Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 3/1 leq. 3
  • Ke Hobane’ng ha re Hloka Molopolli?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha re Hloka Molopolli?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefu le Tla Felisoa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Na Lefu Ehlile ke Qetello ea Bophelo?
    Tsoha!—2007
  • Ho Hlahlobisisa Tse Ling Tsa Likhopolo Tse Fosahetseng ka Lefu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • U Nka Lefu Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 3/1 leq. 3
Sehlopha se senyenyane sa lipalesa tseo neng-neng li tla ho pona

SEHLOOHO SE KA NTLE | LEFU LA JESU LE RE TSOELA MOLEMO—JOANG?

Ke Hobane’ng ha re Hloka Molopolli?

“Motho, ea tsoetsoeng ke mosali, o phela hakhutšoanyane ’me o khotše likhathatso. O hlahile joaloka thunthung ’me oa khaoloa, o baleha joaloka moriti ’me ha a tsoele pele a le teng.”—Jobo 14:1, 2.

Ho tloha tšimolohong, haesale batho ba labalabela ho lula ba le bacha le ho phela ka ho sa feleng ba le mahlahahlaha. Leha ho le joalo, ka masoabi batho baa shoa. Mantsoe a Jobo a qotsitsoeng serapeng sa pele ke ’nete le hoja a ngotsoe lilemong tse ka bang likete tse tharo tse fetileng.

Batho bohle ba na le takatso e matla ea ho phela ka ho sa feleng. Bibele e re Molimo o re bōpelletse le takatso ea ho phela ka ho sa feleng a ba a etsa hore re rate ho utloisisa hore na bophelo bo sa feleng bo tla ba joang. (Moeklesia 3:11) Haeba ho joalo, na ke ntho e utloahalang hore Molimo ea lerato a ka etsa hore re be le takatso ea se ke keng sa phethahala? Haeba karabo ea hao ke che, u nepile. Lentsoe la Molimo le re lefu ke sera ’me le tšepisa hore “le tla etsoa lefeela.”—1 Bakorinthe 15:26.

Ha ho pelaelo hore lefu ke sera. Kahoo, ha ho motho ea ka thabelang ho shoa. Ha ho hlaha boemo bo behang bophelo kotsing, rea bo qoba, rea ipata kapa rea baleha. Ha re kula, re leka kahohle hore re fole. Re loana ka matla hore re qobe lefu.

Na ke ntho e utloahalang ho nahana hore ka le leng lefu le tla felisoa? E ho joalo. Ha Jehova Molimo a bōpa batho, o ne a sa rera hore ba phele lilemo tse seng kae feela ebe baa shoa. O ne a batla hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng, ’me re ka kholiseha hore morero oo oa hae o tla phethahala.—Esaia 55:11.

Re ka re Molimo o tla etsa’ng ho felisa lefu? Ka lilemo tse ngata batho ba ’nile ba leka ho felisa lefu, empa ba hlōlehile. Le kajeno batho ba sa ntse ba batla tsela ea ho felisa lefu. Bo-rasaense ba entse meriana e kokobetsang mafu a itseng. Ba ’nile ba leka ho ithuta kamoo lisele tsa batho li sebetsang kateng. Linaheng tse ngata, boholo ba batho ba phela nako e teletsana ho feta eo batho ba neng ba e phela lilemong tse lekholo tse fetileng. Leha ho le joalo, batho ba tsoela pele ho shoa. Ho joalokaha Bibele e bolela e re: “Bohle ba khutlela lerōleng.”—Moeklesia 3:20.

Litaba tse monate ke hore, ha rea lokela ho tšepa bohlale ba batho tabeng ena. Jehova Molimo o fane ka Jesu Kreste hore a re lopolle lefung.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela