Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/93 leq. 7
  • Ho Hlokomela Litlhoko tsa Moea tsa Lithōlō

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlokomela Litlhoko tsa Moea tsa Lithōlō
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ananela Bara le Barali Beno ba sa Utloeng Litsebeng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ho Mamela ka Mahlo a Hao
    Tsoha!—1998
  • Puo eo U e Bonang!
    Tsoha!—1998
  • Falimehelang ho Fumana Batho ba Litholo Tšimong ea Lōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 11/93 leq. 7

Ho Hlokomela Litlhoko tsa Moea tsa Lithōlō

1 Lenane le eketsehang la batho bao e leng lithōlō le ntse le huleloa ho Molisa ea Molemo ’me le kena kamanong ea boinehelo le Jehova Molimo. (Joh. 10:3, 11) Ba bang ka phuthehong, haholo-holo baholo, ba lokela ho falimehela litlhoko tsa moea tsa baena le bo-khaitseli ba rōna bao e leng lithōlō.

2 Ho Finyella Litlhoko tsa Lithōlō: Ho etsoa litokisetso tsa ho toloka liboka tsa phutheho puong ea matsoho hohle moo ho fumanehang litoloko tse tšoanelehang. Haeba ho se motho ea tsebang puo ea matsoho phuthehong, ho ka ba molemo ho lebisa batho bao e leng lithōlō phuthehong e haufi e ka fanang ka tšebeletso ena. Ha e le hantle, haeba tokisetso e joalo e le sieo sebakeng sa lōna, ho ka ’na ha etsahala hore ho abeloe bahoeletsi ka ho fapanyetsana ho lula haufi le lithōlō le ho abelana lintlha tse khōlō tseo ho buisanoang ka tsona.

3 Litokisetso tsa Potoloho le Phutheho: Litokisetso tsa ho toloka puo ea matsoho likopanong tsa potoloho le likopanong tsa matsatsi a khethehileng li etsoa ke molebeli oa potoloho. Moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ea tšoanelehang a ka khethoa e le mohokahanyi. Baena le bo-khaitseli ba tšoanelehang ba behang mohlala o motle ba ka abeloa ho kopanela ho tolokeng lenaneo la kopano. Molao-motheo o tšoanang o ka lateloa phuthehong, ha tiisoa hore litlhoko tsa lithōlō li hlokomeloa ka ho loketseng.

4 Ho ka ba molemo hore lithōlō li lule moo li ka bonang batoloki le sethala ka nako e tšoanang. Sena se loketse libokeng tsa phutheho le likopanong tsa potoloho. Ho molemo hore libokeng tsa phutheho motoloki a lule fatše haeba lenane la lithōlō le fokola. Baholo ba khothaletsoa ho buisana le moena ea hōlileng eo e leng sethōlō, haeba ho khoneha, bakeng sa litlhahiso tse tobileng mabapi le tokisetso ea litulo.

5 Haeba motoloki ea tšoanelehang ea sebeletsang joaloka moholo kapa mohlanka ea sebeletsang a le teng ’me baena le bo-khaitseli bao e leng lithōlō ba lumela, baholo ba ka etsa qeto ea hore liboka tse ling kaofela li tšoaroe ka puo ea matsoho. Thuto ea Buka ea Phutheho e ka ba sona seboka sa pele sa beke le beke se ka lokisetsoang. Haeba phutheho e ka rata ho tšoara seboka leha e le sefe sa tse ling tse hlano tsa beke le beke ka puo ea matsoho kapa ka puo leha e le efe ka ntle ho (li)puo tsa sehlooho tse sebelisoang phuthehong, baholo ba lokela ho tsebisa Mokhatlo ka takatso ea bona.

6 Le hoja puisano pakeng tsa lithōlō le batho ba utloang e ka ’na ea hloka boiteko bo khethehileng ho lihlopha tsena tse peli, litho tsohle tsa phutheho li lokela ho ikitlaetsa ka matla ho tloaelana e le hore ho be le ho khothatsana ha sebele. (Ba-Heb. 10:24) Moea ona har’a baena o tla etsa hore bohle ba bacha ba ikutloe ba amohelehile.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela