Sebelisang Libuka Tsa Khale Hamolemo
1 Motho o bokelletse libuka tsa khale tse limilione lilaebraring likhutlong tsohle tsa lefatše. Empa, li bile le molemo ofe o sa feleng molokong oa batho? (Moek. 12:12) Lingoliloeng tse molemohali ke tse lebisang tlhokomelo ’Musong oa Molimo le seo o tlang ho se etsetsa moloko oa batho. Liphutheho tse ngata li na le libuka tse joalo tse sa tšoaneng setokong sa tsona, tse hatisitsoeng pele ho 1986. Kaha ena ke khoeli ea ho qetela ea phutuho ea tšimo e sa abuoang, re lokela ho ba hlokolosi hore re fa batho libuka tsena tsa khale.
2 Li na le Molemo oa Sebele: Leha ba bang ba rōna re ka ’na ra ba le maikutlo a hore libuka tsena li siiloe ke nako ha li bapisoa le lingoliloeng tsa rōna tse ncha, re tlameha ho hopola hore li fupere ’nete ea Mangolo. Kahoo, re lokela ho ikitlaetsa hore re sebelise libuka tsena tsa khale hamolemo tšimong ea habo rōna le tšimong e sa abuoang.
3 Se totobatsang molemo oa tsona ke phihlelo ea mosali e mong ea ileng a ja lefa lingoliloeng tse ngata tsa khale tsa Watch Tower tse tsoang ho nkhono oa hae. Paki e ile ea botsa mosali eo hore na oa tseba hore na lingoliloeng tseo li na le molemo ofe oa sebele. Mosali eo o ile a arabela: “Ha ke tsebe molemo oa tsona, empa nka o fumana joang?” Mosali eo o ile a amohela thuto ea Bibele, a kena ’neteng, ’me ka mor’a moo o ile a nka laebrari eo ea nkhono oa hae e le letlotlo. Pokello eo ea libuka tsa khale e ile ea ipaka e le lefa la bohlokoa hakaakang!
4 Li Tsamaiseng: Ho phaella ho nehelaneng ka libuka tsa khale ka ntlo le ntlo le tšimong e sa abuoang, etsang bonnete ba hore le nehelana ka tsona ha le etsa maeto a ho boela bathong bao le tsebang hore ba thabela ho bala lingoliloeng tsa rōna, ho akarelletsa le ba etsang peeletso ea Molula-Qhooa le Tsoha! le ba leng litselaneng tsa lōna tsa limakasine. Ho ba ithutang Bibele le lōna, libuka tsa khale tse khethiloeng li ka fana ka tsebo ea motheo e tla atolosa kutloisiso ea bona ea ’nete. Le se ke la lebala ho fumana libuka leha e le life tsa khale tseo le se nang tsona pokellong ea lōna ea libuka.
5 Ho e-na le hore re boloke libuka tsa khale setokong, a re li sebeliseng hamolemo ho susumetsa batho bao re kopanang le bona hore ba ‘tšabe Molimo, ba boloke litaelo tsa oona.’—Moek. 12:13.