Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 8/8 maq. 28-29
  • Moaparo le Boitlhopho ba Hao na Lia Tsotelleha ho Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moaparo le Boitlhopho ba Hao na Lia Tsotelleha ho Molimo?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Taba ea Botho
  • “Ka Boitlhompho le ho Hlaphoheloa Kelellong”
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara le ho Shebahala Hantle?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Moaparo o Hlophehileng Hantle o Lebisa Tlhompho ho Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Moaparo le Boitlhopho bo Itekanetseng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 8/8 maq. 28-29

Pono Ea Bibele

Moaparo le Boitlhopho ba Hao na Lia Tsotelleha ho Molimo?

“Joalokaha letoto la lihlooho tse ka har’a buka le bontša seo buka e se fupereng, . . . ho joalo le ka ponahalo ea ka ntle le liaparo, ho monna kapa ho mosali, li re bontša tšekamelo ea hae ea kelello.”—Sengoli sa litšoantšiso sa Lenyesemane Philip Massinger.

LEKHOLONG la boraro la lilemo C.E., mongoli oa kereke Titus Clemens o ile a etsa letoto la melao e laolang moaparo le boitlhopho. Mekhabiso le masela a boleng bo phahameng kapa a mebala-bala a ile a thibeloa. Basali ba ne ba sa lokela ho taea meriri ea bona leha e le “ho itlotsa lifahlehong ka lintho tse hohelang tsa mano a bolotsana,” ke hore “ho itlotsa sefahleho ka litlolo.” Banna ba ne ba laetsoe hore ba kute meriri lihloohong hobane “hlooho e kutiloeng . . . e bontša hore monna o nka lintho ka ho teba,” empa litelu tsona li ne li sa lokela ho khathatsoa, kaha “li fana ka seriti le matla a bontate.”a

Makholo a lilemo hamorao, moeta-pele oa Moprostanta John Calvin o ile a ntša melao e totobatsang ’mala le mofuta oa liaparo tseo balateli ba hae ba ka li aparang. Mabenyane le leise li ile tsa khesoa, ’me mosali o ne a ka kenngoa teronkong ka lebaka la ho tlohella moriri o “hlanthollehile o le molelele ka tsela e feteletseng.”

Maikutlo a feteletseng joalo, ao baeta-pele ba malumeli ba ’nileng ba a buella ka lilemo-lemo, a entse hore batho ba bangata ba tšepahalang ba ipotse, Na ho hlile hoa tsotelleha ho Molimo hore na ke apara eng? Na ha a amohele lifeshene tse itseng kapa ho sebelisoa ha litlolo tse itseng? Bibele e ruta eng?

Taba ea Botho

Ho thahasellisang ke hore joalokaha ho tlalehiloe ho Johanne 8:31, 32, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Haeba le lula lentsoeng la ka, . . . le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” E, linnete tseo Jesu a neng a li ruta li ne li reretsoe ho lokolla batho meroalong e boima e bakiloeng ke lineano le lithuto tsa bohata. Li ne li reretsoe ho khatholla ba “sehlang le ba imetsoeng.” (Matheu 11:28) Jesu le Ntate oa hae, Jehova Molimo, ha ba lakatse ho laola bophelo ba batho ho isa bohōleng boo batho ba ke keng ba hlola ba iketsetsa qeto le ho sebelisa monahano oa bona litabeng tsa botho. Jehova o batla hore ebe batho ba hōlileng tsebong bao “ka tšebeliso matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla ka bobeli se nepahetseng le se fosahetseng.”—Baheberu 5:14.

Kahoo, Bibele ha e fane ka melao e tobileng ho laola moaparo le boitlhopho kapa tšebeliso ea litlolo, ha e se litlhoko tse seng kae feela tse tobileng ka moaparo tse neng li behetsoe Bajuda ke Molao oa Moshe, o neng o reretsoe ho ba thusa ho lula ba arohile lichabeng tse neng li ba potolohile le tšusumetsong ea tsona ea boitšoaro bo bobe. (Numere 15:38-41; Deuteronoma 22:5) Ha e le hantle, tokisetsong ea Bokreste, moaparo le boitlhopho ke khetho ea botho.

Leha ho le joalo, seo hase fane ka maikutlo a hore Molimo ha a tsotelle seo re se aparang leha e le hore ‘ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea amoheleha.’ Ho fapana le seo, Bibele e fupere tataiso e molemo e bontšang pono ea Molimo ka moaparo le boitlhopho.

“Ka Boitlhompho le ho Hlaphoheloa Kelellong”

Moapostola Pauluse o ile a ngola hore basali ba Bakreste ba lokela ho “ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong, eseng ka mekhoa ea ho loha moriri le khauta kapa liperela kapa liaparo tsa theko e boima haholo.” Ka ho tšoanang, Petrose o eletsa khahlanong le “ho lohuoa ha moriri ha ka ntle le oa ho roala mekhabiso ea khauta.”—1 Timothea 2:9; 1 Petrose 3:3.

Na Petrose le Pauluse ba bontša hore basali le banna ba Bakreste ba lokela ho qoba ho ntlafatsa ponahalo ea bona? Le hanyenyane! Ha e le hantle, Bibele e bua ka banna le basali ba tšepahalang ba neng ba sebelisa mabenyane kapa litlolo tsa oli le litlolo tse monko o monate. Pele a teana le Morena Ahasueruse, Esthere o ile a sebetsa ka thata ho ntlafatsa botle ba hae ho neng ho akarelletsa ho sebelisa oli e monko o monate le ho sililoa. ’Me Josefa o ile a apesoa liaparo tsa line e ntle le sefaha sa khauta.—Genese 41:42; Exoda 32:2, 3; Esthere 2:7, 12, 15.

Poleloana e reng “ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong,” joalokaha e sebelisitsoe ke Pauluse e re thusa ho utloisisa keletso eo. Lentsoe la qalong la Segerike le bolela ho ba ea itekanetseng le ea nang le boitšoaro. Le fana ka maikutlo a ho ba ea nahanang ka tsela e hlaphohileng, eseng ho ba ea ikhulelang tlhokomelo e sa hlokahaleng. Liphetolelo tse ling tsa Bibele li fetolela lentsoe lena e le “masene,” “ho ba le kelello,” “bohloeki,” kapa “ka ho ithiba.” Tšoaneleho ena ke tlhoko ea bohlokoa ho baholo ba Bakreste.—1 Timothea 3:2.

Kahoo, ka ho re bolella hore moaparo le boitlhopho ba rōna e lokela ho ba tse hlomphehang le tse hlophehileng hantle, Mangolo a re khothalletsa ho qoba lifeshene leha e le life tse feteletseng tse ka ’nang tsa khopisa ba bang le ho tlisa thohako lebitsong la rōna le letle le la phutheho ea Bokreste. Ho e-na le ho ikhulela tlhokomelo ka tsela eo ba khabisang ponahalo ea bona kateng, ba ipolelang hore ba hlompha Molimo ba lokela ho bontša ho hlaphoheloa kelellong le ho ameha ka “motho ea ka sephiring oa pelo ka seaparo se ke keng sa bola sa moea o thōtseng le o bonolo.” Petrose o phetha ka hore sena ke sa “bohlokoa haholo mahlong a Molimo.”—1 Petrose 3:4.

Bakreste ke “sebonoang ka lebaleng la liketsahalo ho lefatše.” Ba lokela ho hlokomela maikutlo ao ba fanang ka ’ona ho ba bang, haholo-holo ka lebaka la taelo eo ba e filoeng ea ho bolela litaba tse molemo. (1 Bakorinthe 4:9; Matheu 24:14) Ka hona ba ke ke ba batla hore ntho leha e le efe, ho akarelletsa ponahalo ea bona, e sitise ba bang ho mamela molaetsa oo oa bohlokoa.—2 Bakorinthe 4:2.

Le hoja lifeshene li fapana haholo ho ea ka libaka, Bibele e fa batho ka bomong tataiso e hlakileng le e utloahalang ho ba nolofalletsa ho khetha ka bohlale. Hafeela batho ba latela melao-motheo ena ka botšepehi, Molimo o ba lumella ka bolokolohi le ka lerato ho apara le ho itlhopha ka tsela eo ba ikhethelang eona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho ile ha etsoa boiteko ba ho tšehetsa lithibelo tsena ka ho sotha Mangolo. Le hoja Bibele e sa bue letho ka lintho tse joalo, moruti oa thuto ea bolumeli ea nang le tšusumetso Tertullian o ile a ruta hore kaha mosali ke eena sesosa sa “sebe sa pele le sekhobo . . . sa ho timela ha batho,” basali ba lokela ho tsamaea “joaloka Eva ba lla ’me ba bontša pako.” Ha e le hantle, o bile a tsitlallela hore mosali e motle ka tlhaho o lokela ho ea bohōleng ba ho pata botle ba hae.—Bapisa le Baroma 5:12-14; 1 Timothea 2:13, 14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela