo ea Bibele. Ke ’nete hore bohle rea tseba hore re lokela ho qoba “litloaelano tse mpe.” (1 Bakorinthe 15:33) Empa ke litloaelano life tse mpe? Jehova o talima taba joang? Ho nahana ka lipotso tse latelang le ho phetla mangolo a bontšitsoeng ho lokela ho re thusa ho fihlela liqeto tse nepahetseng.
Na kahobane batho ba itseng ba bonahala ba hlompheha hoo ho bolela hore ke metsoalle e metle? (Genese 34:1, 2, 18, 19)
Na moqoqo oa bona, mohlomong mesoaso ea bona, e bontša hore re ka ba le setsoalle se haufi le bona? (Baefese 5:3, 4)
Jehova a ka ikutloa joang ha re khetha botsoalle ba batho ba sa mo rateng? (2 Likronike 19:1, 2)
Le hoja re ka ’na ra sebetsa le ba sa lumelang kapa ra kena sekolo le bona, ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re be hlokolosi? (1 Petrose 4:3, 4)
Ho shebella thelevishene le libaesekopo, ho sebelisa Internet le ho bala libuka, limakasine le likoranta ke litsela tse ling tsa ho tloaelana le ba bang. Re lokela ho itebela khahlanong le boitsebiso ba mofuta ofe bo tsoang mehloling ee? (Liproverbia 3:31; Esaia 8:19; Baefese 4:17-19)
Khetho ea rōna ea metsoalle e bolella Jehova eng ka hore na re batho ba mofuta ofe? (Pesaleme ea 26:1, 4, 5; 97:10)
14. Ke tokoloho efe e khōlō e letetseng ba sebelisang keletso ea Lentsoe la Molimo ka botšepehi hona joale?
14 Ka pele ho rōna ho larile lefatše le lecha la Molimo. Ka puso ea ’Muso oa Molimo oa leholimo, moloko oa batho o tla lokolloa tšusumetsong ea Satane le tsamaisong eohle ea hae ea lintho e khopo. Butle-butle liphello tsohle tsa sebe li tla tlosoa molokong oohle oa batho, e leng ho tlang ho fella ka kelello le ’mele e phethahetseng e le hore re ka thabela bophelo bo sa feleng Paradeiseng. Qetellong pōpo eohle e tla thabela tokoloho e lumellanang ka ho feletseng le “moea oa Jehova.” (2 Bakorinthe 3:17) Na e ne e tla ba ho utloahalang ho ipeha kotsing ea ho lahleheloa ke see sohle ka lebaka la ho hlokomoloha keletso ea Lentsoe la Molimo hona joale? Ka tsela eo ka eona re sebelisang tokoloho ea rōna ea Bokreste kajeno, e se eka bohle re ka bontša ka ho hlakileng hore seo re hlileng re se batlang ke “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Baroma 8:21.
Tlhahlobo
• Batho ba babeli ba pele ba ne ba thabela tokoloho ea mofuta ofe? E bapa joang le eo batho ba nang le eona hona joale?
• Bakreste ba ’nete ba na le tokoloho efe? E fapana joang le seo lefatše le se nkang e le tokoloho?
• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale ho qoba litloaelano tse mpe? Ho fapana le Adama, re amohela liqeto tsa mang tabeng ea lintho tse talingoang li le mpe?
[Litšoantšo tse leqepheng la 46]
Lentsoe la Molimo lea lemosa: “Le se ke la thetsoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle”