Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 12/8 maq. 23-27
  • Karolo 22—1900 ho ea pele—Bolumeli ba Bohata Boa Kotula!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 22—1900 ho ea pele—Bolumeli ba Bohata Boa Kotula!
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tebello e Khanyang ea Bokamoso ea Fifala
  • Khaello ea Basebetsi
  • Mohlape o Iphapanyang le o sa Arabeleng
  • Tšusumetso ea Bopolotiki ea Fokotseha
  • Haeba Re Kopane Re Tla Ema, Haeba Re Arohane Re Tla Oa
  • Amohela ’Nete, Hana Leshano!
  • Boiteko ba ho Kopana
    Tsoha!—1991
  • Na Bolumeli bo Felloa ke Nako?
    Tsoha!—1988
  • Na Bonngoe ba Bokreste ke Ntho e ka Finyelloang?
    Tsoha!—1991
  • Ho Etsahala’ng ka Likereke?
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 12/8 maq. 23-27

Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng

Karolo 22—1900 ho ea pele—Bolumeli ba Bohata Boa Kotula!

“Senotlolo sa bokamoso ba sechaba se nakong ea sona e fetileng.” Arthur Bryant, rahistori oa Lenyesemane oa lekholong la bo20 la lilemo

BABYLONA E MOHOLO ke seo Bibele e se bitsang ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e o tšoantša le sechaba sa boholo-holo sa Babylona. (Tšenolo 18:2) Se etsahetseng ’musong oo oa boholo-holo ha se bolele letho le molemo bolumeling ba joale bo jereng lebitso la ’ona. Ka bosiu bo le bong ka 539 B.C.E., Babylona e ile ea hapuoa ke Bamede le Bapersia tlas’a Cyruse e Moholo. Ka mor’a hore ba khelose metsi a Nōka ea Eufrate e neng e phalla ho feta har’a motse, mabotho a hlaselang a ile a tseba ho kena a sa bonoe mabōpong a nōka.

Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste, morena ea moholo ho feta Cyruse, o tla finyella tlholo e tšoanang ho Babylona e Moholo e sa tšepahaleng. Bibele e hlalosa Babylona e Moholo e le seotsoa se seholo se lutseng holim’a metsi a mangata, ho bontšang tšehetso eo e e fumanang ho batho ba “merabe, le matšoele le lichaba le lipuo.” Empa pele ho timetso, tšehetso ena, e kang “nōka e kholo ea Eufrate,” e tlameha ho psha “hore ho tle ho lokisoe tsela ea marena a bochaba-tsatsi.”—Tšenolo 16:12; 17:1, 15.

Bopaki bo joalo ba ho psha kajeno ke ba bohlokoa ho khetholla bolumeli ba bohata. Na ho na le bopaki bo bong?

Tebello e Khanyang ea Bokamoso ea Fifala

Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, motho e mong le e mong oa boraro lefatšeng o ne a ipolela e le Mokreste. Tebello ea bokamoso ea Bokreste-’mōtoana e ne e khanya. Ka 1900, moevangeli le mohapi oa moputso oa Nobel John R. Mott o ile a bona bokamoso bo tšepisang ’me a ngola buka The Evangelization of the World in This Generation.

Empa “lekholo la bo20 la lilemo le ipakile e le le fapaneng ka ho makatsang le litebello tsena,” ho lumetse World Christian Encyclopedia. Ha e hlalosa hore “ha ho le ea mong ka 1900 ea ileng a lebella ho tlohela ha matšoele a batho Bokreste ho etsahetseng Europe Bophirimela ka lebaka la ho iphapanya bolumeli, Russia ’me hamorao Europe Bochabela ka lebaka la Bokomonisi, le Amerika ka lebaka la moruo,” e bolela hore lintho tsena le “malumeli-’mōtoana a mang” a ile a eketseha “ho tloha lenaneng le lenyenyane ka 1900, karolo ea 0,2% ea lefatše, . . . ho ea ho 20,8% ea lefatše ka 1980.”

‘Matšoele ana a batho’ a siile likereke tsa Europe Bophirima li se na batho. Ho tloha ka 1970 Kereke ea Luthere Rephabliking e Kopaneng ea Jeremane e lahlehetsoe ke litho tsa eona tse fetang karolo ea 12 lekholong. Karolo e fetang ea boraro ea likereke Netherlands e koetsoe, tse ling e se e le matlo a ho boloka thepa, matlo a ho jela, matlo a bolulo, esita le libaka tsa tantši. Brithani hoo e ka bang kereke e ’ngoe le e ’ngoe ea borobeli ea Chache e bileng teng ka lilemo tse 30 ha e sa sebelisoa. Ha ho makatse ha ngoahola sebokeng sa baruti ba Maprotestanta a Europe moruti e mong a tletlebile hore “‘linaha tse ka Bophirima’ tseo e kileng ea e-ba tsa Bokreste li ke ke tsa hlola li ipitsa tsa Bakreste. . . . Europe e fetohile lebala la baromuoa.”

Leha ho le joalo, bothata bo feta Bokreste-’mōtoana le Europe. Ka mohlala, ho lekanyetsoa hore, lefatšeng ka bophara, Bobuddha bo lahleheloa ke batho ba 900 000 ka selemo ka lebaka la ho latola boteng ba Molimo.

Khaello ea Basebetsi

“Haeba u batla ho tsosa motse, qala pele ka ho tsosa baprista ba oona,” ho lemosa maele a Sejapane. Empa ke baprista bafe? Lilemo tse leshome pele ho 1983, lenane la baprista ba K’hatholike lefatšeng ka bophara le fokotsehile ka karolo ea 7 lekholong. Nakong ea lilemo tse 15, lenane la baitlami le theohile ka karolo ea 33 lekholong. Ho sa le joalo, tšepo ea ho tlatsa likheo tsa bona e lerootho. Nakong e ka tlaase ho lilemo tse 20, lenane la ba ingolisitseng liseminareng tsa K’hatholike United States le fokotsehile ho tloha ho 48 992 ho ea ho 11 262.

Lihlopha tsa K’hatholike li boetse li thefutsoe habohloko. Ka nako e ’ngoe, Mokhatlo oa Jesu, o theiloeng Paris ka 1534 ke Ignatius oa Loyola, o ne o laola thuto linaheng tse ngata. Litho tsa ’ona, tse tsejoang e le Majesuite, li ile tsa etella pele mosebetsing oa boromuoa. Empa ho tloha ka 1965, litho tsa ’ona li fokotsehile ho feta karolo ea bone.

Taba e mpe ke hore lenane la basebetsi le ea fokotseha; empa ho hobe ka ho fetisisa ke ba bangata ba ke keng ba hlola ba tšeptjoa. Lenane la baprista le baitlami ba hanyetsang tsamaiso ea kereke tabeng ea bosoha, ho thibela pelehi, le karolo ea basali bolumeling lea eketseha. Sena se ile sa bonahala ka Pherekhong 1989 ha baruti ba K’hatholike ba Europe ba 163 ba ne ba ntša polelo ea phatlalatsa—’me ka la 1 Motšeanong ea saeneloa ke batho ba fetang 500—ba qosang Vatican ka bohatelli le tšebeliso e mpe ea matla.

Batho ba limillione ho Bokreste-’mōtoana ba shoele moeeng, ke bahlaseluoa ba tlala ea moea. Moruti oa U.S. o lumetse le ho tletleba hore: “Kereke [e fetohile] lebenkele le rekisang lijo tsa moea tse se nang phepo ho batho ba fetang ka tsela. Thero ea moruti e tšoana hantle le ‘litheolelo tsa bekeng ena,’ tse neoang bareki ka theko e theotsoeng ea boitlamo.”

Ho tloha ka 1965, litho tsa likereke tse khōlō tse hlano tsa Protestanta United States li fokotsehile ka hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ’me ho ingolisa likolong tsa Sontaha ho fokotsehile ho feta karolo ea 50 lekholong. “Likereke tse khōlō ha li hlōlehe feela ho fetisa molaetsa oa tsona,” ho ngola makasine oa Time, empa “ka ho eketsehileng ha lia kholiseha hantle ka seo molaetsa o leng sona.” Ha ho makatse hore ka lebaka la tlala ea moea, likoranta tse ngata tsa likereke ha li sa hatisoa. Mahareng a bo-1970, e ’ngoe ea tsona e tletlebile: “Mehla ea makasine ea kereke . . . e fetile.”

Mohlape o Iphapanyang le o sa Arabeleng

Lekholong la bol8 la lilemo, mohlanka oa ’muso oa Lenyesemane Edmund Burke o ile a hlokomela hore “ha ho letho le kotsi bolumeling joaloka ho iphapanya.” Haeba a ne a phela kajeno, o ne a tla fumana baruti ba bangata ba iphapanyang.

Ka mohlala, ha ho ne ho buisanoa le Maluthere a United States lilemong tse ngata tse fetileng, karolo ea 44 lekholong e boletse hore e ne e ke ke ea buisana ka tumelo ea ’ona le malapa a sa keneng kereke haeba moruti oa ’ona a ne a kōpa hore a etse joalo. Phuputso ea haufinyane e bontšitse hore likarolo tse fetang tse tharo tsa Mak’hatholike a U.S. li ikutloa hore ho se lumellane le mopapa, esita le tabeng tsa boitšoaro, ha ho ba etse hore ba se tšoanelehe e le Mak’hatholike a molemo.

Japane, karolo ea 79 lekholong ea baahi e boletse hore ho ba molumeli ke habohlokoa. Ho ea ka Religions of Modern Man, ho tloha nakong eo, ke feela karolo ea boraro ea ba ipolelang e le balumeli, ’me ho hlakile hore ba bangata ke ba iphapanyang.

Hangata batho ba baholo ba iphapanyetsang bolumeli ha ba na bana ba chesehang le ba arabelang hantle. Tlhahlobo ea bana ba lilemo li 11 ho ea ho 16 e entsoeng ke motsamaisi oa Mokhatlo oa Bongaka Univesithing ea Bonn, Jeremane, e senotse hore ho feta leha e le neng pele, bacha ba batla batho bao ba ka ba talimang e le mohlala oa boitšoaro. Empa ha ba botsoa hore mehlala ea bona ke bo-mang, bacha ba hlōlehile ho bolela baetapele ba kereke esita le ka lekhetlo le le leng.

Tšusumetso ea Bopolotiki ea Fokotseha

Bolumeli bo hlophisitsoeng ha bo sa na tšusumetso ea bopolotiki eo bo kileng ba e-ba le eona. Ka mohlala, Vatican e hlōlehile, esita le linaheng tse khōlō tsa K’hatholike, ho thibela ho tlōla melao ea ho ntša mpa, tlhalo, le tokoloho ea borapeli tseo ka ho hlakileng e sa li rateng. Ka ho tšoanang, maemo a qobelletse Vatican ho lumellana le selekane sa 1984 hore Bok’hatholike bo amohuoe boemo ba bona e le bolumeli ba Italy bo hlomamisitsoeng! Seo nakong e fetileng bolumeli ba bohata bo lekileng ho se finyella ka khatello e bolotsana ea bopolotiki hona joale bo leka ho se finyella ka mekhatlo ea boipelaetso e etelletsoeng pele ke baruti ba tsebahalang joaloka mobishopo e moholo oa Chache Desmond Tutu oa Afrika Boroa.

Haeba Re Kopane Re Tla Ema, Haeba Re Arohane Re Tla Oa

Seboka sa 1910 sa baromuoa ba Protestanta Edinburgh, Scotland, se fane ka tšusumetso mokheng oa joale oa bolumeli. Haufinyane mokha ona o matlafalitsoe boitekong ba ho hōlisa tšebelisano-’moho ea bolumeli le kutloisisano bakeng sa ho lumella “bolumeli ba Bokreste” ho bua ka tumellano.

Mokha ona oa bolumeli o na le litšobotsi tse ngata. Mohato oa bohlokoa o ile oa nkuoa ka 1948 Amsterdam ha ho theoa Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke. Pele mokhatlo oo o ne o na le likereke tsa Protestanta tse ka bang 150, tsa Chache, tsa Orthodox, ’me hona joale mokhatlo oo o ithorisa ka lenane le imenneng habeli.

Le hoja e se setho sa Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke, ho bonahala Kereke ea Roma e K’hatholike e tla ba sona. Ka 1984 ntlo-khōlō ea Switzerland, Mopapa John Paul o ile a kopanela le mongoli-kakaretso oa lekhotla ea phomotsoang mosebetsing ho etella pele tšebeletsong ea thapelo ea kereke. ’Me ka Motšeanong 1989, Mak’hatholike a bile har’a baruti ba Europe ba fetang 700 ba neng ba kopane Basel, Switzerland, ho seo koranta e ’ngoe e se bitsitseng “ketsahalo e khōlō ka ho fetisisa ea bolumeli ho tloha ka Tsosoloso.”

Ho tloha bohareng ba bo-1930, boithatelo bona ba ho sekisetsa bo ile ba tsebahatsoa ka ho eketsehileng ka lebaka la ho amohela khopolo ea hore malumeli ’ohle “a Bokreste” a na le bonngoe ba tlamo boo a bo filoeng ke Molimo. Joaloka “bopaki” ba bonngoe, Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke o hatella hore litho tsa oona kaofela li amohele thuto ea Boraro-bo-bong, e talimang “Jesu Kreste e le Molimo le ’Moloki.”

Bokreste-’mōtoana bo boetse ba phehella lipuisano le malumeli ao e seng a Bakreste. Ho ea ka The Encyclopedia of Religion, sena ke ho fumana ho sekisetsa ho sebetsang “mahareng a boikutlo ba bohatelli ba baruti, ho bolelang hore haeba tumelo e ’ngoe e le ’nete, malumeli a mang ha a na tokelo ea ho ba teng, ’me tumelo e kopanetsoeng, ho bolelang hore ha ho na liphapang tse lekaneng mahareng a litumelo bakeng sa ho hlahisa khang le hore ho li kopanya ho ka bōpa tumelo e ncha ea bokamoso.”

Ha e le hantle, bolumeli ba bohata bo tšoana le khoele e nang le maqhoele a mangata, ao kaofela a hulelang likarolong tse fapaneng. Sena ke mohato oa pele oa tlokotsi, hobane mantsoe a Jesu a sa ntse a tlameha ho pakoa e le ’nete: “’Muso o mong le o mong o khaohaneng ho itoantša o tla fetoha lesupi; le motse o mong le o mong, leha e ntlo e khaohaneng ho itoantša, e ke ke ea tiea.”—Mattheu 12:25.

Amohela ’Nete, Hana Leshano!

Batho ba bang ba ka ’na ba khetha ho hlokomoloha bopaki. Empa bokamoso bo se nang motheo bo kotsi. “Ka nako e telele likereke li ’nile tsa tšepa hore lintho li tla ntlafala haholoanyane kapa ka ho eketsehileng ho ea ka tumelo ea tsona,” ho hlokometse The Times ea London ka Mphalane 1988. E phaelletse: “Ho sa tsotellehe ho fokotseha ha litho ha nako e telele Brithani, ho bile le boiteko bo fokolang har’a likereke ho hlalosa sena kapa ho se fetola, kapa ho fetola melao ka ho loketseng.” Joale ka ho utloahalang e ile ea fihlela qeto: “Mokhatlo leha o le ofe oa khoebo e hlophisitsoeng o fumanang litheko tsa ’ona li theotsoe ka ho tsoelang pele mohlomong o tla itokisetsa tlokotsi kapa ho nka mehato ho ntlafatsa lihlahisoa tsa ’ona le lithekiso tsa ’ona.”

Ha ho letho le bontšang hore bolumeli ba bohata bo tla “nka mehato ho ntlafatsa lihlahisoa tsa bona le lithekiso tsa bona.” Motheo o le mong feela oa bokamoso ho batho ba tšabang Molimo ke ho fetohela bolumeling bo le bong ba ’nete, boo linōka tsa bona tsa metsi a moea li seng kotsing ea ho psha. Mabapi le bolumeli ba bohata, “Nako ea ho Lokisa Lintho e Haufi!” Ithute ho eketsehileng sehloohong se latelang.

[Lebokose le leqepheng la 24]

Lipaki Tsa Jehova: Metsi a Tsona ha a Pshe

“Ha malumeli a lineano a ntse a fokotseha butle-butle, likereke tsa ’ona le litempele tsa ’ona li ntse li hloka batho ka ho eketsehang, Lipaki tsa Jehova li bona keketseho ea litho esita le ho fumana meaho eo e kileng ea ba likereke le libaka tse ling tse ncha bakeng sa ho bokella litho tsa ’ona tse ncha.”—Le Petit Journal, koranta ea Canada.

“Italy ho na le ba ka bang likete tse 45 . . . Kajeno mokha ona o na le limakasine tsa sebele, tse molemo le tse thahasellisang (li tletse litaba le lihlooho tse tsoang hohle lefatšeng), o hatisa libukana tse leng nakong esita le ho araba litsebi tsa Bibele tsa K’hatholike, li aba Libibele tse fetoletsoeng ka ho tobileng ho tsoa Seheberung . . . Ka mekhoa ena, Lipaki li bile le katleho e khōlō.”—Famiglia Mese, makasine oa K’hatholike oa Italy (o ngotsoeng ka 1975; ’me ka ’Mesa 1989, lenane la Lipaki tsa Jehova Italy le ne le eketsehile ho fihla ho 169 646.)

“[Lipaki tsa Jehova] li kolobetsa batho ba makholo ha rōna re kolobetsa ba ’maloa.”—The Evangelist, koranta ea mokhatlo oa Evangelical Tract Distributors. (Lipaki tsa Jehova li kolobelitse batho ba 69 649 ka 1962 ha ho ne ho etsoa polelo ena; ’me ka 1988 lenane la Lipaki tse kolobelitsoeng bocha e ne e le 239 268.)

“Ka 1962 ke phethetse phuputso ea ka ka Lipaki tsa Jehova ka se latelang: ‘Hore Mokhatlo oa Lefatše le Lecha o tla ke o felloe ke matla ke taba e belaetsang.’ . . . Ho na le Lipaki tse fetang tse imenneng ka makhetlo a mabeli kajeno [ka 1979] ho feta nakong eo. Matšoao ’ohle a bontša hore Mokhatlo oa Watchtower o tla eketseha ka makhetlo a imenneng habeli nakong ea lilemo tse leshome tse tlang.”—William J. Whalen ho US. Catholic. (Lipaki tse 989 192 ka 1962 eketsehile ho fihlela ho tse 3 592 654 ka 1988.)

Ho tloha ka 1970 lenane la Lipaki tsa Jehova Rephabliking e Kopaneng ea Jeremane (le Berlin Bophirima) le eketsehile ka karolo ea 38 lekholong. Lilemong tse 30 tse fetileng, lenane la liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova Netherlands le eketsehile ho tloha ho 161 ho ea ho 317, ’me Brithani le eketsehile ho tloha ho 825 ho ea ho 1 257, ke sona se ileng sa etsa hore ho ahuoe Liholo tsa ’Muso tse ngata tse ncha linaheng tsena.—Bapisa le serapa 3 tlas’a sehloohoana “Tebello e Khanyang Bokamoso ea Fifala.”

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Bolumeli bo hlokomolohuoa haholo mehleng ena e potlakileng ea lefatše la kajeno

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela