Liboka Tsa Tšebeletso Tsa October
Beke e Qalang ka la 4 October
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Ena ke khoeli ea ho qetela ea phutuho ea tšimo e sa abuoang. Bua ka litokisetso ’me u khothalletse bohle ho kopanela ka botlalo.
17 mets: “Sebelisang Libuka Tsa Khale Hamolemo.” Lipotso le likarabo. Bolela libuka tsa khale tse teng setokong phuthehong ea lōna. Totobatsa tse ling tsa litšobotsi tsa tsona tse thahasellisang, ’me u hlalose hore na li ka nehelanoa joang ho ba bang. Khothalletsa bohle ho fana ka libuka tsena tšimong e sa abuoang, tšebeletsong ea tšimo, le bopaking bo sa reroang ka October. Kopanyelletsa le pontšo ea nehelano e khutšoanyane le e bonolo.
18 mets: Ameha ka Limakasine! Bolela kakaretso ea limakasine tse tsamaisitsoeng ke phutheho khoeling e fetileng. Lenane lee le bapa joang le le amohetsoeng ho Mokhatlo? Haeba ho e-na le phapang e khōlō, ho hlokahala hore ho etsoe’ng? Mema bamameli hore ba hlalose lintlheng tse latelang: (1) Mohoeletsi e mong le e mong o lokela ho odara phepelo e lekaneng empa e le e loketseng. (2) Ho talima Moqebelo o mong le o mong e le Letsatsi la Limakasine. (3) Lokisa kemiso ea hao ea tšebeletso hore e akarelletse mosebetsi oa limakasine khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. (4) Itokisetse bopaki bo sa reroang u sebelisa limakasine ho qala moqoqo. (5) Isa lihlooho tse khethehileng ho batho ba khoebo le ba nang le litsebo tse itseng ba ka ’nang ba li thahasella. (6) Boloka tlaleho e ntle ea tse tsamaisitsoeng, ’me u hahe tselana ea makasine, u khutlela kamehla ka litokollo tsa morao-rao. (7) Sebelisa likopi leha e le life tsa khale tsa limakasine hamolemo e le hore li se ke tsa bokellana. Hlahisa limakasine tsa morao-rao, ’me u totobatse lihlooho tse ka ’nang tsa tsosa thahasello. E-re motho e moholo le mocha, e mong le e mong a etse pontšo ka nehelano e khutšoanyane ea limakasine.—Bona kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1995.
Pina 105 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 11 October
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.
20 mets: “Likopano Tsa Setereke Tsa ‘Lentsoe la Molimo la Boprofeta’ Tsa 1999.” (Serapa sa 1-15) Lipotso le likarabo. Bala serapa sa 6, 8, 11, le 15. Hatisa mabaka a hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ba teng kopanong eohle, ho akarelletsa le mananeo a Labohlano. Hatisa bohlokoa ba ho latela tataiso ea Mokhatlo ea ho itlela le lijo tsa motšehare letsatsi le leng le le leng.
15 mets: “Mokhoa oa ho Fumana Thabo e Eketsehileng Libokeng.” Lipotso le likarabo. Qotsa mehlala e khethehileng ea kamoo re ka bontšang ho nahanela le ho ba ba khothatsanang libokeng. Mema bamameli hore ba phete mehlala ea liphihlelo tsa bona.
Pina 152 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 18 October
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le liphihlelo tsa tšebeletso ea tšimo.
10 mets: “Na Ua Falla?” Puo e khothatsang ka mongoli. Ha bahoeletsi ba fumana ho hlokahala ho fallela phuthehong e ’ngoe, ke habohlokoa hore ba tsitse hantle tikolohong ea bona e ncha e le hore ba ka qoba ho thefuleha leha e le hofe ha moea. Hatisa hore hoa hlokahala hore baholo ba tsebisoe ka merero e joalo le ho kōpa thuso ea bona mabapi le ho iteanya le phutheho e ncha.
25 mets: “Likopano Tsa Setereke Tsa ‘Lentsoe la Molimo la Boprofeta’ Tsa 1999.” (Serapa sa 16-23) Lipotso le likarabo. Bala serapa sa 17-20. Sebelisa mangolo a qotsitsoeng le a boletsoeng ho hatisa hore na ke hobane’ng ha moaparo, boitlhopho le boitšoaro e le litaba tse hlokang tlhokomelo ea rōna e feletseng.
Pina 142 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 25 October
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba tlise litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo. Thusa bohle ho itokiselletsa ho fana ka bukana ea Seo a se Hlokang kapa buka ea Tsebo ka November. Hlalosa mokhoa oa ho lokisetsa nehelano e tsepamisitseng maikutlo potsong e reng, “Na Molimo o araba lithapelo?” Sebelisa lintlha tse thutong ea 7 bukaneng kapa khaolong ea 16, serapeng sa 12-14, bukeng. Etsa pontšo ea nehelano e bonolo e kopanyelletsang lengolo le le leng.
15 mets: Ho Fumana Likarabo Lipotsong Tsa Bibele. Mohlanka ea sebeletsang o atameloa ke mohoeletsi ea ileng a kopana le motho ea thahasellang ea nang le potso ea Bibele. Ho e-na le ho fana ka karabo, mohlanka ea sebeletsang o hlalosa kamoo a ka e fumanang kateng. Pele, o hlahloba litlhahiso tse fumanoang Bukeng ea Tataiso ea Sekolo, thuto ea 7, serapeng sa 8-9. Joale, ba fuputsa hammoho potso e atisang ho botsoa tšimong ea sebaka seo. Ba sheba litšupiso tse tobileng tse sebetsanang le taba eo ’me ba fumana lintlha tse kholisang tse hlakisang lebaka la motheo la karabo ea Bibele. Khothalletsa bamameli hore ba sebelise mokhoa ona oa ho ithuta o putsang ho fuputsa lipotso tsa Bibele.
15 mets: “U Tla Re’ng ho Mojuda?” Lipotso le likarabo. Hlalosa phapang pakeng tsa Bojuda ba Orthodox, ba Liphetoho le bo sa Sekisetseng Neano. (Bona Moloko oa Batho o Batla Molimo, leqepheng la 226-7.) Totobatsa lintlha tseo ho ka ’nang ha etsahala hore ebe re lumellana ka tsona le Bajuda. Etsa pontšo ka nehelano e itlhakiselitsoeng hantle. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka Bojuda, bona kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 1998; buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 22-3; le Moloko oa Batho o Batla Molimo, khaolong ea 9. Haeba ho ka etsahala hore bahoeletsi ba se ke ba kopana le Mojuda tšebeletsong, fetola puisano hore e lokele maemo a sebaka ha u ntse u totobatsa seo ho nehelanoang ka sona khoeling eo.
Pina 151 le thapelo e koalang.