Ho Latela Melao-metheo ea Bibele—Ke Eona Tsela e Phahameng Haholo
“KUNGSHI, kungshi fa tsai!” (Re u lakaletsa mahlohonolo, e se eka u ka rua!) Tumeliso ena e tloaetsoeng ea Sechaena ea Selemo se Secha e hatisa katleho ea lintho tse bonahalang e tloaelehileng haholo lefatšeng ka bophara. Ho phahamisa matla a motho hore e be ea ruileng, thuto e ka tumisoa ho ea ntlheng eo e ka fetohang ntho e rapeloang. Linaheng tse ngata tsa Bochabela, hangata batsoali ba ameha haholo ka ho isa bana ba bona sekolong sa likonyana se setlehali e le hore kamorao ho moo ba ka ea sekolong sa mathomo se molemohali, joalo-joalo ho ea tsoa kolecheng kapa univesithing. Ka ho tšoanang, linaheng tsa Bophirima ba bangata ba tšoarehile haholo ka ho phehella leruo le tsela ea lona e bonolo ea bophelo.
Ho tšoareha ho joalo ho tloaelehileng ka ho phehella lintho tse bonahalang ho bapa joang le melao-metheo ea Bibele? Moapostola Pauluse oa lemosa, “Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.” O tsoela pele ho re: “Hobane lerato la leruo ke motso oa libe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba khelohile tumelo, ’me ba itlhabile ka mahlomola a mangata.” (1 Timothea 6:9, 10) Ha e totobatsa ’nete e atisang ho bonahala ha batho ba habile lintho tse bonahalang e le tsona tsa pele bophelong, Moeklesia 5:10 e re: “Ea ratang silevera, silevera e ke ke ea mo khorisa; ea ratang ho phela ka nala, le eena a ke ke a hola ka eona. Hoo le hona ke lefeela.”
Ke hangata hakaakang ho etsahalang hore monna le mosali ka bobeli ba sebetse ka thata ho fumana mabotho-botho ’ohle a bophelo, hore feela ba fetohe ba tšoarehileng haholo hoo ho seng mohla ba leng hae ho thabela matlotlo a bona! Ha ho bapisoa, pele Pauluse a fana ka temoso e ka holimo ho Timothea o boletse: “Efela borapeli, ha bo e-na le ho kholoa ha pelo, ke leruo le leholo. ’Me ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.” (1 Timothea 6:6, 8) ’Me Liproverbia 28:20 e eketsa khopolo ena: “Motho ea tšepehang o ruile mahlohonolo; empa ea ratang ho rua kapele a ke ke a hloka molato.” Ke ho tšabehang hakaakang ho bona batho ba nang le botsoalle le ba amohelang baeti ba tela melao-metheo e phahameng ea botšepehi, boitlhompho le boitšoaro bo botle boitekong ba bona ba ho bokella maruo a maholoanyane!
Tikolohong ea Lelapa
Ke moetlo har’a merabe e meng le lichaba tse ling ho lebella bana ba bona—haholo-holo barali ba bona, ba tla qetella ba tlohile lapeng ba nyetsoe—hore ba eo sebetsa ’me ba romelle chelete ea khoeli le khoeli hae ho bontša ho rata batsoali le ho lefa batsoali ba bona bakeng sa ho ba hōlisa. Ka mohlala, lelapeng le leng la Lipaki tsa Jehova, morali o ile a bolella batsoali ba hae hore o ne a batla ho ea motseng o mong o moholo e le hore e ka ba pula-maliboho (mosebeletsi oa nako e tletseng). U ka inahanela masoabi a hae ha batsoali ba hae ba ’molella hore ba ne ba batla hore a eo sebetsa e le hore a ka ba romella chelete khoeli le khoeli ho ba thusa! Che, ba ne ba sa hloke lintho tse bonahalang. Kahoo molao-motheo oa hore bana ba hlokomele batsoali ba maqheku, ba kulang, kapa ba hlokang o ne o sa sebetse ntlheng ena. (Mattheu 15:4-6; 1 Timothea 5:8) E ne e mpa e le taba ea moetlo feela har’a morabe oa bona hore bana ba lokela ho thusa ho bokellela lelapa maruo. Hangata hoa hlokahala ka lebaka la khaello ea litokisetso tsa lithuso, moetlo ona o ne o lateloa feela ho boloka setumo motseng kapa hobane ba tšoaelitsoe ke takatso e atileng ea “fa tsai.”
Ha ntate a buisana le moholo e mong oa Mokreste ka taba ena, o ile a khothaletsoa ho nahana ka mangolo a ’maloa ’me a iketsetse qeto. Har’a litemana tseo a ileng a li totobaletsoa e ne e le 2 Ba-Korinthe 12:14 moo Pauluse a bolelang molao-motheo ona: “Etsoe e se bana ba tšoanetseng ho bokellela bontat’a bona, empa e le bontat’a batho ba tšoanetseng ho bokellela bana ba bona.” Kamor’a ho nahana ka molao-motheo ona le melao-metheo e meng ea Bibele, batsoali ba iketsetsa qeto. Morali eo o ile a thaba hakaakang ha a fumana tumello—hammoho le thuso e ’ngoe ea chelete—ho ba pula-maliboho oa ka mehla!
Boikokobetso—Ho Fihlela Kae?
Ntlheng e ’ngoe moo meetlo ea sebaka ka seng le maikutlo a atileng li atisang ho hohlana le melao-metheo ea Bibele ke tabeng ea boikokobetso. Linaheng tse ling ke moetlo ho batla boikokobetso bo feletseng ho batsoali le ho ba bang ba boholong lintlheng tsohle tsa bophelo. Ke ho tloaelehileng linaheng tse joalo ho banna ba lilemo li 40 kapa ho feta ho hana ho bala libuka leha e le life tsa bolumeli bo fapaneng le ba batsoali ba bona kapa ho etsa qeto leha e le efe e khōlō ka ntle le ho buisana le bona pele, ka ho tšaba ho koatisa batsoali. Empa, linaheng tse joalo ho batla ho tloaeleha ho fumana batho ba bacha ba fetohela batsoali ba bona sefahlamahlo. Bibele e e-na le pono ea eona e leka-lekaneng ea litaba e re thusa ho qoba ho fetella ka mahlakore ka bobeli. Molao-motheo oa ho ikokobeletsa motho ea boholong ka ho lekaneng o boletsoe ka ho hlaka ho Liketso 4:19 le 5:29. Hape, hlokomela kamoo Pauluse a khothaletsang bana ho utloa batsoali ba bona, empa a boetse a bontša hore likhaello li ntse li le teng ha a re: “Bana, utloang batsoali ba lōna Moreneng; hobane ke ntho e lokileng. Hlonepha ntat’ao le ’m’ao—ke oo molao oa pele o nang le pallo.”—Ba-Efese 6:1-3.
Molao-motheo o mong oa Bibele o tlang ho ama tekanyo ea ho ikokobeletsa ha motho batsoali ba hae ke oa ho ikokobeletsa ha mosali monna oa hae. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Lōna basali, le ikokobetse ka tlas’a banna ba lōna, joale ka ha le ikokobetsa ho Morena; hobane monna ke hloho ea mosali.” Joale eaba o atolosa molao-motheo oo ka ho hopola seo Jehova a se buileng kamor’a ho lokisetsa lenyalo la batho ba pele: “Ke ka baka leo ho ngoliloeng, ho thoe: Monna o tla tlohela ntat’ae le ‘m’ae, a khomarele mosali oa hae, ’me ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe feela.”—Ba-Efese 5:22-31.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka boemo bo teng linaheng tse ngata moo mora a tsoelang pele ho phela habo kamor’a hore a nyale? Bibele e bontša hore, bonyane mehleng ea pele ho Bokreste, hangata barapeli ba Jehova ba ne ba etsa sena. Tlas’a maemo a joalo ntate oa lelapa o ne a sala e ntse e le hlooho ea lelapa leo, empa basali ba ne ba lokela ho ikokobeletsa banna ba bona. Leha ho le joalo, linaheng tse ling ho atisa ho etsahala hore matsale oa mosali e be hlooho ea ngoetsi. Hona ho thatafalletsa mora hore a sebelise molao-motheo oa bohlooho ba bonna le bakeng sa hore mosali oa hae a hle a ikokobeletse monna oa hae. Leha ho le joalo, mora o lokela ho leka-lekanya tlhompho ho batsoali ba hae le tlhokahalo ea hore e be hlooho ea lelapa la hae haeba Jehova e tla ba khole ea boraro ‘leqhoeleng la tšoantšetso le meloho e meraro le sa phakiseng ho khaoha.’—Moeklesia 4:12.
Linaheng tse ling boemo bo thata haholoanyane boa itlhahisa ha monna a nyala lelapeng leo ho se nang mojalefa e motona. Taba e latelang e tšoantša tsietsi ea banna ba bangata ba joalo ha hamorao bophelong ba ithuta ’me ba leka ho sebelisa melao-metheo ea Bibele. Mohlankana e mong oa Mok’hatholike o ile a nyala lapeng la Mak’hatholike. Ho tloha qalong feela, a fumana hore lelapa leo le mo khella tlaase ’me a tšoana le mohlanka feela ea sa lefuoeng ea lebelletsoeng ho etsa bana e le hore lebitso la lelapa le se ke la timela. Kaha e le moetlo tokisetsong e joalo, o ile a tlameha ho tela fane ea hae, a lumella bana ba hae hore ba nkoe e le bona majalefa thepeng ea lelapa leo. Ha a ithuta molao-motheo oa bohlooho ba lelapa ’me a leka ho bo sebelisa, karabelo ea mosali oa hae e ne e tšoana le ea lelapa lohle: ‘Ha ua tlisa letho lapeng lena, kahoo ha u na lentsoe la hore na lintho li lokela ho etsoa joang!’
Le hoja e se litlamo tsohle tsa lenyalo tse joalo tse feteletseng joaloka tabeng ena e khethehileng, ho ka bonoa habonolo hore moo moetlo o joalo o tloaelehileng ’me ho lebelletsoe hore monna e be eena ea ikokobetsang, mathata a tla hlaha ha ho sebelisoa melao-metheo ea Bibele mabapi le bohlooho. Monna oa Mokreste o thatafalloa haholo ho sebelisa bohlooho ba hae bo lerato lapeng la hae ’me le mosali ka ho tšoanang o thatafalloa ke ho ikokobeletsa monna oa hae ka ‘tlhompho e tebileng,’ ho e-na le ho ikokobeletsa batsoali ba hae bao ho ka ’nang ha etsahala hore ba ’ne ba phele tlas’a marulelo a bona.—Ba-Efese 5:33.
Papiso e ’ngoe ea kamoo molao-motheo oa Bibele o ka ’nang oa hohlana le moetlo oa sebaka ka seng o ama taba ea batsoali ba lokisetsang manyalo a bana ba bona. Bakeng sa bana ba Bakreste ba nang le batsoali ba sa lumelang, hona hangata ho hlahisa bothata ba sebele, kaha batsoali ba ikutloa ba hlōlehile haeba bana ba bona ba sa kena lenyalong ha ba le lilemong tse itseng. Kahoo, khatello e khōlō, ho akarelletsa ho shapuoa, lia sebelisoa ho qobella bana, haholo-holo banana, hore ba nyaloe. Haeba balekane ba tšoanelehang ba Bakreste ba haella, batsoali ba sa lumelang ba tla etsa eng kapa eng e matleng a bona ho lokisetsa lenyalo, ha Mokreste a ntse a hopotse molao-motheo oa ho nyala feela “Moreneng.”—1 Ba-Korinthe 7:39; Deuteronoma 7:3, 4.
Rua Molemo ka ho Latela Melao-metheo ea Bibele
Botle bo totobetseng ba melao-metheo ea Bibele ke hore e ka ntlafatsa bophelo ba mang kapa mang ea lakatsang ho e sebelisa, ho sa tsotellehe hore na o phela hokae. E tiile ’me e momahanya malapa. E etsa hore batho ba tšepahale haholoanyane, ’me e ba etsa banna le bo-ntate ba molemo, basali le bo-’mè ba molemo, bana ba molemo, bahiruoa ba molemo. E ka hlōla mathata a bakoang ke meetlo e hohlanang ea sebaka ka seng le ho leka-lekanya tšebeliso ea meetlo e sa hohlaneng ka ho toba le thato ea Molimo bakeng sa motho empa mohlomong e etsa hore ho lumellana le thato eo ho be thata haholoanyane. Hoo ho ka etsoa joang?
Bohato ba pele, feela joalokaha Bakreste ba entse Thessalonika, u tlameha ho lumela hore Bibele e hlile ke “lentsoe la Molimo.” Hona ho bolela ho hlokomela hore ka ’nete ke bohlale bo tsoang Mohloling o phahameng ka ho fetisisa. Bohato ba bobeli, u tlameha ho loanela ho ithuta hore na ‘lentsoe leo la Molimo’ le re’ng molemong oa hao. Ithute ho hlalohanya melao-metheo le melao ea Molimo ha u ntse u bala le ho ithuta Bibele. Joale, e le bohato ba boraro, u tlameha ho lumella lentsoe leo hore e be “le sebetsang . . . ho [uena].” (1 Ba-Thessalonika 2:13) Hona ho akarelletsa kamano e haufi-ufi le liphutheho tsa batho ba Molimo tseo hona joale li leng linaheng le lihlekehlekeng tsa leoatle tse fetang 200. Hona ho entse boena bo lefatšeng ka bophara ba Lipaki tsa Jehova—boena ka ’nete, e seng ka lebitso feela.
Ntho ea pele le ea bohlokoahali, batho ba Jehova ba thahasella bonngoe le Molimo ka ho lumella hore melao-metheo ea Bibele e laole bophelo ba bona. Ka liphello life? Bonngoe ba ’nete le ba nako e telele le ba bang bao le bona ba leng bonngoeng le Molimo, hammoho le khotso ea kelello e bolokang motho har’a maemo ’ohle a teng tsamaisong ena ea lintho. (Ba-Filippi 4:6, 7) Bonngoe bo joalo le kamano e haufi-ufi le Molimo le e mong ho e mong ke thuso e sebetsang bakeng sa ho ntlafatsa boleng ba bophelo hona joale ’me bo phahamisa tšepiso ea bophelo bo sa feleng tsamaisong e ncha e lokileng ea Molimo moo lintho tsohle li tla qetella li tlisitsoe ka ho feletseng thatong ea Molimo.—1 Timothea 4:8; 1 Ba-Korinthe 15:28.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Ho amohela Bibele e le “lentsoe la Molimo”
Loanela ho ithuta seo Lentsoe la Molimo le se buang molemong oa hao
Lumella Lentsoe leo hore le ‘sebetse ho uena’