Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 8/8 maq. 5-11
  • Phela Haleletsana ’me U Ikutloe Hamolemonyana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phela Haleletsana ’me U Ikutloe Hamolemonyana
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khetholla Lihekana
  • Litloaelo Tse Amang Bophelo ba Hao
  • Tikoloho e Etsa Phapang
  • Phekolo ea Meriana e Theko e Tlaase e Fumaneha ka Tefello e Phahameng
  • Boitšireletso bo Bocha Toantšong ea Lefuba
    Tsoha!—1999
  • Tlhōlo le Tlokotsi
    Tsoha!—1998
  • Tharollo ea Lefatše Lohle—Na ke Ntho e ka Finyelloang?
    Tsoha!—1998
  • Maikutlo a Fetohang ka Botsofali
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 8/8 maq. 5-11

Phela Haleletsana ’me U Ikutloe Hamolemonyana

NKA hore bophelo ba batho bo tšoana le lebelo le lelelele la lihekana—tseo limathi li tlamehang ho li tlōla. Limathi tsohle li qalla hong peisong; empa ha li ntse li tlōla lihekana tseo ’me nako le nako li khoptjoa, limathi li qala ho khoehlisa, ’me tse ling li khaotsa ho matha.

Ka ho tšoanang, bophelo ba batho bo na le qalo le lihekana tse phahameng tse tlamehang ho tlōloa. Bophelong ba hae motho o khahlana le lihekana ka ho latellana. E ’ngoe le e ’ngoe eo a e tlōlang ea mo fokolisa, ’me ka mor’a nako, oa inehela. Ha lihekana tseo li ntse li phahama, o phakisa a khaotsa ho matha, kapa a shoa. Haeba a phela naheng e tsoetseng pele moruong, o khaotsa ho matha ha a fihla lilemong tse ka bang 75. Nako ena e bitsoa nako e tloaelehileng ea bophelo ba motho—ha e bapisoa le sebaka seo limathi tse ngata li hlileng li se qetang.a (Bapisa le Pesaleme ea 90:10.) Leha ho le joalo, batho ba bang ba matha sebaka se seleletsana, ’me ba seng ba kae ba bile ba finyella nako eo ho thoeng ke e telele ka ho fetisisa ea bophelo ba motho, lilemo tse 115 ho isa ho tse 120—e leng tse finyelloang ka seoelo hoo e bang lihlooho tsa litaba lefatšeng.

Ho Khetholla Lihekana

Hona joale batho ba ka tšoarella peisong haleletsana ho feta qalong ea lekholo lena la lilemo ka makhetlo a mabeli. Hobane’ng? Lebaka ke hobane motho o khonne ho theolela lihekana tsena tlaasana. Hantle-ntle, lihekana tsena ke eng? Hona na li ka boela tsa theoleloa tlaasana hape?

Setsebi sa bophelo ba sechaba sa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (World Health Organization [WHO]) se hlalositse hore tse ling tsa lihekana tse ka sehloohong, kapa litšobotsi, tse amang nako eo motho a lebeletsoeng ho e phela ke tloaelo, tikoloho le tlhokomelo ea meriana.b Ka hona, ha lintho tseo u li tloaetseng li le molemo, u phela tikolohong e ntle hape u fumana tlhokomelo e ntle ea meriana, hoo ho theola lihekana tsena ’me mohlomong u ka phela haleletsana. Le hoja maemo a batho a fapana haholo, hoo e ka bang motho e mong le e mong—ho tloha ka motsamaisi oa banka Sydney ho isa ho morekisi oa seterateng São Paulo—a ka etsa ho hong ho theola lihekana tsena bophelong. Joang?

Litloaelo Tse Amang Bophelo ba Hao

The New England Journal of Medicine ea tlaleha: “Hase feela hore batho ba nang le litloaelo tse molemo tsa bophelo ba phela haleletsana, empa batho ba joalo ba lieha ho ba le litšitiso ho fihlela lilemong tse seng kae tsa ho qetela bophelong.” Ha e le hantle, hekana ea pele e ka theoloa ka ho fetola litloaelo tse kang tsa ho ja, ho noa, ho robala, ho tsuba le ho ikoetlisa. Ka mohlala, nahana ka tloaelo ea ho ikoetlisa.

Tloaelo ea ho ikoetlisa ’meleng. Boikoetliso bo itekanetseng ba ’mele bo ka ba molemo haholo. (Bona lebokose le reng “Ke Boikoetliso bo Bokae Hona e le ba Mofuta Ofe?”) Liphuputso li bontša hore boikoetliso bo itekanetseng bo etsetsoang lapeng bo thusa batho ba hōlileng, ho akarelletsa le ‘mekaubere,’ ho boela ba e-ba matla le ho ba sehlahlo. Ka mohlala, sehlopha se seng sa batho ba hōlileng ba pakeng tsa lilemo tse 72 le tse 98 se ile sa fumana hore se khona ho tsamaea ka potlako le ho hloa litepisi habonolo haholoanyane ka mor’a ho phahamisa litšepe ka libeke tse leshome feela. ’Me seo hase makatse! Liteko tse entsoeng ka mor’a lenaneo la boikoetliso li bontšitse hore mesifa ea batho ba ikoetlisang e imena ho feta habeli ka matla. Sehlopha se seng se entsoeng ka basali ba lilemo tse isang ho tse 70, ba qetang nako e ngata ba lutse fatše se ile sa ikoetlisa habeli ka beke. Ka mor’a selemo, ba ne ba matlafetse mesifa, esita le ho ba matla, ba tsitsitse ’me ba tiile masapo. Setsebi sa tšebetso ea litho tsa ’mele Miriam Nelson, se neng se tsamaisa liphuputso tseo, se re: “Ha re ne re qala, re ne re tšohile hore re tla utloisa mesifa ea bona bohloko, re e honyetse, re e qhashole. Empa sohle seo re ileng ra se fumana e bile batho ba matlanyana, ba phetseng hantle haholoanyane.”

Ha e akaretsa liphuputso tse ’maloa tsa saense tabeng ea botsofali le boikoetliso, buka e ’ngoe e re: “Boikoetliso bo liehisa botsofali, bo lelefatsa bophelo, ’me bo fokotsa nako ea ho hloka tlhokomelo e feletseng e atisang ho etella lefu pele.”

Tloaelo ea ho ikoetlisa kelellong. Polelo e reng “E sebelise ho seng joalo e tla u lahlehela” ho bonahala e sa sebetse feela tabeng ea mesifa empa e sebetsa le tabeng ea kelello. Le hoja botsofali bo tsamaisana le bolebali, liphuputso tse entsoeng ke Mokhatlo oa Sechaba Tabeng ea ho Tsofala oa United States li bontša hore boko ba motho ea hōlileng bo ntse bo tenyetseha ka ho lekaneng hore bo ka sebetsana le liphello tsa botsofali. Ka hona, moprofesa oa tsamaiso ea methapo Dr. Antonio R. Damasio o etsa qeto: “Batho ba hōlileng ba ka tsoela pele ho phela ba e-na le morero le bophelo bo botle kelellong.” Ke’ng se thusang boko ba batho ba hōlileng ho lula bo tenyetseha?

Boko bo na le lisele tsa kutlo tse limilione tse likete tse 100 ’me li fetisetsana boitsebiso bo libilione. Tsamaiso ena ea boitsebiso e sebetsang joaloka mehala ea thelefono e nolofalletsa lisele tsa kutlo ho “buisana” e le hore har’a lintho tse ling tse ngata e hlahise mohopolo. Ha boko bo ntse bo tsofala, lisele tsa kutlo lia shoa. (Bona lebokose le reng “Maikutlo a Macha ka Lisele Tsa Boko.”) Leha ho le joalo, boko ba batho ba hōlileng bo khona ho koala sekheo sa lisele tsa kutlo tse lahlehang. Nako le nako ha sele ea kutlo e e-shoa, tse pel’a eona li qala ho fetisetsana boitsebiso le lisele tse ling le ho ntšetsa pele tšebetso ea sele e lahlehileng. Ka tsela eo, ha e le hantle boko bo fetisetsa boikarabelo ba ho etsa mosebetsi o itseng karolong e ’ngoe ea boko. Ka hona, batho ba bangata ba hōlileng ba sebelisa boko ka tsela e tšoanang le ba bacha, empa bona ba ka ’na ba sebelisa likarolo tse ling tse fapaneng tsa boko. Lintlheng tse ling, boko ba motho ea hōlileng bo sebetsa ka tsela e tšoanang le ea sebapali se hōlileng sa tenese seo le hoja se seng se se na sekaja, se sebelisang boiphihlelo boo libapali tse ncha li se nang bona. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mekhoa e fapaneng le eo libapali tse ncha li e sebelisang, sebapali se hōlileng se ntse se hlaba lintlha.

Batho ba hōlileng ba ka etsa’ng hore ba ’ne ba hlabe lintlha? Ka mor’a ho hlahloba batho ba 1 000 ba pakeng tsa lilemo tse 70 le tse 80, mofuputsi oa litaba tsa botsofali Dr. Marilyn Albert o ile a fumana hore boikoetliso ba kelello ke tšusumetso e ’ngoe e rerang hore na ke batho bafe ba hōlileng ba tla lula ba bolokile matla a bona a kelello. (Bona lebokose le reng “Ho Boloka Kelello e Tenyetseha.”) Boikoetliso ba kelello bo boloka ‘mehala ea boko ea thelefono’ e sebetsa. Ka lehlakoreng le leng, litsebi li bolela hore kelello e qala ho fokola “ha batho ba tlohela mosebetsi, ba etsa qeto ea ho se hlole ba ituba ka bophelo, ’me ba ipolella hore ha ba sa khema le linako.”—Inside the Brain.

Setsebi sa litaba tsa botsofali Dr. Jack Rowe se hlalosa hore litaba tse molemo ke hore “maemo ao re ka a laolang kapa ao re ka a ntlafatsang a lokela ho ntlafatsa bokhoni ba rōna ba ho atleha botsofaling.” Ho feta moo, nako e sa le teng ea ho qalisa ho ba le litloaelo tse ntle. Mofuputsi e mong o re: “Esita le haeba u ’nile ua ba le litloaelo tse mpe bophelong ka nako e telele ’me lilemong tsa morao tjena ua fetoha, ho ntse ho tla u kotulisa bonyanenyana bo itseng ba ho phela ka mokhoa o molemo.”

Tikoloho e Etsa Phapang

Haeba ngoanana ea hlahelang London kajeno a ne a ka busetsoa morao ho ea phela London ea Mehleng e Bohareng, nako eo a lebeletsoeng hore a e phele e ne e tla ba halofo ea eo a lebeletsoeng hore a e phele kajeno. Phapang ena e ne e sa tl’o bakoa ke phetoho ea tšohanyetso khōlong ea ’mele ea ngoanana eo, empa ho fapana le hoo e ne e tla bakoa ke ho phahama ha tšohanyetso ha lihekana tse ling tse peli—e leng tikoloho le tlhokomelo ea meriana. A re qale ka ho hlahloba ea tikoloho.

Tikoloho ea lefatše. Ka mohlala, nakong e fetileng tikoloho ea lefatše—e leng lehae la motho—e ne e beha bophelo kotsing ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena tse mashome, likotsi tse bakoang ke tikoloho eo motho a phelang ho eona li ’nile tsa fokotseha. Tsamaiso e batlang e sireletsehile ea likhoerekhoere, metsi a hloekileng le ho fokotseha ha likokoanyana tse lomang ka tlung, ho ntlafalitse tikoloho eo motho a phelang ho eona le bophelo ba hae, ’me ho lelefalitse nako eo a e phelang. Ka lebaka leo, hona joale motho o khona ho phela haleletsana libakeng tse ngata tsa lefatše.c Leha ho le joalo, ho theola hekana ena ho akarelletsa ho fetang feela ho kenya liphaepe tsa tsamaiso ea metsi ka tlung. Ho boetse ho akarelletsa ho phela tikolohong e nang le litšekamelo tse hahang bophelong le bolumeling.

Maemo a potolohileng motho sechabeng. Maemo a u potolohileng sechabeng a bōptjoa ke batho—bao u phelang le bona, u sebetsang le bona, u jang le bona, u rapelang esita le ho bapala le bona. Tikoloho eo u phelang ho eona ea ntlafala ha u e-na le metsi a hloekileng; ka ho tšoanang, maemo a u potolohileng sechabeng a ka ’na a ntlafala ha u e-na le metsoalle e molemo, ha re bolela e le ’ngoe feela ea lintlha tsa sehlooho. Ho khona ho arolelana lintho tse u thabisang le tse u bakelang mesarelo, tseo u li lakatsang le tse u qakang le batho ba bang ho theola hekana ena ea tikoloho ’me ho u thusa ho matha sebaka se eketsehileng.

Leha ho le joalo, ke ’nete le ka boemo bo fapaneng. Ho hloka metsoalle ho ka ’na ha bolaisa motho bolutu le ho etsa hore a itšehle thajana. U sekamela ho ba ea ponneng haeba batho bao u phelang le bona ba sa u natse. Mosali e mong ea phelang lehaeng la maqheku o ile a ngolla motsoalle oa hae: “Ke lilemo li 82 ’me ke bile lehaeng lena ka lilemo tse 16 tse telele. Ba re tšoara hantle, empa ka linako tse ling bolutu ho ipha matla.” Ka bomalimabe, boemo ba mosali enoa bo tšoana le ba batho ba bangata ba hōlileng, haholo-holo ba linaheng tsa Bophirimela. Hangata ba phela sechabeng se ba mamellang empa se sa ba ananele hakaalo. Ka lebaka leo, James Calleja, oa Mokhatlo oa Machaba Tabeng ea ho Tsofala o bolela hore “ho jeoa ke bolutu ke boemo bo bong bo itlhommeng pele bo lulang bo sokela boiketlo ba batho ba hōlileng ba phelang linaheng tse tsoetseng pele moruong.”

Ke ’nete hore u ka ’na ua sitoa ho tlosa maemo a etsang hore u jeoe ke bolutu—joaloka ba ho qobelloa ho tlohela mosebetsi, ho haelloa ke maoto a ho tsamaea, ho lahleheloa ke metsoalle ea nako e telele, kapa ho shoelloa ke molekane—empa u ntse u ka nka mehato e itseng ho theolela hekana ena bophahamong bo laolehang. Ntlha ea pele, hopola hore ho jeoa ke bolutu ha ho bakoe ke botsofali; le bacha ba bang ba ntse ba jeoa ke bolutu. Bothata boo ha bo bakoe ke botsofali—bo bakoa ke ho ba thōko le batho ba bang. U ka etsa eng ho thibela ho oela boemong ba ho ba thōko le batho ba bang?

Mohlolohali e mong ea hōlileng oa eletsa: “Etsa hore batho ba bang ba thabele ho ba le uena. Ke batho ba seng bakae feela ba thabelang ho tloaelana le motho ea lulang a belaela. U lokela ho loanela ho ba motho ea thabileng. Ke ’nete hore seo se hloka boiteko, empa boiteko boo u bo etsang bo tla u tsoela molemo hamorao. Khalapa lia buseletsana.” Oa eketsa: “E le ho tiisa hore ke na le moqoqo oo nka qoqang ka oona le batho bao ke kopanang le bona, ebang ke ba bacha kapa ba hōlileng, ke leka ho lula ke le nakong ka ho bala limakasine tse rutang le ho mamela litaba.”

Litlhahiso tse ling ke tsena: Ithute ho thahasella lintho tseo batho ba bang ba li thahasellang. Botsa lipotso. Ho isa bohōleng boo u ka khonang, fana ka seatla se bulehileng. Haeba u se na lintho tse bonahalang, u ka fana ka uena; ho na le thabo ho faneng. Ngola mangolo. Etsa ho hong ho itseng ho itlosa bolutu. Amohela limemo tsa ho etela batho ba bang kapa ho ea le bona libakeng tse itseng. Boloka lehae la hao le khatholla ’me le ipiletsa ho baeti. Ithaopele ho thusa ba hlokang thuso.

Tikoloho ea bolumeli. Bopaki bo ntseng bo eketseha bo bontša hore mesebetsi ea bolumeli e thusa batho ba hōlileng ho fumana “morero le bohlokoa ba bophelo” le ho ba le “thabo,” “boikutlo ba ho ba molemo,” “khotsofalo e eketsehileng bophelong” le “boikutlo ba ho ba le karolo sechabeng le ba ho atleha.” Hobane’ng? Buka ea Later Life—The Realities of Aging ea hlalosa: “Tumelo ea bolumeli e fa batho filosofi ea bophelo hammoho le letoto la melao ea boitšoaro, litekanyetso le litumelo tse ba thusang ho hlalosa le ho utloisisa lefatše le ba potolohileng.” Ho feta moo, mesebetsi ea bolumeli e kopanya batho ba hōlileng le batho ba bang ’me kahoo “e fokotsa monyetla oa hore ba be thōko le batho ba bang le oa ho jeoa ke bolutu.”

Ha e le Louise le Evelyn, bahlolohali bao ka bobeli ba leng lilemo li 80 ebile e le litho tsa phutheho ea Lipaki tsa Jehova, liphuputso tsena li mpa li tiisitse seo ba neng ba se ba ntse ba se tseba ka lilemo tse mashome-shome. Louise o re: “Holong ea rōna ea ’Muso,d ke thabela ho buisana le ba bang, ba hōlileng hammoho le ba bacha. Liboka lia ruta. Ha re ntse re thabela botsoalle ka mor’a liboka, re ba le lintho tse re tšehisang. Ke nako e thabisang.” Evelyn le eena o rua molemo mosebetsing oa hae oa bolumeli. O re: “Ho ea tšimong ke il’o buisana le baahisani ka Bibele ho nthusa hore ke se ke ka ba mong. Empa ho feta moo, ho ea nthabisa. Ho thusa ba bang hore ba tsebe morero oa sebele oa bophelo ke mosebetsi o khotsofatsang.”

Ka ho hlakileng, Louise le Evelyn ba na le morero bophelong. Boikutlo boo ba bang le bona ba boiketlo bo theola hekana ena ea bobeli—e leng tikoloho—’me bo ba thusa ho tsoela pele peisong.—Bapisa le Pesaleme ea 92:13, 14.

Phekolo ea Meriana e Theko e Tlaase e Fumaneha ka Tefello e Phahameng

Tsoelo-pele ea saense ea bongaka lekholong lena la lilemo e theotse hekana ea boraro, ea tlhokomelo ea meriana haholo—empa eseng lefatšeng ka bophara. The World Health Report 1998 e bolela hore linaheng tse ’maloa tse futsanehileng “nako eo motho a lebeletsoeng ho e phela e fokotsehile pakeng tsa 1975 le 1995.” Motsamaisi-kakaretso oa WHO o boletse hore “batho ba 3 ho ba 4 ba phelang linaheng tse sa tsoelang pele moruong kajeno ba shoa pele ba fihla lilemong tse 50—e leng nako eo motho a neng a lebeletsoe ho e phela lilemong tse mashome a mahlano tse fetileng.”

Leha ho le joalo, palo e ntseng e eketseha ea batho ba hōlileng le ba bacha e phelang linaheng tse futsanehileng e theola hekana ena ka ho sebelisa hamolemo tlhokomelo ea bophelo e teng le eo batho ba ka e khonang. Ka mohlala, nahana ka mokhoa o mocha oa phekolo ea lefuba.

Lefatšeng ka bophara, lefuba le bolaea batho ba bangata ho feta ba bolaoang ke AIDS, malaria le maloetse a libakeng tse chesang tse mongobo a kopane—batho ba 8 000 letsatsi le letsatsi. Ho bakuli ba bang le ba bang ba 100 ba lefuba ba 95 ba phela linaheng tse hōlang moruong. Hona joale batho ba ka bang limilione tse 20 ba tšoeroe ke lefuba, ’me le ka ’na la bolaea ba ka bang limilione tse 30 lilemong tse leshome tse tlang, e leng palo e lekanang le ea baahi ba Bolivia, Cambodia le Malawi ba kopane.

Hase feela WHO e bileng motlotlo ho phatlalatsa ka 1997 hore e fumane mokhoa o mocha oa ho phekola lefuba ka likhoeli tse tšeletseng ho sa hlokahale hore motho a kene sepetlele kapa hore ho sebelisoe theknoloji e phahameng ea tlhokomelo ea meriana. The TB Treatment Observer, e leng khatiso ea WHO e bontšitse: “Ke lekhetlo la pele lefatše le fumana lisebelisoa le mekhoa ea ho etsolla seoa sa lefuba eseng feela linaheng tse ruileng, empa esita le linaheng tsa lefatše tse futsanehileng ka ho fetisisa.” Mokhoa ona—oo ba bang ba o hlalosang e le “katleho e khōlō ka ho fetisisa ea bophelo leshomeng lena la lilemo”—o bitsoa DOTS.e

Le hoja litšenyehelo tsa mokhoa ona li le ka tlaasenyana ho tsa phekolo e tloaelehileng ea lefuba, liphello tsa oona ke tse ntle, haholo-holo ho ba phelang linaheng tse hōlang moruong. Dr. Arata Kochi, mookameli oa Lenaneo la Lefuba la Lefatše la WHO o re: “Ha ho mokhoa o mong oa phekolo ea lefuba o bonahetseng o hlahisa manane a phahameng a ba phekoloang ka tsela e tsitsitseng tjena. DOTS e hlahisitse manane a phahameng a ba phekoloang ba etsang karolo ea 95 lekholong, esita le linaheng tse futsanehileng ka ho fetisisa.” Qetellong ea 1997, linaha tse 89 li ne li se li sebelisa mokhoa ona oa DOTS. Kajeno palo eo e nyolohetse ho 96. WHO e tšepa hore mokhoa ona o tla finyella batho ba bang ba limilione ba futsanehileng ba phelang linaheng tse sa tsoelang pele moruong, e leng ho tla ba thusa ho theola hekana ena ea boraro peisong ea bophelo.

Ka ho fetola litloaelo tsa hae, ho ntlafatsa tikoloho ea hae le ho ntlafatsa tlhokomelo ea hae ea meriana, ka sebele motho o khonne ho eketsa nako e tloaelehileng ea bophelo le nako eo a lebeletsoeng ho e phela. Potso ke hore, Na ka letsatsi le leng motho o tla ke a khone ho eketsa nako e telele ka ho fetisisa ea bophelo ba motho—mohlomong esita le ho phela a se na qetello?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Le hoja lipoleloana “nako eo motho a lebeletsoeng ho e phela” le “nako e tloaelehileng ea bophelo ba motho” li atisa ho sebelisoa ka ho fapanyetsana, ha li bolele ntho e le ’ngoe. “Nako eo motho a lebeletsoeng ho e phela” e bolela lilemo tseo motho a ka lebellang ho li phela, athe “nako e tloaelehileng ea bophelo ba motho” e bolela lilemo tseo ka karolelano batho ba hlileng ba li phelang. Ka hona, likhakanyo tsa nako eo motho a lebeletsoeng ho e phela li thehiloe nakong eo ka karolelano batho ba e phelang.

b Ho phaella litšobotsing tsena tse ka feto-fetohang, ka ho hlakileng sebōpeho sa motho se ke keng sa fetoloa le liphatsa tsa hae tsa lefutso li ama bophelo ba hae le bolelele ba bophelo ba hae. Sena se tla tšohloa sehloohong se latelang.

c Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ba kamoo u ka ntlafatsang tikoloho ea lelapa ka mokhoa o bonolo kateng, bona sehlooho se reng “Ho Talimana le Phephetso ea Bohloeki” le se reng “Se Laolang Bophelo ba Hao bo Botle—Seo U ka se Etsang” tokollong ea Tsoha! ea October 8, 1988 le ea April 8, 1995.

d Sebaka seo Lipaki tsa Jehova li tšoarelang liboka tsa tsona tsa beke le beke ho sona se bitsoa Holo ea ’Muso. Liboka tsena li bulehetse batho bohle, ’me ha ho nkuoe koleke.

e DOTS ke khutsufatso ea directly observed treatment, short-course (phekolo ea nako e khutšoanyane tlas’a tlhokomelo e tobileng). Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka mokhoa oa DOTS, bona sehlooho se reng “Boitšireletso bo Bocha Toantšong ea Lefuba,” ho Tsoha! ea June 8, 1999.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

KE BOIKOETLISO BO BOKAE HONA E LE BA MOFUTA OFE?

Mokhatlo oa Sechaba Tabeng ea ho Tsofala (National Institute on Aging [NIA]) o re: “Metsotso e 30 ea boikoetliso bo itekanetseng letsatsi le leng le le leng ke pakane e ntle.” Empa ha ho hlokahale hore u ikoetlise ka metsotso eo e 30 ka nako e le ’ngoe. Ho boleloa hore ho ikoetlisa ho seng hokae ho etsoang hararo ka metsotso e leshome nako le nako ho na le melemo e tšoanang le ea ho ikoetlisa ka tsela e tšoanang ka lekhetlo le le leng ka ho nka metsotso e 30. Ke boikoetliso ba mofuta ofe boo u ka bo etsang? Bukana ea NIA e reng Don’t Take It Easy: Exercise! ea eletsa: “Boikoetliso ba nakoana bo sekhahla, joaloka ho hloa litepisi ho e-na le ho tsamaea ka lift, kapa ho tsamaea ka maoto ho e-na le ho tsamaea ka koloi, ho ka etsa metsotso e 30 ea boikoetliso letsatsi le letsatsi. Ho haraka matlakala, ho tlōlaka le bana, ho sebetsa serapeng, esita le ho etsa mesebetsi ea ka tlung ho ka etsoa ka tsela e tlatsetsang boikoetlisong ba hao ba letsatsi le letsatsi.” Ke ’nete hore ke bohlale hore u bone ngaka ea hao pele u qala lenaneo la boikoetliso.

[Setšoantšo]

Boikotliso bo itekanetseng ba ’mele bo ka thusa ba hōlileng ho boela ba e-ba le matla le sehlahlo

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

BOLOKA KELELLO E TENYETSEHA

Liphuputso tsa saense tse entsoeng ho batho ba likete ba hōlileng li ile tsa fumana lintlha tse ’maloa tse thusang ho boloka kelello ea batho ba hōlileng e tenyetseha. Li akarelletsa “ho tšoareha ka ho bala, ho hahlaula, ho ba teng meketeng ea setso, thuto, ho kena mekhatlo le ho sebetsana le mekhatlo ea botsebi.” “Etsa lintho tse ngata tse fapa-fapaneng ka hohle kamoo u ka khonang kateng.” “Tsoela pele ka mosebetsi oa hao. U se ke ua tlohela mosebetsi.” “Tima TV.” “Ithutele ho hong.” Ho lumeloa hore mesebetsi e joalo hase feela hore e tsosa motho morolo empa e boetse e nchafatsa boko ba hae.

[Setšoantšo]

Boikoetliso ba kelello bo thusa kelello ho tenyetseha

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

LIKELETSO TSA BOPHELO BAKENG SA BA TSOFALANG

Mokhatlo oa Sechaba Tabeng ea ho Tsofala, e leng Lefapha la Bophelo le Litšebeletso tsa Sechaba United States o bolela hore “menyetla ea ho phela hantle le ho phela haleletsana e ka ntlafatsoa” ka ho latela keletso e utloahalang, e kang e latelang:

● E-ja lijo tsa phepho e nepahetseng, tse akarelletsang litholoana le meroho.

● Haeba u noa lino tse tahang, li noe ka ho itekanela.

● Se ke ua tsuba. Nako e sa le teng ea hore u khaotse.

● Ikoetlise kamehla. Bona ngaka ea hao pele u qala lenaneo la boikoetliso.

● Lula u kopana le lelapa le metsoalle.

● Lula u le sehlahlo mosebetsing, papaling le mesebetsing ea kopanelo.

● E-ba le boikutlo bo botle ka bophelo.

● Etsa lintho tse u thabisang.

● E-ea ngakeng kamehla.

[Lebokose le leqepheng la 9]

MAIKUTLO A MACHA KA LISELE TSA BOKO

Dr. Marilyn Albert, moprofesa oa mafu a kelello le tsamaiso ea methapo o re: “Pele re ne re nahana hore motho o lahleheloa ke lisele tsa boko likarolong tsohle tsa boko letsatsi le leng le le leng ha a ntse a phela. ’Nete ke hore ho motho ea tsofetseng ea ntseng a phela hantle ho lahleha tse itseng, le hona eseng tse ngata hakaalo, ’me e ba likarolong tse itseng feela tsa boko.” Ho feta moo, Scientific American ea November 1998 e tlaleha hore litšibollo tsa morao tjena li bontša hore esita le tumelo e ’nileng ea e-ba teng ka nako e telele ea hore leha ho ka thoe’ng batho ba ke ke ba hlahisa lisele tse ncha tsa boko, “e ea e ntse e fela.” Litsebi tsa tsamaiso ea methapo li bolela hore hona joale li bokeletse bopaki ba hore esita le batho ba hōlileng “ba hlahisa lisele tse eketsehileng tsa kutlo tse makholo-kholo.”

[Lebokose le leqepheng la 11]

NA BATHO BA HŌLILENG BA BOHLALE?

Bibele ea botsa: “Na ha ho na bohlale har’a ba hōlileng le kutloisiso boleleleng ba matsatsi?” (Jobo 12:12, NW) Karabo ke efe? Bafuputsi ba ile ba ithuta batho ba hōlileng ho lekanyetsa litšobotsi tse kang tsa “ho ba le temohisiso, kahlolo e molemo, pono e leka-lekaneng le bokhoni ba ho seka-seka maemo le ho nahana litsela tse bohlale tsa ho rarolla mathata.” Ho ea ka U.S.News & World Report, phuputso e bontšitse hore “batho ba hōlileng ba lula ba feta ba bacha litšobotsing tsohle tsa bohlale, ho faneng ka keletso e nahanetsoeng hantle, e bontšang bohlale.” Liphuputso li boetse li bontša hore “le hoja hangata batho ba hōlileng ba nka nako ho etsa qeto ho feta bacha, hangata ba etsa e molemonyana.” Ka hona, joalokaha buka ea Bibele ea Jobo e bontša, ka sebele, lilemo ke bohlale bo nang le phihlelo.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Bophelo ba motho bo tšoana le peiso e nang le lihekana

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Mohlolohali e mong oa eletsa: “Etsa hore batho ba bang ba thabele ho ba le uena”

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

“Ho thusa ba bang hore ba tsebe morero oa sebele oa bophelo ke mosebetsi o khotsofatsang.”—Evelyn

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

“Holong ea rōna ea ’Muso ke thabela ho buisana le ba bang, ba hōlileng hammoho le ba bacha.”—Louise

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela