Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 1/1 maq. 30-31
  • Elija o Phahamisa Molimo oa ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Elija o Phahamisa Molimo oa ’Nete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lira Tse Peli Lia Kopana
  • Jehova oa Phahamisoa
  • Seo re ka Ithutang Sona
  • O Ile a Emela Borapeli ba ’Nete
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Emela Borapeli ba ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na U Tla Tšepahala Joaloka Elia?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Baiseraele Thabeng ea Karmele
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 1/1 maq. 30-31

Ba Ile ba Etsa Thato ea Jehova

Elija o Phahamisa Molimo oa ’Nete

E NE e le monna ea neng a tsongoa ka hohle Iseraeleng. Ha morena a ne a ka mo fumana, joang kapa joang o ne a tla bolaoa. Monna eo ea neng a tsongoa ke mang? Ke moprofeta oa Jehova, Elija.

Morena Akabe le mosali oa hae oa mohetene, Jezebele, ba ne ba tlatsitse borapeli ba Baale Iseraeleng. Ka lebaka leo, Jehova o ne a hlahiselitse naha eo komello, ’me e ne e se e le selemo sa bone. Jezebele ea neng a tletse bohale bo tukang o ile a etsa hore baprofeta ba Jehova ba bolaoe, empa Akabe o ne a batla Elija ka ho khetheha. Lilemong tse fetang tse tharo tse fetileng, Elija e ne e le eena ea ileng a re ho Akabe: “Ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka lilemo tsena, ha e se ka polelo ea ka.” (1 Marena 17:1) ’Me komello e neng e ile ea hlaha e ne e ntse e tsoela pele.

Boemong bona bo kotsi, Jehova o ile a bolella Elija: “E-ea, u itlhahise ho Akabe; ke se ke tla nesa pula lefatšeng.” A behile bophelo ba hae kotsing e khōlō, Elija o ile a mamela taelo ea Jehova.—1 Marena 18:1, 2.

Lira Tse Peli Lia Kopana

Akabe ha a bona Elija o ile a ’motsa: “Na efela ke uena, uena moferekanyi oa Iseraele na?” Elija o ile a arabela ka sebete: “Hase ’na ke ferekanyang Iseraele, ke uena le ntlo ea ntat’ao, etsoe le furaletse melao ea Jehova, ’me u latetse bo-Baale.” Joale Elija o ile a laela hore Baiseraele bohle ba bokane Thabeng ea Karmele, ho kopanyelletsa le “baporofeta ba Baale ba makholo a mane a mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashtarothe ba makholo a mane.” Joale Elija o ile a bua le letšoele leo: “Le tla tenyetsehela [“qhiletsa,” NW] ho le hokae ka ’nģa tse peli?a Ha Jehova e le Molimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng.”—1 Marena 18:17-21.

Batho ba ile ba khutsa. Mohlomong ba ne ba hlokomela molato oa bona oa ho hlōleha ho rapela Jehova a ’notši. (Exoda 20:4, 5) Kapa e ka ’na eaba matsoalo a bona a ne a chele hoo ba neng ba sa bone ba entse sebe ka ho arolela Jehova le Baale botšepehi ba bona. Leha ho le joalo, Elija o ile a laela batho hore ba tlise lipohoana tse peli—e ’ngoe bakeng sa baprofeta ba Baale ’me e ’ngoe bakeng sa hae. Lipoho tseo ka bobeli li ne li tla lokisetsoa sehlabelo, empa ho ne ho sa tšoanela hore ho besoe mollo. Elija o ile a re: “Le ntoo bitsa lebitso la molimo oa lōna, le ’na ke bitse lebitso la Jehova, ’me molimo o tlang ho araba ka mollo a e be ke oona Molimo.”—1 Marena 18:23, 24.

Jehova oa Phahamisoa

Baprofeta ba Baale ba ile ba qala ho “qhiletsa ho pota aletare eo ba e entseng.” Ba ile ba hooa lihora tsohle tsa hoseng: “Oho Baale, re arabe!” Empa Baale ha aa ka a ba araba. (1 Marena 18:26, NW) Joale Elija o ile a qala ho ba soma: “Hooeletsang haholo; hobane ke molimo.” (1 Marena 18:27) Baprofeta ba Baale ba bile ba qala ho itlhabaka ka lisabole le ka marumo—mokhoa oo hangata bahetene ba o sebelisang ho susumelletsa melimo ea bona hore e hauhe.b—1 Marena 18:28.

Joale e ne e se e le motšehare oa mantsiboea, ’me barapeli ba Baale ba ne ‘ba ntse ba porofeta’—ho latela moelelo oa taba, polelo ena e fana ka khopolo ea hore ba ne ba etsa joalo ka ho tsukutleha maikutlo le ka ho ithaburanya. Qetellong ha le se le hlahlamela lithaba, Elija o ile a re ho batho bohle: “Nkatameleng.” Bohle ba ile ba sheba ka hloko ha Elija a boela a haha aletare ea Jehova, a cheka moeli ho e pota-pota, a pomahanya pohoana me a e beha aletareng le patsi e tla e chesa. Ka mor’a moo, poho, aletare le patsi li ile tsa tlopouloa metsi, ’me moeli o ile oa tlala metsi (ha ho pelaelo hore e ne e le metsi a khiloeng Leoatleng la Mediterranean). Joale Elija o ile a rapela Jehova: “A ho ke ho tsejoe kajeno hore ke uena Molimo oa Iseraele, le hore ’na ke mohlanka oa hao, le hore ke entse ntho tseo kaofela ka taelo ea hao. Nkutloe, Jehova, u nkutloe, hore sechaba sena se tle se tsebe hobane ke uena, Jehova, u leng Molimo, le hobane u boetse u khutlisitse lipelo tsa bona.”—1 Marena 18:29-37.

Ka potlako, mollo o ile oa theoha leholimong ’me ‘oa nyametsa sehlabelo, le patsi, le majoe le lerōle, oa monya le metsi a ka moeling.’ Hang-hang batho ba neng ba shebeletse ba ile ba khumama, ba re: “Jehova ke Molimo! Jehova ke Molimo!” Ka taelo ea Elija, baprofeta ba Baale ba ile ba tšoaroa ’me ba isoa phuleng e phallang metsi ea Kishone moo ba ileng ba bolaeloa teng.—1 Marena 18:38-40.

Seo re ka Ithutang Sona

Elija o ile a bontša sebete se ka ’nang sa bonahala se phahametse matla a motho. Leha ho le joalo, Jakobo, mongoli oa Bibele o re tiisetsa hore “Elija e ne e le motho ea nang le maikutlo a joaloka a rōna.” (Jakobo 5:17) E ne e se mokhelo tabeng ea ho ba le letsoalo le itseng le tabeng ea ho tšoenyeha. Ka mohlala, hamorao ha Jezebele a ikana hore o tla iphetetsa ka ho bolaoa ha baprofeta ba Baale, Elija o ile a baleha ’me a hooa ho Jehova thapelong: “Ho lekane! Oho, Jehova, nka moea oa ka joale.”—1 Marena 19:4.

Jehova ha aa ka a nka moea oa Elija ka lefu. Ho e-na le hoo, o ile a mo tšehetsa ka mohau. (1 Marena 19:5-8) Bahlanka ba Molimo kajeno ba ka kholiseha hore Jehova o tla etsa se tšoanang ha ba talimane le linako tsa matšoenyeho a matla, mohlomong ka lebaka la khanyetso. Ka sebele, haeba ba rapella thuso ea Jehova, a ka ba fa “matla a ka ’nģane ho a tloaelehileng,” e le hore le haeba ba “petelitsoe ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe,” ba ka se ‘patisoe hoo ba ke keng ba sisinyeha.’ Kahoo, ba tla thusoa hore ba mamelle joalokaha ho ile ha thusoa Elija.—2 Bakorinthe 4:7, 8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Litsebi tse ling li fana ka maikutlo a hore e ka ’na eaba Elija o ne a kobisa moqoqopelo o neng o tloaetse ho etsoa ke barapeli ba Baale. Tšebeliso e tšoanang ea lentsoe “qhiletsa” e fumanoa ho 1 Marena 18:26, (NW) moo e hlalosang moqoqopelo oa baprofeta ba Baale.

b Ba bang ba nahana hore ho itšeha linama ho ne ho amana le mokhoa oa ho etsa sehlabelo ka motho. Liketso tseo ka bobeli li ne li fana ka maikutlo a hore ho hlokofatsa ’mele kapa ho tšolla mali ho ne ho ka tlisa kamohelo ea molimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela