Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 12/1 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Thusa ba Bang ho Rapela Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Baboleli ba Molaetsa oa ’Muso oa Molimo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Rutang Bana ba Lōna ho Rorisa Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 12/1 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Ka baka la boitsebiso bo bocha bo mabapi le batho ba sa kolobetsoang ba qalang ho ea tšebeletsong ea phatlalatsa, na seithuti sa Bibele se ka ’na sa memeloa ho tsamaea le rōna ka nakoana hore se bone hore na mosebetsi o etsoa joang?

Ha e le hantle, batho ba sa kolobetsoang ba tsamaeang le Lipaki tsa Jehova tšebeletsong ea tšimo ke batho ba tšoanelehang ho ba bahoeletsi ba litaba tse molemo.

Boholo ba batho bao re ba etelang ba hlonepha Lipaki tsa Jehova ka baka la mosebetsi oa tsona o ikhethang le o motle oa ‘ho etsa barutuoa, ho ba ruta’ ka ntlo le ntlo le ka lithuto tsa Bibele tsa lehae. (Mattheu 28:19, 20, NW) Joale, batho bao re ba etelang ba ne ba tla fihlela qeto efe ka motho ea tsamaeang le Paki tšebeletsong ee? Hoa utloahala hore ba ne ba tla fihlela qeto ea hore motho eo ea tsamaeang le Paki le eena ke mosebeletsi kapa o haufi haholo le ho ba eena.

Rea lumela hore motho a ka ’na a hopola mekhelo e seng mekae.

Maemong a mang a tlang seoelo baholo ba tšoanelehang ba ’nile ba lumella motlalehi oa litaba, moprofesa oa koleche, kapa e mong ea joalo ho tsamaea le Paki tšebeletsong ea ntlo le ntlo hore a bone hore na e etsoa joang. Ho hlakile hore ponahalo ea motho eo le liketso tsa hae maemong a joalo ha lia lokela ho ba khahlanong le litekanyetso tsa rōna. Hape Paki e ka ’na ea rata ho bolella beng ba matlo hore motho eo ea tsamaeang le eona ke motlalehi kapa moprofesa ea thahasellang ho bona kamoo re etsang mosebetsi oa rōna oa bohlokoa oa Bibele ka teng.

Hape, batsoali ba Bakreste ba tla le bana ba bona tšebeletsong esita le haeba bana bana ba sa le banyenyane haholo kapa ka mabaka a mang ba e-s’o lokele ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Ka hona batsoali bana ha ba siee bana ba bona ba hlokomolohiloe. Ho ea le bona tšebeletsong ea tšimo ho fa batsoali monyetla oa ho bua le bana ba bona ka Lentsoe la Molimo le litsela tsa oona ha ‘ba le tseleng ba tsamaea.’ (Deuteronoma 6:4-7) Empa ena ke tšobotsi e ’ngoe ea bophelo ba lelapa la Bakreste, hase taba ea ha Paki e e-tla le motho e mong e le moshebelli feela. Ho hlakile hore koetliso e joalo ea botsoali e lokisetsa bana nako ea ha ba tla khona ho rorisa Jehova e le bahoeletsi.—Mattheu 21:15, 16; bapisa le Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, maqephe 99, 100.

Empa, ho thoe’ng ka motho eo Paki e mo khannelang thuto ea Bibele, motho ea leng tseleng ea ho fetoha morutuoa? O na le lebaka le letle la ho bolella beng ka eena, basebetsi-’moho, baahisani, le ba bang ka “limakatso tsa Molimo” tseo a ithutileng tsona ka Mangolong. (Liketso 2:11) Rea tšepa hore ho tla fihla mothati oo ho oona a tla bona tlhokahalo ea ho kopanela le Lipaki tsa Jehova litokisetsong tse hlophisitsoeng tsa ho “bolela lentsoe la Molimo.”—Liketso 13:5.

Molula-Qhooa o sa tsoa hlakisa mehato e tšoanetseng ho nkoa pele seithuti se joalo se ikopanya le Lipaki tsa sebaka seo tšebeletsong, se fetoha mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Hoa utloahala hore se lokela ho ba le tsebo ea motheo ea Bibele, se lokela ho utloisisa le ho lumellana le litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro, ’me se lokela hore ka bosona se be le takatso ea ho kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa le Lipaki tsa Jehova. Kahoo baholo ba babeli ba phutheho ba ka ba le puisano e thusang le e khothatsang ea lintlha tse joalo le sona le Paki e ithutang Bibele le sona.a Sena se lokela ho etsoa pele seithuti seo sa Bibele se memeloa ho tsamaea le mohoeletsi tšebeletsong ea tšimo hore se fumane koetliso e tsoelang pele.

Hoa utloahala hore ha seithuti se tšoaneleha ho ea tšebeletsong ea tšimo ’me se qala ho etsa joalo, ka makhetlo a seng makae se ka ’na sa batla ho tsamaea le mohoeletsi ho ithuta kamoo mosebetsi oa ho bolela o hlileng o etsoang ka teng. Mosebeletsi ea tsamaeang le sona a ka ’na a fana ka koetliso e itseng butle-butle, e kang ho se kōpa hore ka nakoana se mo thuse ho bala mangolo, e be ka mor’a nako o re se etelle pele ho pakela mong’a ntlo. Ka hona, se ka fana ka tlaleho ea sona ea pele ea tšebeletso ea tšimo ha se se se hlile se kopanela ho faneng ka bopaki tšebeletsong. Ho tsoela pele ha sona ho kopanela ka ho eketsehileng mosebetsing oo ho lumellana le mantsoe a Jesu: “Morutuoa ha a moholo ho moruti oa hae; empa morutuoa e mong le e mong ea phethehileng o tla ba joale ka moruti oa hae.”—Luka 6:40.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa lintlha tse qaqileng, bona Molula-Qhooa oa November 15, 1988, leqephe 17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela