Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g21 no. 1 maq. 8-9
  • Lintho Tse ka U Thusang Hore U Khotsofale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintho Tse ka U Thusang Hore U Khotsofale
  • Tsoha!—2021
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebetsa ka Thata
  • Tšepahala
  • E-ba le Teka-tekano ha ho Tluoa Cheleteng
  • Khetha Thuto e Molemo ka ho Fetisisa
  • E-ba le Maikutlo a Nepahetseng ka Chelete
    Tsoha!—2015
  • Na Chelete ke Motso oa Mefuta Eohle ea Lintho Tse Mpe?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Chelete
    Tsoha!—2014
  • Tsela e Bohlale eo re ka Talimang Chelete ka Eona ke Efe?
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2021
g21 no. 1 maq. 8-9
’Mè le mora ba khotsofalletse lintho tseo ba nang le tsona ha ba ntse ba tsamaea mabenkeleng a phetheselang har’a batho ba phathahaneng ka lintho tse turu India.

Lintho Tse ka U Thusang Hore U Khotsofale

Ho sa tsotellehe hore na re lilemo li kae le hore na re lenyalong kapa che, kaofela re batla ho thaba le ho khotsofala. ’Mopi oa rona le eena o batla hore re ikutloe ka tsela eo, ke kahoo a re fileng keletso ea bohlokoa.

Sebetsa ka Thata

“A sebetse ka thata, a etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae, e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ea hlokang.”​—BAEFESE 4:28.

’Mopi oa rona o batla hore re nke mosebetsi e le ntho e ntle. Hobane’ng? Ha motho a sebetsa ka thata oa thaba hobane o khona ho itlhokomela le ho hlokomela lelapa la hae ka lintho tseo le li hlokang. A ka ba a khona ho thusa le batho ba hlokang. Mohiri oa hae le eena o tla mo nka e le motho oa bohlokoa. Hangata motho ea sebetsang ka thata ha a lahleheloe ke mosebetsi oa hae. Mangolo a hlalosa moputso oa ho sebetsa ka thata e le “mpho ea Molimo.”​—Moeklesia 3:13.

Tšepahala

“Re tšepa hore re na le matsoalo a tšepahalang, kaha re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”​—BAHEBERU 13:18.

Haeba re tšepahala, rea itlhompha, re ba le khotso ebile re robala hamonate bosiu. Hape batho ba bang ba tla re tšepa ba be ba re hlomphe. Batho ba sa tšepahaleng ha ba khone ho fumana lintho tsena. Hape matsoalo a bona a ka ba tšoenya ebile ba ka lula ba tšohile hore ka letsatsi le leng ba tla tšoaroa ka lebaka la ho se tšepahale.

E-ba le Teka-tekano ha ho Tluoa Cheleteng

“Mokhoa oa lona oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng.”​—BAHEBERU 13:5.

Re hloka chelete bakeng sa lijo le litlhoko tse ling. Leha ho le joalo, “lerato la chelete” le kotsi. Motho ea ratang chelete a ka qeta nako ea hae e ngata le matla a hae a loanela ho ba le chelete e eketsehileng. Ho etsa joalo ho ka etsa hore ho be le mathata lenyalong la hae, a se ke a ba le nako bakeng sa bana ba hae ha ba ha mo kulisa. (1 Timothea 6:​9, 10) Ho feta moo, motho ea ratang chelete a ka lekeha hore a se ke a tšepahala. Monna e mong ea bohlale o ile a re: “Motho oa liketso tse tšepahalang o tla fumana litlhohonolofatso tse ngata, empa ea potlakelang ho fumana maruo a ke ke a lula a hloka molato.”​—Liproverbia 28:20.

Khetha Thuto e Molemo ka ho Fetisisa

“Sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana.”​—LIPROVERBIA 3:21.

Thuto e ntle e re thusa hore re be batho ba nang le boikarabelo le batsoali ba molemo. Empa thuto ea sekolo ka boeona e ke ke ea etsa hore motho a lule a thabile ebile a e-na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e hlokang. E le hore re atlehe nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang, re hloka thuto e tsoang ho Molimo. Ha Mangolo a bua ka motho ea mamelang Molimo a re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.”​—Pesaleme ea 1:​1-3.

Ke Thabile Ebile ke Khotsofetse

“Moo ke phelang teng, batho ba bangata ba sebetsa ka thata e le hore ba rutehe haholo, e be barui ba be ba tume. Ho ntse ho le joalo, ba ntse ba sa thaba esita le ka mor’a hore e be barui ba be ba tume. Bibele e nthusitse ho utloisisa hore na ke’ng ntho ea bohlokoa bophelong. Ke ithutile hore chelete e ka re sireletsa ka litsela tse itseng, empa e ke ke ea re fa thabo le lerato la ’nete . Ke thabile ebile ke khotsofetse hobane Bibele e nthusa ho etsa liqeto tse bohlale ka chelete le mosebetsi.”​—Kishore.

Kishore.

Ithute haholoanyane:

E le hore u fumane likeletso tse ling tse tsoang ho ’Mopi oa rona litabeng tsa mosebetsi, chelete le thuto, kena ho jw.org/st ’me u ee ho LITHUTO TSA BIBELE > KHOTSO LE THABO.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela