Tlhokahalo ea Hore Moloko oa Batho o Batle Molimo
1 Lekholong lena la bo20 la lilemo, ho bile le ho falla ha batho ba bangata ka baka la lintoa, khatello, le mathata a moruo. ’Me kaha ho na le mokhoa o potlakileng haholoanyane oa tsa maeto le puisano, ho bonahala eka lefatše lea nyenyefala. Sena se entse hore lihlopha tse fapa-fapaneng tsa bolumeli li atamelane haholoanyane. Ka hona, hangata ho buuoa ka bolumeli hore bo ama bophelo ba batho libakeng tsohle.
2 Le mosebetsi oa rōna oa boboleli o amehile. Ha e sa le ntho e makatsang ho teana le batho ba bolumeli boo re sa bo tloaelang.
3 E le ho re thusa hore re be le kutloisiso e hlakileng haholoanyane ea malumeli a mang le semelo sa ’ona sa histori, re fuoe buka Moloko oa Batho o Batla Molimo. E arabela lipotso tse makholo-kholo tse amanang le litumelo tsa sehlooho tsa malumeli a maholo a lefatše. Re tla be re sebelisa buka ena tšebeletsong ea rōna khoeling ea June. Re ka totobatsa lihlooho life thusong ee ea bohlokoa ho khothalletsa batho ba pelo li ntle hore ba ithute ka ho eketsehileng ka Molimo?
4 Potso e ’ngoe ea bohlokoa e tšohloang bukeng ena eohle ke e reng: Na motho o na le sephefumolohi se pholohang lefu e be se tsoela pele se phela bophelong ba ka morao ho lefu? Ka mokhoa ona kapa oane, e batla e le bolumeli bo bong le bo bong bo rutang khopolo eo. Lipotso tse ling tse tšohloang bukeng ena ke: Na ho na le sebaka se bitsoang lihele seo liphefumolohi li hlokofatsoang ho sona? Tšepo ea ’nete ke efe bakeng sa bafu? Na ho na le Molimo o le mong, kapa na ho na le melimo e mengata? Ho ka lebisoa tlhokomelo lipotsong tse ho maqephe 17-18 bukeng ena. Esita leha u buisana le motho ea sa lumeleng hore Molimo o teng kapa ea nahanang hore Molimo o ke ke oa tsejoa, lipotso 4 le 5 li ka ’na tsa hapa tlhokomelo ea hae ’me mohlomong tsa fella ka moqoqo o hahang.
5 Ho hlokahala hore moloko ’ohle oa batho o batle Molimo ’me o batle kamohelo ea oona hona joale. Liketsahalo tsa lefatše li bontša hore Harmagedone e atamela ka potlako. Ke nako ea ho nka khato ka cheseho. Re na le tokelo e kaakang ea ho khothalletsa ba bang hore ba batle Jehova hona joale, ha a sa ntsane a fumanoa! (Esa. 55:6, 7) Buka Moloko oa Batho o Batla Molimo e thusa batho joang ha ba batla Molimo? E fana ka boitsebiso bo susumetsang maikutlo bakeng sa batho ba limelo tse fapa-fapaneng. Ka mohlala, serapa 26 ho leqephe 297 se bontša Mamosleme hore Bokreste ba ’nete ha bo rute thuto ea Boraro-bo-bong. Hlokomela kamoo serapa 43 ho leqephe 229 se ka ’nang sa tsosa thahasello ea Bajode mabapi le tšebeliso ea lebitso la Molimo.
6 Re na le mabaka a mangata a ho nehelana ka buka ena ka mafolo-folo. Haeba re tseba litaba tsa eona tse ka hare hantle, re tla fumana monyetla oa ho tsosa thahasello ea batho ba pelo li ntle ba limelo tse ngata tsa bolumeli. E se eka re ka bontša cheseho bakeng sa tšebeletso ena.
7 Jehova ke Molimo o fanang ka seatla se bulehileng le o mohau. Memo ea hae ea hore re ithute ka eena ke e thabisang hakaakang! Ho ka ’na ha etsahala hore ho be le ba eketsehileng ba tla fetoha barorisi ba Jehova. Ka June, ka thuso ea buka Moloko oa Batho o Batla Molimo, re tla khona ho thusa batho ba bangata ho Bokreste-’mōtoana haesita le ba limelo tseo e seng tsa Bokreste le tse sa tšabeng Molimo hore ba qale ho rapela Jehova “ka moea le ka ’nete.” (Joh. 4:23, 24) E se eka re ka tiisetsa hore re batle batho ba batlang ’nete ’me re matlafatse kamano ea bona le Molimo oa ’nete. O ka fumanoa!