Sebelisa Limakasine Hamolemo
1 Ha u ile moo ho rekisoang likoranta, u bona ho tekiloe limakasine tse ngata ho tloha ho lingoliloeng tsa lipale tse tšehisang ho ea ho tsa theknoloji ea saense. U ke ke ua li bala kaofela. Le hoja limakasine tse ling li e-na le boitsebiso bo molemo, tse ngata lia belaetsa. Tse ngata li bontša boitšoaro bo hlephileng ’me ho hlokahala hore re li qobe.
2 Li fapane hakaakang ha li bapisoa le Molula-Qhooa le Tsoha! Limakasine tsena li etselitsoe ho batlisisa le ho phatlalatsa ’nete e ka sebelisoang bakeng sa polokeho ea bohle ba arabelang leratong la Molimo.
3 Tsoha! e ka fihla ho batho bohle ka katleho ka baka la ho pharalla ha litaba tsa eona le lihlooho tsa eona tse fapa-fapaneng. Joalokaha ho hlalositsoe ho leqephe 4 la tokollo ka ’ngoe, e “beha lelapa lohle leseling.” E na le lihlooho tse buang ka litaba tse fapa-fapaneng, tse kopanyelletsang batho, bolumeli, le saense. Ea phenyekolla ’me e supa ho se hlileng se boleloang ke liketsahalo tsa kajeno. Ka holimo ho tsohle, e “etsa hore batho ba tšepe litšepiso tsa ’Mōpi mabapi le lefatše le lecha la khotso le tšireletseho.”
4 Tokollo ea October 8 ea Tsoha! e na le sehlooho “U ka Hlōla Maikutlo a Fosahetseng.” Bophelo ba batho ba bangata bo ’nile ba senngoa ke maikutlo a joalo. Ho nehelana ka makasine ona ka ho totobatsa keletso e tšelisang ea Bibele ho ka etsa hore batho ba arabele hantle. Ha e le ka tokollo ea November 8, re lokela ho etsa hore batho ba re mamele ka ho lebisa tlhokomelo lintlheng tse tšelisang tse letotong “Lefatše le Lecha le Khotsofatsang Bohle.”
5 Molula-Qhooa o ipakile e le ’muelli ea tummeng lefatšeng oa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le mahlohonolo a Paradeise ao o tlang ho a tlisa. Tokollo ea October 1 e tla araba potso e fatisisang, “Na Ruri Moloko oa Batho o Hloka Messia?” Sena se tla re fa monyetla o motle oa ho bua ka tšepo ea rōna ea ’Muso. Boitsebiso mabapi le “Ho Tobana le Phephetso ea Bophelo ba Lelapa Kajeno,” bo leng tokollong ea October 15, bo tla re thusa ho qalisa moqoqo le litho tsa lelapa tse laba-labelang ho fumana phomolo likhatellong tse ngata tsa bophelo.
6 Re batla hore batho ba thahasellang ka tieo ba fumane lingoliloeng tsena ka mehla. Ha u bua ka melemo e mengata ea limakasine tsena, leka ho tsosa thahasello ea mong’a ntlo limakasineng. Bontša boikutlo bo botle ha u nehelana ka peeletso ho e mong le e mong. Ha motho a sa etse peeletso, nehelana ka limakasine tse peli, u bolele hore u tla khutla ka mor’a libeke tse peli u tlisitse litokollo tsa morao-rao. Ka tsela ena u ka qalisa tselana ea ka mehla ea limakasine. Moo batho ba hlōlehang ho etsa peeletso ea selemo se le seng, ke hobane’ng ha u sa buelle peeletso ea likhoeli tse tšeletseng?
7 Re ka buella lingoliloeng tsa rōna ho batho bohle, kaha re kholisehile hore li bohlokoa haholo. Re na le se molemo, ’me re bontša hore re tšoana le Kreste ha re se abelana le ba bang.—Liprov. 3:27; Ba-Heb. 13:16.