Ke Ile ka Arabela Nakong ea Kotulo
JOALOKAHA HO BOLETSE WINIFRED REMMIE
“KOTULO e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae.” Mantsoe ana a Morena oa rōna Jesu a ne a susumetsoa ke boikutlo bo tebileng bakeng sa batho ba neng ba khathetse ba saretsoe ’me ba tšoana le linku tse se nang molisa. Ke bile le boikutlo bo tšoanang, ’me ka lilemo tse fetileng tse 40, ka mehla ke ’nile ka leka ho arabela hantle pitsong ea Morena ea ho sebetsa nakong ea kotulo.—Mattheu 9:36, 37.
Ke hlahetse Afrika Bophirimela lelapeng la bana ba supileng, e le banana feela. Batsoali ba rōna ba ne ba le bonolo, empa ba ne ba re tšoere ka thata; ba ne ba boetse ba sekametse bolumeling haholo. Ho ea kerekeng le sekolong sa Sontaha beke le beke ho ne ho etsoa ntle le tika-tiko. Ho ’na sena e ne e se bothata hobane ke ne ke rata lintho tsa moea. Ha e le hantle, ha ke le lilemo li 12, ke ile ka khethoa hore ke tsamaise lihlopha tsa sekolo sa Sontaha.
Lenyalo le ho Iteka Lehlohonolo
Ka 1941, ha ke le lilemo li 23, ke ile ka nyaloa ke Lichfield Remmie, eo e neng e le motšoari oa libuka ofising ea ’muso. Re ne re re e-na le lintho tse ngata tse bonahalang, empa lerato la ho iteka lehlohonolo le takatso ea ho bokella maruo a lintho tse bonahalang li ile tsa re isa Liberia ka 1944. Phetoho bophelong ba monna oa ka, ’me hamorao bophelong ba ka, e tlile ka 1950 ha a teana le Hoyle Ervin, eo e neng e le moromuoa oa Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a ho ithuta ka libeke tse tharo feela, monna oa ka o ile a qala ho kopanela mosebetsing oa boboleli.
Ke ile ka khopeha ha monna oa ka a khaotsa ho ea kerekeng. Re hopole hore e ne e le Moprostanta ea chesehang ea neng a bile a itima lijo nakong ea Lente. Ha ke qala ho ’mona a ea boboleling, a nkile mokotla ka letsoho, ke ile ka halefa haholo. Ke ile ka ’motsa: “Molato ke eng ka uena? Motho oa bohlokoa joaloka uena tjee a tsoa ho ea bolela le batho baa ba lithoto!” Nakong ea ha ke bua lipuo tsena tse hlabang o ile a khutsa ’me a itšoara.
Letsatsing le hlahlamang, Moena Ervin o ile a etela lehaeng la rōna ho tla ithuta le Lichfield. Joaloka mehla, ke ile ka itšehla thajana nakong ea thuto. Mohlomong ke ka baka la sena Moena Ervin a ileng a mpotsa hore na ke tseba ho bala le ho ngola. O re’ng? ’Na, ke tseba ho bala le ho ngola? Ke tlhapa e kaakang! Ke tla ’montša hore na ke rutehile hakae! Ke tla pepesa bolumeli bona ba bohata!
Ho Amohela ’Nete
Nakoana ka mora sena, ke ile ka hlokomela buka ’Nete E be Ea Molimo e le tafoleng e kamoreng ea ho phomola. Ke ile ka nahana: ‘Ke lebitso le makatsang hakaakang, ha e sa le Molimo o na le ’nete, na ha ho joalo?’ Ha ke ntse ke phetla buka ena, ka potlako ke ile ka fumana lebaka le leng la ho belaela. E ne e bolela hore motho ha a na sephefumolohi, ke sephefumolohi! Esita le lintja le likatse ke liphefumolohi! Ruri sena se ile sa nkhalefisa. Ke ile ka nahana: ‘Ke thuto e se nang kelello hakaakang!’
Ha monna oa ka a fihla hae, ke ile ka mo lata ka bohale. “Bathetsi bana ba bolela hore motho ha a na sephefumolohi. Ke baprofeta ba bohata!” Monna oa ka ha aa ka a etsa khang; ho e-na le hoo, o ile a araba ka tsela e khutsitseng: “Winnie, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoa ka Bibeleng.” Hamorao, ha Moena Ervin ka mamello a mpontša ho tsoa Bibeleng ea ka hore re liphefumolohi le hore sephefumolohi sa rōna sea shoa, ke ile ka hlolloa. (Ezekiele 18:4, NW) Se ileng sa nkhahla ka ho khetheha ke lengolo le ho Genese 2:7, (NW) le reng: “Motho [Adama] ea e-ba sephefumolohi se phelang.”
Ke ne ke fositse hakaakang! Ke ile ka ikutloa ke qhekelletsoe ke baruti ’me ha kea ka ka hlola ke ea kerekeng hape. Ho e-na le hoo, ke ile ka qala ho ba teng libokeng tsa Bokreste tsa Lipaki tsa Jehova. Ho ne ho khahla hakaakang ho bona lerato leo li nang le lona! Bona e ne e tlameha ho ba bolumeli ba ’nete.
Ho Kotula Cape Palmas
Hoo e ka bang likhoeli tse tharo hamorao, monna oa ka o ile a ba le monyetla oa ho utsoa chelete e ngata k’hamphaning ea hae—empa ha aa ka a e utsoa. Basebetsi-’moho le eena ba ile ba mo tšeha: “Remmie, u tla shoa u ntse u le mofutsana.”
Leha ho le joalo, ka baka la botšepehi ba hae, o ile a fuoa boemo bo phahameng haholoanyane ’me a romeloa Cape Palmas ho ea bula ofisi e ncha moo. Re ile ra bolela ka cheseho ’me ka mor’a likhoeli tse peli feela, re ile ra ba le sehlotšoana se neng se thahasella molaetsa oa Bibele haholo. Hamorao, ha Lichfield a ea motse-moholo, Monrovia, ho ea reka thepa e itseng bakeng sa ofisi e ncha, o ile a kolobetsoa. O ile a boela a kōpa thuso ho Mokhatlo bakeng sa ho hlokomela batho ba Cape Palmas ba neng ba bontša thahasello ’neteng.
Mokhatlo o ile oa arabela ka ho romela Moena le Khaitseli Faust, Cape Palmas. Khaitseli Faust o ile a nthusa haholo, ’me ka December 1951, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka kolobetso. Joale ho feta leha e le neng pele, ke ne ke ikemiselitse ho ‘bokella lijo bakeng sa bophelo bo sa feleng.’ (Johanne 4:35, 36) Ka April 1952, ke ile ka kenela tšebeletso ea nako e tletseng joaloka pula-maliboho.
Ka potlako Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba ka; nakong e etsang selemo feela, ke ile ka thusa batho ba bahlano hore ba inehele le ho kolobetsoa. E mong oa bona, Louissa Macintosh, e ne e le motsoala oa W. V. S. Tubman eo e neng e le mopresidente oa Liberia ka nako eo. O ile a kolobetsoa ’me a kenela tšebeletso ea nako e tletseng ’me a tsoela pele a tšepahala ho Molimo ho fihlela lefung la hae ka 1984. Ka makhetlo a ’maloa o ile a pakela mopresidente.
Ho ea Lower Buchanan
Ka 1957, nakong ea ketelo ea molebeli oa setereke, ’na le monna oa ka re ile ra memeloa hore re be bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ka mor’a ho buisana ka taba ena ka thapelo, re ile ra amohela kabelo eo. Lichfield o ne a hloka likhoeli tse ’maloa hore a qetelle mosebetsi oa hae oa boipheliso Cape Palmas, kahoo ke ile ka ea Lower Buchanan, e leng tšimo e neng e e-s’o sebetsoe, ho qalisa mosebetsi teng.
Ke ile ka fihlela lelapeng la ha Maclean. Letsatsing le hlahlamang, joalokaha e ne e le tloaelo, ke ile ka isoa ho ramotse oa morabe oa Pele. Morena le lelapa la hae ba ile ba nkamohela ka mofuthu, ’me ke ile ka pakela sehlotšoana sa batho se neng se le moreneng. Ho batho bao ke ileng ka bua le bona letsatsing leo, ba ka holimo ho ba tšeletseng, ho kopanyelletsa le ramotse le mosali oa hae, ba ile ba fetoha Lipaki qetellong.
Kapele-pele ke ile ka iphumana ke khanna thuto ea Molula-Qhooa le batho ba fetang 20. Ke ne ke tlameha ho itšetleha haholo ka Jehova, ’me o ile a mpha matla a hlokahalang le tsebo bakeng sa ho hlokomela linku tsa hae. Ha ke ne ke ikutloa ke khathetse kapa ke fokola, ke ne ke hopola batho ba tšepahalang ba nakong e fetileng, haholo-holo basali ba kang Debora le Hulda, ba neng ba hloka tšabo ha ba phetha thomo ea Jehova.—Baahloli 4:4-7, 14-16; 2 Marena 22:14-20.
Ka March 1958, ka mor’a likhoeli tse tharo feela ke le Lower Buchanan, ke ile ka amohela lengolo le ntsebisang ka ketelo ea molebeli oa potoloho, John Charuk. Ke ile ka hira kamore e ka tlaase-tlase eo batho ba bangata ba neng ba tla fella ka ho eona. Eaba ke ea Upper Buchanan ho ea khahlametsa Moena Charuk, empa ha aa ka a fihla. Ka mor’a ho mo emela ho fihlela ka shoalane, ke ile ka khutlela Lower Buchanan ke nyahame.
Hoo e ka bang ka khitla, ke ile ka utloa motho a kokota. Ha ke bula, ke ile ka bona molebeli oa potoloho le monna oa ka, eo ho fihla ha hae ho sa lebelloang ka ho thabisang ho ileng ha thulana le ho fihla ha Moena Charuk. Ba tsebile joang moo ke leng teng? Ba ile ba teana le setsomi ’me ba se botsa hore na ebe se tseba mosali ea neng a bolella batho ka Jehova. Se ile sa re: “E,” eaba se ba supisa moo ke lulang teng. Ke ile ka thaba hakaakang hore ebe ka likhoeli tse tharo feela ke le Lower Buchanan, leseli la ka le ne le khanya ka ho phatsimang hakaalo!—Mattheu 5:14-16.
Re ile ra thabela tlhōrō ea batho ba 40 nakong ea ketelo ea Moena Charuk. Ka mor’a nako ho ile ha thehoa phutheho e holang ka potlako, ’me re ile ra khona ho haha Holo e ntle ea ’Muso. Leha ho le joalo, hase ka mehla bophelo bo neng bo hloka mathata. Ka mohlala, ka 1963 tlhoriso ea bolumeli e ile ea qhoma Kolahun, ’me monna oa ka o ile a tšoaroa a ba a kenngoa teronkong. O ile a otloa habohloko hoo a ileng a tlameha ho kena sepetlele.
Nakoana ka mor’a hore a tsoe sepetlele, hona selemong seo, re ile ra ba le kopano Gbarnga. Letsatsing la ho qetela, masole a ile a pota-pota bohle ba neng ba tlile kopanong ’me a re laela hore re lumelise folaga. Ha re hana, masole a ile a re qobella hore re ise matsoho a rōna holimo le ho sheba letsatsi ka ho toba. A boetse a otla ba bang ba rōna ka kutu ea sethunya. E le hore ke boloke botšepehi ho Molimo, ke ile ka bina pina ea ’Muso “Le se ke la ba Tšaba!” Ka mor’a sena, masole a ile a re kenya teronkong e litšila. Matsatsi a mararo hamorao Lipaki tseo e neng e le melata li ile tsa lokolloa, ’me ’na le Lichfield re ile ra isoa Sierra Leone. Lipaki tsa sebakeng seo tsona li ile tsa lokolloa letsatsing le hlahlamang.
Litokelo tse Eketsehileng le Meputso
Re ile ra abeloa ho sebetsa le Phutheho ea Bo, e ka boroa ho Sierra Leone. Re ile ra sebeletsa moo lilemo tse robeli pele re isoa Njala. Ha re le Njala monna oa ka o ile a khethoa ho sebeletsa joaloka moemeli oa molebeli oa potoloho, ’me ke ile ka ba le tokelo ea ho tsamaea le eena ha a ntse a etsa tšebeletso ena. Joale ho isa bohareng ba bo-1970, re ile ra abeloa ho ea Phuthehong ea East Freetown.
Ke bile le phihlelo ea ho bona batho ba bangata bao ke ileng ka ithuta le bona Bibele ba amohela borapeli ba ’nete. Ke na le bana ba moea le litloholo tse fetang 60 bao e leng “mangolo a re emelang.” (2 Ba-Korinthe 3:1) Ba bang ho ile ha hlokahala hore ba etse liphetoho tse khōlō, joaloka tse ileng tsa etsoa ke Victoria Dyke, eo e neng e le moprofeta oa mosali oa sehlotšoana sa bokhelohi sa Aladura. Ka mor’a ho buisana ka 1 Johanne 5:21, qetellong o ile a lahla lithatho tsa hae tse ngata le lintho tsa borapeli. O ile a tšoantšetsa boinehelo ba hae ka kolobetso ’me qetellong ea ba pula-maliboho e khethehileng, a thusa beng ka eena ba bangata hore ba amohele ’nete.
Ka April 1985, ke ile ka shoeloa ke monna, likhoeli tse ’maloa feela pele ho selemo sa bo44 re nyalane. Empa ha kea sala ke le mong. Ke ’nile ka tsoela pele ke sebeletsa Mothusi oa ka, Jehova, ke le mosebeletsi oa nako e tletseng. ’Me ke ikutloa ke e-na le tlamo e khethehileng le batho bao ke ba thusitseng ho mo tseba. Ke lelapa ka kutloisiso e khethehileng. Kea ba rata le bona baa nthata. Ha ke kula, ba potlakela ho tla ntlhokomela, ’me ha e le hantle, le ’na kea ba hlokomela.
Ha ho pelaelo hore, haeba ke ne ke tlameha ho qala qalong, ka thabo ke ne ke tla nka sekele ea ka ’me ke nke karolo kotulong ke le mosebetsi-’moho le Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Winifred Remmie kajeno