Bo-pula-maliboho ba Phekolo ea Meriana
HA José oa Belgium ea tsoang motsaneng oa Oupeye a le lilemo li 61, o ile a bolelloa hore ho tla hlokahala hore a kenngoe sebete sa motho e mong. O re: “Ke ile ka tšoha haholo.” Lilemong tse mashome a mane feela tse fetileng, ho kenya motho sebete sa motho e mong e ne e le ntho e sa nahanoeng. Esita le lilemong tsa bo-1970, ho ne ho phela ba ka etsang karolo ea 30 lekholong feela ka mor’a tšebetso eo. Leha ho le joalo, kajeno ho kenya motho sebete sa motho e mong ho etsuoa khafetsa, ka tekanyo e holimo haholo ea katleho.
Empa ho ntse ho e-na le tšitiso e khōlō. Kaha hangata ho kenya motho sebete sa motho e mong ho tsamaisana le ho lahleheloa ke mali a mangata, hangata lingaka li fana ka tšelo ea mali nakong ea tšebetso eo ea ho buuoa. Ka lebaka la litumelo tsa hae tsa bolumeli, José o ne a sa batle mali. Empa o ne a batla ho kenngoa sebete sa motho e mong. Na hoo ho ne ho ke ke ha khoneha? Ba bang ba ne ba ka ’na ba nahana joalo. Empa ngaka e khōlō e buoang e ile ea nahana hore eona hammoho le bo-mphato ba eona ba ne ba e-na le monyetla o motle oa ho buoa ka katleho ntle ho mali. ’Me ha e le hantle ke sona seo ba ileng ba se etsa! Matsatsi a 25 feela ka mor’a hore a buuoe, José o ne a se a khutletse lapeng a e-na le mosali oa hae le morali oa hae.a
Ka lebaka la botsebi ba bao makasine ea Time e ba bitsang “bahale ba phekolo ea meriana,” hona joale ho phekola ka meriana le ho buoa ntle ho mali ho atile ho feta leha e le neng pele. Empa ke hobane’ng ha ho e-na le tlhokahalo e kaale ea hona? E le hore re arabe potso eo, a re ke re hlahlobeng pale e tletseng likhathatso ea tšelo ea mali.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lipaki tsa Jehova li nka tšebetso ea ho kenya motho setho sa motho e mong e le taba ea letsoalo la motho ka mong.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Hona joale ho na le lingaka tse fetang 90 000, lefatšeng ka bophara, tse tsebahalitseng hore li ikemiselitse ho phekola Lipaki tsa Jehova ntle ho mali