Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/93 leq. 2
  • Liboka tsa Tšebeletso tsa November

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka tsa Tšebeletso tsa November
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka November 1
  • Beke e Qalang ka November 8
  • Beke e Qalang ka November 15
  • Beke e Qalang ka November 22
  • Beke e Qalang ka November 29
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 11/93 leq. 2

Liboka tsa Tšebeletso tsa November

Beke e Qalang ka November 1

Pina 5

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Babatsa bahoeletsi ka karolo eo ba nang le eona mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso.

10 mets: “Litoro,” buka ea Ho Bea Mabaka, maqephe 262-3. E fanoe e le puisano le seithuti sa Bibele. Seithuti se botsa hore na ho bohlale ho tataisoa ke litoro tsa rōna. Bua ka kotsi ea sena, kamoo se ka etsang hore re be liphofu tsa menahano ea lefatše le mademona. Bontša bohlokoa ba ho tataisoa ke melao-motheo ea Lentsoe la Molimo.

10 mets: Litlhoko tsa phutheho kapa “Puisano—Hase Feela ho Bua.” Puo e thehiloeng lihloohong tsa Molula-Qhooa oa August 1, 1993, maqephe 3-8.

15 mets: “Bohlokoa ba Bibele Lefatšeng la Kajeno.” Puisano mahareng a molebeli oa tšebeletso le mohoeletsi ea lakatsang ho ntlafatsa tsebo ea hae mosebetsing oa ntlo le ntlo. Ka mor’a ho buisana ka serapa 3, molebeli oa tšebeletso o kōpa mohoeletsi ho leka ho sebelisa tlhahiso e fanoeng ’me molebeli oa tšebeletso a sebeletsa joaloka mong’a ntlo. Ka mor’a ho buisana ka serapa 4, molebeli oa tšebeletso o nehelana ka tlhahiso e fanoeng ho mohoeletsi. Khothaletsa phutheho ho thusa ba thahasellang le liithuti tsa Bibele ho ananela bohlokoa ba New World Translation.

Pina 52 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka November 8

Pina 7

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Etsa pontšo ea ho nehelana ka limakasine tsa morao-rao, tse tšohlang sehlooho se ka sebelisoang tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana. Lebisa tlhokomelo sehloohoaneng “Khoeli e Khethehileng Bakeng sa Tšebeletso ea Tšimo” kenyelletsong, ’me u meme bohle hore ba nahane ka botebo ka monyetla oa ho eketsa tšebeletso ea bona ea tšimo ka December joaloka bo-pula-maliboho ba thusang kapa ka ho sebetsa le bo-pula-maliboho.

15 mets: “Buka e Fanang ka Tataiso ea ’Nete.” Sehlooho se akaretsoe ka lipotso le likarabo. Etsa pontšo ea leeto la ho boela e bontšitsoeng serapeng 3. Khothaletsa bohle ho chesehela bohlokoa bo sebetsang ba Bibele ha ba buisana le batho mosebetsing oa ntlo le ntlo le ho etseng maeto a ho boela.

20 mets: “Bacha—Thabisang Pelo ea Jehova.” Moholo o buisana le bacha ba babeli kapa ba bararo ba kolobelitsoeng ka lirapa 1-18. Hatisa melemo eo bacha ba e kotulang ka mohlala oa bona o motle le bohlokoa ba lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa. . . .” Bala mangolo haeba nako e lumela.

Pina 80 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka November 15

Pina 73

10 mets: Litsebiso tsa phutheho, ho kopanyeletsa le tlaleho ea lichelete le liteboho tsa menehelo. Babatsa phutheho ka tšehetso ea chelete bakeng sa litlhoko tsa phutheho esita le Letlole la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso le mosebetsi oa Mokhatlo oa lefatše lohle. Bolela litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo matsatsing a tlang a phomolo ea lefatše.

15 mets: “Ho Hlokomela Litlhoko tsa Moea tsa Lithōlō.” Lipotso le likarabo. Haeba ho se na litho tsa phutheho tseo e leng lithōlō, bua ka ho se hlokomolohe batho bao e leng lithōlō ba fumanoang tšimong.

20 mets: “Bacha—Thabisang Pelo ea Jehova.” Lirapa 19-33 tsa kenyeletso li buisanoe ka lipotso le likarabo. Buisana le mocha a le mong kapa ba babeli. Ba botse kamoo phutheho e ba thusitseng khōlong ea bona ea moea.

Pina 90 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka November 22

Pina 74

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litaba tsa Puso ea Molimo. Khothaletsa ho sebelisoa ha limakasine bopaking mafelo-bekeng ana.

15 mets: “Thusa Liithuti tsa Bibele ho Lokisetsa Thuto ea Tsona.” Lipotso le likarabo. Bala lirapa haeba nako e lumela.

20 mets: “Na U Beha Mabaka ka Mangolo?” Se akaretsoe ka lipotso le likarabo ke moena ea atlehang mosebetsing oa ntlo le ntlo le oa maeto a ho boela. Ka mor’a ho buisana ka serapa 4, etsa pontšo kamoo mohoeletsi a hlalosang kapa a qotsa mangolo ka hlooho ha mong’a ntlo a tšoarehile. Ka mor’a pontšo, hatisa bohlokoa ba ho latela tlhahiso ena ha re ntse re ikitlaetsa ‘ho bolela lentsoe’ tšimong eo ka linako tsohle batho ba tšoarehileng kapa ba amehileng ka litaba tsa letsatsi le letsatsi tsa bophelo. (2 Tim. 4:2) Ka mor’a ho buisana ka serapa 6, e re mohoeletsi ea atlehang ho sebelisa buka Ho Bea Mabaka a phete kamoo a e sebelisang bopaking.

Pina 108 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka November 29

Pina 83

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothaletsa ba ka khonang ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka December.

15 mets: “Bibele—Tataiso e Sebetsang Bakeng sa Batho ba Kajeno.” Puo ka hlooho ea lelapa e thehiloeng sehloohong sa Molula-Qhooa oa May 1, 1993. Totobatsa hore ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ka matlafatsa boemo ba lelapa ba khotso le lerato. Fumana tlhaloso e le ’ngoe kapa tse peli tse lokiselitsoeng tse tsoang ho bamameli tse bontšang kamoo keletso ea Lentsoe la Molimo e ba thusitseng ka teng joaloka lelapa kapa motho ka mong.

20 mets: Ho Sebelisa Buka Motho e Moholo ho Thusa ba Kang Linku ka December. Puisano le bamameli. Botsa lipotso tse kang: Ke tlaleho efe e le ’ngoe ka tšebeletso ea Jesu kapa litšebelisano tsa hae le ba bang e le khahlileng haholo? Ke hobane’ng ha tlaleho ena e le khahlile? Khatiso ena e bile le bohlokoa bofe ho uena? Ke’ng seo le ithutileng sona ka Jehova ka ho ithuta eona? Ke (li)ntlha efe eo le e sebelisitseng ha le nehelana ka eona? E re mohoeletsi ea nang le phihlelo a etse pontšo ea ho nehelana ka buka eo. Khothaletsa bohle ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ka Sontaha.

Pina 94 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela