Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • fy khao. 1 maq. 4-12
  • Na ho na le Lekunutu la Thabo ea Lelapa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho na le Lekunutu la Thabo ea Lelapa?
  • Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LELAPA KE ENG?
  • LELAPA LE TLAS’A KHATELLO
  • LEKUNUTU LA THABO EA LELAPA
  • Phehella Khotso ea Bomolimo Bophelong ba Lelapa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Thabela Bophelo ba Lelapa
    Thabela Bophelo ba Lelapa
  • Lelapa—Ke Seo Batho ba se Hlokang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Ho Abela ba Bang Lekunutu la Thabo ea Lelapa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Lekunutu la Thabo ea Lelapa
fy khao. 1 maq. 4-12

Khaolo ea 1

Na ho na le Lekunutu la Thabo ea Lelapa?

1. Ke hobane’ng ha malapa a matla e le a bohlokoa sechabeng?

LELAPA ke tokisetso ea khale ka ho fetisisa lefatšeng, ’me le phetha karolo ea bohlokoahali sechabeng. Ho pholletsa le histori, malapa a matla a thusitse ho etsa sechaba se matla. Lelapa ke tokisetso e molemohali bakeng sa ho hōlisa bana hore e be batho ba baholo ba hōlileng tsebong.

2-5. (a) Hlalosa tšireletseho eo ngoana a e utloang lelapeng le thabileng. (b) Ho tlalehoa mathata afe malapeng a mang?

2 Lelapa le thabileng ke sebaka sa polokeho le tšireletseho. Nahana ka lelapa leo e leng mohlala oa sebele ka motsotsoana. Nakong ea lijo tsa bona tsa mantsiboea, batsoali ba tsotellang ba lula le bana ba bona ’me ba buisana ka liketsahalo tsa letsatsi leo. Bana ba bua ba thabile ha ba bolella ntat’a bona le ’m’a bona ka se etsahetseng sekolong. Nako e qetiloeng ho phomotsoe hammoho e khatholla e mong le e mong bakeng sa letsatsi le latelang leo ba tla le qeta ba se lapeng.

3 Lelapeng le thabileng, ngoana oa tseba hore ntat’ae le ’m’ae ba tla mo hlokomela ha a kula, mohlomong ba chenchana pel’a bethe ea hae bosiu bohle. Oa tseba hore a ka ea ho ’m’ae kapa ntat’ae ka mathata a bophelo ba hae ba bongoana ’me a fumana keletso le tšehetso. E, ngoana o ikutloa a sireletsehile, ho sa tsotellehe hore na lefatše le kantle le tletse likhathatso hakae.

4 Ha bana ba hōla, hangata ba kena lenyalong ’me ba ba le malapa a bona. Maele a Bochabela a re: “Motho o hlokomela kamoo a kolotang batsoali ba hae kateng ha a e-na le ngoana oa hae.” Ka boikutlo bo tebileng ba teboho le lerato, bana ba hōlileng ba leka ho etsa hore malapa a bona e be a thabileng, ’me ba boetse ba hlokomela le batsoali ba bona ba seng ba tsofala, ba thabelang botsoalle ba litloholo tsa bona.

5 Mohlomong mothating ona ua nahana: ‘Ke ’nete, ke rata lelapa la ka, empa ha le tšoane le le sa tsoa hlalosoa. ’Na le molekane oa ka re sebetsa ka linako tse fapaneng ’me re bonana ka thata. Re bua haholo ka mathata a chelete.’ Kapa u re, ‘Bana ba ka le litloholo ba phela motseng o mong, ’me ha ho mohla ke ba bonang’? E, ka mabaka ao hangata ba amehang ba sitoang ho a laola, boholo ba bophelo ba lelapa ha bo finyelle se lebeletsoeng. Ho ntse ho le joalo, ba bang ba phela bophelo bo thabileng ba lelapa. Joang? Na ho na le lekunutu la thabo ea lelapa? Karabelo ke e. Empa pele re buisana ka hore na ke eng, re lokela ho arabela potso ea bohlokoa.

LELAPA KE ENG?

6. Ho tla buisanoa ka malapa a mofuta ofe bukeng ee?

6 Boholo ba malapa a linaheng tsa Bophirimela a na le ntate, ’mè le bana. Bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba ka phela matlong a bona hafeela ba sa khona. Le hoja ba ntse ba e-na le kamano le bao ba sa amaneng le bona haufi-ufi, boikarabelo ho bana bo lekanyelitsoe. Ha e le hantle, lena ke lelapa leo re tlang ho buisana ka lona bukeng ena. Leha ho le joalo, malapa a mang e ba a tloaelehileng ka ho eketsehang lilemong tsa morao tjena—lelapa la motsoali a le mong, lelapa la bobeli, le lelapa leo ho lona batsoali ba sa pheleng hammoho ka lebaka lena kapa lane.

7. Lelapa la leloko ke le joang?

7 Meetlong e meng ho tloaelehile lelapa la leloko. Tokisetsong ena, haeba ho khoneha, bo-nkhono le bo-ntate moholo hangata ba hlokomeloa ke bana ba bona, ’me maqhaama a haufi-ufi le boikarabelo li atolohela ho bao ba sa amaneng le bona haufi-ufi. Ka mohlala, litho tsa lelapa li ka ’na tsa thusa ho hlokomela, ho hōlisa le ho lefella thuto ea bachana, kapa beng ka bona ba sa amaneng le bona haufi-ufi. Melao-motheo e tlang ho tšohloa bukeng ena e sebetsa le malapeng a leloko.

LELAPA LE TLAS’A KHATELLO

8, 9. Ke mathata afe linaheng tse ling a bontšang hore lelapa lea fetoha?

8 Kajeno lelapa lea fetoha, empa hoa soabisa hore ebe hase ka tsela e molemo. Mohlala o bonoa India, moo mosali a ka phelang le lelapa labo monna oa hae ’me a sebetsa lapeng tlas’a tataiso ea ba bohali ba hae. Leha ho le joalo, matsatsing ana, ke ntho e tloaelehileng hore basali ba Maindia ba batle mosebetsi kantle ho lelapa. Empa kamoo ho bonahalang kateng ba ntse ba lebelletsoe ho phetha mesebetsi ea sehahabo bona ka lapeng. Linaheng tse ngata ho botsoa potso ena, Ha ho bapisoa le litho tse ling tsa lelapa, mosali ea sebetsang kantle o lebelletsoe ho etsa mosebetsi o mongata hakae lapeng?

9 Lichabeng tsa Bochabela, likamano tse tiileng tsa lelapa la leloko ke ntho e tloaelehileng. Leha ho le joalo, tlas’a tšusumetso ea mokhoa oa Bophirimela ea ho itšehla thajana le khatello ea mathata a moruo, lelapa le tloaelehileng la leloko le felloa ke matla. Ka hona, ba bangata ba talima ho hlokomela litho tsa lelapa tse tsofetseng e le moroalo ho e-na le boikarabelo kapa tokelo. Batsoali ba bang ba hōlileng ba tšoaroa hampe. Ka sebele, tšoaro e mpe le ho hlokomolohuoa ha ba hōlileng li fumanoa linaheng tse ngata kajeno.

10, 11. Ke linnete life tse bontšang hore lelapa lea fetoha linaheng tsa Europe?

10 Tlhalo e fetoha e tloaelehileng ka ho eketsehileng. Spain tlhalo e ile ea phahamela ho 1 manyalong a 8 qalong ea bo-1990—keketseho ea tšohanyetso ho tloha ho e le 1 ho a 100 lilemo tse 25 feela pejana. Brithani, e tlalehoang e e-na le tekanyo e phahameng ka ho fetisisa ea tlhalo Europe (manyalo a 4 ho a 10 a lebelletsoe ho hlōleha), e bile le keketseho ea tšohanyetso palong ea malapa a motsoali a le mong.

11 Ba bangata Jeremane ho bonahala ba lahla lelapa le tloaelehileng ka ho feletseng. Lilemong tsa bo-1990 Jeremane ho bile le karolo ea 35 lekholong ea malapa a motho a le mong le karolo ea 31 lekholong ea malapa a batho ba babeli feela. Batho ba Fora le bona ha ba sa kena lenyalong hangata, le ba kenang lenyalong ba atisa ho hlalana ka bongata ebile e le pele ho nako eo ho neng ho etsahala ka eona pele. Palo e hōlang e rata ho phela hammoho ka ntle ho boikarabelo ba lenyalo. Litšekamelo tse tšoanang li bonoa lefatšeng ka bophara.

12. Bana ba utloa bohloko joang ka lebaka la liphetoho tse bang teng lelapeng la kajeno?

12 Ho thoe’ng ka bana? United States le linaheng tse ling tse ngata, ba eketsehileng ba hlahela matšeong, ba bang ba tsoaloa ke bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20. Banana ba bangata ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba na le bana ba ’maloa ba bo-ntate ba fapaneng. Litlaleho tse tsoang lefatšeng ka bophara li tlaleha ka bana ba limilione ba se nang mahae ba tsekelang literateng; ba bangata ba baleha malapeng ao ba tšoeroeng hampe ho ’ona kapa ba lahliloe ke malapa ao a sa hloleng a ba hlokomela.

13. Ke mathata afe a jeleng setsi a amohang malapa thabo?

13 E, lelapa le maqakabetsing. Ho phaella ho se seng se boletsoe, borabele ba bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20, tšoaro e mpe ea bana, pefo ea banyalani, botahoa le mathata a mang a senyang li hlokisa malapa a mangata thabo. Ho palo e khōlō ea bana le batho ba baholo, lelapa ho hang hase setšabelo.

14. (a) Ho ea ka ba bang, maqakabetsi a lelapa a bakoa ke eng? (b) ’Muelli e mong oa molao oa lekholong la pele la lilemo o hlalosa lefatše la kajeno joang, hona tšusumetso ea ho phethahala ha mantsoe a hae e bile le phello efe bophelong ba lelapa?

14 Ke hobane’ng ha lelapa le le maqakabetsing? Ba bang ba beha molato oa maqakabetsi ao lelapa le nang le ’ona kajeno tabeng ea hore ebe basali baa sebetsa. Ba bang ba supa ho hlepha ho teng kajeno ha boitšoaro. Hape ho na le lisosa tse ling tse boleloang. Hoo e ka bang lilemo tse likete tse peli tse fetileng, ’muelli e mong oa molao ea tsebahalang haholo o ile a bolela esale pele hore likhatello tse ngata li ne li tla hlasela lelapa, ha a ne a ngola: “Matsatsing a ho qetela linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona li tla ba teng. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba hohomohileng ke boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo.” (2 Timothea 3:1-4) Na ho na le ea ka belaellang taba ea hore mantsoe aa a phethahala kajeno? Lefatšeng le nang le maemo a kang ana, na hoa makatsa hore ebe malapa a mangata a maqakabetsing?

LEKUNUTU LA THABO EA LELAPA

15-17. Bukeng ena, ke matla afe a ho laela a tla suptjoa e le ’ona a nang le lekunutu la thabo ea lelapa?

15 Keletso mabapi le mokhoa oa ho finyella thabo ka lapeng e fumanoa hohle. Ka Bophirimela, letoto la libuka tsa ho ithusa le limakasine li fana ka keletso. Bothata ke hore baeletsi ba batho baa hanyetsana, ’me seo e leng keletso e molemo kajeno se ka ’na sa talingoa se sa sebetse hosasa.

16 Joale, re ka talima hokae bakeng sa tataiso e tšepahalang ea lelapa? Feela, na u ne u tla talima bukeng e qetiloeng lilemong tse ka bang 1 900 tse fetileng? Kapa u ne u tla ikutloa hore buka e kang eo e tlameha ebe e fetiloe ke nako ka ho se nang thuso? ’Nete ke hore, lekunutu la sebele la thabo ea lelapa le fumanoa mohloling o joalo.

17 Mohloli oo ke Bibele. Ho ea ka bopaki bohle, e ile ea bululeloa ke Molimo ka boeena. Ka Bibeleng re fumana polelo e latelang: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.” (2 Timothea 3:16) Bukeng ena re tla u khothaletsa hore u nahane ka kamoo Bibele e ka u thusang kateng hore u ‘otlolle lintho’ ha u sebetsana le likhatello le mathata a tobaneng le malapa kajeno.

18. Ke hobane’ng ha ho utloahala ho amohela Bibele e le ’ona matla a ho laela mabapi le keletso ea lenyalo?

18 Haeba u na le tšekamelo ea ho tlosa mohopolo oa hore ho ka etsahala hore Bibele e thuse ho etsa malapa a thabileng, nahana sena: Ea bululetseng Bibele ke Moqapi oa tokisetso ea lenyalo. (Genese 2:18-25) Bibele e re lebitso la hae ke Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Ke eena ’Mōpi le ‘Ntate, eo lelapa le leng le le leng le nang le lebitso ka lebaka la hae.’ (Baefese 3:14, 15) Jehova o hlokometse bophelo ba lelapa ho tloha ha moloko oa motho o e-ba teng. O tseba mathata a ka hlahang ’me o fane ka keletso bakeng sa ho a rarolla. Ho theosa le histori, ba ileng ba sebelisa melao-motheo ea Bibele ka botšepehi bophelong ba bona ba lelapa ba fumane thabo e khōloanyane.

19-21. Ke liphihlelo life tsa kajeno tse bontšang matla a Bibele a ho rarolla mathata a lenyalo?

19 Ka mohlala, mosali e mong oa lelapa oa Indonesia o ne a lemalletse ho becha. O ne a hlokomolohile bana ba hae ba bararo ka lilemo ’me kamehla o ne a qoaketsana le monna oa hae. Eaba o qala ho ithuta Bibele. Butle-butle mosali eo a qala ho lumela seo Bibele e se buang. Ha a sebelisa keletso ea eona, o ile a fetoha mosali ea molemo. Boiteko ba hae, bo thehiloe melao-motheong ea Bibele, bo ile ba tlisetsa lelapa lohle la hae thabo.

20 Mosali e mong oa lelapa oa Spain o re: “Re ne re e-na le selemo feela re nyalane ha re qala ho ba le mathata a tebileng.” Eena le monna oa hae ho ne ho se na letho leo ba tšoanang ka lona, ’me ba ne ba sa buisane ho hang ntle leha ba ne ba phehile khang. Ba sa natse morali oa bona e monyenyane, ba ile ba etsa qeto ea ho arohana ka molao. Leha ho le joalo, pele hoo ho etsahala, ba ile ba khothaletsoa ho sheba ka Bibeleng. Ba ile ba ithuta keletso ea eona bakeng sa banna le basali ba lenyalong ’me ba qala ho e sebelisa. Ka mor’a nakoana, ba ne ba khona ho buisana ka khotso ’me lelapa la bona le lenyenyane le ne le kopane ka thabo.

21 Bibele e thusa le batho ba hōlileng. Ka mohlala, nahana ka phihlelo ea banyalani ba bang ba Majapane. Monna e ne e le sefela-peloana ’me ka linako tse ling a le mabifi. Ntho ea pele, barali ba banyalani bao ba ile ba qala ho ithuta Bibele, ho sa tsotellehe khanyetso ea batsoali ba bona. Eaba monna o kopanela le barali ba hae, empa mosali a ’na a tsoela pele a hanyetsa. Leha ho le joalo, ka lilemo o ile a hlokomela phello e ntle eo melao-motheo ea Bibele e bileng le eona lelapeng la hae. Barali ba hae ba ne ba mo hlokomela hantle, ’me monna oa hae a fetoha ea bonolo haholoanyane. Liphetoho tse joalo li ile tsa susumelletsa mosali hore a ichebele ka boeena ka Bibeleng, ’me e ile ea e-ba le phello e ntle e tšoanang. Khafetsa mosali enoa ea seng a hōlile o ile a re: “Re ile ra fetoha banyalani ba sebele.”

22, 23. Bibele e thusa batho ba limelo tsohle tsa bochaba joang ho fumana thabo bophelong ba bona ba lelapa?

22 Batho bana ba har’a ba bangata haholo ba ithutileng lekunutu la thabo ea lelapa. Ba amohetse keletso ea Bibele le ho e sebelisa. Ke ’nete, ba phela lefatšeng le tšoanang le mabifi, le itšoereng hampe le le nyotobetseng moruong, joaloka mang le mang. Ho feta moo, ha baa phethahala, empa ba fumana thabo ka ho leka ho etsa thato ea Moqapi oa tokisetso ea lelapa. Joalokaha Bibele e bolela, Jehova Molimo ke ‘eena ea u rutang se u tšoanelang, ea u tsamaisang ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona.’—Esaia 48:17.

23 Le hoja Bibele e ile ea phethoa hoo e ka bang lilemo tse likete tse peli tse fetileng, keletso ea eona e nakong e le kannete. Ho feta moo, e ngoletsoe batho bohle. Bibele hase buka ea Amerika kapa ea Bophirimela. Jehova “o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho,” ’me O tseba sebōpeho sa batho hohle. (Liketso 17:26) Melao-motheo ea Bibele e sebeletsa e mong le e mong. Haeba u e sebelisa, le uena u tla tseba lekunutu la thabo ea lelapa.

NA U KA ARABELA LIPOTSO TSEE?

Ho etsahala eng ka lelapa kajeno?—2 Timothea 3:1-4.

Ke mang ea qapileng tokisetso ea lelapa?—Baefese 3:14, 15.

Lekunutu la thabo ea lelapa ke eng?—Esaia 48:17.

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 4]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela