Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/06 leq. 4
  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Kopano ea Potoloho e Tla re Thusa Ho Sireletsa Kamano e Ntle le Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Lenaneo le Lecha la Kopano e Khethehileng ea Letsatsi le le Leng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • ‘Lijo ka Nako e Tšoanetseng’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 8/06 leq. 4

Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho

Lefatše le batla re lumele hore tsamaiso ea hona joale ea lintho e tla ba teng ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le re bolella se fapaneng le seo. (1 Joh. 2:15-17) Le re thusa ho utloisisa hore ‘ho bokella matlotlo lefatšeng’ ke ho hamela letanteng. E le ho matlafatsa batho ba Molimo, lenaneong la kopano ea potoloho ea selemo sa tšebeletso sa 2007 ho tla tšohloa sehlooho se reng, “Le Ipolokele Matlotlo Leholimong.”—Mat. 6:20.

“Matla a moea, moea oo hona joale o sebetsang ho bara ba ho se mamele” oo ho buuoang ka oona ho Baefese 2:2, o akarelletsa monahano o sekametseng leratong la lintho tse bonahalang. Joalokaha moea oa sebele o tletse hohle, o emetse feela hore o hengoe, ka ho tšoanang “moea oa lefatše” o tletse hohle tsamaisong ena. (1 Bakor. 2:12) Kaha tšusumetso ea oona e matla haholo, ho thoe o na le “matla.” Lenaneo le lecha la kopano ea potoloho le tla re thusa hore re qobe monahano oa lefatše o sekametseng leratong la lintho tse bonahalang ’me re lule re etelletsa lintho tsa bohlokoa pele. (Mat. 6:33) Ho phaella moo, lenaneo lena le tla re thusa hore re itšetlehe ka Jehova ha re ntse re phetha tšebeletso ea rōna ho sa tsotellehe likhatello le liteko tseo re ka tobanang le tsona.

Etsa bonnete ba hore u ba teng ka matsatsi ao a mabeli le hore u ‘ba hlokolosi ka tsela e fetang e tloaelehileng.’ (Baheb. 2:1) Ngola lintlha tse khutšoanyane tseo u ka li sebelisang bophelong ba hao le tšebeletsong ea hao. Ka ho ba teng ho tloha qalong ho fihlela qetellong ea lenaneo lena la moea le matlafatsang, u tla khothalletsoa ho tsoela pele u ‘ipolokela matlotlo leholimong’ ’me u matlafaletsoe ho lula u etsa joalo!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela