Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/92 leq. 1
  • Thusa Bana Hore ba Sebeletse Jehova ho Tsoa Pelong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thusa Bana Hore ba Sebeletse Jehova ho Tsoa Pelong
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Batsoali—Koetlisetsang Bana ba Lōna ho Bolela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Bacha—Thabisang Pelo ea Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ho Tloha Boseeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 10/92 leq. 1

Thusa Bana Hore ba Sebeletse Jehova ho Tsoa Pelong

1 Salomone o ile a bolela hore “bara ke lefa le tsoang ho Jehova.” (Pes. 127:3-5, NW) Ka sebele ke lefa la bohlokoa ka ho fetisisa. Batsoali ba na le boikarabelo boo ba bo filoeng ke Molimo ba ho ruta, ho koetlisa, le ho laea bana ba bona. Sena se kopanyelletsa ho ba koetlisa tšebeletsong, ho khothalletsa bana hore ba bue ho tsoa pelong ka Jehova le ka ’Muso.—Ba-Ef. 6:4.

2 Batsoali ba lokela ho qala koetliso ee ha bana ba le lilemo li kae? Karabo ea Bibele e hlakile: E lokela ho ba ho tloha boseeng. (2 Tim. 3:14, 15) Ha koetliso e qala bana ba sa le banyenyane, ho ka etsahala hore bana ba be le motheo o tiileng oa ’nete ’me ba etse hore tšebeletso e be mosebetsi o ba tlammeng. Koetliso ena e etsoang ba sa le banyenyane e tla boetse e ba sireletse likhopolong le maikutlong a lefatše.

3 Bana ba bangata ba seng lilemong tsa ho kena sekolo ba bontšitse hore ba khona ho tseba mesebetsi e thata. Matla ana a ho ithuta ba sa le banyenyane a lokela ho sebelisoa ho ba koetlisetsa ho etsa mesebetsi e tla ba tlisetsa kamohelo ea Jehova. (wSU88 8/1 leq. 15; wSU89 12/1 leq. 31) Bana ba bangata ba banyenyane ba entse tsoelo-pele ho fihlela ba fetoha bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Bana ba bang baa inehela ’me ba kolobetsoa pele ba kena lilemong tsa bocha. Sena se ba buletse monyetla oa hore ba sebeletse e le bo-pula-maliboho ba thusang esita le ba ka mehla pele ba qeta sekolong. E le hore ba finyelle lipakane tsena, ho hlokahala hore ba rutoe ho buisana le batho ka lihlooho tse fapa-fapaneng tsa Bibele.

4 Batho ba bang ba baholo ba sekametseng ho nka bacha ba kajeno ka kakaretso e le ba sa nahaneleng le ba se nang tlhompho ba ka ’na ba se thahaselle ho buisana le mocha ea ba etelang. Mohoeletsi e mocha a ka re’ng ha a ea ka ntlo le ntlo ho hlōla tšitiso e joalo le ho hapa tlhokomelo ea mong’a ntlo? Mohoeletsi e mong e mocha o ile a re: “Lumela, lebitso la ka ke ________. Ke etela baahisani ba ka kajeno hobane batho ba bangata ba amehile ka bokamoso. Joaloka motho e moholo, ka sebele u na le phihlelo e fetang ea ka litabeng tsa bophelo. Leha ho le joalo, lengolo ke lena le re tšelisang kaofela.” Ka mor’a ho bala Tšenolo 21:3, 4, moqoqo o ka lebisoa pampitšaneng Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso.

5 Tlhahiso e ’ngoe ke hore: “Lumela, lebitso la ka ke ________. Ke etela batho ba sebaka sena hobane ke tseba hore batho ba bangata ba baholo ba amehile ka tsela eo ho bonahalang eka bacha baa e latela kajeno. Ka linako tse ling bacha ba bonahatsa boikutlo bo bontšang ho hloka tlhompho, esita le ba bofetoheli. Empa ke arolelana le batho ba bang lengolo le bontšang kamoo ka tsatsi le leng batho bohle ba tlang ho ithuta ho phelisana ka khotso.” Ebe u bala Pesaleme ea 37:11 ’me u e hlalose ka ho loketseng. Ha beng ba matlo bao e leng batho ba baholo ba utloa lipolelo tse joalo tse tiileng tse etsoang ke bahoeletsi ba bacha, ka sebele ba bangata ba bona ba tla thabisoa ke seo.

6 Bahoeletsi ba bacha ba likete ba tsoela pele ho etsa tlatsetso e ntle boboleling ba ’Muso le mosebetsing oa ho etsa barutuoa. Ke ho loketseng ho ba babatsa ka mofuthu. Bacha ba koetlisitsoeng ho tloha boseeng ke batsoali ba tšabang Molimo ba arabela hang-hang khothalletsong e tiileng ea hore ba sebeletse ho ba le karolo e tletseng haholoanyane litšobotsing tsohle tsa tšebeletso. Ba ntseng ba le sekolong ba na le monyetla o ikhethang oa ho pakela liithuti-’moho le bona le matichere ka ho tšoanang. Ba bangata ba thabetse liphihlelo tse monate ha ba paka tšimong ena e khethehileng.

7 Kahoo thusang bahoeletsi ba banyenyane phuthehong ea habo lōna hore ba sebelise hamolemo monyetla oa ho sebeletsa Jehova ka matla a bocha, ba mo rorise ho tsoa pelong.—Moek. 12:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela