Na U ka Tšelela Macedonia?
MOAPOSTOLA Pauluse o ile a bona pono ha a ne a le motseng o koung ea leoatle oa Troase, Asia Minor. Monna e mong oa Macedonia o ile a mo kōpa ka tieo a re: “Tšelela Macedonia ’me u re thuse.” Kapele feela ha Pauluse a bona pono ena, eena le bo-mphat’oa hae ba ile ba ‘fihlela qeto ea hore Molimo o ne a ba bitselitse ho ea bolella batho ba Macedonia litaba tse molemo.’ Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Motseng o moholo oa Macedonia e leng Filipi, Lydia le ba lelapa la hae e ile ea e-ba balumeli. Ho ile ha etsahala se tšoanang le ka batho ba bang ba profinse eo ea Roma, e leng Macedonia.—Lik. 16:9-15.
Kajeno, ho bonahala moea o tšoanang oa cheseho har’a Lipaki Tsa Jehova. Ba bangata ba ithaopetse ho itefella litšenyehelo tsa ho fallela moo ho hlokahalang bahoeletsi ba ’Muso ba bangata. Ho tea mohlala, Lisa o ne a batla ho ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa boboleli. O ile a tloha Canada a fallela Kenya. Trevor le Emily, bao le bona e leng batho ba Canada, ba ile ba ea Malawi ka sepheo sa ho eketsa mosebetsi oa bona oa boboleli. Paul le Maggie ba tsoang Engelane, ba ile ba nka hore nako ea bona ea penshene ke monyetla o motle oa hore ba eketse seo ba neng ba se etsa tšebeletsong ea Jehova, eaba ba fallela Afrika Bochabela. Na u na le moea oa boitelo? Na le uena u ka nahana ka hore u fallele sebakeng se seng? Haeba ho joalo, ke melao-motheo efe ea Bibele le litlhahiso tse ka u thusang hore u atlehe?
Itlhahlobe
E ’ngoe ea lintho tseo u lokelang ho li hlahloba ke hore na sepheo sa hao ke sefe. Jesu o ile a re molao o moholo ka ho fetisisa ke o reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.” Motho o lokela ho sebeletsa naheng e ’ngoe hobane a rata Molimo a bile a lakatsa ho phetha mosebetsi oa ho etsa barutuoa. Jesu o ile a tsoela pele a re: “Ea bobeli, e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’” Ha re e-na le takatso ea sebele ea ho thusa batho, re tla be re bontša hore re rata baahelani. (Mat. 22:36-39; 28:19, 20) Hangata ho sebeletsa naheng e ’ngoe ho hloka boikitlaetso le boitelo. Hase feela monyetla oa ho ithuta lintho tse ncha. U lokela ho susumetsoa ke lerato. Remco le Suzanne, ba tsoang Netherlands, bao hona joale ba sebeletsang Namibia, ba lihela likhala ka ho re, “Ntho e etsang hore re lule mona ke lerato.”
Willie, eo e leng molebeli oa potoloho Namibia, o re: “Batho ba lutseng tšimong ea naha e ’ngoe ke ba sa eang moo ba lebeletse hore barab’abo rōna ba sebakeng seo ba tla ba hlokomela. Ba ile sebakeng seo ka maikutlo a hore ba il’o sebetsa le barab’abo rōna ba sebakeng seo, ho ba thusa mosebetsing oa boboleli.”
Ka mor’a hore u hlahlobe hore na sepheo sa hao ke sefe, ipotse: ‘Ke na le boiphihlelo bofe bo ka thusang naheng e ’ngoe? Na ke ’moleli ea atlehang? Ke tseba ho bua lipuo life? Na ke ikemiselitse ho ithuta puo e ncha?’ Buisana ka botšepehi le lelapa la hao ka taba ena. Batla keletso ho baholo phuthehong ea heno. Ho phaella moo, u rapele Jehova mabapi le taba ena. Ho itlhahloba ka botšepehi joalo ho ka u thusa hore u bone hore na u hlile u na le bokhoni le boikemisetso ba ho sebeletsa naheng e ’ngoe.—Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng “Itsebe.”
Moo U ka Sebeletsang Teng
Pauluse o ile a bitsoa ka pono hore a ee Macedonia. Kajeno, Jehova ha a re tataise ka matla a mohlolo. Leha ho le joalo, batho ba Molimo ba sebelisa makasine ena le lingoliloeng tse ling ho tseba ka libaka tse ngata tseo ho tsona ho hlokahalang bahoeletsi ba bangata. Kahoo, qala ka ho etsa lethathamo la libaka tse joalo. Haeba u e-s’o lokele ho ithuta puo e ’ngoe kapa u sa ee ho lulela ruri naheng e ’ngoe, nahana ka ho sebetsa naheng eo u seng u ntse u bua puo ea teng e ka sehloohong. Ka mor’a moo, etsa lipatlisiso mabapi le lintho tse kang ho fumana tumello ea ho lula naheng eo, lipalangoang, tšireletseho, litšenyehelo tsa bophelo le maemo a leholimo. U ka ’na ua fumana ho le molemo hore u buisane le batho ba seng ba nkile bohato boo. Rapela mabapi le taba eo. U hopole hore Pauluse le bo-mphat’oa hae “ba ne ba hanetsoe ke moea o halalelang ho bolela lentsoe seterekeng sa Asia.” Le hoja ba ile ba leka ho kena Bithynia, ‘moea oa Jesu ha oa ka oa ba lumella’ ho kena. Ka tsela e tšoanang, ho ka ’na ha nka nako e telele pele u fumana hore na ke hokae moo u ka thusang e le kannete.—Lik. 16:6-10.
Ho ka etsahala hore ebe hona joale u se u nahanne ka libaka tse seng kae tseo u ka khethang ho tsona. Haeba u nahana ho ea sebeletsa naheng e ’ngoe, ngolla liofisi tsa makala tsa Lipaki Tsa Jehova linaheng tseo u nahanang ho ea ho tsona. Bolela hore na ke lintho life tseo u ’nileng ua li etsa kapa tseo u ntseng u li etsa tšebeletsong ea Molimo u be u botse lipotso tse tobileng tseo ebang u na le tsona, tse kang tse mabapi le litšenyehelo tsa bophelo, hore na u ka fumana bolulo ba mofuta ofe, litšebeletso tsa bophelo tse teng le menyetla ea mosebetsi. Ka mor’a moo, u fe komiti ea phutheho ea heno ea tšebeletso lengolo kapa mangolo ao. E tla kenyelletsa mangolo a eona a u pakang ebe e romela mangolo ao ka kotloloho makaleng ao u a boletseng. Mohlomong likarabo tseo u tla li fumana li tla u thusa hore u bone hore na ke sebakeng sefe moo u ka tsoelang barab’eno molemo haholo.
Willie, eo ho qotsitsoeng mantsoe a hae pejana o re: “Hangata batho ba ileng ba atleha, ba ile ba etela naha eo ba batlang ho fallela ho eona pele, e le hore ba shebe hore na ke libaka life tseo ba bonang eka ka sebele ba ka thabela ho lula ho tsona. Banyalani ba bang ba ile ba hlokomela hore ho ne ho tla ba boima ho lula sebakeng sa mahaeng. Kahoo, ba ile ba lula toropong e nyenyane moo ho neng ho hlokahala bahoeletsi empa maemo a teng a bophelo e le a ka etsang hore ba lule ba thabile.”
Ho Thulana le Liphephetso Tse Ncha
Ha ho pelaelo hore ha motho a tloha hae ’me a e-ea sebakeng se secha o tla thulana le mathata a itseng. Lisa eo ho builoeng ka eena pejana o re: “Ho jeoa ke bolutu ho ka ba boima haholo.” O thusoa ke eng? Ke ho ba le maqhama a matle le phutheho lehaeng lena la hae le lecha. Sepheo sa hae e ile ea e-ba hore a tsebe motho e mong le e mong ka lebitso. E le hore a finyelle sena, o ne a fihla libokeng nako e sa le teng ebe o lieha ho tloha ka mor’a tsona e le hore a tsebe ho qoqa le bara le barali babo. Lisa o ne a sebetsa le ba bang tšimong, a mema ba bangata hore ba mo chakele a bile a iketsetsa metsoalle e mecha. O re: “Ha ke ikoahlaele boitelo boo ke bo entseng. Jehova o ntlhohonolofalitse e le kannete.”
Ka mor’a hore ba hōlise bana, Paul le Maggie ba ile ba tsoa ntlong eo ba neng ba phetse ho eona ka lilemo tse 30. Paul o re: “Ho arohana le thepa eo re neng re e-na le eona ho ile ha e-ba bonolo ka tsela eo re neng re sa e lebella. Empa ho siea ba habo rōna ho ile ha e-ba thata haholo, ho ile ha e-ba hobe ho feta kamoo re neng re nahanne kateng. Re ile ra se khitla ka sefofaneng. Ho ne ho ka ’na ha e-ba bonolo haholo hore re fetole maikutlo ebe re re, ‘Na ehlile re entse qeto e ntle?’ Leha ho le joalo, re ile ra itšetleha ka Jehova. Ho iketsetsa metsoalle e mecha ho etsa hore u ikemisetse ho tsoela pele.”
Greg le Crystal ba ile ba khetha ho tloha Canada ba fallela Namibia kaha ba bua Senyesemane, e leng puo ea teng ea molao. Leha ho le joalo, hamorao ba ile ba hlokomela hore ho ne ho tla ba molemo hore ba ithute puo ea sebakeng seo. Ba re: “Ka linako tse ling re ne re nyahama. Leha ho le joalo, ebile feela ka mor’a hore re ithute puo ea batho ba sebakeng seo moo re ileng ra qala ho utloisisa setso sa bona. Ho tloaelana le barab’abo rōna ba sebakeng seo ho ile ha re thusa hore re tloaele ho phela sebakeng sena se secha.”
Ho ba le boikemisetso bo joalo le boikokobetso ho ka susumetsa le bara le barali babo rōna ba sebakeng seo hantle. Ka thabo, Jenny o hopola malapa a ileng a fallela Ireland, moo a hōletseng teng. O re: “E ne e le bona ba ratang ho amohela baeti. Ka sebele ba ne ba tletse ho sebeletsa eseng ho sebeletsoa. Ba ne ba cheseha haholo ba bile ba thabile hoo le ’na ke ileng ka susumelletseha hore nke ke leke.” Hona joale Jenny le monna oa hae ke baromuoa Gambia.
Tlhohonolofatso ea Jehova “ea Ruisa”
Ruri se ileng sa etsahalla Pauluse ha a le Macedonia se ile sa mo matlafatsa! Hoo e ka bang lilemo tse leshome hamorao o ile a ngolla barab’abo ba Filipi a re: “Ke leboha Molimo oa ka kamehla ho le hopoleng ho hong le ho hong.”—Bafil. 1:3.
Trevor le Emily, ba ileng ba sebeletsa Malawi pele ba memeloa ho ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, le bona ba ikutloa ka tsela e tšoanang. Ba re: “Ka linako tse ling re ne re ee re ipotse hore na ebe seo re se etsang se nepahetse, empa re ne re thabile. Re ne re e-na le kamano e haufi ’me re ne re bona hore Jehova oa re hlohonolofatsa.” Greg le Crystal, bao ho builoeng ka bona pejana ba re, “Ha ho letho le molemo ho feta lena leo re neng re ka le etsa.”
Ke ’nete hore hase motho e mong le e mong ea ka tsebang ho sebeletsa naheng e ’ngoe. Ba bang ho ka ba molemo haeba ba ka fallela moo ho hlokahalang bahoeletsi hona naheng ea habo bona. Ba bang ba ka hahamalla pakane ea ho sebeletsa liphutheho tse ling haufi le hahabo bona. Ntho ea bohlokoa ke hore u etse sohle seo u ka se khonang ho sebeletsa Jehova. (Bakol. 3:23) Ha u etsa joalo, mantsoe ana a bululetsoeng a tla phethahala ho uena: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.”—Liprov. 10:22.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]
Itsebe
E le hore u itlhahlobe ho bona hore na u ka sebeletsa naheng e ’ngoe, ipotse lipotso tse latelang ’me u rapele ka taba ena u be u bone hore na ka sebele u ka hla ua fallela naheng e ’ngoe. Boitsebiso bo fumanehang Melula-Qhooeng e fetileng bo ka u thusa hore u etse joalo.
• Na ke motho oa moea?—“Mehato e Lebisang Thabong” (October 15, 1997, leqepheng la 6)
• Na ke ’moleli ea atlehang?—“Mokhoa oa ho Atleha Tšebeletsong ea Bopula-maliboho” (May 15, 1989, leqepheng 21)
• Na nka tseba ho phela hōle le ba heso le metsoalle?—“Ho Sebetsana le ho Hloloheloa Hae Tšebeletsong ea Molimo” (May 15, 1994, leqepheng la 28)
• Na nka ithuta puo e ncha?“Ho Sebetsa le Phutheho eo ho Eona ho Buuoang Puo Esele” (March 15, 2006, leqepheng la 17)
• Na boemo ba ka ba lichelete bo ka ntumella hore ke falle?—“Na U ka Sebetsa Naheng e ’Ngoe?” (October 15, 1999, leqepheng la 23)
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ho ba le boikemisetso le boikokobetso ho ka susumetsa bara le barali babo rōna ba sebakeng seo hantle
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Batho ba eang libakeng tse ling ho ea sebeletsa ba bang ke bona ba atlehang