Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Jehova o Hlohonolofatsa ho Phehella
LIPAKI TSA JEHOVA li ikutloa li e-na le lerato le tebileng bakeng sa Jehova Molimo le boikarabelo ho batho ba bang, le ba susumetsang ho leka ho fa e mong le e mong monyetla oa ho utloa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mattheu 24:14) Ke ka baka leo khaitseli e mong a ileng a ikemisetsa ho bolella masole le malapa a ’ona kampong ea sesole tšimong ea habo.
Nako le nako ha a ne a leka, o ne a haneloa ho kena ke ofisiri ea sesole e ikarabellang. O bolela hore: “Ke ile ka etsa qeto ea ho kopana le ofisiri ea sesole, mokolonele. Ha ke letsetsa mongoli oa hae mohala, o ile a hana ho nkopanya le mokolonele. Ke ile ka rera ho etela mokolonele lapeng ha hae, hobane o ne a lula hōle le liahelo tsa sesole. Ha ke se ke ile, o ile a mpotsa moo ke tsoang teng. Ka lehlohonolo, ke hlahetse sehleke-hlekeng se senyenyane sa bohlokoahali Fiji. Ka hlompho o ile a mamela kōpo ea ka ’me a re o kile a utloa ka Lipaki tsa Jehova empa ha a e-so ho ka a hlalosetsoa ka mosebetsi oa rōna. Hona ha mpha monyetla o babatsehang oa ho mo pakela, ’me a amohela lithuso tse tharo tsa ho ithuta Bibele ho ’na. A mpolella hore ka Labobeli le tlang ka 9:00 hoseng ke be ke le ofising ea hae liahelong tsa sesole. Ha ke fihla le khaitseli e mong, balebeli ba ne ba se ba ntse ba lemositsoe ka ketelo ea rōna ’me ba re bolella hore re fuoe tumello ea ho bolela kampong moo. Molaoli oa balebeli a re: ‘Joale ke bolella liofisiri tsohle hore ka Labohlano menyako eohle e tla buleloa lōna, ’me esita leha re e-na le malumeli a fapaneng kaofela ha rōna, e ka ’na eaba ba lōna ke bona bo phatlalatsang temoso ea ’Muso oa leholimo le bofelo ba lefatše.’
Khaitseli o tsoela pele: “Ka Labohlano ha re fihla, koloi ea sesole e nang le sebuela-hōle e ile ea pota kampo e phatlalatsa hore: ‘Basali ba babeli ba hōlileng ba tla ba teng kampong ba le bolella temoso, ka hona, ka kōpo bulang menyako ea lōna ’me le ba mamele. Le tlohele ho etsa likhang le bona le ho fehla bora.’ Re ile ra sebetsa kampo ho tloha ka 8:30 hoseng ho isa ka 5:00 mantsiboea, ra tsamaisa libuka tse 100 le limakasine tse 200. Phello? Ho ile ha qalisoa maeto a mangata a ho boela le lithuto tsa Bibele.”
Ho na le phihlelo e thahasellisang e tsoang sehleke-hlekeng se seng sa Pacific Boroa seo haufinyane se sa tsoa buleloa mosebetsi oa boboleli ke bopula-maliboho ba khethehileng. Bo-pula-maliboho bana ba khethehileng ba hanyetsoa ke baetapele ba Kereke e Kopaneng. Nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho, ba ile ba tobana le bothata ba ho etsa leeto la ho boela, kaha ramotse, a susumelitsoe ke baetapele ba kereke, o ile a hanela Lipaki tsa Jehova ho kena motseng. Ha ba fihla, ramotse o ne a le sieo, ka hona ba etela motho ea khahlehang ’me ha fanoa ka bopaki bo botle. Ha ba tloha, sekeiti se seholo se ne se bonahala se ntse se atamela, ’me ka ho hlakileng se ne se e-na le khathatso ea enjene, kaha batho ba ne ba ntse ba se soka. E, e ne e le ramotse ha a fihla e se e le morao haholo ho tla thibela leeto la ho boela. Ha ba khutlela hae, bo-pula-maliboho ba bolella molebeli oa potoloho ka Senyesemane se nolofalitsoeng: “Ke nahana hore e ka ’na eaba lengeloi le ile la roba enjene ea hae.”
Ka hona Jehova o ile a hlohonolofatsa ho phehella ha baena bana ho mamela taelo ea hae ea ho bolela ‘litaba tsena tse molemo tsa ’muso.’