Pina ea 67
Bolokang Matlotlo Leholimong
1. Kamoo re ratang Jehova,
Ntate oa maseli ’ohle!
Tse tsoang ho eena ke limpho
Le tse re khahlang tsohle.
Jah o re fa pula, khanya,
Liaparo le lijo.
Ho ea re fang lintho tsohle
Re isa liteboho.
2. Ke bothoto ha re senya
Nako eohle ka ho’ikhaba,
Le ka ho bokella tlotlo
A ke keng a phelisa!
Lintho tsa bohlokoahali
A re li khotsofalleng.
Re ikhanne re lebile
Bophelong bo sa feleng.
3. Ka matlotlo le ka nako
Re tla fepa “ba bonolo”
Ka litaba tse molemo
Tsa ho busa ha Jesu.
Ka ho hlaolela botsoalle
Ho Kreste le Jehova,
Re tla boloka matlotlo
A sebele ka mehla.