Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 3/15 maq. 13-18
  • Ema U Tiile Bakeng sa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ema U Tiile Bakeng sa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lokoloha Botlamuoeng
  • Ketsahalo e Matla e Tšoantšetsang
  • Qoba Joko ea Bohlanka
  • Ho Ema re Tiile Bakeng sa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo
  • Ema U Tiile!
  • U se ke Ua Lahleheloa ke Morero oa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Batho ba Lokolohileng Empa ba Tla Ikarabella
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • “Ketsahalo e Tšoantšetsang” ea Bohlokoa ho Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Tokoloho e Fanoeng ke Molimo e Tlisa Thabo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 3/15 maq. 13-18

Ema U Tiile Bakeng sa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo!

‘Ka hona emang le tiile tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka eona, ’me le se ke la boela la bofshoa jokong ea bohlanka.’—BA-GALATA 5:1.

1, 2. Tokoloho e fanoeng ke Molimo e lahlehile joang?

BATHO ba Jehova ba lokolohile. Empa ha ba batle ho itokolla ho Molimo, hobane ho etsa joalo ho ka bolela ho ba botlamuoeng ba Satane. Ba nka kamano ea bona le Jehova e le ea bohlokoa ’me ba thabela tokoloho eo a ba fang eona.

2 Batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba ile ba lahleheloa ke tokoloho e fanoeng ke Molimo ka ho etsa sebe le ho fetoha bahlanka ba sebe, lefu, le Diabolose. (Genese 3:1-19; Ba-Roma 5:12) Satane o ile a kenya lefatše lohle tseleng ea boetsalibe e lebisang timelong! Empa ba emang ba tiile bakeng sa tokoloho e fanoeng ke Molimo ba tsamaea tseleng e lebisang bophelong bo sa feleng.—Mattheu 7:13, 14; 1 Johanne 5:19.

Ho Lokoloha Botlamuoeng

3. Molimo o ile oa fana ka tšepo efe Edene?

3 Jehova o ne a rerile hore batho ba hlomphang lebitso la hae ba lokolohe botlamuoeng ba Satane, sebe, le lefu. Tšepo eo e ile ea fanoa ha Molimo o bolella noha e sebelisitsoeng ke Satane Edene: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peō ea hao le peō ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.” (Genese 3:14, 15) Jesu Kreste, Peō e tsoang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo, o ile a longoa serethe ha a shoella thupeng, empa ka tsela eo Molimo o ile oa fana ka sehlabelo sa thekollo bakeng sa ho lokolla batho ba lumelang sebeng le lefung. (Mattheu 20:28; Johanne 3:16) Ka mor’a nako, Jesu o tla khoba hlooho ea Satane, Noha ea khale.—Tšenolo 12:9.

4. Abrahama o ne a thabela tokoloho ea mofuta ofe, ’me Jehova o ile a mo tšepisa eng?

4 Lilemo tse ka bang 2 000 ka mor’a tšepiso e fanoeng Edene, “motsoalle oa Molimo” Abrahama o ile a utloa Molimo ’me a tloha motseng oa Ure a ea sebakeng se seng. (Jakobo 2:23; Ba-Heberu 11:8) Ka ho etsa joalo o ile a fumana tokoloho e fanoeng ke Molimo ’me ha a ka a hlola a phela joaloka lekhoba la lefatše la Satane la bolumeli ba bohata, lipolotiki tse silafetseng, le khoebo e meharo. Boprofeteng ba Edene, Molimo o ile oa phaella litšepiso tsa hore malapa ’ohle le lichaba tsohle li tla itlhohonolofatsa ka Abrahama le Peō ea hae. (Genese 12:3; 22:17, 18) Abrahama o ne a hloka sekoli hobane ‘o ne a behile tumelo ho Jehova, ’me o ile a ’malla hoo e le ho loka.’ (Genese 15:6) Kajeno, ka ho tšoanang kamano e haufi le Jehova e tlisa tokoloho e fanoeng ke Molimo sekoling le bohlankeng ba lefatše le leng tlas’a taolo ea Satane.

Ketsahalo e Matla e Tšoantšetsang

5. Ho hlaha ha Isaaka ho ne ho amana le maemo afe?

5 E le hore Abrahama a ka ba le peō, mosali oa hae oa nyopa, Sara, o ile a mo nehela lekhabunyane la hae, Agare, hore a mo tsoalle bana. Abrahama o ile a tsoala Ishmaele ka eena, empa Molimo ha oa ka oa mo khetha joaloka Peō e tšepisitsoeng. Ho fapana le hoo, ha Abrahama a le lilemo li 100 ’me Sara a le lilemo li 90, Jehova o ile a ba nolofalletsa ho ba le mora ea bitsoang Isaaka. Ha Ishmaele a soma Isaaka, Agare le mora oa hae ba ile ba lelekoa, ba siea mora oa Abrahama eo a bileng le eena ka mosali ea lokolohileng Sara joaloka peō e sa belaetseng ea Abrahama. Joaloka Abrahama, Isaaka le eena o ile a bontša tumelo ’me a fumana tokoloho e fanoeng ke Molimo.—Genese 16:1-16; 21:1-21; 25:5-11.

6, 7. Baruti ba bohata ba ne ba kholisitse Bakreste ba Galatia ka eng, empa Pauluse o ile a hlalosa eng?

6 Liketsahalo tsena li ne li tšoantšetsa lintho tsa bohlokoa haholo ho barati ba tokoloho e fanoeng ke Molimo. Sena se bonahetse lengolong leo moapostola Pauluse a ileng a le ngolla liphutheho tse Galatia hoo e ka bang ka 50 ho ea ho 52 C.E. Nakong eo sehlopha se busang se ne se entse qeto ea hore lebollo ha le hlokahale ho Bakreste. Empa baruti ba bohata ba ne ba kholisitse ba bang ho Bagalata hore ke tšobotsi ea bohlokoa ea Bokreste.

7 Pauluse o ile a bolella Bagalata: Motho o boleloa a lokile ka tumelo ho Kreste, eseng ka mesebetsi ea Molao oa Moshe. (1:1–3:14) Molao ha oa ka oa nyopisa tšepiso e amanang le selekane sa Abrahama empa o ile oa pepesa litlōlo ’me oa sebeletsa joaloka motataisi ea lebisang ho Kreste. (3:15-25) Ka lefu la hae, Jesu o ile a lokolla ba leng tlas’a Molao, a ba nolofalletsa ho ba bara ba Molimo. Ka hona, ho khutlela tokisetsong ea ho keteka matsatsi, likhoeli, linako tse khethiloeng, le lilemo ho ne ho tla bolela ho khutlela bohlankeng. (4:1-20) Joale Pauluse o ile a ngola:

8, 9. (a) Ka bokhutšoanyane hlalosa ka mantsoe a hao seo Pauluse a se buileng ho Ba-Galata 4:21-26. (b) Ketsahalong ena e tšoantšetsang, Abrahama le Sara ba ne ba tšoantšetsa mang kapa eng, ’me Peō e tšepisitsoeng ke mang?

8 “Mpolelleng, lōna ba ratang ho ba tlas’a molao, hleka ha le utloe molao na? Athe ho ngoliloe hore Abrahama o bile le bara ba babeli, e mong [Ishmaele] e le oa mosali ea rekiloeng [Agare], e mong [Isaaka] e le oa mosali ea sa rekoang [Sara]. Empa eo e neng e le oa ea rekiloeng, o tsoetsoe ka nama, ’me eo e neng e le oa ea sa rekoang, eena o tsoetsoe ka pallo. ’Me taba tseo ke setšoantšo; hobane basali bao ke lilekane tse peli; se seng [selekane sa Molao] e le sa thaba ea Sinai [moo Molimo o ileng oa theha selekane seo le Baiseraele], se tsoalang ba rekoang; seo ke Agare [Selekane se seng ke se entsoeng le Abrahama mabapi le Peō ea hae.]—hobane Agare ke Sinai, thaba ea Arabia—’me o tšoantša le Jerusalema oa joale; ’me ke ea tlamiloeng, le bana ba hae [litloholo tsa Abrahama, Isaaka, le Jakobo]. Empa Jerusalema oa holimo ha a tlangoa; ke eena e leng ’m’a rōna bohle.”—Ba-Galata 4:21-26.

9 Ketsahalong ena e tšoantšetsang, Abrahama o ne a emela Jehova. “Mosali ea sa rekoang,” Sara, o ne a tšoantšetsa “mosali” oa Molimo, kapa mokhatlo o hlophisitsoeng o halalelang oa bokahohleng. O hlahisitse Kreste, Peō ea mosali eo oa tšoantšetso le ea Abrahama e Moholoanyane. (Ba-Galata 3:16) E le hore Jesu a ka bontša batho tsela ea ho lokoloha borapeling bo litšila, sebeng, le ho Satane, o ile a ruta ’nete ’me a pepesa bolumeli ba bohata, empa Jerusalema le bana ba eona ba ile ba lula botlamuoeng ba bolumeli hobane ba ile ba mo hana. (Mattheu 23:37, 38) Balateli ba Jesu ba Bajode ba ile ba lokoloha Molaong, o ileng oa bontša hore ba botlamuoeng ba ho se phethahale, sebe, le lefu. Ka sebele batho bohle ba amohelang Jesu joaloka Ea hlahileng ho “mosali” oa Molimo hore e be Morena oa Bomessia le Molokolli ‘ea bolellang makhoba topollo’ ba lokolohile!—Esaia 61:1, 2; Luka 4:18, 19.

Qoba Joko ea Bohlanka

10, 11. Kreste o ile a lokolla balateli ba hae jokong efe ea bohlanka, ’me kajeno ho na le ho tšoana hofe?

10 Ho ba bōpang peō ea Abrahama hammoho le Kreste, Isaaka e Moholoanyane, Pauluse o re: “Jerusalema oa holimo ha a tlangoa; ke eena e leng ’m’a rōna bohle . . . Ha e le rōna, banab’eso, re bana ba pallo, joale ka Isaaka. ’Me joale ka ha, mohlang oo, ea tsoetsoeng ka nama [Ishmaele] a na a hlorisa ea tsoetsoeng ka Moea [Isaaka], le joale ho sa le joalo . . . ha re bana ba ea rekiloeng, empa re le ba ea sa rekoang. Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka eona [Molaong], ’me le se ke la boela la bofshoa jokong ea bohlanka.”—Ba-Galata 4:26–5:1.

11 Balateli leha e le bafe ba Jesu ba ne ba tla ba jokong ea bohlanka ha ba ne ba ka ikokobeletsa Molao. Bolumeli ba bohata ke joko ea bohlanka kajeno, ’me Bokreste-’mōtoana bo tšoana le Jerusalema ea boholo-holo le bana ba eona. Empa batlotsuoa ke bana ba Jerusalema oa holimo, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o lokolohileng oa leholimo. Bona le balumeli-’moho ba nang le tšepo ea lefatšeng hase karolo ea lefatše lena ’me ha ba botlamuoeng ba Satane. (Johanne 14:30; 15:19; 17:14, 16) Kaha re lokolotsoe ke ’nete le sehlabelo sa Jesu, a re emeng re tiile bakeng sa tokoloho ea rōna eo re e fuoeng ke Molimo.

Ho Ema re Tiile Bakeng sa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo

12. Balumeli ba nka tsela efe, ’me ke’ng seo joale re tla buisana ka sona?

12 Hona joale batho ba limillione ba thabela tokoloho ea ’nete e le Lipaki tsa Jehova. Ho khannoa lithuto tsa Bibele tse tšoareloang batho ba bang ba limillione, bao ba bangata ho bona ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” Ha ba fetoha balumeli, ba tla ema ba tiile bakeng sa tokoloho e fanoeng ke Molimo ka ho kolobetsoa. (Liketso 13:48, NW; 18:8) Empa mehato e tlang pele ho kolobetso ea Bokreste ke efe?

13. Ho na le kamano efe pakeng tsa tsebo le kolobetso?

13 Pele motho a kolobetsoa, o tlameha ho fumana tsebo e nepahetseng ea Mangolo ’me a nke khato ka eona. (Ba-Efese 4:13) Ka hona, Jesu o ile a bolella balateli ba hae: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Mattheu 28:19, 20, NW.

14. Ho kolobetsoa ka lebitso la Ntate, la Mora, le la moea o halalelang ho hloka tsebo ea mofuta ofe?

14 Ho kolobetsoa ka lebitso la Ntate ho bolela ho amohela boemo ba Jehova le matla a hae joaloka Molimo, ’Mōpi, le ’Musi oa Bokahohle. (Genese 17:1; 2 Marena 19:15; Tšenolo 4:11) Ho kolobetsoa ka lebitso la Mora ho hloka hore motho a hlokomele boemo ba Kreste le matla a hae joaloka sebōpuoa sa moea se phahameng, Morena oa Bomessia, le eo ka eena Molimo o faneng ka “thekollo e lekanang le se lahlehileng.” (1 Timothea 2:5, 6, NW; Daniele 7:13, 14; Ba-Filippi 2:9-11) Motho ea kolobetsoang ka lebitso la moea o halalelang oa hlokomela hore ke matla a Molimo a sebetsang ao Jehova a a sebelisang pōpong le ho bululeleng bangoli ba Bibele, hammoho le ka litsela tse ling. (Genese 1:2; 2 Petrose 1:21) Ha e le hantle, ho na le ho hongata haholo hoo motho a lokelang ho ithuta hona ka Molimo, Kreste, le moea o halalelang.

15. Ke hobane’ng ha motho a tlameha ho bontša tumelo pele a kolobetsoa?

15 Pele motho a kolobetsoa, o tlameha ho bontša tumelo e thehiloeng tsebong e nepahetseng. “Tumelo ha e le sieo, ha ho kamoo [Jehova a] ka khahlisoang.” (Ba-Heberu 11:6) Motho ea bontšang tumelo ho Molimo, ho Kreste, le morerong oa Molimo o tla batla ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova, ea phelang tumellanong le Lentsoe la Molimo ’me a kopanele ka botlalo boboleling ba litaba tse molemo. O tla bua ka khanya ea borena ba Jehova.—Pesaleme ea 145:10-13; Mattheu 24:14.

16. Pako ke eng, ’me e amana joang le kolobetso ea Bokreste?

16 Pako ke tlhokahalo e ’ngoe e tlang pele ho kolobetso. Ho baka ho bolela ho “fetola kelello kamanong le ketso e fetileng (kapa e reriloeng), kapa boitšoaro, ka baka la ho ikoahlaea le ho se khotsofale,” kapa ho “ikoahlaea, ho itšola kapa ho soabela seo motho a se entseng kapa a sa kang a se etsa.” Ho ne ho hlokahala hore Bajode ba lekholong la pele la lilemo ba bakele libe tsa bona ho Jesu Kreste. (Liketso 3:11-26) Balumeli ba bang Korinthe ba ile ba bakela bohlola, borapeli ba litšoantšo, bofebe, bosodoma, ho utsoa, meharo, botahoa, mahlapa, le bomene-mene. Ka baka leo, ba “hlatsoitsoe” maling a Jesu, ba “halalelitsoe” joaloka ba behelletsoeng ka thōko bakeng sa tšebeletso ea Jehova, ’me ba “beiloe ba lokileng” ka lebitso la Jesu Kreste le ka moea oa Molimo. (1 Ba-Korinthe 6:9-11) Kahoo pako ke bohato bo lebisang ho fumaneng letsoalo le letle le tokoloho e fanoeng ke Molimo ho tšetšethoeng ke letsoalo le molato ka baka la sebe.—1 Petrose 3:21.

17. Tšokoloho e bolela eng, ’me e hloka eng ho motho ea rerang ho kolobetsoa?

17 Hape motho o tlameha ho sokoloha pele a ka kolobetsoa joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova. Tšokoloho ea motho ea bakileng e etsahala ka mor’a hore a lahle tsela ea hae e fosahetseng ea bophelo ’me a ikemisetse ho etsa se nepahetseng. Maetsi a Seheberu le Segerike a amanang le tšokoloho a bolela ho “furalla, ho reteleha, kapa ho khutla.” Ha a sebelisoa ka kutloisiso ea moea, a bolela ho retelehela ho Molimo ka ho tlohela tsela e fosahetseng. (1 Marena 8:33, 34) Tšokoloho e hloka “mesebetsi e tšoanelang pako,” hore re etse seo Molimo o se laelang, re lahle bolumeli ba bohata, ’me re lebise lipelo tsa rōna ho Jehova ka ho felletseng e le hore re ka sebeletsa eena feela. (Liketso 26:20; Deuteronoma 30:2, 8, 10; 1 Samuele 7:3) Sena se hloka “pelo e ncha le moea o mocha,” monahano o fetohileng, boikutlo, le ho ba le morero bophelong. (Ezekiele 18:31) Botho bo bocha bo bang teng qetellong bo nkela libōpeho tse hlomphollang Molimo sebaka ka litšoaneleho tsa bomolimo. (Ba-Kolosse 3:5-14) E, ka sebele pako ea ’nete e etsa hore motho a “sokolohe.”—Liketso 3:19.

18. Ke hobane’ng ha motho a lokela ho inehela ho Molimo ka thapelo, ’me bohato boo ke ba bohlokoa bofe?

18 Ho inehela ho Molimo ka thapelo ho tlameha ho tla pele ho kolobetso. (Bapisa le Luka 3:21, 22.) Boinehelo bo bolela ho behelloa ka thōko bakeng sa morero o halalelang. Bohato bona ke ba bohlokoa haholo hoo re lokelang ho hlalosetsa Molimo ka thapelo qeto ea rōna ea ho inehela ho oona ka ho khethehileng le ho o sebeletsa ka ho sa feleng. (Deuteronoma 5:8, 9; 1 Likronike 29:10-13) Ha e le hantle, ha re lebise boinehelo ba rōna mosebetsing empa re bo lebisa ho Molimo ka booona. Ntlha eo e ile ea hlakisoa lepatong la mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, Charles Taze Russell. Ketsahalong eo ka 1916, mongoli le ramatlotlo oa Mokhatlo, W. E. Van Amburgh, o ile a re: “Mosebetsi ona o moholo o etsoang lefatšeng ka bophara hase mosebetsi oa motho a le mong. O moholo haholo hore e ka ba oa motho a le mong. Ke mosebetsi oa Molimo ’me ha o fetohe. Molimo o ’nile oa sebelisa bahlanka ba bangata nakong e fetileng ’me ntle ho pelaelo O tla ’ne o sebelise ba bangata nakong e tlang. Ha rea inehela ho motho, kapa mosebetsing oa motho, empa re inehetse ho etsa thato ea Molimo, joalokaha o tla re senolela eona ka Lentsoe la Oona le ketello-pele ea bomolimo. Molimo o sa ntsane o le ka pele-pele.” Empa ke’ng hape se tlamehang ho etsoa mabapi le boinehelo ho Molimo?

19. (a) Batho ba fana ka bopaki ba phatlalatsa ba boinehelo ba bona ho Jehova joang? (b) Kolobetso ea metsing ke letšoao la eng?

19 Ha motho a kolobetsoa o fana ka bopaki ba phatlalatsa ba boinehelo ho Jehova. Kolobetso ke letšoao le bontšang hore motho ea qoelisoang metsing o entse boinehelo bo sa itšetlehang ka maemo ho Jehova Molimo ka Jesu Kreste. (Bapisa le Mattheu 16:24.) Ha mokolobetsuoa a patoa ka tlas’a metsi ’me a inoloa ho ’ona, ka kutloisiso ea tšoantšetso o shoa tseleng ea hae ea bophelo ba nako e fetileng ’me o tsosetsoa tseleng e ncha ea bophelo, hore joale a etse thato ea Molimo a sa itšiele letho. (Bapisa le Ba-Roma 6:4-6.) Ha Jesu a kolobetsoa, o ile a itlhahisa ho Ntate oa hae oa leholimo a sa itšiele letho. (Mattheu 3:13-17) ’Me nako le nako Mangolo a bontša hore balumeli ba tšoanelehang ba lokela ho kolobetsoa. (Liketso 8:13; 16:27-34; 18:8) Ka hona, kajeno e le hore motho a ka fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova, o tlameha ho fetoha molumeli eo kannete a bontšang tumelo ’me a kolobetsoe.—Bapisa le Liketso 8:26-39.

Ema U Tiile!

20. Mehlala e meng ea Bibele ke efe e pakang hore re tla hlohonolofatsoa ha re ema re tiile bakeng sa tokoloho e fanoeng ke Molimo re le Lipaki tse kolobelitsoeng tsa Jehova?

20 Haeba u se u nkile khato e tiileng bakeng sa tokoloho e fanoeng ke Molimo ka ho ba Paki e kolobelitsoeng ea Jehova, o tla u hlohonolofatsa joalokaha o ’nile oa hlohonolofatsa bahlanka ba oona nakong e fetileng. Ka mohlala, Jehova o ile a hlohonolofatsa Abrahama le Sara ba seng ba hōlile ka mora ea tšabang Molimo, Isaaka. Ka tumelo moprofeta Moshe o ile a khetha ho hlokofatsoa hammoho le batho ba Molimo “e seng ho thabela menate ea libe e felang kapele; a kholoa hoba sekhobo sa [ho ba motho oa boholo-holo ea tšoantšetsang] Kreste [kapa Motlotsuoa oa Molimo] ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta.” (Ba-Heberu 11:24-26) Moshe o ile a ba le tokelo ea ho sebelisoa ke Jehova hore a etelle Baiseraele pele ha ba tsoa botlamuoeng ba Egepeta. Ho feta moo, kaha o ile a sebeletsa Molimo ka botšepehi, o tla tsosoa ’me o tla sebeletsa joaloka e mong oa “mahosana lefatšeng lohle” tlas’a Moshe e Moholoanyane, Jesu Kreste.—Pesaleme ea 45:16; Deuteronoma 18:17-19.

21. Ho fanoa ka mehlala efe e khothatsang mabapi le basali ba tšabang Molimo ba boholo-holo?

21 Kajeno Bakreste ba inehetseng ba ka boela ba khothatsoa ke ho nahanisisa ka basali ba ileng ba lokoloha ’me ba thaba kannete. Har’a bona ke Ruthe oa Moabe, ea ileng a utloa bohloko ba ho ba mohlolohali ’me a fumana thabo ea tokoloho e fanoeng ke Molimo bolumeling ba bohata. O ile a tlohela batho ba habo le melimo ea habo ’me a khomarela matsale oa hae oa mohlolohali, Naomi. Ruthe o itse: “Ke tla ea moo u eang, ke lule le moo u lulang; chaba sa hao ke chaba sa ka, ’me Molimo oa hao ke Molimo oa ka.” (Ruthe 1:16) Ha e se e le mosali oa Boaze, Ruthe o ile a tsoala ntate-moholo oa Davida, Obede. (Ruthe 4:13-17) Jehova o ile a fa mosali enoa eo e seng Moiseraele “moputso o phethehileng” ka ho mo lumella ho ba nkhono oa Jesu Messia! (Ruthe 2:12) Ruthe o tla thaba hakaakang ha a tsosoa ’me a hlokomela hore o bile le tokelo e kaalo! Ntle ho pelaelo thabo e tla tlala lipelong tsa Rahaba ea tsositsoeng eo pele e neng e le seotsoa, ea ileng a lokolloa boitšoarong bo bobe le bolumeling ba bohata, hammoho le Bathe-Sheba ea ileng a oela phosong empa a bontša pako, hobane le bona ba tla hlokomela hore Jehova o ile a ba lumella ho ba bo-nkhono ba Jesu Kreste.—Mattheu 1:1-6, 16.

22. Re tla buisana ka eng sehloohong se latelang?

22 Re ka nahanisisa re sa khaotse ka batho ba ’nileng ba amohela tokoloho e fanoeng ke Molimo. Ka mohlala, lenane la bona le akarelletsa banna le basali ba tumelo ba boletsoeng ho Ba-Heberu khaolo 11. Ba ’nile ba tšoenngoa ’me ba tšoaroa hampe, “lefatše le ne le sa tšoanele ho ba le batho ba joalo.” Ho phaella lenaneng la bona ke balateli ba Kreste ba tšepahalang ba lekholong la pele la lilemo le ba bang ba ’nileng ba tšepahala ho tloha nakong eo, ho akarelletsa le batho ba limillione bao hona joale ba sebeletsang Jehova e le Lipaki tsa hae. Joalokaha re tla tloha re bona, haeba u se u eme ka lehlakoreng la bona bakeng sa tokoloho e fanoeng ke Molimo, u na le mabaka a mangata a ho thaba.

U ne U Tla Arabela Joang?

◻ Molimo o ile oa fana ka tšepo efe ha tokoloho e fanoeng ke Molimo e lahleha?

◻ Kreste o ile a lokolla balateli ba hae ‘jokong efe ea bohlanka’?

◻ Mehato e tlang pele motho a kolobetsoa joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova ke efe?

◻ Ke mehlala efe ea Mangolo e pakang hore re tla hlohonolofatsoa ha re nka khato bakeng sa tokoloho e fanoeng ke Molimo?

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Na ua tseba hore na ke mehato efe e tlang pele motho a kolobetsoa joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela