Liboka Tsa Tšebeletso Tsa October
Beke e Qalang ka October 5
10 mets: Litsebiso tsa phutheho, Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, le lintlha tse khōlō ho tsoa ho Litaba tsa Puso ea Molimo. Bua ka lihlooho tse hlahelletseng ho tsoa limakasineng tsa morao-rao; etsa pontšo e le ’ngoe kapa tse peli ho bontša kamoo li ka buelloang ka mor’a puisano ea Mangolo.
15 mets: “Sebelisa Limakasine Hamolemo.” Lipotso le likarabo. Khothalletsa baena hore ba buelle lipeeletso ho bohle bao ba teanang le bona ka October. Ha le buisana ka serapa 6, fana ka litlhahiso tsa kamoo ho ka qalisoang tselana ea limakasine: Sebelisa katamelo e bonolo, e tobileng; boloka tlaleho e ntle ea ntlo le ntlo; tsosa thahasello litokollong tse tlang ka ho bolela lihlooho tse tlang; botsa lipotso tse arabeloang ke lihlooho tseo; tiisa hore u khutlela ka mor’a libeke tse ling le tse ling tse peli.—kmSU 7/84 leq. 8.
20 mets: Ho khanna Thuto ea Buka ea Phutheho ka buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa. Mokhanni oa Thuto ea Buka ea Phutheho o sebelisa sehlopha sa bahoeletsi ba banè kapa ba bahlano ho etsa pontšo ea kamoo thuto e lokelang ho khannoa ka teng. Pontšo ena e lokela ho lokisetsoa hantle ’me e etsoe ho latela litaelo tse boletsoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September. Sebelisa khaolo 11 ea buka Motho e Moholo. Bontša kamoo mangolo a nang le litemana tse ngata a ka aroloang ka teng e le hore li ka baloa ke batho ba eketsehileng kapa ho totobatsa likarolo tsa sehlooho haeba nako e sa lumelle hore ho baloe litemana kaofela. Mokhanni a ka ’na a akhela litlhaloso tse khutšoaane ho bamameli ho ba bontša mokhoa o sebelisoang. E mong le e mong ea bang teng o lokela ho ba le buka ea hae.
Pina 63 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka October 12
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea khoeli le khoeli ea lichelete; fana ka pabatso e thehiloeng ho 2 Ba-Korinthe 9:6, 7. Mema bahoeletsi ba lokiselitseng hore ba phete liphihlelo tse monate tseo ba bileng le tsona ha ba nehelana ka limakasine le lipeeletso ka October.
15 mets: “E-ba le Kenyelletso e Susumetsang.” Fana ka puo e bontšang kamoo ho ka lokisetsoang linehelano ho sebelisoa lihlooho tse bontšitsoeng limakasineng tsa October. Lokisetsa hore bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba atlehang ba etse pontšo ka litlhahiso tse boletsoeng; kenyelletsa le nehelano e le ’ngoe e etsoang ke mohoeletsi e monyenyane.
20 mets: “Bontša Kameho ka Batho ba Thahasellang.” Buisana le bamameli. Ha le buisana ka serapa 2, bua ka lintlha tse khethiloeng ho tsoa ho Molula-Qhooa oa December 15, 1981, maqephe 4-6, tse bontšang kamoo re ka etsisang Jesu ka ho bontša kameho ka ba bang. Kopanyelletsa le litlhaloso tsa kamoo ho ka tlatsoang tlaleho ea ntlo le ntlo le kamoo e lokelang ho sebelisoa ho latella thahasello. Etsa pontšo e khutšoaane ka tlhahiso e le ’ngoe. Ka mor’a hore mohoeletsi ea atlehang a etse pontšo ka mokhoa o hlahisitsoeng, mema bamameli hore ba fane ka mabaka ao mokhoa oo e leng tsela e atlehang ea ho qalisa lithuto tšimong ea lōna.
Pina 88 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka October 19
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlalosa ka bokhutšoaane tsela ea ho tlatsa maqetšoana a lipeeletso, ’me u tsebise phutheho moena kapa baena ba abetsoeng ho sebetsana le lipeeletso.
20 mets: “Thusa Bana Hore ba Sebeletse Jehova ho Tsoa Pelong.” Puisano le bamameli. Hatella tlhokahalo ea hore batsoali ba phethe boikarabelo ba bona ba ho beha mohlala le ho koetlisa bana ba bona tšebeletsong. Mema motsoali a le mong kapa ba babeli hore ba bolele hore na ba entse eng e ileng ea ba le liphello tse ntle. Etsa pontšo ea kamoo motsoali a ileng a thusa ngoana ka teng hore a lokisetse puisano ea Bibele eo a tla e sebelisa tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Qetella ka hore mocha a etse pontšo ka puisano e le ’ngoe ho tse hlahisitsoeng.
20 mets: “Kopano ea Setereke ea ‘Bajari ba Leseli’ ea 1992”—Karolo 1. Puisano le bamameli ka lirapa 1-12. Bahoeletsi ba ka buisana ka lintlha tse loketseng le liithuti tsa bona tsa Bibele tse tla ea kopanong. Hopotsa phutheho hore na e tla ea kopanong efe ’me u manehe lengolo (la May 2, 1992) lematjaneng la litsebiso.
Pina 221 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka October 26
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bua ka mpho ea November, Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Khothalletsa bahoeletsi hore ba iphumanele mpho ea khoeli ’me ba ikemisetse ho e buella ka Sontaha, November 1. Khothalletsa bohle ho nahanela bopula-maliboho bo thusang ka November kapa December hobane hangata linako tsa phomolo li fana ka nako e eketsehileng.
15 mets: “Kopano ea Setereke ea ‘Bajari ba Leseli’ ea 1992”—Karolo 2. Puisano le bamameli ka lirapa 13-18 le ho ikhopotsa hakhutšoaane ka “Likhopotso tsa Kopano ea Setereke” haeba nako e lumela. Kopanyelletsa le likhopotso tse loketseng tse thehiloeng boitsebisong bo ho Molula-Qhooa oa June 15, 1989, maqephe 10-20. Khothalletsa lihlopha tsa malapa hore li ikhopotse lintlha tse leng lihloohong tsena pele li ea kopanong.
10 mets: Lebokose la Lipotso. Puisano le bamameli. Hatella lebaka leo ho leng bohlokoa ka lona hore bana ba be le botumo ba boitšoaro bo botle le takatso e tiileng ea ho kopanela tšebeletsong ea tšimo e le hore ba ka tšoaneleha ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang.
10 mets: “Eketsa Karolo ea Hao Kabong ea Limakasine.” Puisano ka molebeli oa tšebeletso, a khothalletse phutheho ka mofuthu hore e tšehetse litokisetso tsohle tsa limakasine, haholo-holo ka Meqebelo. Hlahloba kabo ea limakasine e entsoeng ke phutheho likhoeling tse ’maloa tse fetileng. Thusa bohle hore ba amehe ka limakasine le hore ba ipehele pakane ea botho.
Pina 111 le thapelo e koalang.