Thusang ba Bang Hore ba Ithuise Molemo
1 Jehova o tšepisa hore o tla re ruta seo ho hlokahalang hore re se tsebe. Ho Pesaleme ea 32:8 o re tiisetsa hore: “Ke tla u ruta, ke u bontše tsela eo u tšoanetseng ho ea ka eona; ke tla u lemosa ke ntse ke u talimile ka mahlo.” Ho kholisoa ka sena ho molemo haholo ho rōna. Re batla ho bontša ba bang re se na boithati kamoo ba ka ithuisang molemo kateng ka ho ela hloko keletso e bohlale e tsoang Bibeleng. (Esa. 48:17) Ka September re ka etsa sena ka ho tsamaisa buka ea Phela ka ho sa Feleng. Ha re etsa linehelano, ho na le litsela tse sa tšoaneng tseo ka tsona re ka bontšang bohlokoa bo sebetsang ba Bibele.
2 Ka lebaka la ngatafalo ea mathata a lelapa kajeno, u ka ’na ua khetha ho bua ka khopolo ena e tsoang bukeng ea “Phela ka ho sa Feleng”:
◼ “Batho ba bangata bao ke buisaneng le bona ba amehile haholo ka keketseho e khōlō haholo ea ho se thabe lenyalong le tlhalo. U ikutloa joang ka bothata boo? [Emela karabo.] Ba bangata ba hlōlehile ho hlokomela mabaka a sehlooho. Haeba banyalani ba etsa boiteko bo tiileng, hase feela hore ba tla boloka manyalo a bona empa hape ba ka fumana thabo ea sebele. Senotlolo sa katleho se tabeng ea ho sebelisa keletso e fumanehang ka Bibeleng.” Bala Ba-Efese 5:28, 29, 33. Phetla leqepheng la 243, bua ka lirapa tsa 16 le 17, ebe u tsamaisa buka.
3 Bana ba hloka nako e khethehileng le koetliso ho batsoali ba bona. Ha u buella buka ea “Phela ka ho sa Feleng,” u ka re:
◼ “Kaofela ha rōna re amehile ka katleho ea bokamoso ba bacha ba rōna. Ka maikutlo a hao, tsela e molemohali eo ka eona batsoali ba ka thusang bana ba bona ho fumana bokamoso bo sireletsehileng ke efe? [Emela karabo.] Mamela keletso ena e tsoang maeleng a Bibele a ngotsoeng lilemo tse ka bang 3 000 tse fetileng. [Bala Liproverbia 22:6.] Le hoja bana ba rōna ba ka rua molemo o moholo ka taeo eo ba e fumanang sekolong, koetliso ea bona ea bohlokoahali e fanoa lapeng ke batsoali ba bona. E hloka nako, tlhokomelo le lerato, empa e tšoaneloa ke boiteko.” Phetla leqepheng la 245, bua ka lirapa tsa 20 le 21, ebe u hlalosa kamoo buka e ka sebelisoang e le motheo oa thuto ea lelapa ea Bibele.
4 U ka ’na ua rata ho tsamaisa buka ea “Phela ka ho sa Feleng” ka ho bontša kamoo lefatše le tlang ho fetoha paradeise:
◼ “Kea tiisa hore u amehile ka seo bophelo ba hao bo tlang ho ba sona nakong e tlang. Thapelong ea Morena, Jesu o ile a re ruta ho rapella hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. Lefatše le tla ba joang ha seo se etsahala? [Emela karabo.] Mona ke kamoo moetsi oa litšoantšo a nahanang hore lefatše la paradeise le tla shebahala kateng. [Bontša setšoantšo se leng maqepheng a 12 le 13. Ebe u bala Esaia 11:6-9, e akarellelitsoeng serapeng sa 12.] Na ho ke ke ha hlolla ho phela lefatšeng le tjee? Buka ena e tla u bontša kamoo uena le lelapa la hao le ka phelang paradeiseng e tjena.”
5 Ho lokisetsa nehelano ea hao esale pele ke senotlolo sa ho atleha ha u le matlong. Pele u kokota, tiisa hore u na le ntho e tobileng eo u tlang ho e bua mabapi le khopolo ea Mangolo. Hape, ka kelellong e-ba le tlhaloso e khutšoanyane mabapi le tšobotsi e thahasellisang ea makasine kapa pampitšana eo u rerileng ho e tsamaisa haeba buka e hanoa. Sebelisa monyetla o mong le o mong oo u nang le oona oa ho jala peō ea ’nete ea ’Muso ka September. (Moek. 11:6) U tla be u thusa ba bang hore ba kotule melemo ea ka ho sa feleng.