‘Tšoara Lentsoe la Molimo ka Nepo’
“Etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha ho Molimo, mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.”—2 TIMOTHEA 2:15.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore basebetsi ba be le lisebelisoa? (b) Bakreste ba tšoarehile ka mosebetsi ofe, ’me ba bontša joang hore ba batla ’Muso pele?
HO HLOKAHALA hore basebetsi ba be le lisebelisoa tse ba thusang ho etsa mosebetsi oa bona. Leha ho le joalo, ha hoa lekana ho ba le sesebelisoa sefe kapa sefe feela. Ho hlokahala hore mosebetsi a be le sesebelisoa se nepahetseng, ’me o lokela ho se sebelisa ka tsela e nepahetseng. Ka mohlala, haeba u ne u batla ho kokotela mapolanka a mabeli ha u ntse u haha ntlo ea polokelo, u ne u tla hloka lintho tse ling ntle ho hamore le lipekere feela. U ne u tla tlameha ho tseba ho kokotella sepekere lepolankeng se sa kobehe. Ho leka ho kokotella sepekere lepolankeng u sa tsebe ho sebelisa hamore e ne e tla ba ntho e thata haholo, esita le e nyahamisang. Empa lisebelisoa tse tšoaroang ka nepo li re thusa ho phetha mesebetsi ka tsela e hlahisang liphello tse khotsofatsang.
2 Re le Bakreste, re na le mosebetsi oo re lokelang ho o etsa. Ke mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa. Jesu Kreste o ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba “batle ’muso pele.” (Matheu 6:33) Re ka ‘batla ’Muso pele’ joang? Tsela e ’ngoe ke ka hore re be ba chesehang mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa. E ’ngoe ke hore re thehe tšebeletso ea rōna ka tieo Lentsoeng la Molimo. Tsela ea boraro ke ho ba le boitšoaro bo botle. (Matheu 24:14; 28:19, 20; Liketso 8:25; 1 Petrose 2:12) E le hore re be ba atlehang le ba thabileng mosebetsing ona oa Bokreste oo re o abetsoeng, ho hlokahala hore re be le lisebelisoa tse loketseng hape re be le tsebo ea ho li tšoara ka nepo. Ntlheng ena, moapostola Pauluse o ile a beha mohlala o ikhethang joaloka mosebetsi oa Mokreste, ’me o ile a khothalletsa balumeli-’moho le eena hore ba mo etsise. (1 Bakorinthe 11:1; 15:10) Kahoo, ebe ke eng seo re ka ithutang sona ho Pauluse, mosebetsi-’moho le rōna?
Pauluse—’Moleli ea Chesehang oa ’Muso
3. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore moapostola Pauluse e ne e le mosebetsi ea chesehang oa ’Muso?
3 Pauluse e ne e le mosebetsi oa mofuta ofe? Ka sebele o ne a cheseha. Pauluse o ne a ikitlaetsa ka matla, a hasa litaba tse molemo sebakeng se seholo tikolohong ea Mediterranean. Ha moapostola enoa ea khothetseng a ne a fana ka lebaka la hore na ke hobane’ng ha a ne a bolela ’Muso ka cheseho, o ile a re: “Joale, haeba ke bolela litaba tse molemo, hase lebaka la hore ke ithorise, etsoe ke tlamehile ho ho etsa. Ka sebele, ho malimabe ’na haeba ke sa ka ka bolela litaba tse molemo!” (1 Bakorinthe 9:16) Na Pauluse o ne a thahasella ho pholosa bophelo ba hae a le mong? Che. E ne e se motho ea ichebileng boeena feela. Ho e-na le hoo, o ne a lakatsa hore ba bang le bona ba rue molemo litabeng tse molemo. O ile a ngola a re: “Ke etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, e le hore nka li arolelana le ba bang.”—1 Bakorinthe 9:23.
4. Ke sesebelisoa sefe seo basebetsi ba Bakreste ba se nkang e le sa bohlokoahali?
4 Moapostola Pauluse e ne e le mosebetsi ea ikokobelitseng ea neng a hlokomela hore a ke ke a tšepa bokhoni ba hae feela. Feela joalokaha ’metli oa mapolanka a hloka hamore, Pauluse o ne a hloka lisebelisoa tse loketseng hore a tebise ’nete ea Molimo lipelong tsa bamameli ba hae. Sesebelisoa se ka sehloohong seo a neng a se sebelisa e ne e le sefe? E ne e le Lentsoe la Molimo, e leng Mangolo a Halalelang. Ka tsela e tšoanang, Bibele eohle ke sesebelisoa se ka sehloohong seo re se sebelisang se re thusang ho etsa barutuoa.
5. E le hore re be basebeletsi ba atlehang, ho hlokahala hore re etse eng ntle ho ho qotsa mangolo?
5 Pauluse o ne a tseba hore ho tšoara Lentsoe la Molimo ka nepo ha se feela ho le qotsa. O ne a sebelisa ‘tšusumetso.’ (Liketso 28:23) Joang? Pauluse o ne a atleha ho sebelisa Lentsoe le ngotsoeng la Molimo ho kholisa batho ba bangata hore ba amohele ’nete ea ’Muso. O ne a behelana mabaka le bona. Ka likhoeli tse tharo synagogeng ea Efese, Pauluse o ne “a fana ka lipuo ’me a sebelisa tšusumetso malebana le ’muso oa Molimo.” Le hoja “ba bang ba [ile ba] tsoela pele ho ithatafatsa le ho se lumele,” ba bang ba ile ba mamela. Ka lebaka la tšebeletso ea Pauluse Efese, “lentsoe la Jehova [le ile] la ’na la hōla le ho hlōla.”—Liketso 19:8, 9, 20.
6, 7. Pauluse o ile a tlotlisa tšebeletso ea hae joang, ’me re ka etsa se tšoanang joang?
6 Pauluse o ‘ile a tlotlisa bosebeletsi ba hae’ e le ’moleli ea chesehang oa ’Muso. (Baroma 11:13) Joang? O ne a se na tjantjello ea ho iketelletsa pele; ebile a se lihlong hore a tsejoe phatlalatsa hore ke e mong oa basebetsi-’moho le Molimo. Ho e-na le hoo, o ne a nka tšebeletso ea hae e le tlotla e phahameng ka ho fetisisa. Pauluse o ile a tšoara Lentsoe la Molimo ka tsebo le ka katleho. Mosebetsi oa hae o behang litholoana o ile oa susumetsa ba bang, oa ba thusa hore ba finyelle tšebeletso ea bona ka botlalo. Ka tsela ena, tšebeletso ea hae e ile ea tlotlisoa.
7 Re le basebeletsi, re ka tlotlisa mosebetsi oa rōna ka hore re sebelise Lentsoe la Molimo khafetsa le ka katleho, joalokaha Pauluse a ile a etsa. Litšobotsing tsohle tsa tšebeletso ea rōna ea tšimo, pakane ea rōna e lokela ho ba ho bolella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ntho e ’ngoe e tsoang ka Mangolong. Re ka etsa see joang re sebelisa tšusumetso? Hlokomela mekhoa ena e meraro ea bohlokoa: (1) Bua ka Lentsoe la Molimo ka tsela eo ka eona ba tlang ho le hlompha. (2) Ka masene hlalosa seo Bibele e se buang u be u bontše hore na se sebetsa joang. (3) Beha mabaka ka Mangolo ka tsela e kholisang.
8. Kajeno re na le lisebelisoa life tsa ho bolela ka ’Muso, ’me u ’nile ua li sebelisa joang?
8 Baboleli ba kajeno ba ’Muso ba na le lisebelisoa tseo Pauluse a neng a se na tsona nakong ea tšebeletso ea hae. Tsena li akarelletsa libuka, limakasine, libukana, limemo, lipampitšana, lik’hasete le livideo. Lekholong le fetileng la lilemo, ho ne ho sebelisoa likarete tsa bopaki, likeramafono, likoloi tse nang le libuela-hōle le mananeo a hasoang ka seea-le-moea. ’Nete ke hore sesebelisoa se molemohali sa rōna ke Bibele, ’me ho hlokahala hore re sebelise sesebelisoa sena sa bohlokoa hantle le ka nepo.
Tšebeletso ea Rōna e Lokela ho Thehoa Lentsoeng la Molimo
9, 10. Mabapi le ho sebelisa Lentsoe la Molimo, re ka ithuta’ng keletsong ea Pauluse ho Timothea?
9 Re ka sebelisa Lentsoe la Molimo e le sesebelisoa se atlehang joang? Ka hore re ele hloko mantsoe ana a Pauluse a tobisitsoeng ho mosebetsi-’moho le eena Timothea a reng: “Etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha ho Molimo, mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.” (2 Timothea 2:15) Ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo’ ho akarelletsa eng?
10 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho tšoara ka nepo” ka bolona le bolela “ho seha ntho e otlolohileng” kapa “ho betla tsela e otlolohileng.” Ka Mangolong a Bakreste a Segerike, lentsoe lena le sebelisitsoe feela keletsong ea Pauluse e eang ho Timothea. Lentsoe lena le ka boetse la sebelisetsoa ho hlalosa ho lema foro e otlolohileng tšimong. E ne e ka ba ntho e hlabisang lihlong haholo hore sehoai se hloahloa se leme libanka. E le hore Timothea e be “mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona,” o ile a hopotsoa hore motho o ne a ke ke a lumelloa hore a khelohe lithutong tsa ’nete tsa Lentsoe la Molimo. Timothea o ne a sa lokela ho lumella hore maikutlo a hae a susumetse tsela eo a rutang ka eona. O ne a lokela ho theha tsela eo a rutang ka eona le ho bolela ka eona Mangolong. (2 Timothea 4:2-4) Ka tsela ena, batho ba lipelo li tšepahalang ba ne ba tla tataisoa hore ba talime litaba joaloka Jehova, ba se ke ba amohela lifilosofi tsa lefatše. (Bakolose 2:4, 8) Ho joalo le kajeno.
Re Lokela ho ba le Boitšoaro bo Botle
11, 12. Boitšoaro ba rōna bo ama joang tsela eo ka eona re tšoarang Lentsoe la Molimo ka nepo?
11 Ha rea tšoanela ho tšoara Lentsoe la Molimo ka nepo ka ho bolela linnete tsa lona feela. Boitšoaro ba rōna bo lokela ho lumellana le lona. “Re basebetsi-’moho le Molimo,” kahoo ha rea lokela ho ba basebetsi ba baikaketsi. (1 Bakorinthe 3:9) Lentsoe la Molimo le re: “Na uena ea rutang e mong, ha u ithute? Uena ea bolelang hore ‘U se ke ua utsoa,’ na ua utsoa? Uena ea reng ‘U se ke ua feba,’ na ua feba? Uena ea bolelang hore u nyonya litšoantšo tse rapeloang, na u tlatlapa tsa litempele?” (Baroma 2:21, 22) Kahoo, joaloka basebetsi-’moho le Molimo ba kajeno, tsela e ’ngoe eo ka eona re tšoarang Lentsoe la Molimo ka nepo, ke ka ho ela hloko keletso ena: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6.
12 Re ka lebella liphello life ha re tšoara Lentsoe la Molimo ka nepo? Nahana ka tšusumetso eo Lentsoe le ngotsoeng la Molimo le ka bang le eona bophelong ba batho ba lipelo li tšepahalang.
Lentsoe la Molimo le na le Matla a ho Fetola
13. Ha motho a sebelisa Lentsoe la Molimo e ka ba motho oa mofuta ofe?
13 Ha batho ba amohela hore molaetsa oa Lentsoe la Molimo oa tšepahala, o ba le tšusumetso e matla e ba thusang hore ba etse liphetoho tse tsotehang bophelong ba bona. Pauluse o ne a bone ha lentsoe la Molimo le sebetsa, a bile a bone le liphello tsa lona tse ntle ho batho ba neng ba fetohile Bakreste Thesalonika ea boholo-holo. Ka lebaka leo o ile a re ho bona: ‘Re boetse re leboha Molimo re sa phetse, hobane ha le amohela lentsoe la Molimo, leo le ileng la le utloa ho rōna, ha lea ka la le amohela e le lentsoe la batho, empa, feela joalokaha kannete le le joalo, e le lentsoe la Molimo, le boetseng le sebetsang ka ho lōna balumeli.’ (1 Bathesalonika 2:13) Ha e le hantle, ho Bakreste bao, esita le ho balateli bohle ba ’nete ba Kreste, bohlale bo fokolang ba motho bo ke ke ba tšoantšoa le bohlale bo phahameng haholo ba Molimo. (Esaia 55:9) Bathesalonika ba ile ba “amohela lentsoe tlas’a matšoenyeho a mangata ka thabo ea moea o halalelang” ’me kahoo ba behela balumeli ba bang mohlala.—1 Bathesalonika 1:5-7.
14, 15. Molaetsa oa Lentsoe la Molimo o matla hakae, hona hobane’ng?
14 Lentsoe la Molimo le matla, le tšoana le Jehova, Mohloli oa lona. Le tsoa ho “Molimo ea phelang,” eo ‘maholimo a ileng a etsoa’ ka lentsoe la hae, ’me kamehla lentsoe leo ‘le atleha ho seo a le rometseng sona.’ (Baheberu 3:12; Pesaleme ea 33:6; Esaia 55:11) Setsebi se seng sa Bibele se ile sa re: “Molimo ha a ikarohanye le Lentsoe la hae. Ha ho mohla a le latolang joalokaha eka hase la hae . . . Ka lebaka leo, lea phela ka linako tsohle, kamehla o angoa ke hore na ho etsoa eng ka lona ha a le buile; hobane le tlamahane le Molimo ea phelang.”
15 Molaetsa o tsoang Lentsoeng la Molimo o matla hakae? O na le matla a maholo. Ka nepo, Pauluse o ile a ngola a re: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang moea le boikutlo, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.”—Baheberu 4:12.
16. Lentsoe la Molimo le ka fetola motho ka ho feletseng joang?
16 Molaetsa o ka Lentsoeng le ngotsoeng la Molimo o “bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli.” Kahoo, o na le matla a maholo a kenang ka botebo hoo o fetang likofuto kapa lisebelisoa leha e le life tsa batho. Lentsoe la Molimo le phunyeletsa likarolong tse ka hare-hare tsa motho ’me le ka mo fetola ka hare, la ama kamoo a nahanang kateng hape la ama seo a se ratang, la mo etsa mosebetsi ea amohelehang, ea nang le litšobotsi tse ratoang ke Molimo. Ke sesebelisoa se matla hakaakang!
17. Hlalosa matla a fetolang a Lentsoe la Molimo.
17 Lentsoe la Molimo le pepesa seo motho a leng sona botebong ha ho bapisoa le seo a nahanang hore o sona kapa seo a etsang hore batho ba bang ba se bone ho eena. (1 Samuele 16:7) Esita le motho ea khopo, ka linako tse ling a ka pata seo a leng sona botebong ka ho iketsa eka ke motho ea mosa kapa ke molumeli. Batho ba khopo ba ikaketsa ka lebaka la merero ea bokhopo. Baikhohomosi ba iketsa eka ke baikokobetsi ha ba labalabela ho rorisoa ke batho. Leha ho le joalo, ka ho totobatsa seo pelo e hlileng e leng sona, Lentsoe la Molimo le ka susumetsa moikokobetsi ka matla hore a hlobole botho ba khale ’me a “apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.” (Baefese 4:22-24) Lithuto tsa Lentsoe la Molimo li ka boela tsa fetola ba boi hore e be Lipaki Tsa Jehova tse sebete le baboleli ba chesehang ba ’Muso.—Jeremia 1:6-9.
18, 19. Sebelisa lirapa tsena kapa phihlelo eo u bileng le eona tšimong ho bontša kamoo ’nete ea Mangolo e ka fetolang boikutlo ba motho kateng.
18 Matla a fetolang a Lentsoe la Molimo a na le liphello tse ntle ho batho ba libakeng tsohle. Ka mohlala, baboleli ba ’Muso ba Phnom Penh, Cambodia, ba ne ba bolela profensing ea Kompong Cham habeli ka khoeli. Ka mor’a hore moruti e mong oa sebaka seo a utloe ha baruti ba bang ba bua Lipaki Tsa Jehova hampe, o ile a lokisetsa ho kopana le Lipaki ka lekhetlo le latelang ha li etetse profensing eo. O ile a li botsa lipotso tse ngata mabapi le ho keteka matsatsi a phomolo ’me a mamela ka hloko ha li ntse li behelana mabaka le eena ka Mangolo. Eaba o re: “Joale kea tseba hore seo baruti-’moho le ’na ba ileng ba se bua ka lōna hase ’nete! Ba itse ha le sebelise Bibele, empa hoseng hona le sebelisitse eona feela!”
19 Mosali enoa o ile a tsoela pele ka lipuisano tsa Bibele le Lipaki ’me ha aa ka a lumela ho tlohela lipuisano tseo ka lebaka la litšoso tsa hore o tla tlosoa boruting. O ile a bolella motsoalle e mong oa hae ka lipuisano tsa Mangolo tseo a bang le tsona, ’me le eena o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki. Motsoalle eo oa hae o ile a chesehela seo a neng a ithuta sona hoo tšebeletsong e ’ngoe ea kereke eo a neng a e kena a ileng a susumelletseha hore a re: “Ke le khothalletsa hore le ithute Bibele le Lipaki Tsa Jehova.” Nakoana ka mor’a moo, o ile a itokolla kerekeng eo. Moruti enoa oa mehleng, motsoalle oa hae le ba bang, ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova.
20. Phihlelo ea mosali e mong oa Ghana e bontša matla a Lentsoe la Molimo joang?
20 Matla a Lentsoe la Molimo a boetse a bonahala tabeng ea mosali e mong oa Ghana ea bitsoang Paulina. ’Moleli e mong oa nako e tletseng oa ’Muso o ile a mo tšoarela thuto ea Bibele ka buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.a Paulina o ne a le lenyalong la sethepu ’me o ile a bona hore ho hlokahala hore a etse liphetoho, empa monna oa hae le beng ka eena kaofela ba ile ba mo hanyetsa ka mabifi. Ntat’ae-moholo, eo e leng moahloli oa lekhotla le phahameng le moholo oa kereke, o ile a leka ho mo thibela ka ho sotha Matheu 19:4-6. Moahloli enoa o ne a utloahala a bua ka tsela e kholisang, empa kapele feela Paulina o ile a hlokomela hore puo ea hae e tšoana le kamoo Satane a ileng a sotha Mangolo kateng ha a ne a leka Jesu Kreste. (Matheu 4:5-7) O ile a hopola mantsoe a hlakileng ao Jesu a ileng a a bua ka lenyalo, ha a ne a bolela hore Molimo o bōpile batho e le e motona le e motšehali, eseng e le e motona le ba batšehali, le hore ba babeli, eseng ba bararo, e ne e tla ba nama e le ’ngoe. O ile a khomarela qeto ea hae ’me qetellong o ile a lumelloa ho hlala ka tsela e tloaelehileng lenyalong la sethepu. Kapele feela, e ile ea e-ba ’moleli oa ’Muso ea thabileng le ea kolobelitsoeng.
Tsoela Pele ho Tšoara Lentsoe la Molimo ka Nepo
21, 22. (a) Re batla ho ba le boikemisetso bofe re le baboleli ba ’Muso? (b) Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?
21 Ka sebele Lentsoe le ngotsoeng la Molimo ke sesebelisoa se matla seo re ka se sebelisang ha re thusa ba bang hore ba fetole bophelo ba bona e le hore ba atamele ho Jehova. (Jakobo 4:8) Feela joalokaha basebetsi ba nang le tsebo ba sebelisa lisebelisoa hore ba atlehe, e se eka boikemisetso ba rōna e ka ba hore mosebetsing oo re o filoeng ke Molimo re le baboleli ba ’Muso, re ka ikitlaelletsa hore re sebelise Lentsoe la Molimo, Bibele, ka tsebo.
22 Re ka tšoara Mangolo ka katleho haholoanyane joang mosebetsing oa rōna oa ho etsa barutuoa? Tsela e ’ngoe ke ka hore re chorise bokhoni ba rōna ba ho ba mesuoe e kholisang. Re kōpa hore u lebise tlhokomelo sehloohong se latelang, hobane se bontša litsela tsa ho ruta le tsa ho thusa ba bang hore ba amohele molaetsa oa ’Muso.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
Na Ua Hopola?
• Baboleli ba ’Muso ba na le lisebelisoa life?
• Pauluse o ile a beha mohlala ka litsela life e le mosebetsi oa ’Muso?
• Ho tšoara Lentsoe la Molimo ka nepo ho akarelletsa eng?
• Lentsoe le ngotsoeng la Jehova ke sesebelisoa se matla hakae?
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Tse ling tsa lisebelisoa tse sebelisoang ke Bakreste mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso