Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 1/15 maq. 4-7
  • Na Bobe bo Hlōtse?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bobe bo Hlōtse?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Batho ba ka Ipusa ka Katleho?
  • Na Satane a ka Furallisa e Mong le e Mong Molimo?
  • Ho Tla Etsahala’ng ka Moso?
  • U Tla Tšehetsa Mang?
  • Babusi Sebakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Satane Diabolose
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Lebelang—Satane o Batla ho le Harola!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 1/15 maq. 4-7

Na Bobe bo Hlōtse?

NTOA pakeng tsa botle le bobe e entse hore ka nako e telele bangoli le bo-rafilosofi ba be le maikutlo a mangata a se nang mabaka. Leha ho le joalo, ho na le buka e fanang ka tlaleho e nepahetseng ea ntoa pakeng tsa Molimo le Diabolose. Buka eo ke Bibele. E senola hore na ho tsekoa eng ntoeng ena ’me e re tsebisa hore na ha e le hantle ho hlōtse mang.

Hang ka mor’a hore ho bōptjoe monna oa pele le mosali, lengeloi le bitsoang Satane Diabolose le ile la qholotsa puso ea Molimo. Joang? Ka bolotsana le ile la re Molimo o hanela libōpuoa tsa hae lintho tse molemo le hore batho ba ka phela hamolemo ha ba ipusa.—Genese 3:1-5; Tšenolo 12:9.

Hamorao, mehleng ea mopatriareka Jobo, Satane o ile a tsosa khang e ’ngoe. Ha Satane a batla ho senya botšepehi ba Jobo ho Molimo, o ile a re: “Letlalo bakeng sa letlalo, ’me motho o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae.” (Jobo 2:4) Ke ho nahanela hampe hakaakang! Ha Satane a sebelisa lentsoe “motho” ho e-na le hore a bolele Jobo ka lebitso, o ne a belaella botšepehi ba motho e mong le e mong. Ha e le hantle, o ne a re: ‘Motho a ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe hore a ipholose. Ha u ka ntumella, nka khelosa e mong le e mong ho Molimo.’

Re ka tseba hore na ho hlōtse Molimo kapa Diabolose ka ho araba lipotso tsena tse peli: Na motho o khona ho ipusa ka katleho? Na Diabolose o atlehile ho furallisa e mong le e mong Molimo oa ’nete?

Na Batho ba ka Ipusa ka Katleho?

Ka lilemo tse likete, batho ba lekile mefuta e sa tšoaneng ea puso. Ho ’nile ha lekoa mebuso e fapaneng e kang puso ea marena, puso ea batho ba nketsoeng holimo, puso ea sechaba ka sechaba, puso ea bompoli, Bofascista le Bokomonisi. Na ebe eona taba ea hore ho ’nile ha lekoa mebuso e fapaneng hase bopaki ba hore mebuso ee e fapaneng ea hlōleha?

H. G. Wells o ile a ngola ho A History of the World, e hatisitsoeng ka 1922, a re: “Baroma ba ne ba tšoarehile ba sa hlokomela ba leka mekhoa e fapa-fapaneng ea puso.” O tsoela pele o re: “Puso ea bona e ne e lula e fetoha, ’me e sa tsitsa. Mekhoa ena ea bona ea puso e ile ea hlōleha. Hape ho leka mekhoa e fapa-fapaneng ea puso ho ntse ho tsoela pele, ’me le kajeno Europe le Amerika li sa ntsane li leka ho rarolla maranrang a puso ea lefatše ka bophara ho tšoana le a ileng a qaka Baroma.”

Ho leka mekhoa e fapa-fapaneng ea puso ho ’nile ha tsoela pele ho fihlela le lekholong la bo20 la lilemo. Ha lekholo leo la lilemo le fela, puso ea sechaba ka sechaba e ne e le eona e amohelehang ho feta tse ling. Ho boleloa hore pusong ea sechaba ka sechaba bohle ba na le lentsoe. Empa na puso ea sechaba ka sechaba e bontša hore motho a ka busa ka katleho ntle ho Molimo? Tona-khōlō ea mehleng ea India Jawaharlal Nehru o ile a re puso ea sechaba ka sechaba e ntle empa a phaella ka ho re: “Ke bua sena hobane mekhoa e meng ea puso e le mebe le ho feta.” Tona-khōlō ea mehleng ea Fora Valéry Giscard d’Estaing e ile ea re: “Re fumana bothata bathong ba khethiloeng ke sechaba pusong ea sechaba ka sechaba.”

Esita le lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., rafilosofi oa Mogerike Plato o ile a bona bofokoli pusong ea sechaba ka sechaba. Ho ea ka buka ea A History of Political Theory, o ile a hlasela “ho hloka tsebo le ho se tšoanelehe ha bo-ralipolotiki, e leng sona seo e leng bofokoli bo fetisisang ba puso ea sechaba ka sechaba.” Sello sa bo-ralipolotiki ba bangata ba kajeno ke hore ho thata ho fumana batho ba tšoanelehang ba ka sebelisoang pusong. The Wall Street Journal e re: “[Batho] ba khopisoa ke baeta-pele ba bonahalang ba sa tšoanelehe empa mathata a ka pel’a bona a le maholo.” E ile ea tsoela pele ea re: “Ba khopisoa ke baeta-pele ba bona ba se nang liqeto le ba tletseng bobolu ha bona ba batla tataiso.”

Joale nahana ka puso ea Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo. Jehova Molimo o ile a fa Solomone bohlale bo khethehileng. (1 Marena 4:29-34) Na sechaba sa Iseraele se ile sa atleha pusong ea Solomone ea lilemo tse 40? Bibele e re: “Bajuda le Baiseraele ba ne ba le bangata, joaloka lehlabathe le haufi le leoatle ka bongata, ba ja ba noa ’me ba thabile.” Tlaleho ena e boetse e re: “Bajuda le Baiseraele [ba ne ba lutse] ba sireletsehile, e mong le e mong tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho tloha Dane ho ea Beerseba, ka matsatsi ’ohle a Solomone.” (1 Marena 4:20, 25) Sechaba se ne se e-na le botsitso, nala le thabo ha se busoa ke morena ea bohlale ea emelang ’Musi ea Phahameng ea sa bonahaleng, Jehova Molimo.

Puso ea batho e fapane hakaakang le ea Molimo! Na ho na le motho eo ka sebele a ka bolelang hore Satane o hlōtse khang e mabapi le puso? Che, etsoe ka nepo moprofeta Jeremia o ile a re: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.

Na Satane a ka Furallisa e Mong le e Mong Molimo?

Na Satane o atlehile ha a re a ka furallisa e mong le e mong Molimo? Khaolong ea 11 bukeng ea Bibele ea Baheberu, moapostola Pauluse o bolela mabitso a banna le basali ba itseng ba tšepahalang ba mehleng ea pele ho Bokreste. Ka mor’a moo o re: “Ke tla haelloa ke nako haeba ke tsoela pele ho pheta ka Gideone, Barake, Samsone, Jafeta, Davida hammoho le Samuele le baprofeta ba bang.” (Baheberu 11:32) Pauluse o re bahlanka bana ba tšepahalang ba Molimo ke ‘leru le leholo la lipaki.’ (Baheberu 12:1) Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona e le “leru” ha le bolele leru le ipōpileng, empa le bolela leru le leholo le pharaletseng. Sena se nepahetse hobane bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba nakong e fetileng ba ne ba le bangata hoo ba tšoanang le leru le leholo. E, ho theosa le makholo a lilemo, matšoele a se nang palo a ’nile a sebelisa bolokolohi ba ’ona ’me a khetha ho tšepahala ho Jehova Molimo.—Joshua 24:15.

Mehleng ea rōna teng ho joang? Palo ea Lipaki Tsa Jehova e eketsehile lefatšeng ka bophara ’me e feta limilione tse tšeletseng ho sa tsotellehe mahloriso a sehlōhō le khanyetso eo li kopaneng le eona lekholong la bo20 la lilemo. Ba bang ba ka bang limilione tse robong ba kopanela le tsona, ’me bongata ba bona ha ba e-s’o nke mehato e tiileng ea ho ba le kamano e haufi le Molimo.

Jesu Kreste Mor’a Molimo o ile a fana ka karabo e molemo ka ho fetisisa ha Satane a bolela hore a ka furallisa batho Jehova. Esita le bohloko bo otlang pelo thupeng ea tlhokofatso ha boa ka ba senya botšepehi ba hae. Ha Jesu a nehela moea, o ile a hooa a re: “Ntate, ke beha moea oa ka matsohong a hao.”—Luka 23:46.

Satane o etsa sohle se matleng a hae ho leka ho laola batho, e bang ke ka liteko kapa ke ka mahloriso a tobileng. O sebelisa “takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso” ho leka batho, ’me o batla ho ba hohela kapa ho etsa hore ba tlohe ho Jehova. (1 Johanne 2:16) Satane o boetse ‘o foufalitse likelello tsa ba sa lumelang, e le hore khanya ea litaba tse molemo tse khanyang tse mabapi le Kreste, e se ke ea khanya.’ (2 Bakorinthe 4:4) Ebile Satane ha a tsoafe ho sebelisa tšokelo le ho tšaba batho hore a finyelle merero ea hae.—Liketso 5:40.

Leha ho le joalo, ba ka lehlakoreng la Molimo ha ba hlōloe ke Diabolose. Ba tseba Jehova Molimo ’me ba ‘mo rata ka pelo eohle le ka moea oohle le ka kelello eohle.’ (Matheu 22:37) E, botšepehi bo sa thekeseleng ba Jesu Kreste le ba batho ba bangata ke bopaki bo boholo ba hore Satane Diabolose o hlōtsoe.

Ho Tla Etsahala’ng ka Moso?

Na batho ba tla lula ba ntse ba leka mekhoa e fapa-fapaneng ea puso? Moprofeta Daniele o ile a bolela esale pele a re: “Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” (Daniele 2:44) ’Muso o hlongoang ke Molimo oa leholimo ke puso ea leholimo e liatleng tsa Jesu Kreste. Ke oona ’Muso oo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae hore ba o rapelle. (Matheu 6:9, 10) ’Muso oo o tla felisa mebuso eohle ea batho “ntoeng [e tlang] ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,” ’me o tla busa lefatše lohle.—Tšenolo 16:14, 16.

Ho tla etsahala’ng ka Satane? Bibele e hlalosa ketsahalo ena e tlang ka tsela ena: “[Lengeloi la Jehova] la tšoara drakone, noha ea pele, eo e leng Diabolose le Satane, ’me la e tlama ka lilemo tse sekete. La e lihela ka mohohlong ’me la o koala le ho o tiisa holim’a eona, e le hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba ho fihlela lilemo tseo tse sekete li felile.” (Tšenolo 20:1-3) Puso ea Lilemo Tse Sekete ea Jesu Kreste e tla qala ka mor’a hore Satane a liheloe mohohlong ’me a ke ke a hlola a etsa letho.

Lefatšeng ho tla ba monate hakaakang ka nako eo! Bokhopo bo tla be bo le sieo hammoho le ba bo etsang. Bibele ea tšepisa e re: “Baetsi ba bobe ba tla felisoa . . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:9-11) Ha ho letho le tla senya khotso ea bona—ebang ke batho ba bang kapa liphoofolo. (Esaia 11:6-9) Esita le ba limilione ba ileng ba tšehetsa Diabolose nakong e fetileng ka lebaka la ho se tsebe le ka lebaka la ho se fumane monyetla oa ho tseba Jehova, ba tla tsosoa bafung ’me ba rutoe ka Molimo.—Liketso 24:15.

Qetellong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, lefatše le tla etsoa paradeise, ’me batho ba phelang ho lona e tla ba ba phethahetseng. Ka mor’a moo, Satane o tla lokolloa ka “nakoana,” ebe o timetsoa ka ho sa feleng hammoho le bohle ba hanyetsang puso ea Molimo.—Tšenolo 20:3, 7-10.

U Tla Tšehetsa Mang?

Lekholong la bo20 la lilemo Satane o ile a senya lefatše. Leha ho le joalo, ho e-na le ho bontša hore o hlōtse, maemo a lefatše ke pontšo ea hore re matsatsing a ho qetela a lefatše lena le khopo. (Matheu 24:3-14; Tšenolo 6:1-8) Ho tota ha bokhopo lefatšeng le hore na ba bangata ba sekametse hokae hase hona ho bontšang hore na ke mang ea hlōtseng. Khang e tla khaoloa ke hore na ke mang ea busang hamolemo le hore na ho na le ba ileng ba sebeletsa Molimo ka lebaka la ho mo rata. Ka mabaka ao re seng re a boletse, Jehova ke eena ea hlōtseng.

Haeba nako eo Molimo a e fileng Satane hore a buse e se e bontšitse hore Satane o fositse, ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse bokhopo hore bo ’ne bo tsoele pele? Jehova o mameletse “hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) Thato ea Molimo ke “hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4) E se eka u ka sebelisa nako e setseng u ithuta Bibele le ‘ho tsoela pele u rua tsebo ka Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo a mo romileng, Jesu Kreste.’ (Johanne 17:3) Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u fumane tsebo ena e le hore le uena u ka ba e mong oa ba bangata ba emang ba tiile ka lehlakoreng le hlōlang.

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Ka ho tšepahala, Lipaki Tsa Jehova li kentse letsoho ho hlōloeng ha Satane

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho na le batho ba bangata ba tšepahalang ba emeng le Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela