Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 10/1 maq. 8-13
  • Tšepa Letsoho la Jehova le Pholosang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepa Letsoho la Jehova le Pholosang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Sebelisa Letsoho la Oona le Pholosang
  • Ho Fumana Thuso ka Phuthehong
  • Ho Fumana Thuso ha re Hlaseloa ke Meleko
  • Ho Fumana Thuso Litabeng tsa Botho
  • Ho Ntšoa Litsietsing Tsohle
  • Ho Hlōla Mefokolo ea Nama
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • U ka Hlōla Teko ea ho Kopanela Liphate Joang?
    Tsoha!—2014
  • “E le Hore le se ke la Kena Molekong”
    Le Lule le Lebetse!
  • Nka Hlola Liteko Joang?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 10/1 maq. 8-13

Tšepa Letsoho la Jehova le Pholosang

“Jehova, . . . u be letsoho la rōna hoseng ho hong le ho hong, e, o be poloko ea rōna nakong ea tsietsi.”—ESAIA 33:2, NW.

1. Jehova o na le letsoho le matla ka kutloisiso efe?

JEHOVA o na le letsoho le matla. Ha e le hantle, kaha “Molimo ke Moea,” letsoho la oona hase la nama. (Johanne 4:24) Ka Bibeleng, letsoho la tšoantšetso le emela ho sebelisa matla. Ka hona, Molimo o lopolla batho ba oona ka letsoho la oona. Ka sebele, ‘joaloka molisa, Molimo o alosa mohlape oa oona. O alosa likonyana ka letsoho la oona, ’me o li jara sefubeng sa oona.’ (Esaia 40:11; Pesaleme ea 23:1-4) Batho ba Jehova ba ikutloa ba sireletsehile hakaakang ha ba le letsohong la hae le lerato!—Bapisa le Deuteronoma 3:24.

2. Ke lipotso life tseo ho hlokahalang hore re li hlahlobe?

2 Jehova o ’nile a pholosa batho ba hae joang ka letsoho la hae, nakong e fetileng le hona joale? Molimo o ba fa thuso joang e le phutheho? Ke hobane’ng ha batho ba oona ba lokela ho tšepa letsoho la oona le pholosang litsietsing tsohle tsa bona?

Molimo o Sebelisa Letsoho la Oona le Pholosang

3. Mangolo a lebisa tlotla ea ho lopolloa ha Iseraele Egepeta ho eng?

3 Pele Molimo o lopolla Baiseraele botlamuoeng Egepeta lilemong tse 3 500 tse fetileng, o ile oa bolella Moshe, moprofeta oa oona: “E-reng ho bana ba Iseraele: Ke ’na Jehova, ke tla le jarolla boima ba ba-Egepeta, ke le loele litlamong tsa bona, ke le lopolle ka letsoho le otlolohileng, le ka likahlolo tse kholo.” (Exoda 6:6) Ho latela seo moapostola Pauluse a se boletseng, Molimo o ile oa ntša Baiseraele Egepeta “ka letsoho le phahameng.” (Liketso 13:17) Bara ba Kore ba ile ba lebisa tlotla ho Molimo ka ho hapa Naha e Tšepisitsoeng, ba re: “Ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokoa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka khanya ea sefahleho sa hao, hobane u no u ba rata.”—Pesaleme ea 44:3.

4. Ho tšepa letsoho la Jehova le pholosang ho ile ha putsoa joang mehleng ea puso e thata ea Assyria?

4 Letsoho la Jehova le ile la boela la thusa batho ba hae mehleng ea puso e thata ea Assyria. Ka nako eo moprofeta Esaia o ile a rapela: “Jehova, re bontše mohau. Re tšepile uena. E-ba letsoho la rōna hoseng ho hong le ho hong, e, o be poloko ea rōna nakong ea tsietsi.” (Esaia 33:2, NW) Thapelo eo e ile ea arabeloa ha lengeloi la Molimo le bolaea batho ba 185 000 kampong ea Assyria, e leng ho ileng ha etsa hore Morena Sankeribe a tlohe Jerusalema e neng e lika-likelitsoe ke mabotho “a hlabiloe ke lihlong.” (2 Likronike 32:21; Esaia 37:33-37) Ka mehla ho beha tšepo letsohong la Jehova le pholosang hoa putsoa.

5. Letsoho la Molimo le matla le ile la etsa eng molemong oa Bakreste ba hlorisoang qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše?

5 Letsoho le matla la Molimo le ile la pholosa Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba hlorisoa qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Ka 1918 ntlo-khōlō ea Sehlopha se Busang e ile ea hlaseloa ke lira, ’me baena ba tsebisahalang ba ile ba kenngoa teronkong. Kaha batlotsuoa ba ne ba tšaba mebuso ea lefatše, ba ile ba batla ba emisa mosebetsi oa bona oa ho fana ka bopaki ka ho felletseng. Empa ba ile ba rapella hore o tsosolosoe le hore ba hloekisoe sebeng sa ho se sebetse le litšileng tsa ho ba le tšabo. Molimo o ile oa arabela ka ho etsa hore baena ba neng ba tšoeroe ba lokolloe, ’me nakoana ka mor’a moo molato oa bona o ile oa hlakoloa ka ho felletseng. Ka baka la linnete tse ileng tsa hlalosoa kopanong ea bona ka 1919 le ho tšolloa ha moea oa Molimo o ileng oa ba tsosa molota, batlotsuoa ba ile ba hlasimolloa hore ba sebeletse Jehova ba se na tšabo phethahatsong ea ho qetela ea Joele 2:28-32.—Tšenolo 11:7-12.

Ho Fumana Thuso ka Phuthehong

6. Re tseba joang hore boemo bo lekang ka phuthehong bo ka mamelloa?

6 Ha Molimo o tšehetsa mokhatlo oa oona o hlophisitsoeng ka kakaretso, letsoho la oona le tšehetsa batho ba leng ka har’a oona. Ho hlakile hore ka phuthehong efe kapa efe ha ho na maemo a phethahetseng hobane batho bohle ha baa phethahala. (Ba-Roma 5:12) Kahoo ka linako tse ling bahlanka ba bang ba Jehova ba ka ’na ba hlaheloa ke maemo a ba behang tekong ka phuthehong. Ka mohlala, le hoja Gaiuse a ne a etsa “mosebetsi o tšepahalang” ka ho amohela baena ba baeti hamolemo, Diotrefe o ne a sa ba amohele ’me o ne a bile a leka ho leleka ba nang le moea oa ho amohela baeti ka phuthehong. (3 Johanne 5, 9, 10, NW) Leha ho le joalo, Jehova o ile a thusa Gaiuse le ba bang hore ba tsoele pele ba ntse ba bontša moea oa ho amohela baeti ’me ba tšehetsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Ho itšetleha ho Molimo ka thapelo ho tla re thusa ho ipoloka re ntse re etsa mesebetsi e tšepahalang ’me re letele oona hore o lokise boemo boo e ka ’nang eaba bo beha tumelo ea rōna tekong.

7. Bakreste ba tšepahalang ba ile ba phelela boinehelo ba bona ho Molimo ho sa tsotellehe maemo afe a neng a le teng ka phuthehong ea Korinthe?

7 A re re mohlomong u ne u kopanela le phutheho ea lekholong la pele la lilemo ea Korinthe. Ka nako e ’ngoe, bonngoe ba eona bo ne bo sokeloa ke lihlotšoana tsa bokhelohi, ’me ho lumelloa ha boitšoaro bo bobe ho ne ho sokela boikutlo ba eona bo botle. (1 Ba-Korinthe 1:10, 11; 5:1-5) Balumeli ba ne ba isana makhotleng a lefatše, ’me ba bang ba ne ba tseka litaba tse fapa-fapaneng. (1 Ba-Korinthe 6:1-8; 8:1-13) Khohlano, mōna, bohale, le ho hloka kutloano li ne li etsa hore bophelo bo be thata. Ba bang ba ne ba bile ba belaella matla a Pauluse ’me ba khella fatše matla a hae a ho bua. (2 Ba-Korinthe 10:10, BPN) Leha ho le joalo, batho ba tšepahalang ba neng ba kopanela le phutheho eo ba ile ba phelela boinehelo ba bona ho Molimo nakong eo ea teko.

8, 9. Re lokela ho etsa’ng haeba re thulana le boemo bo re behang tekong ka phuthehong?

8 Ha ho hlaha boemo bo re behang tekong, ho hlokahala hore re khomarelane le batho ba Molimo. (Bapisa le Johanne 6:66-69.) A re mamellaneng, re hlokomele hore batho ba bang ba hloka nako e telele ho re feta hore ba apare “botho bo bocha” le ho apara kutloelo-bohloko, mosa, boikokobetso, bonolo, le mamello. Kaha bahlanka ba Molimo ba boetse ba na le botho bo fapaneng, ho hlokahala hore kaofela ha rōna re bontše lerato ’me re tšoarele ba bang.—Ba-Kolosse 3:10-14, NW.

9 Ka mor’a hore moena e mong a qete lilemo tse ngata a sebeletsa Jehova, o ile a re: “Ntho ea bohlokoahali ho ’na ke ea ho lula haufi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang. Phihlelo eo ke bileng le eona qalong e ile ea nthuta hore na ke booatla bo bokaakang ho itšetleha ka monahano oa batho. Hang ha kelello ea ka e tsitsitse tabeng eo, ke ile ka ikemisetsa ho khomarela mokhatlo o hlophisitsoeng o tšepahalang. Ho seng joalo ke joang motho a ka fumanang mohau le tlhohonolofatso ea Jehova?” Na le uena ka ho tšoanang u nka tokelo ea hao ea ho sebeletsa Jehova hammoho le batho ba hae ba thabileng e le ea bohlokoa? (Pesaleme ea 100:2) Haeba ho joalo, u ke ke ua lumela hore eng kapa eng e u suthisetse thōko le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo kapa e senye kamano ea hao le Eo letsoho la hae le pholosang bohle ba mo ratang.

Ho Fumana Thuso ha re Hlaseloa ke Meleko

10. (a) Thapelo e thusa batho ba Molimo joang hore ba talimane le moleko ka katleho? (b) Pauluse o fane ka tiiso efe ho 1 Ba-Korinthe 10:13?

10 Joaloka batho ba tšepahalang ba kopanelang le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo, ha re hlaheloa ke liteko oa re thusa. Ka mohlala, o re thusa ho boloka botšepehi ba rōna ho oona ha re hlaseloa ke moleko. Ho hlakile hore re lokela ho rapela tumellanong le mantsoe a Jesu: “U se ke ua re isa molekong; u mpe u re loele ho e mobe,” e leng Satane Diabolose. (Mattheu 6:9-13) Ha e le hantle, ka ho etsa joalo re kōpa Molimo hore o se ke oa re lumella ho hlōleha ha re hlaheloa ke teko ea hore re se ke ra o utloa. Hape o arabela lithapelo tsa rōna ha re kōpa bohlale ba ho hlōla liteko. (Jakobo 1:5-8) Bahlanka ba Jehova ba ka kholiseha hore o tla ba thusa, hobane Pauluse o itse: “Ha le e-so ho ka le hlaheloa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Molimo oa tšepeha, o ke ke oa lumela hore le hlaheloe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tsoa ho oona, le tle le tsebe ho o jara.” (1 Ba-Korinthe 10:13) Mohloli oa moleko oo ke ofe, hona ke joang Molimo o fanang ka sebaka sa ho tsoa ho oona?

11, 12. Baiseraele ba ile ba inehela melekong efe, ’me re ka rua molemo joang linthong tse ba hlahetseng?

11 Moleko o tlisoa ke maemo a ka ’nang a re susumelletsa ho se tšepahale ho Molimo. Pauluse o itse: “Taba tseo ke litemoso ho rōna, re tle re se ke ra lakatsa tse mpe, joale ka ha [Baiseraele] ba li lakalitse. ’Me le se ke la fetoha ba rapelang litšoantšo, joale ka ba bang har’a bona; kamoo ho ngoliloeng kateng, ho thoe: Sechaba sa lulela ho ja le ho noa, sa ntoo ema, sa bapala. Hape, re se ke ra etsa bootsoa, joale ka ba bang har’a bona ba kileng ba ineela jona, ’me ka tsatsi le le leng ha oa ba likete tse mashome a mabeli a metso e meraro. Le hona re se ke ra leka [Jehova], joale ka ba bang har’a bona ba kileng ba mo leka, ’me ba bolailoe ke linoha. Hape, le se ke la korotla joale ka ba bang har’a bona ba kileng ba korotla, ’me ba bile ba timetsoa ke motimetsi.”—1 Ba-Korinthe 10:6-10.

12 Baiseraele ba ile ba lakatsa lintho tse kotsi ka ho inehela molekong oa ho ba meharo ha ba bokella le ho ja likoekoe tseo Molimo o neng o fane ka tsona ka mohlolo. (Numere 11:19, 20, 31-35) Pejana, ba ile ba fetoha barapeli ba litšoantšo ha Moshe a le sieo ’me sena se ile sa ba hlahisetsa moleko oa ho kopanela borapeling ba namane. (Exoda 32:1-6) Ba likete-kete ba ile ba shoa hobane ba ile ba inehela molekong ’me ba etsa bohlola le basali ba Moabe. (Numere 25:1-9) Ha Baiseraele ba inehela molekong ’me ba korotla ka baka la ho timetsoa ha Kore oa mofetoheli, Dathane, Abirame, le metsoalle ea bona, ho ile ha shoa batho ba 14 700 ba bolaoa ke kotlo e rometsoeng ke Molimo. (Numere 16:41-49) Re ka rua molemo liphihlelong tse joalo haeba re hlokomela hore ha ho moleko leha o le mong o neng o le moholo haholo hoo Baiseraele ba neng ba ke ke ba o hanela. Ba ne ba ka o hanela ka ho bontša tumelo, ka ho bontša teboho bakeng sa tlhokomelo e lerato ea Molimo, ka ho ananela hore Molao oa oona o lokile. Joale letsoho la Jehova le ne le tla ba pholosa, joalokaha le rōna le ka re pholosa.

13, 14. Jehova o fana ka sebaka sa ho tsoa molekong oo bahlanka ba hae ba talimaneng le oona joang?

13 Joaloka Bakreste, re talimana le meleko e tloaelehileng ho batho. Leha ho le joalo, re ka lula re tšepahala ho Molimo ka ho rapella hore o re thuse le ho loanela ho hanela moleko. Molimo oa tšepahala, ’me o ke ke oa re lumella hore re hlaheloe ke moleko oo re ka sitoang ho o jara. Haeba re tšepahala ho Jehova, le ka mohla re ke ke ra fumana ho le thata ho etsa thato ea hae. O fana ka sebaka sa ho tsoa molekong ka ho re matlafatsa hore re o hanele. Ka mohlala, ha re hlorisoa, re ka ’na ra hlaheloa ke teko ea hore re sekisetse ka tšepo ea ho qoba ho hlokofatsoa kapa lefu. Empa haeba re tšepa letsoho le matla la Jehova, moleko o ke ke oa fihla boemong boo ho bona a ke keng a matlafatsa tumelo ea rōna le ho re fa matla a lekaneng a ho boloka botšepehi. Ho joalokaha moapostola Pauluse a itse: “Re hlomohile ka nģa tsohle, empa ha re tsielehe ruri; re bothateng bo boholo, empa ha re tele; rea hlorisoa, empa ha re lahloe; re liheloa fatše, empa ha re timele.”—2 Ba-Korinthe 4:8, 9.

14 Jehova o boetse o tšehetsa batho ba hae ka ho sebelisa moea oa hae bakeng sa ho ba hopotsa lintho le ho ba ruta. O re hopotsa lintlha tsa Mangolo ’me o re thusa ho hlokomela kamoo re ka li sebelisang bakeng sa ho hanela moleko. (Johanne 14:26) Bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba utloisisa litseko tse amehang molekong ’me ha ba thetsoe hore ba latele tsela e fosahetseng. Molimo o fane ka sebaka sa ho tsoa ka ho ba nolofalletsa ho mamella ho isa lefung ho fapana le ho inehela molekong. (Tšenolo 2:10) Ka ntle le ho thusa bahlanka ba hae ka moea oa hae, Jehova o sebelisa mangeloi a hae molemong oa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.—Ba-Heberu 1:14.

Ho Fumana Thuso Litabeng tsa Botho

15. Re ka fumana thuso efe ea botho ho Sefela sa Lifela?

15 Jehova o thusa ba kopanelang le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng litabeng tsa botho. Ka mohlala, mohlomong ba bang ba batla molekane oa lenyalo oa Mokreste. (1 Ba-Korinthe 7:39) Haeba ba nyahame, ba ka thusoa ke ho nahana ka mohlala oa morena Salomone oa Iseraele. Moroetsana oa Moshulame o ile a hana hore a mo nyale hobane o ne a rata molisa e mong ea ikokobelitseng. Taba ena e tlalehiloeng ke morena e ka ’na ea bitsoa Pina ea Lerato le Soetsitsoeng la Salomone. Re ka ’na ra lla ha boiteko ba rōna ba lerato bo sa hlahise litholoana tabeng e itseng, empa Salomone o ile a hlōla ho nyahama ha hae, ’me le rōna ka ho tšoanang re ka ho hlōla. Moea oa Molimo o ka re thusa ho bontša boitšoaro le litšoaneleho tse ling tsa bomolimo. Lentsoe la oona le re thusa ho utloisisa ’nete eo hangata e utloisang bohloko ea hore motho a ke ke a ba le lerato ho mang kapa mang feela. (Sefela sa Lifela 2:7; 3:5) Leha ho le joalo, Sefela sa Lifela se bontša hore ho ka ’na ha etsahala hore re fumane molumeli-’moho ea itseng ea re ratang haholo. Habohlokoahali, ‘pina ena e monate ka ho fetisisa’ e phethahatsoa ke lerato leo Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, a nang le lona ho “monyaluoa” oa hae oa balateli ba tlotsitsoeng ba 144 000.—Sefela sa Lifela 1:1, NW; Tšenolo 14:1-4; 21:2, 9; Johanne 10:14.

16. “Matšoenyeho nameng” ao Bakreste ba nyalaneng ba fetang ho ’ona a ka akarelletsa eng?

16 Esita le batho ba nyalanang le balumeli ba ba le “matšoenyeho nameng.” (1 Ba-Korinthe 7:28) Ho tla ba le lipelaelo le matšoenyeho a amang monna le mosali hammoho le bana ba bona. (1 Ba-Korinthe 7:32-35) Ho kula ho ka hlahisa mathata a boima le khatello. Mahloriso kapa mathata a moruo a ka thatafalletsa ntate oa Mokreste ho hlokomela litlhoko tsa bophelo tsa lelapa la hae. Batsoali le bana ba ka ’na ba arohanngoa ha ba kenngoa teronkong, ’me ba bang ba ka ’na ba hlokofatsoa ba ba ba bolaoa. Empa tlas’a maemo a joalo kaofela, re ka hanela moleko oa ho latola tumelo haeba re hlile re tšepa letsoho la Jehova le pholosang.—Pesaleme ea 145:14.

17. Molimo o ile oa nolofalletsa Isaaka le Rebeka ho mamella bothata bofe ka lapeng?

17 Ho ka ’na ha hlokahala hore re mamelle liteko ka nako e telele. Ka mohlala, mora a ka ’na a kenya batsoali ba hae ba tšabang Molimo tsietsing ka ho nyala motho ea sa lumelang. Ke sona se ileng sa etsahala ka lelapeng la mopatriareka Isaaka le mosali oa hae Rebeka. Mora oa bona ea lilemo li 40, Esau, o ile a nyala basali ba babeli ba Bahethe bao e neng e le “bohloko pelong tsa Isaaka le Rebeka.” Ha e le hantle, “Rebeka a re ho Isaaka: Ke tennoe ke ho phela ha ka ka baka la barali ba Hethe; ekare ha Jakobo [mora e mong oa bona] a ka inkela mosali ho barali ba Hethe, ea joale ka baroetsana ba naha ena, na bophelo ba ka e tla ba bo joang?” (Genese 26:34, 35; 27:46) Kamoo ho bonahalang ka teng, sephefumolohi se lokileng sa Rebeka se ne se tšoenngoa ke bothata bona bo tsoelang pele. (Bapisa le 2 Petrose 2:7, 8.) Leha ho le joalo, letsoho la Jehova le ile la tšehetsa Isaaka le Rebeka, la ba nolofalletsa ho mamella teko ena ba ntse ba bolokile kamano e matla le Eena.

18. Molimo o ile oa thusa C. T. Russell ho mamella teko efe ea botho?

18 Ha setho se seng sa lelapa se khoehlisa tšebeletsong ea Molimo, sena se baka tsieleho. (Bapisa le 2 Timothea 2:15.) Leha ho le joalo, ba bang ba ’nile ba mamella ho lahleheloa ke balekane ba bona moeeng, joaloka Charles T. Russell, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower. Mosali oa hae o ile a ikarola ho Mokhatlo ’me ka 1897 a mo lahla, ka mor’a lilemo tse ka bang 18 ba nyalane. Ka 1903 o ile a nka khato ea ho arohana le monna oa hae ka molao, ’me e ile ea lumelloa ka molao ka 1908. Ho ile ha hlaka hore o utloile bohloko ha a bolella mosali oa hae lengolong leo a ileng a mo ngolla lona ka mor’a karohano: “Ke ’nile ka u rapella ho Morena ka tieo. . . . Nke ke ka u imetsa ka litlaleho tsa masisa-pelo a ka, kapa ho leka ho u nyarosa maikutlo ka ho u hlalosetsa maikutlo a ka ka ho qaqileng, nako le nako ha ke fumana mese ea hao le liaparo tse ling tse nkhopotsang ka matla hore na u ne u le motho ea joang nakong e fetileng—ea tletseng lerato le kutloelo-bohloko le molemo—ea bonahatsang moea oa Kreste. . . . Oho, ak’u nahanisise ka thapelo seo ke tla tloha ke se bua. ’Me u kholisehe hore se nkutloisang bohloko le ho feta, se nkotlang pelo, hase bolutu boo ke tla bo utloa karolong e setseng ea bophelo ba ka, empa, kamoo ke bonang ka teng, ke ho oela ha hao phosong, moratuoa, e leng tahlehelo ea hao ea ka ho sa feleng.” Ho sa tsotellehe ho utloa bohloko joalo, Molimo o ile oa tšehetsa Russell ho fihlela a qeta bophelo ba hae lefatšeng. (Pesaleme ea 116:12-15) Ka mehla Jehova o tšehetsa bahlanka ba hae ba tšepahalang.

Ho Ntšoa Litsietsing Tsohle

19. Re lokela ho hopola eng haeba mathata a re bakelang litsietsi tse boima a sa khaotse?

19 Batho ba Jehova baa tseba hore “ke Molimo o bolokang,” O ‘jarang boima ba rōna ka matsatsi ’ohle.’ (Pesaleme ea 68:19, 20) Ka hona, joaloka batho ba inehetseng ba kopanelang le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o lefatšeng, e se eka le ka mohla re ke ke ra nyahama haeba litsietsi tse boima li sa khaotse. Hopola hore ‘Molimo ke setšabelo sa rōna le matla a rōna, ke thuso e fetisisang litsietsing.’ (Pesaleme ea 46:1) Ka mehla rea putsoa ha re mo tšepa. Davida o itse: ‘Ka na ka batla Jehova, ’me a nkaraba, a ba a mpholosa ho tšabeng ha ka kaofela. Mohlomohi ha a rapela, Jehova oa utloa; o mo pholosa litsietsing tsa hae kaofela.’—Pesaleme ea 34:4-6.

20. Ke lipotso life tse setseng tseo re tla li hlahloba?

20 E, Ntate oa rōna oa leholimo o pholosa batho ba hae hore ba tsoe litsietsing tsohle. O tšehetsa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o lefatšeng, o fana ka thuso litabeng tsa phutheho le litabeng tsa botho. Ka sebele, “Jehova a ke ke a lahla sechaba sa hae.” (Pesaleme ea 94:14) Empa joale a re hlahlobeng litsela tse ling tseo ka tsona Jehova a thusang batho ba hae ka bomong. Ntate oa rōna oa leholimo o tšehetsa bahlanka ba hae joang ba kulang, ba tepelletseng maikutlo, ba utloisitsoeng bohloko ke ho shoeloa, kapa bao liphoso tsa bona li ba kentseng tsietsing? Joalokaha re tla bona, esita le litabeng tsena, re na le lebaka le utloahalang la ho itšetleha ka letsoho le matla la Jehova.

U ne U Tla Arabela Joang?

◻ Letsoho la Jehova le ’nile la fana ka poloko joang linakong tse fetileng?

◻ Jehova o thusa batho ba hae joang ka phuthehong kajeno?

◻ Molimo o fana ka thuso efe litabeng tsa botho?

◻ Re lokela ho etsa’ng haeba mathata a re bakelang litsietsi tse boima a sa khaotse?

[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

Molimo o ile oa ntša Baiseraele Egepeta “ka letsoho le phahameng”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela