“U Ikoetlise”
KA POTLAKO haholoanyane, holimo haholoanyane, ka matla haholoanyane! Baatlelete ba Greece le Roma ea boholo-holo ba ne ba labalabela ho finyella se boleloang ke mantsoe ana. Ka makholo a lilemo, Olympia, Delphi, Nemea le Isthmus ea Korinthe, ho ne ho bapaloa lipapali tse khōlō tsa baatlelete ka “tlhohonolofatso” ea melimo ’me li ne li shebelloa ka thahasello ke bashebelli ba likete. Moatlelete o ne a fuoa tokelo ea ho hlōlisana lipapaling tsena ka mor’a hore a qete lilemo tse ngata a ikoetlisa. Ho hlōla ho ne ho tlisetsa baatlelete le metse ea habo bona thoriso.
Tikolohong e joalo, ha ho makatse hore ebe bangoli ba Mangolo a Segerike a Bakreste ba ile ba bapisa peiso ea moea ea Bakreste le lipapali tsa baatlelete. Moapostola Petrose le moapostola Pauluse ba ile ba bolela lintlha tse matla tsa ho ruta ka ho sebelisa lipapiso tse mabapi le lipapali tsa baatlelete. Le mehleng ena ea rōna, lebelo lena la mokoka la Bokreste le ntse le tsoela pele. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba tlameha ho sebetsana le tsamaiso ea lintho ea Sejuda; ’me rōna kajeno re lokela ho ‘hlōlisana’ le tsamaiso ea lefatše lena le lintšing tsa ho timetsoa. (2 Timothea 2:5; 3:1-5) Ba bang ba nka “peiso” ea bona “ea tumelo” e le ntho e sa feleng le e nyahamisang. (1 Timothea 6:12, The New English Bible) Ho hlahloba ho tšoana ho teng ka Bibeleng ha lipapali tsa baatlelete le peiso ea Bokreste, ho ka re ruisa molemo haholo.
Mokoetlisi ea Molemo
Katleho ea moatlelete e ne e itšetlehile haholo ka mokoetlisi oa hae. Ha e bua ka lipapali tsa boholo-holo, Archaeologia Graeca e re: “Ba hlōlisanang ba ne ba tlameha ho hlapanya hore ba qetile likhoeli tse leshome tse feletseng ba ikoetlisa.” Bakreste le bona ba lokela ho ikoetlisa ka matla. Pauluse o ile a lemosa Timothea, eo e neng e le moholo oa Mokreste, a re: “U ikoetlise ka boinehelo ba bomolimo e le sepheo sa hao.” (1 Timothea 4:7) Ke mang ea koetlisang “moatlelete” oa Mokreste? Ke Jehova Molimo ka sebele! Moapostola Petrose o ile a ngola: “Molimo oa mosa oohle o sa tšoanelang . . . o tla qetela koetliso ea lōna, o tla le tiisa, o tla le matlafatsa.”—1 Petrose 5:10.
Poleloana e reng “o tla qetela koetliso ea lōna” e tsoa leetsing la Segerike leo ho ea ka Theological Lexicon of the New Testament, le bolelang “ho hlomella ntho [kapa motho] hore e lule e le malala a laotsoe, ho e lokisa le ho e lumellanya le maemo ao e tla sebelisoa ka tlas’a ’ona.” Ka ho tšoanang, Greek-English Lexicon ea Liddell le Scott e re bolella hore leetsi lena le ka hlalosoa e le “ho lokisa, ho koetlisa, kapa ho hlomella ka ho feletseng.” Jehova o re ‘lokisa, o re koetlisa le ho re hlomella ka ho feletseng’ joang bakeng sa peiso e boima ea Bokreste? Ho re thusa ho utloisisa ho tšoana ho teng, a re ke re nahaneng ka mekhoa e meng eo bakoetlisi ba neng ba e sebelisa.
Buka ea The Olympic Games in Ancient Greece e re: “Ba neng ba amehile ka ho koetlisa bacha ba ne ba sebelisa mekhoa e ’meli ea motheo, mokhoa oa pele e ne e le ho khothalletsa moatlelete ho etsa sohle se matleng a hae hore a atlehe, ’me mokhoa oa bobeli o ne o sebeletsa ho ntlafatsa maqiti a ho hlōlisana le mokhoa oa ho hlōlisana.”
Ka ho tšoanang, Jehova oa re khothatsa le ho re matlafatsa hore re etse sohle se matleng a rōna le ho ntlafatsa bokhoni ba rōna tšebeletsong ea hae. Molimo oa rōna o re matlafatsa ka Bibele, mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng le ka Bakreste ba hōlileng moeeng. Ka linako tse ling o re koetlisa ka ho re laea. (Baheberu 12:6) Ka linako tse ling, a ka re tlohella hore re tleloe ke liteko tse sa tšoaneng le litsietsi e le hore re ka ba le mamello. (Jakobo 1:2-4) Ebile o fana ka matla a hlokahalang. Moprofeta Esaia o re: “Ba tšepileng Jehova ba tla boela ba fumane matla. Ba tla nyoloha ka mapheo a kang a ntsu. Ba tla matha ’me ba ke ke ba tepella; ba tla tsamaea ’me ba ke ke ba khathala.”—Esaia 40:31.
Ho feta moo, Molimo o re fa moea oa hae o halalelang o mongata, e le hore re ka ba le matla a ho tsoela pele re mo sebeletsa ka mokhoa o amohelehang. (Luka 11:13) Liketsahalong tse ngata bahlanka ba Molimo ba ile ba tlameha ho mamella liteko tse ngata le tse boima tsa tumelo. Batho ba ileng ba mamella liteko tse joalo ke banna le basali ba tloaelehileng joaloka e mong le e mong oa rōna. Empa ho ba ha bona le tšepo e sa sisinyeheng ho Molimo ho ba nolofalelitse ho mamella. Ka sebele, ‘matla a fetang se tloaelehileng a tsoa ho Molimo eseng ho bona.’—2 Bakorinthe 4:7.
Mokoetlisi ea Utloelang Bohloko
Ha se bua ka bo bong ba boikarabelo boo mokoetlisi oa boholo-holo a neng a e-na le bona, setsebi se seng se re e ne e le “ho lekanyetsa mofuta o itseng oa boikoetliso le nako eo moatlelete a neng a lokela ho e qeta a ikoetlisa bakeng sa mofuta o itseng oa papali.” Ha Molimo a ntse a re koetlisa, o hlokomela maemo a rōna, bokhoni ba rōna, sebōpeho sa rōna kapa mefokolo ea rōna ka bomong. Hangata ha re ntse re koetlisoa ke Jehova, re mo rapela ka tieo joaloka Jobo: “Ka kōpo, hopola hore u nkentse ka letsopa.” (Jobo 10:9) Mokoetlisi oa rōna ea utloelang bohloko o arabela joang? Davida o ile a ngola sena ka Jehova: “O tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.”—Pesaleme ea 103:14.
Mohlomong u tšoeroe ke boloetse bo bong bo tebileng ’me bo horeletsa tšebeletso ea hao, kapa mohlomong ua ikhalala. Mohlomong u leka ka matla ho tlohela tloaelo e mpe, kapa mohlomong u sitoa ho tobana ka katleho le khatello ea lithaka sebakeng seo u lulang ho sona, mosebetsing, kapa sekolong. Ho sa tsotellehe hore na boemo ba hao ke bofe, le ka mohla u se lebale hore Jehova o utloisisa mathata a hao ho feta motho leha e le ofe—ho kopanyelletsa le uena! Joaloka mokoetlisi ea amehileng, o lula a loketse ho u thusa haeba u atamela haufi le eena.—Jakobo 4:8.
Bakoetlisi ba boholo-holo “ba ne ba khona ho bona haeba moatlelete a khathetse kapa haeba a e-na le bofokoli bo itseng bo sa bakoeng ke boikoetliso empa e le bo bakoang ke kelello, ho koata, ho tepella maikutlo kapa lintho tse ling. . . . [Bakoetlisi] ba ne ba e-na le taolo e feletseng holim’a baatlelete hoo ba neng ba kenella le bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi ’me ba fana ka thuso moo ba bonang ho hlokahala.”
Na ka linako tse ling u ikutloa u khathetse kapa u fokola ka lebaka la likhatello tse sa feleng le liteko tsa lefatše lee? Joaloka mokoetlisi oa hao, Jehova o u thahasella haholo. (1 Petrose 5:7) Kapele-pele a ka lemoha letšoao leha e le lefe la ho fokola kapa ho khathala moeeng. Le hoja Jehova a hlompha bolokolohi ba rōna ba ho ikhethela le khetho ea rōna, o fana ka thuso e lekaneng le taeo ha ho hlokahala hobane a amehile ka boiketlo ba rōna ba ka ho sa feleng. (Esaia 30:21) Joang? Ka Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, ka baholo ba hōlileng moeeng ka phuthehong le ka lerato la rōna la bara ba motho.
“Boitšoaro Linthong Tsohle”
Ho hlakile hore ho ne ho hlokahala lintho tse ngata ho feta ho ba le mokoetlisi ea molemo feela. Boholo ba lintho bo ne bo itšetlehile ka moatlelete ka boeena le hore a inehele ka ho feletseng koetlisong e boima. Mokhoa oa boikoetliso o ne o le thata hobane ho ne ho hlokahala hore moatlelete a itime lintho tse ling le ho ja lijo tse khethehileng feela. Horace, seroki sa lekholong la pele la lilemo B.C.E., o itse ba nkang karolo tlhōlisanong ba ne ba “lokela ho ila basali le veine” e le hore ba ka “finyella pakane eo ba e phehellang.” ’Me ho ea ka setsebi sa Bibele F. C. Cook, ba nkang karolo lipapaling tsena ba ne ba lokela ho sebelisa “boitšoaro [le] ho ja lijo tse khethehileng . . . ka likhoeli tse leshome.”
Pauluse o ile a sebelisa papiso ena ha a ngolla Bakreste ba Korinthe, motse o neng o tseba haholo ka Lipapali tsa Isthmia tse neng li bapalloa sebakeng se haufi le moo: “Monna e mong le e mong ea nkang karolo tlhōlisanong o sebelisa boitšoaro linthong tsohle.” (1 Bakorinthe 9:25) Bakreste ba ’nete ba qoba mekhoa ea lefatše lena ea lerato le feteletseng la lintho tse bonahalang, boitšoaro bo bobe le ho se hloeke. (Baefese 5:3-5; 1 Johanne 2:15-17) Mekhoa e mebe ea ho se tšabe Molimo le e sa lumellaneng le Mangolo le eona e lokela ho hloboloa le ho nkeloa sebaka ke litšobotsi tse kang tsa Kreste.—Bakolose 3:9, 10, 12.
See se ka etsoa joang? Ntho ea pele, hlokomela ha Pauluse a araba ka papiso e matla: “Ke teteka ’mele oa ka ’me ke o tšoara joaloka lekhoba, e le hore, ka mor’a hore ke bolelle ba bang, ke se ke ka ba ea sa amoheleheng ka tsela e itseng.”—1 Bakorinthe 9:27.
Pauluse o bolela ntlha e matla hakaakang moo! O ne a sa buelle ho itlhokofatsa. Ho e-na le hoo, o ile a lumela hore le eena o ne a e-na le ntoa ka ho eena. Ka linako tse ling, o ne a etsa lintho tseo a sa batleng ho li etsa ’me tseo a batlang ho li etsa a sa li etse. Empa o ile a loana ka matla hore mefokolo ea hae e se ke ea mo hlōla. O ile a ‘teteka ’mele oa hae,’ ka matla a hlōla litakatso tsa nama le mekhoa e mebe.—Baroma 7:21-25.
Bakreste bohle ba lokela ho etsa joalo. Pauluse o ile a bua ka liphetoho tse entsoeng ke ba bang ba Korinthe bao pele ba neng ba etsa bohlola, ba rapela litšoantšo, ba etsa bosodoma, ba utsoa, le ho etsa lintho tse ling tse joalo. Ke eng se ileng sa ba thusa ho fetoha? Ke matla a Lentsoe la Molimo le moea o halalelang hammoho le boikemisetso ba bona ba ho lumellana le lona. Pauluse o itse: “Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke, empa le halalelitsoe, empa ho boletsoe hore le lokile ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste le ka moea oa Molimo oa rōna.” (1 Bakorinthe 6:9-11) Petrose o ile a ngola mantsoe a tšoanang ka ba neng ba tlohetse mekhoa e joalo e mebe. E le Bakreste, kaofela ba ne ba entse liphetoho tsa sebele.—1 Petrose 4:3, 4.
Boiteko bo Lebisoang Moo ho Nepahetseng
Pauluse o ile a bontša hore o na le maikutlo a momahaneng a ho phehella lipakane tsa moea ha a re: “Tsela eo ke tobisang ho otla ha ka ka eona ke ka tsela ea hore ke se ke ka otla moea.” (1 Bakorinthe 9:26) Ea nkang karolo tlhōlisanong o tobisa ho otla ha hae joang? Buka ea The Life of the Greeks and Romans e re: “Ho ne ho sa hlokahale matla a likhoka feela, empa ho ne ho hlokahala le mahlo a nchocho ho bona bofokoli ba eo ho hlōlisanoang le eena. Mekhoa e meng ea ho otla e neng e ithutoa sekolong sa ho betana le ho tlōla matjato, e ne e le ea bohlokoa ka ho tšoanang hore ho hlōloe eo ho loanoang le eena.”
Re boetse re loana le ho se phethahale. Na re eleletsoe “mefokolo” ea rōna? Na re ikemiselitse ho ipona ka tsela eo ba bang ba re bonang ka eona—haholo-holo ka tsela eo Satane a ka re bonang ka eona? Seo se hloka hore motho a itlhahlobisise le ho itekola hantle ’me a batle ho fetoha. Ho bonolo ho ithetsa. (Jakobo 1:22) Ho bonolo hakaakang ho lokafatsa tsela e fosahetseng ea ho etsa lintho! (1 Samuele 15:13-15, 20, 21) Ho tšoana le ho “otla moea.”
Matsatsing ana a ho qetela, ba batlang ho thabisa Jehova le ho rua bophelo ha baa lokela ho tsilatsila ho khetha se nepahetseng ho se fosahetseng, le ho khetha pakeng tsa phutheho ea Molimo le lefatše le bolileng. Ba lokela ho qoba ho thekesela le ho ba ba ‘hlōlehang ho etsa qeto le ho ba ba sa tsitsang litseleng tsohle tsa bona.’ (Jakobo 1:8) Ha baa lokela ho senya boiteko ba bona ka ho phehella lipakane tse sa beheng litholoana. Haeba motho a phela ka tsela ena e otlolohileng le ea ho phehella pakane e le ’ngoe, o tla thaba ’me ‘tsoelo-pele ea hae e tla bonahala ho batho bohle.’—1 Timothea 4:15.
E, peiso ea Bokreste e sa ntse e tsoela pele. Jehova—Mokoetlisi oa rōna e Moholo—ka lerato o fana ka litaelo le thuso eo re e hlokang hore re mamelle le hore qetellong re tle re hlōle. (Esaia 48:17) Ho tšoana le baatlelete ba boholo-holo, re lokela ho ikhalemela, ho ba le boitšoaro le ho etsa lintho ka moea oohle ha re ntse re loanela tumelo. Boiteko ba rōna bo nepahetseng bo tla putsoa haholo.—Baheberu 11:6.
[Lebokose le leqepheng la 31]
‘Ba mo Tlotsa ka Oli’
Motho ea sililang le eena o ne a e-na le seabo koetlisong ea moatlelete Greece ea boholo-holo. Mosebetsi oa hae e ne e le ho silila baatlelete ba mothating oa ho ikoetlisa. The Olympic Games in Ancient Greece e bolela hore bakoetlisi “ba ile ba lemoha hore ho molemo hore baatlelete ba sililoe mesifa ke setsebi pele ba ikoetlisa ’me ba ile ba boela ba lemoha hore ho sililoa ha ’mele ho etsoang ka kelo-hloko le ka bonolo ho ne ho thoba baatlelete le ho ba khatholla ka mor’a ho ikoetlisa nako e telele.”
Joalokaha ho tlotsa ’mele oa motho ka oli ho thoba, ho phekola ebile ho folisa, ho sebelisa Lentsoe la Molimo ho “moatlelete” oa Mokreste ea khathetseng ho ka mo laea, ha mo khothatsa le ho mo phekola. Kahoo, ka tataiso ea Jehova, banna ba hōlileng ka phuthehong ba khothalletsoa ho rapella motho ea joalo, ka tsela ea tšoantšetso ‘ba mo tlotsa ka oli ka lebitso la Jehova’ hobane ho etsa joalo ke habohlokoa ho mo khatholla moeeng.—Jakobo 5:13-15; Pesaleme ea 141:5.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ka mor’a ho itima lintho tse itseng, baatlelete ba ne ba lokela ho hlapanya hore ba qetile likhoeli tse leshome ba ikoetlisa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Musée du Louvre, Paris
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 29]
Copyright British Museum