Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/93 leq. 1
  • Thusa Liithuti tsa Bibele ho Lokisetsa Thuto ea Tsona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thusa Liithuti tsa Bibele ho Lokisetsa Thuto ea Tsona
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Mokhoa oa ho Etsa Barutuoa ka Buka ea Tsebo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Thusa Batho Bao U Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 11/93 leq. 1

Thusa Liithuti tsa Bibele ho Lokisetsa Thuto ea Tsona

1 Liithuti tsa Bibele tse lokisetsang thuto ea tsona beke le beke li bontša thahasello ea sebele thutong ’me hangata li hatela pele ka potlako moeeng ho feta tse sa lokisetseng. Mohlomong ka linako tse ling seithuti hase lokisetse hobane hase tsebe kamoo ho lokisetsoang ka teng. Ho ka ’na ha hlokahala hore u se rute mokhoa oa ho lokisetsa. Sena se ka etsoa joang?

2 Ho tloha qalong feela, sebelisa nako e fokolang ho tiisa hore seithuti se utloisisa hore ho lokisetsa ho kopanyeletsa thuto ea botho. Le hoja batho ba bangata ba tseba ho bala, ha baa rutoa mokhoa oa ho ithuta. Maqephe 33-44 ho Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo a fana ka litlhahiso tse ngata tse molemo tseo u ka tsebang ho li fetisetsa ho seithuti ha ho hlokahala.

3 Bontša Seithuti Bohlokoa ba Thuto: U ka bontša seithuti buka ea hao ea ho ithuta moo u tšoaileng kapa u thalletseng mantsoe le lipoleloana tsa sehlooho. Se bontše kamoo ho habanya feela likarolo tse tšoailoeng ho ka se hopotsang likhopolo tseo ho ka bang bonolo ho li hlalosa ka mantsoe a sona. Kahoo se ke ke sa lekeha hore se bale likarolo tsohle ho tsoa bukeng ha se arabela lipotso. Koetliso e nepahetseng boemong bona e tla se thusa ho fana ka litlhaloso tse nang le moelelo hamorao libokeng tsa phutheho. Litlhaloso tsa sona li tla bontša kananelo boitsebisong bo ithutoang le botebo ba kutloisiso ea sona.

4 Se Rute ho Sebelisa Bibele: Ho hlokahala hore seithuti se ithute ho fumana litemana tsa mangolo a bontšitsoeng boitsebisong bo ithutoang. Ha se tseba ho etsa joalo ka katleho, se tla ananela haholoanyane hore ka sebele ke seithuti sa Bibele. Le hoja qalong ho ka hlokahala hore se sebelise lethathamo la libuka tsa Bibele tse leng karolong e ka pele ea Bibele, se lokela ho khothaletsoa ho itloaetsa tatellano ea libuka tsa Bibele tse 66. Ha se phetla le ho bala temana ea lengolo, se thuse ho khetholla karolo e tšehetsang ntlha e tšohloang serapeng seo ho buisanoang ka sona ’me se se ke sa sitisoa ke likarolo tse sa amaneng ka ho tobileng le lintlha tse ithutoang ka nako eo.

5 Ha seithuti se ntse se hatela pele, se khothaletse ho bala Bibele ho tloha qalong ho isa qetellong. Hatisa hore Bibele eohle ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le hore Bakreste ba ’nete ba lokela ho feptjoa ka lona moeeng.—Matt. 4:4; 2 Tim. 3:16, 17.

6 Kenyeletsa Likhatiso tse Ling tsa Puso ea Molimo: Ha seithuti se hatetse pele ka ho lekaneng, se ka qala ho sebelisa likhatiso tse ling tsa puso ea Molimo. Ka bohlale, se khothaletse ho talima boitsebiso bo eketsehileng likhatisong tsa Mokhatlo tseo se tla tloaelana le tsona ha se ntse se e-ba teng libokeng tsa phutheho. Se rute kamoo se ka sebelisang litšobotsi tse khethehileng tsa New World Translation, tse kang “Bible Words Indexed.” Ha se qala ho iketsetsa laebrari ea sona ea puso ea Molimo, se bontše kamoo Comprehensive Concordance, Ho Bea Mabaka ka Mangolo, Index le meqolo ea Insight li sebelisoang ka teng.

7 Haeba re ruta liithuti tsa Bibele kamoo li ka lokisetsang thuto ea tsona ea Bibele, re tla li hlomella hamolemo ho hatela pele ’neteng joaloka liithuti tsa Bibele tse atlehileng esita leha thuto ea tsona ea lehae ea Bibele e se e khaolitse.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela