Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lv khao. 4 maq. 36-49
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlompha Bolaoli?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlompha Bolaoli?
  • “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LEBAKA LEO HO LENG THATA KA LONA
  • KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO HLOMPHA BOLAOLI?
  • TLHOMPHO KA LAPENG
  • TLHOMPHO KA PHUTHEHONG
  • HO HLOMPHA BALAOLI BA LEFATŠE
  • Hlompha ba Filoeng Matla a ho U Laela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Maikutlo a Bokreste ka Bolaoli
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Amohela Bolaoli ba Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ho Hlompha ba Nang le Matla a ho Laela—Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
“Le Ipoloke Leratong la Molimo”
lv khao. 4 maq. 36-49
Ntate o ruta lelapa la hae

KHAOLO EA 4

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlompha Bolaoli?

“Hlomphang batho ba mefuta eohle.”—1 PETROSE 2:17.

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha re thatafalloa ho hlompha bolaoli? (b) Re tla tšohla lipotso life?

NA U kile ua bona hore na ngoana e monyenyane o etsa’ng ha a kōptjoa hore a etse ntho eo a sa batleng ho hang ho e etsa? Sefahlehong sa moshanyana enoa u bona feela hore maikutlo a hae aa loantšana. O utloa lentsoe la motsoali oa hae, ’me oa tseba hore ho lebeletsoe hore a hlomphe ha motsoali oa hae a mo laela. Empa tabeng ena, ho hang ha a batle ho mamela. Ho loantšana ha maikutlo a hae ho bontša se etsahalang ho rōna bohle.

2 Ha ho bonolo kamehla ho hlompha bolaoli. Na ka linako tse ling u fumana ho le thata ho hlompha ba filoeng bolaoli? Haeba ho joalo, hase uena feela ea loanang ntoa ena. Re phela nakong eo ka eona batho ba sa hlompheng bolaoli ho feta neng kapa neng. Leha ho le joalo, Bibele e bolela hore ho hlokahala hore re hlomphe ba filoeng matla a ho re laola. (Liproverbia 24:21) Ha e le hantle, haeba re batla hore Molimo a ’ne a re rate, ke habohlokoa hore re ba hlomphe. Kahoo, re ka ipotsa lipotso tsena. Ke hobane’ng ha re thatafalloa ho hlompha bolaoli? Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore re etse see ’me ke’ng e tla re thusa ho mamela? Ea ho qetela, re ka hlompha bolaoli ka litsela life?

LEBAKA LEO HO LENG THATA KA LONA

3, 4. Sebe le ho se phethahale li qalile joang, hona ke hobane’ng ha ho se phethahale ho re thatafalletsa ho hlompha bolaoli?

3 A re tšohleng ka bokhutšoanyane mabaka a mabeli a hore na ke hobane’ng ha ho le thata hakana hore re hlomphe bolaoli. Lebaka la pele, ha rea phethahala, la bobeli, batho ba re laolang le bona ha baa phethahala. Sebe le ho se phethahale ha batho li qalile khale tšimong ea Edene ha Adama le Eva ba fetohela bolaoli ba Molimo. Kahoo, sebe se qaliloe ke bofetoheli. Ho tloha nakong eo, re ile ra sekamela bofetoheling.—Genese 2:15-17; 3:1-7; Pesaleme ea 51:5; Baroma 5:12.

4 Kaha re baetsalibe ka tlhaho, ho ka ba bonolo hore boholo ba rōna re be baikhohomosi le baikakasi, athe boikokobetso ke tšobotsi eo batho ba bangata ba se nang eona eo ho hlokahalang hore re e sebeletse ka thata re be re e boloke ka thata. Esita le ka mor’a ho sebeletsa Molimo ka botšepehi ka lilemo tse telele, re ka ’na ra inehella manganga le boikakaso. Ka mohlala, nahana ka Kora, ea ileng a khomarelana ka botšepehi le batho ba Jehova mathateng a mangata. Leha ho le joalo, o ile a lakatsa bolaoli bo eketsehileng eaba ka tello o etella pele hore ho fetoheloe Moshe, monna ea neng a le bonolo ka ho fetisisa nakong eo. (Numere 12:3; 16:1-3) Hape, nahana ka Morena Uzia, eo boikakaso ba hae bo ileng ba mo etsa hore a kene ka tempeleng ea Jehova ebe o etsa mosebetsi o halalelang o neng o etsoa ke baprista feela. (2 Likronike 26:16-21) Banna bana ba ile ba fumana kotlo e matla ka lebaka la bofetoheli ba bona. Leha ho le joalo, mehlala ea bona e mebe ke likhopotso tse molemo ho rōna kaofela. Re lokela ho loantša boikakaso bo re thatafalletsang ho hlompha bolaoli.

5. Batho ba sa phethahalang ba ’nile ba sebelisa bolaoli ba bona hampe joang?

5 Ka lehlakoreng le leng, babusi ba sa phethahalang ba batho ba entse lintho tse ngata tse etsang hore batho ba se ke ba hlompha bolaoli. Ba bangata ba bile sehlōhō, lipuo le liketso tsa bona li bile mpe, kapa e bile bahatelli. Ha e le hantle, histori ea batho e tletse tlaleho ea tšebeliso e mpe ea matla. (Moeklesia 8:9) Ka mohlala, Saule e ne e le motho ea molemo le ea ikokobelitseng ha Jehova a mo khetha hore e be morena. Leha ho le joalo, o ile a inehella boikakaso le mōna; eaba ka mor’a moo o hlorisa Davida ea tšepahalang. (1 Samuele 9:20, 21; 10:20-22; 18:7-11) Hamorao Davida e ile ea e-ba e mong oa marena a molemohali ao Iseraele e kileng ea e-ba le ’ona, empa o ile a sebelisa matla a hae hampe ha a utsoa mosali oa Uria oa Mohethe a ba a isa monna eo ea se nang molato moleng o ka pele hore a bolaoe ntoeng. (2 Samuele 11:1-17) Ha ho pelaelo hore ho se phethahale ho thatafalletsa batho hore ba sebelise matla hantle. Ebile ha babusi ba sa hlomphe Jehova, ba sebelisa matla hampe le ho feta. Ka mor’a ho hlalosa tsela eo ka eona bapapa ba bang ba K’hatholike ba ileng ba qalisa mahloriso a pharaletseng, setsebi se seng sa Lenyesemane sa lipolotiki se ile sa ngola sa re: “Matla a na le ho mathela motho hloohong; matla a feletseng a mathela hloohong ka ho feletseng.” Ha re nahana ka tlaleho ena ea tšebeliso e mpe ea matla, a re tšohleng potso e reng: Ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha bolaoli?

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO HLOMPHA BOLAOLI?

6, 7. (a) Ho rata Jehova ho re susumelletsa ho etsa’ng, hona e le ka lebaka lefe? (b) Ho ikokobetsa ho hloka hore motho a be le maikutlo afe, hona re ka ho bontša joang?

6 Mabaka a molemohali a ho hlompha bolaoli a tsoaloa ke lerato—ho rata Jehova, ho rata batho ba bang le ho ithata. Kaha re rata Jehova ho feta eng kapa eng, re batla ho thabisa pelo ea hae. (Liproverbia 27:11; Mareka 12:29, 30) Rea tseba hore bobusi ba hae, e leng tokelo ea hae ea ho busa bokahohle, bo qhololitsoe lefatšeng ho tloha ha batho ba fetohela Molimo Edene ebile rea tseba hore batho ba bangata ba eme le Satane ’me ba lahlile puso ea Jehova. Rōna re thabela ho ema le bobusi ba Jehova. Ha re bala mantsoe a hlollang a ho Tšenolo 4:11, lipelo tsa rōna lia tlōla ke thabo. Re bona ka ho hlaka hore Jehova ke eena ’Musi ea loketseng oa bokahohle! Re tšehetsa bobusi ba Jehova ’me re amohela puso ea hae bophelong ba rōna ba kamehla.

7 Tlhompho e joalo e bolela hore re mamela tlas’a maemo ’ohle. Re mamela Jehova habonolo hobane rea mo rata. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho mamela ho tla re thatafalla haholo. Haeba seo se etsahala, joaloka moshanyana eane e monyenyane ea hlalositsoeng qalong, re tla lokela ho ithuta ho ikokobetsa. Rea hopola hore Jesu o ile a ikokobelletsa thato ea Ntate oa hae le nakong eo ho etsa joalo ho neng ho ka bonahala ho le thata haholo. O ile a re ho Ntate oa hae: “Ho ke ho etsahale thato ea hao, eseng ea ka.”—Luka 22:42.

8. (a) Hangata ho ikokobelletsa bolaoli ba Jehova kajeno ho akarelletsa’ng, ’me ke eng e senolang boikutlo ba Jehova ntlheng ee? (b) Ke eng e ka re thusang ho mamela keletso le ho amohela taeo? (Bona lebokose le leqepheng la 46-7.)

8 ’Nete ke hore Jehova ha a bue le rōna ka bomong kajeno, o sebelisa Lentsoe la hae le baemeli ba hae ba batho ba lefatšeng. Kahoo, hangata re ikokobelletsa bolaoli ba Jehova ka ho hlompha batho bao a ba behileng hore ba be maemong a ho re laola. Haeba ka mohlala re ne re ka fetohela batho bao ka ho hana ho amohela keletso le khalemelo ea bona ea Mangolo, re ne re tla khopisa Molimo oa rōna. Ha Baiseraele ba ne ba korotla ba bile ba fetohela Moshe, Jehova o ile a nka hore ba korotlela eena.—Numere 14:26, 27.

9. Ke hobane’ng ha ho rata batho ba bang ho tla re susumelletsa ho hlompha bolaoli? Etsa mohlala.

9 Re boetse re hlompha bolaoli hobane re rata batho ba bang. Ke hobane’ng ha re bua joalo? Nka hore u lesole lebothong la ntoa. Ho ka etsahala hore ho atleha esita le hona ho pholoha ha lebotho leo, ho itšetlehe ka hore lesole le leng le le leng le mamele balaoli ba maemong a fapa-fapaneng, le sebelisane le bona le be le ba hlomphe. Haeba u ne u ka hlompholla tlhophiso eo ka bofetoheli, seo se ne se ka etsa hore masole ’ohle a heno a be kotsing. Re ke ke ra latola hore mabotho a batho a baka tšenyo e khōlō lefatšeng kajeno. Leha ho le joalo, Jehova eena o na le mabotho a etsang se molemo feela. Ka makhetlo a makholo-kholo Bibele e bitsa Molimo “Jehova oa mabotho.” (1 Samuele 1:3) Ke Molaoli oa boieane ba libōpuoa tse matla tsa moea. Ka linako tse ling, Jehova o tšoantša bahlanka ba hae ba lefatšeng le lebotho. (Pesaleme ea 68:11; Ezekiele 37:1-10) Haeba re ne re ka fetohela batho bao Jehova a ba behileng hore ba re laole, na re tla be re sa behe tumelo ea masole a habo rōna a moea kotsing? Ha Mokreste a fetohela baholo ba behiloeng, ba bang ka phuthehong le bona ba ka ba mahlomoleng. (1 Bakorinthe 12:14, 25, 26) Ha ngoana e e-ba mofetoheli, lelapa lohle le ka ’na la e-ba mahlomoleng. Kahoo, re bontša hore re rata batho ba bang ka ho hōlisa moea oa tlhompho le oa tšebelisano.

10, 11. Takatso e loketseng ea ho itsoela molemo e re susumelletsa ho mamela bolaoli joang?

10 Re boetse re hlompha bolaoli hobane seo se tla re tsoela molemo haholo. Ha Jehova a re kōpa hore re hlomphe bolaoli, hangata o bolela hore na re tla fumana melemo efe ka ho etsa joalo. Ka mohlala, o bolella bana hore ba hlomphe batsoali ba bona e le hore ba tle ba phele halelele le ka thabo. (Deuteronoma 5:16; Baefese 6:2, 3) O re bolella hore re hlomphe baholo ba phutheho hobane ha re sa ba hlomphe, kamano ea rōna le Jehova Molimo e tla senyeha. (Baheberu 13:7, 17) O boetse o re bolella hore re tla rua molemo ha re mamela balaoli ba lefatše.—Baroma 13:4.

11 Na ua lumela hore ho tseba lebaka leo Jehova a reng re mamele ka lona ho re thusa ho hlompha bolaoli? Kahoo, a re tšohleng kamoo re ka hlomphang bolaoli likarolong tse tharo tse ka sehloohong tsa bophelo.

TLHOMPHO KA LAPENG

12. Jehova o abetse monna kapa ntate boikarabelo bofe ka lapeng, ’me monna a ka bo jara joang?

12 Jehova ke eena ea entseng tokisetso ea lelapa. Kaha kamehla ke Molimo oa taolo, o hlophisitse lelapa e le hore le sebetse ka kutloano. (1 Bakorinthe 14:33) O fa monna kapa ntate matla a hore e be hlooho ea lelapa. Monna o hlompha Hlooho ea hae, Kreste Jesu, ka ho etsisa tsela eo Jesu a sebelisang bohlooho ka eona ka phuthehong. (Baefese 5:23) Kahoo, monna ha aa lokela ho nyahlatsa boikarabelo ba hae empa o lokela ho bo jara senna; ebile ha aa tšoanela ho ba mohatelli empa, ho e-na le hoo, o lokela ho ba lerato, a nahanele hape a be mosa. O hopola kamehla hore bolaoli ba hae bo na le moeli—ha ho mohla bo phahamelang bolaoli ba Jehova.

Ntate oa Mokreste o etsisa tsela eo Kreste a sebelisang bohlooho ka eona

13. Mosali kapa ’mè a ka phetha karolo ea hae ka lapeng ka tsela efe e khahlisang Jehova?

13 Mosali kapa ’mè e lokela ho ba mothusi kapa motlatsi oa monna oa hae. Le eena o filoe bolaoli ka lapeng, etsoe Bibele e bua ka “molao oa ’m’ao.” (Liproverbia 1:8) Ha e le hantle, bolaoli ba hae bo tlas’a ba monna oa hae. Mosali oa Mokreste o hlompha bolaoli ba monna oa hae ka ho mo thusa ho phetha karolo ea hae ea bohlooho. Ha a mo nyenyefatse, ha a mo laole ka bomenemene ebile ha a inkele bohlooho. Ho e-na le hoo, oa mo tšehetsa ebile o sebelisana le eena. Ha a sa lumellane le liqeto tsa monna, a ka bolela maikutlo a hae ka tlhompho, empa o lula a ikokobelitse. Ha monna oa hae e se molumeli, a ka ’na a thulana le maemo a thata, empa boikokobetso ba hae bo ka ’na ba susumelletsa monna oa hae hore a batle Jehova.—1 Petrose 3:1.

Ka mosa ntate o khalemela mora oa hae ea entseng bohlasoa ka tlung

14. Bana ba ka thabisa batsoali ba bona le Jehova joang?

14 Bana ba thabisa pelo ea Jehova ha ba mamela ntate oa bona le ’mè oa bona. Hape, ba tlotlisa batsoali ba bona le ho ba thabisa. (Liproverbia 10:1) Malapeng a motsoali a le mong, bana ba sebelisa melao-motheo e tšoanang ea ho mamela, ba lemoha hore e ka ’na eaba motsoali oa bona o hloka hore ba mo tšehetse le ho sebelisana le eena haholo. Malapeng ao litho tsohle tsa lelapa li phethang karolo eo Molimo a li etselitseng eona, ho ba le khotso e khōlō le thabo. Sena se tlotlisa Jehova Molimo, Moqapi oa malapa ’ohle.—Baefese 3:14, 15.

TLHOMPHO KA PHUTHEHONG

15. (a) Re ka bontša joang hore re hlompha bolaoli ba Jehova ka phuthehong? (b) Ke melao-motheo efe e ka re thusang ho mamela ba etellang pele? (Bona lebokose le leqepheng la 48-9.)

15 Jehova o behile Mora oa hae hore e be ’Musi oa phutheho ea Bokreste. (Bakolose 1:13) Jesu le eena o abetse “lekhoba le tšepahalang le le masene” la hae hore le hlokomele litlhoko tsa moea tsa batho ba Molimo lefatšeng. (Matheu 24:45-47) Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova se emela sehlopha sa lekhoba. Joaloka phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo, kajeno baholo ba fumana litaelo le keletso ho Sehlopha se Busang, ka ho toba kapa ka baemeli ba sona, ba kang balebeli ba tsamaeang. Haeba re le batho ka bomong re hlompha bolaoli ba baholo ba Bakreste, re mamela Jehova.—Baheberu 13:17.

16. Baholo ba khethoa ke moea o halalelang ka kutloisiso efe?

16 Baholo le bahlanka ba sebeletsang ha baa phethahala. Ba etsa liphoso joaloka rōna. Leha ho le joalo, baholo ke “limpho tseo e leng banna,” tse fanoeng hore li thuse phutheho hore e be le kamano e matla le Jehova. (Baefese 4:8) Baholo ba khethoa ke moea o halalelang. (Liketso 20:28) Joang? Ka hore pele banna bana ba khethoa, ba qala ka ho finyella litšoaneleho tse tlalehiloeng Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng ke moea. (1 Timothea 3:1-7, 12; Tite 1:5-9) Ho feta moo, baholo ba hlahlobang ho bona hore na mor’abo rōna o finyella litšoaneleho tsa Mangolo ba rapela ka tieo hore moea o halalelang oa Jehova o ba tataise.

17. Mesebetsing ea bona ea phutheho, ke hobane’ng ha ka linako tse ling basali ba Bakreste ba roala hloohong?

17 Ka linako tse ling ho ka ’na ha etsahala hore baholo le bahlanka ba sebeletsang ba se ke ba e-ba teng phuthehong hore ba phethe mosebetsi oo ba o abetsoeng, o kang ho khanna seboka sa tšebeletso ea tšimo. Maemong ao, bara ba bang babo rōna ba kolobelitsoeng ba ka ba tšoarela molepo. Ha ho se na mor’abo rōna, baralib’abo rōna ba tšoanelehang ba Bakreste ba ka tšoara molepo. Leha ho le joalo, ha motho oa mosali a tšoere molepo boemong boo ha e le hantle bo abeloang mor’abo rōna ea kolobelitsoeng, oa roala hloohong.a (1 Bakorinthe 11:3-10) Ketso ena e hlokahalang ha e nyenyefatse basali. Ho e-na le hoo, e fana ka monyetla oa ho hlompha tokisetso ea Jehova ea bohlooho, ka lapeng le ka phuthehong.

HO HLOMPHA BALAOLI BA LEFATŠE

18, 19. (a) U ka hlalosa melao-motheo e thathamisitsoeng ho Baroma 13:1-7 joang? (b) Re hlompha balaoli ba lefatše joang?

18 Bakreste ba ’nete ba khomarela ka hloko melao-motheo e boletsoeng ho Baroma 13:1-7. Ha u bala litemana tsena, u ka bona hore “balaoli ba phahameng” ba boletsoeng moo ke mebuso ea lefatše. Hafeela Jehova a sa lumeletse mebuso ena ea lefatše hore e be teng, e etsa mesebetsi ea bohlokoa, e boloka taolo e itseng ebile e lokisetsa litšebeletso tse hlokahalang. Re hlompha balaoli bana ka ho mamela melao. Re hlokolosi hore re lefe makhetho ’ohle ao re lokelang ho a lefa, ho tlatsa ka nepo liforomo tsohle kapa litokomane tseo ’muso o ka li batlang, le ho phetha melao eohle e re amang le e amang malapa a rōna, likhoebo tsa rōna kapa thepa ea rōna. Leha ho le joalo, ha re ikokobeletse balaoli ba lefatše haeba ba re re se ke ra mamela Molimo. Ho e-na le hoo, re araba joaloka baapostola ba boholo-holo re re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:28, 29; bona lebokose le nang le sehlooho se reng “Ke lokela ho Mamela Bolaoli ba Mang?” leqepheng la 42.

KE LOKELA HO MAMELA BOLAOLI BA MANG?

Molao-motheo: “Jehova ke Moahloli oa rōna, Jehova ke Mofani oa rōna oa taelo e hlomamisitsoeng, Jehova ke Morena oa rōna.”—Esaia 33:22.

Tse ling tsa lipotso tseo u ka ipotsang tsona

  • Ke ne ke tla etsa’ng haeba ho ne ho thoe ke tlōle melao ea Jehova?—Matheu 22:37-39; 26:52; Johanne 18:36.

  • Ke ne ke tla etsa’ng haeba ke laeloa hore ke tlohele ho phetha litaelo tsa Jehova?—Liketso 5:27-29; Baheberu 10:24, 25.

  • Ke eng e ka nthusang hore ke itloaetse ho mamela balaoli?—Baroma 13:1-4; 1 Bakorinthe 11:3; Baefese 6:1-3.

19 Re boetse re hlompha balaoli ba lefatše ka tsela eo re sebelisanang le batho ba bang ka eona. Ka linako tse ling, re ka sebelisana ka ho toba le liofisiri tsa ’muso. Moapostola Pauluse o ile a sebelisana le babusi ba kang Morena Heroda Agripa le ’Musisi Festase. Banna bana ba ne ba e-na le liphoso tse khōlō, empa Pauluse o ile a bua le bona ka tlhompho. (Liketso 26:2, 25) Re etsisa mohlala oa Pauluse, ebang ofisiri eo re buang le eona ke ’musi e moholo kapa ke lepolesa la motse. Sekolong, Bakreste ba banyenyane ba leka ka tsela e tšoanang ho hlompha matichere a bona le liofisiri tsa sekolo le basebetsi. Ha e le hantle, ha re hlomphe feela ba ananelang seo re se lumelang; re boetse re hlompha le ha re sebelisana le ba hanyetsang Lipaki Tsa Jehova. Ka sebele, batho ka kakaretso ba sa lumelang ba lokela ho hlokomela hore rea hlompha.—Baroma 12:17, 18; 1 Petrose 3:15.

20, 21. Melemo e meng e hlahisoang ke ho hlompha bolaoli ka tsela e tšoanetseng ke efe?

20 A re se keng ra ba leqe ho bontša tlhompho. Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Hlomphang batho ba mefuta eohle.” (1 Petrose 2:17) Ha batho ba hlokomela hore re ba hlompha e le kannete, ba ka ’na ba khahloa haholo ke seo re se etsang. U hopole hore tlhompho e ntse e qepha haholo kajeno. Kahoo, ho hlompha ke tsela e ’ngoe eo ka eona re mamelang taelo ea Jesu e reng: “Leseli la lōna le ke le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntat’a lōna ea maholimong.”—Matheu 5:16.

21 Lefatšeng lena le lefifing, batho ba lipelo li lokileng ba huleloa leseling la moea. Kahoo ha re bontša tlhompho ka lapeng, ka phuthehong, re bile re hlompha balaoli ba lefatše, re ka hohela ba bang le ho ba susumelletsa ho tsamaea leseling le rōna. Eo e ka ba ntho e thabisang hakaakang! Leha ho le joalo, le haeba hoo ho sa etsahale, ho na le ho hong ho etsahalang. Ha re hlompha batho re thabisa Jehova Molimo ’me sena se etsa hore re lule leratong la Molimo. Na ho na le moputso o ka fetang oo?

a Leqepheng la 209-12 la Sehlomathiso, ho tšohloa lintlha tse seng kae tse molemo tsa kamoo molao-motheo ona o ka sebelisoang kateng.

“MAMELA KELETSO ’ME U AMOHELE TAEO”

Moea oa Satane, e leng bofetoheli ba hae le ho rata tlhōlisano ha hae, o tletse lefatše kajeno. Ka lebaka lena Bibele e bitsa Satane “’musi oa matla a moea” ’me e bua ka “moea oo hona joale o sebetsang ho bara ba ho se mamele.” (Baefese 2:2) Batho ba bangata kajeno ba batla ho lokoloha ka ho feletseng taolong ea batho ba bang. Ka masoabi, moea ona oa boitaolo o bile o tšoaelitse ba bang ka phuthehong ea Bokreste. Ka mohlala, ka mosa moholo a ka ’na a fana ka keletso e hlokomelisang ka kotsi ea boitšoaro bo bobe kapa boithabiso bo kotsi, empa ba bang ba ka ’na ba hana keletso eo kapa ba e khesa. Ho hlokahala hore e mong le e mong oa rōna a sebelise mantsoe a Liproverbia 19:20: “Mamela keletso ’me u amohele taeo, e le hore u ka hlalefa bokamosong ba hao.”

Ke eng e ka re thusang ntlheng ee? Nahana ka mabaka a mararo a tloaelehileng ao batho ba hanang keletso kapa taeo ka ’ona, ebe u ela hloko seo Mangolo a se buang ka ’ona.

  • “Ha ke lumele hore keletso e ne e hlokahala.” Re ka ’na ra nahana hore tabeng e re amang keletso e ne e hlile e sa hlokahale kapa hore ea fanang ka eona ha a utloisise boemo. Ebile re ka ba ra potlakela ho nyenyefatsa keletso eo. (Baheberu 12:5) Kaha bohle ha rea phethahala, na ho ke ke ha etsahala hore ebe mohlomong ke rōna ba lokelang ho lokisa pono ea rōna tabeng ee? (Liproverbia 19:3) Na ho ne ho ka fanoa ka keletso ntle ho lebaka le utloahalang? Joale, ho hlokahala hore re nahane ka hore na ke bofokoli bofe bo entseng hore ho fanoe ka keletso. Lentsoe la Molimo lea re eletsa: “Tšoara taeo; u se ke ua e tlohela. E sireletse, etsoe ke bophelo ba hao.”—Liproverbia 4:13.

  • “Ha ke rate tsela eo keletso e fanoeng ka eona.” Ke ’nete hore Lentsoe la Molimo le beha molao o phahameng mabapi le tsela eo keletso e fanoang ka eona. (Bagalata 6:1) Leha ho le joalo, Bibele e boetse e re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Tsela feela eo ka eona re ka fumanang keletso e phethahetseng e fanoang ka tsela e nepahetseng ke ka ho e fumana ho motho ea phethahetseng. (Jakobo 3:2) Jehova o sebelisa batho ba sa phethahalang ho re eletsa, kahoo ha rea lokela ho beha pelo haholo tseleng eo keletso e fanoang ka eona. Ho e-na le hoo, nahana ka hore na keletso eo e re’ng, ’me u nahane u be u rapelle hore na u tla e sebelisa joang.

  • “E ne e boetse e le mang hore a nkeletse!” Haeba re nahana hore liphoso tsa moeletsi li bebofatsa keletso ea hae, re lokela ho hopola se boletsoeng ka holimo. Hape, haeba re nahana hore ka lebaka la lilemo tsa rōna, boiphihlelo ba rōna kapa boikarabelo ba rōna ka phuthehong ha re hloke keletso, re lokela ho lokisa monahano oa rōna. Iseraele ea boholo-holo, morena o ne a e-na le boikarabelo bo boholo, empa o ne a lokela ho amohela keletso e tsoang ho baprofeta, baprista le bafo ba bang ba hae. (2 Samuele 12:1-13; 2 Likronike 26:16-20) Kajeno, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o beha banna ba sa phethahalang hore e be bona ba fanang ka keletso, ’me Bakreste ba hōlileng tsebong ba thabela ho amohela keletso eo le ho e sebelisa. Haeba boikarabelo ba rōna kapa boiphihlelo bo feta ba ba bang, ke hona moo re lokelang ho falimehela bohlokoa ba ho beha mohlala oa ho nahanela le oa boikokobetso ka hore re amohele keletso re be re e sebelise.—1 Timothea 3:2, 3; Tite 3:2.

Ho hlakile hore kaofela re hloka keletso. Kahoo, a re ikemisetseng ho rata ho amohela keletso, ho e sebelisa ka boikokobetso le ho leboha Jehova ka lipelo tsohle ka mpho ena e pholosang bophelo. Ha ho pelaelo hore keletso ke pontšo ea hore Jehova oa re rata, ’me re batla ho lula leratong la Molimo.—Baheberu 12:6-11.

“MAMELANG BA ETELLANG PELE”

Tlhophiso e ne e hlokahala ka potlako Iseraele ea boholo-holo. Moshe a le mong o ne a ke ke a hlokomela batho ba limilione ba neng ba tsamaea hammoho lefeelleng le kotsi. O ile a etsa’ng? “Moshe a qala ho khetha banna ba nang le bokhoni har’a Baiseraele bohle ’me a ba fa maemo hore e be lihlooho tsa sechaba, e be balaoli ba ba likete, balaoli ba ba makholo, balaoli ba ba mashome a mahlano le balaoli ba ba mashome.”—Exoda 18:25.

Ho hlokahala tlhophiso e tšoanang phuthehong ea Bokreste kajeno. Ke ka lebaka leo sehlopha sa sa tsebeletso ea tsimo se nang le molebeli, phutheho e nang le baholo, liphutheho tsa palo e itseng li nang le molebeli oa potoloho, lipotoloho tsa palo e itseng li nang le molebeli oa setereke le naha e nang le Komiti ea Naha kapa Komiti ea Lekala. Ka lebaka la tlhophiso ena, monna e mong le e mong ea sebetsang e le molisa o khona ho ela hloko linku tseo Jehova a mo abetseng hore a li hlokomele. Linku tsena ke tsa Jehova le Kreste.—Liketso 20:28.

Tsela ena eo liphutheho li hlophisitsoeng ka eona e batla hore e mong le e mong oa rōna a mamele ba etellang pele a be a ipehe tlas’a bona. Re ke ke ra rata ho ba le boikutlo ba Diotrefe, ea neng a sa hlomphe ba neng ba etella pele mehleng ea hae. (3 Johanne 9, 10) Ho e-na le hoo, re batla ho mamela mantsoe a moapostola Pauluse ea ileng a re: “Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase, kaha ba lula ba lebetse meea ea lōna joaloka ba tla ikarabella; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.” (Baheberu 13:17) Ba bang ba mamela ha ba lumellana le taelo e tsoang ho ba etellang pele empa ba hana ho ipeha tlaase ha ba sa lumellane le taelo e fanoang kapa ba sa utloisise lebaka leo e fanoang ka lona. Leha ho le joalo, hopola hore ho ipeha tlaase ho ka akarelletsa ho mamela esita le nakong eo re ka ’nang ra ikutloa re sa rate ho mamela. Kahoo, e mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa, ‘Na ke mamela ba nketellang pele le ho ipeha tlas’a bona?’

Ha e le hantle, Lentsoe la Molimo ha le bolele ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lokelang ho etsoa kapa mokhoa o mong le o mong o lokelang ho lateloa e le hore phutheho e sebetse hantle. Leha ho le joalo, Bibele e re: “Lintho tsohle li ke li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.” (1 Bakorinthe 14:40) Sehlopha se Busang se mamela taelo ena ka ho fana ka mekhoa le melao e re tataisang ho tiisa hore tsela eo liphutheho li sebetsang ka eona ke e bonolo le e laolehileng. Banna ba ikarabellang ba Bakreste ba sebelisa litokisetso tsena ntle ho tikatiko ’me ka ho etsa joalo ba beha mohlala oa ho mamela. Ba boetse ba bontša hore ba na le “kahlolo e molemo, [ebile ba] itokiselitse ho mamela” ba behiloeng litulong tsa bolebeli. (Jakobo 3:17) Kahoo, sehlopha se seng le se seng, phutheho, potoloho, setereke le naha, kaofela li hlohonolofalitsoe ka balumeli ba momahaneng le ba laolehileng ba etsang hore Molimo ea thabileng a hlahe hantle.—1 Bakorinthe 14:33; 1 Timothea 1:11.

Ka lehlakoreng le leng, mantsoe a Pauluse a fumanoang ho Baheberu 13:17 le ’ona a hlakisa hore na ke hobane’ng ha ho le kotsi ho se mamele ba etellang pele. Ho ka etsa hore ba litulong tsa boikarabelo ba etse mosebetsi oa bona “ka ho feheloa.” Seo ho nkoang hore ke tsela e khathollang ea ho sebeletsa Jehova le ho thusa barab’abo motho se ka fetoha moroalo ha mor’abo rōna a lokela ho sebetsana le mohlape o sa sebelisaneng le eena le oa bafetoheli. Ka lebaka leo, ke “lōna,” e leng phutheho eohle, ba bang kotsing. Ha e le hantle, ho na le kotsi e ’ngoe e hlahang ha motho a hana ho ipeha taolong ea puso ea Molimo. Kamano ea hae le Jehova ea senyeha haeba a ikakasa hoo a sitoang ho ipeha tlaase empa a bula lekhalo pakeng tsa hae le Ntate oa hae oa leholimo. (Pesaleme ea 138:6) Kahoo, a re ikemisetseng ho mamela ba etellang pele le ho ipeha tlas’a bona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela