Sebelisa Mokhoa o Atlehang
1. Re ka ithuta’ng mekhoeng e sa tšoaneng eo Bakreste ba pele ba neng ba bolela litaba tse molemo ka eona?
1 Bakreste ba pele ba ne ba bolella batho ba litso le malumeli a sa tšoaneng litaba tse molemo. (Bakol. 1:23) Le hoja molaetsa o ne o tšoana—e le oa ’Muso oa Molimo—ba ne ba feto-fetola mokhoa oo ba o bolelang ka ’ona, ho latela batho bao ba buang le bona. Ka mohlala, ha Petrose a ne a bua le Bajuda ba hlomphang Mangolo, o ile a qala ka ho qotsa moprofeta Joele. (Lik. 2:14-17) Ka lehlakoreng le leng, hlokomela kamoo Pauluse a ileng a behela Bagerike mabaka kateng, joalokaha ho bontšitsoe ho Liketso 17:22-31. Kajeno libakeng tse ling batho ba hlompha Mangolo, ’me re ka sebelisa Bibele ka bolokolohi ha re ea ka ntlo le ntlo. Leha ho le joalo, re ka ’na ra lokela ho sebelisa temoho haholoanyane ha re bua le ba sa thahaselleng Bibele kapa bolumeli kapa ba malumeli ao e seng a Bokreste.
2. Re ka sebelisa lingoliloeng joang ho thusa ba thahasellang Bibele hammoho le ba sa e thahaselleng?
2 Tsamaisa Lingoliloeng Tse Loketseng: Lingoliloeng tse tsamaisoang selemong sena sa tšebeletso li tla fetoha ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse peli ’me e tla ba limakasine, lipampitšana le libukana. Le haeba batho ba tšimong ea rōna ba sa thahaselle Bibele, re ntse re ka ba fa sengoliloeng se buang ka taba eo ba e thahasellang. Re ka ’na ra se ke ra bala temana leetong la pele kapa ra se ke ra bua ka Bibele ka ho toba, empa re ka khutlela ho motho ea bontšitseng thahasello, ka sepheo sa ho mo thusa hore a be le tumelo ho ’Mōpi le Lentsoeng la hae le bululetsoeng. Ka lehlakoreng le leng, haeba re bua le batho ba hlomphang Bibele, re ka buisana le bona ka tsela e lumellanang le boemo ba bona ’me ra ba fa lingoliloeng. Ha e le hantle, re ka tsamaisa buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng neng le neng, ho sa tsotellehe hore na ho tsamaisoa eng khoeling eo. Habohlokoa ke ho sebelisa mokhoa o atlehang.
3. Lipelo tsa batho ba tšimong ea rōna li tšoana le mobu ka tsela efe?
3 Lokisa Mobu: Pelo ea motho e tšoana le mobu. (Luka 8:15) Mobu o mong o hloka ho lokisoa haholo pele ’nete ea Bibele e ka mela le ho hōla ho oona. Baevangeli ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba atleha ho lema mobung oa mefuta eohle ’me sena se ile sa ba khotsofatsa le ho ba thabisa. (Lik. 13:48, 52) Le rōna re ka atleha ha re ela hloko mokhoa oo re o sebelisang.