U Tla Re’ng ho Mojuda?
1 Lekholong la pele la lilemo, “bara ba Iseraele” ba bangata ba ile ba arabela ka kananelo boboleling ba Jesu le baapostola ba hae. (Lik. 10:36) Joalokaha e ne e le ’nete nakong eo, kajeno Bajuda ba bangata ba tšepahalang ba amohela ’nete ka lipelo tsohle—eseng Iseraele feela empa le Russia, United States le linaheng tse ling. Na u ka rata ho atleha haholoanyane ho pakela batho ba Bajuda? Litlhahiso tse latelang li tla u thusa hore ka bohlale u pakele Bajuda ba chesehelang bolumeli le ba sa bo cheseheleng.
2 Ho Pakela Bajuda ba Chesehelang Bolumeli: Ho lokela ho hlokomeloe hore Bajuda ba chesehelang bolumeli hangata ba amehile haholo ka ho boloka lineano tsa bo-rabi ho feta ho hlalosa lithuto tse tobileng. Ka sebele, ka kakaretso ba talima neano e le e nang le matla a lekanang le a Mangolo. Kahoo, ha ba thahaselle ha ho buisanoa ka litaba tse tebileng tsa Bibele. Hape ba na le tšekamelo ea ho nahana hore Bibele ke buka ea Bokreste. Ka lebaka leo, hangata ho molemo hore ha u bua ka Bibele u bue ka eona e le “Mangolo a Seheberu,” “Torah,” kapa “Mangolo.” Sengoliloeng se babatsehang se lokiselitsoeng ka ho khetheha bakeng sa sechaba sa Bajuda ke bukana ea Will There Ever Be a World Without War?
3 Bajuda ba chesehelang bolumeli ba ka ’na ba thahasella litaba life? Ba lumela hore Molimo o mong, ea thahasellang motho ka tieo. Ba boetse ba lumela hore Molimo oa kenella litabeng tsa batho. U ka ’na ua sebelisa lintlha tsena e le motheo oa taba eo le lumellanang ho eona. Ho phaella moo, boholo ba Bajuda bo hlokomela ka tieo ho sotleha ha batho ba habo bona nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse ho hloka toka ho joalo le hore na bokhopo bo tla fela neng. Ka mohlala, re hlomelletsoe hantle bakeng sa ho araba lipotso tse joalo, ka hore re bue ka seo barab’abo rōna ba fetileng ho sona nakong ea ho Bolaoa ha Bajuda ka Sehlōhō Ntoeng ea II ea Lefatše.
4 Leha ho le joalo, e le ho qoba ho hlahafatsa mong’a ntlo, ho molemo hore moqoqong oa lōna u se ke ua potlakela ho tsebahatsa hore na Mesia ke mang. Ho e-na le hoo, u ka ’na ua bua ka karolo eo Moshe a e phethileng historing ea Iseraele ’me u botse mong’a ntlo hore na o lumela hore lithuto tsa Moshe ke tsa bohlokoa kajeno. Ha ho bonahala ho loketse ho bua ka hore na Mesia ke mang, u ka qala ka ho bala Deuteronoma 18:15, e reng: “Jehova, Molimo oa hao, o tla u hlahisetsa moporofeta ea tsoang ha eno, har’a banab’eno ea joalo ka ’na; le tla utloa eena.” Botsa mong’a ntlo hore na Moshe o ne a nahanne ka mang ha a bua ka moprofeta ea kang eena. Ebe u akaretsa lintlha tse seng kae bukaneng ea World Without War, leqepheng la 14, serapeng sa 17 le 18.
5 Bajuda ba sa Cheseheleng Bolumeli ba Talima Litaba ka Hosele: Hase e mong le e mong ea inkang e le Mojuda ea amohelang lithuto tsa Bojuda. Bajuda ba bangata ba talima lintho ka tsela ea lefatše. Ba thahasella haholo ho buella boitsebahatso ba Bajuda ba khethollehileng lichabeng tse ling ka setso sa bona, neano le thuto, ho feta ho sebelisa bolumeli ba Sejuda. Bajuda ba bang ba sa cheseheleng bolumeli ba belaella boteng ba Molimo—ba seng bakae ba bile ba latola boteng ba Molimo. Qalong, ho ne ho tla finyelloa ho fokolang ka ho qotsa haholo Mangolong a Seheberu. Ho ne ho tla ba molemo haholoanyane ho qala moqoqo ka tsela eo u neng u tla o qala ka eona ha u bua le motho eo e seng oa bolumeli. Ka mohlala, u ka ’na ua hlalosa kamoo Bibele e leng molemo kateng mehleng ea rōna. Haeba mong’a ntlo a sa lumele hore Bibele e bululetsoe, lintlha tse ling bukaneng ea World Without War li ka ’na tsa thusa, haholo-holo tse fumanoang karolong e leqepheng la 3 le nang le sehlooho se reng “Bibele—Na e Bululetsoe ke Molimo?”
6 Ha u pakela motho oa Mojuda, u ka ’na ua re:
◼ “Boholo ba rōna re bile le phihlelo e bohloko ea ho hlokahalloa ke moratuoa oa rōna. U nahana hore ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa?” Emela karabelo. Ebe joale u lebisa mong’a ntlo lebokoseng le nang le sehlooho se reng “Lefu le Moea—Ke Eng?” leqepheng la 22 la bukana ea World Without War. Taba e ka lebokoseng e bapisa seo Mangolo a se buang ka bophelo ka mor’a lefu le seo bo-rabi ba se rutang. Ebe u phetla leqepheng la 23 serapeng sa 17 ’me u bontše hore ho ea ka Mangolo, bafu ba tla tsosetsoa bophelong lefatšeng la paradeise. Nehelana ka bukana. Ha u lokisetsa leeto la ho boela, u ka ’na ua bolela hore mopatriareka Jobo o ne a e-na le tšepo ea tsoho. Bua ka mangolo a boletsoeng qetellong ea serapa sa 17, ’me u bolele hore u tla khutla ’me le tl’o buisana ka ’ona.
7 Libuka tsa Matheu, Mareka, Luka, Johanne le Liketso li tlaleha liphihlelo tsa Bajuda ba ileng ba mamela ’nete le ho nka bohato ka eona. Jehova o ntse a butse tsela e isang bophelong bo sa feleng. Bajuda ba bangata ba tšepahalang ba sa ntse ba ka ithuta ka Jehova, Molimo oa ’nete, e le hore le bona ba ka phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo.—Mik. 4:1-4.