Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 6/8 maq. 28-31
  • Kamoo Lelapa la Rōna le Ileng la Kopana Hape

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Lelapa la Rōna le Ileng la Kopana Hape
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Le Qalile Hantle Haholo
  • Ho Arohana Butle-butle
  • Phetoho ea Lars e sa Lebelloang
  • Ho Thoe’ng ka Judith?
  • Lechato la Bona la Bobeli
  • Bana
  • Bophelo ba Rōna Kajeno
  • Thabo eo ho Sebeletsa Jehova ho Ntliselitseng Eona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Qhala Manyalo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Jehova o Tla U Hlohonolofatsa ha U Khutlela Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 6/8 maq. 28-31

Kamoo Lelapa la Rōna le Ileng la Kopana Hape

Joalokaha ho boletse Lars le Judith Westergaard

LEHAE la bona le shebahala e le boemo bo tloaelehileng bakeng sa lelapa leha e le lefe le thabileng Denmark. Ke ntlo e mabotho-botho e nang le serapa se setle, e motseng o nang le khotso. Ka hare, ho na le foto e khōlō leboteng ea bana ba phetseng hantle le ba bososetseng ba lelapa lena.

Ntate oa teng, Lars, ke moholo phuthehong ea Lipaki tsa Jehova. Mosali oa hae Judith ke pula-maliboho (moevangeli oa nako e tletseng). Le hoja e le banyalani ba thabileng, hase hore esale ho le joalo. Lars le Judith ba ile ba e-ba le mathata le bohloko bo ileng ba lebisa tlhalong le ho arohaneng ha lelapa la bona. Leha ho le joalo, hona joale lelapa la bona le kopane hape. Hobane’ng? Bona ka bobona ba hlalosa se etsahetseng.

Lars le Judith ha ba tsoafe ho bolela se ileng sa fosahala hampe lenyalong la bona le hore na ba kopane joang hape. Ba nka hore phihlelo ea bona e ka ’na ea thusa ba bang.

Le Qalile Hantle Haholo

Lars: Lenyalo la rōna le ne le thabile ka ho fetisisa ha le qaleha ka April 1973. Ho ne ho bonahala re bulehetsoe ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng. Re ne re sa tsebe Bibele kapa tsona Lipaki tsa Jehova, empa re ne re kholisehile hore re ka etsa lefatše sebaka se molemohali ho phela ho sona haeba batho bohle ba sebetsa ka thata hore ho be joalo. Ka hona, re ile ra kopanela boitekong bo bongata ba lipolotiki. Thabo ea rōna e ile ea eketseha ha lelapa la rōna le eketseha ka bashanyana ba bararo ba phetseng hantle le ba ratehang—Martin, Thomas le Jonas.

Judith: Ke ne ke le boemong bo phahameng lekaleng le leng la tšebeletso ea ’muso. Ka nako e tšoanang, ke ne ke tšoarehile mesebetsing ea mokhatlo oa lipolotiki le oa basebetsi. Butle-butle ke ile ka fuoa maemo a ka sehloohong.

Lars: Ha e le ’na, mosebetsi oa ka o ne o le mokhatlong o moholo oa basebetsi, ’me ke ile ka phahamisetsoa boemong ba bohlokoa. Mesebetsi ea rōna e ne e atleha ’me ho ne ho sa bonahale ho na le ntho e ka re nkelang thabo ea rōna.

Ho Arohana Butle-butle

Lars: Empa re ne re tšoarehile ka ho teba mesebetsing ea rōna e fapaneng hoo re neng re qeta nako e nyenyane re le ’moho. Re ne re sebeletsa mokha o le mong oa lipolotiki empa likarolong tse fapaneng. Bashanyana ba rōna ba bararo ba ne ba hlokomeloa ke batho ba bang, e-bang ke lapeng kapa kerecheng. Kaha ka bobeli ba rōna re ne re amehile ka litaba tsa rōna, bophelo ba lelapa la rōna bo ile ba hloka tlhophiso. Haeba ho ne ho etsahala hore re be teng ka bobeli hae, hangata ho ne ho qhoma likhang tse lerata. Ka hona, ke ile ka qala ho sebelisa tahi hore e be moriana o nthobang maikutlo.

Judith: Ke ’nete hore re ne re ntse re ratana le hona ho rata bana ba rōna, empa ha ho le ka mohla lerato la rōna le neng le hlaoleloa ka tsela eo le neng le lokela ho hlaoleloa ka eona; le ne le bonahala le pona. Kamano ea rōna e ile ea mpefala haholo ’me ka lebaka leo, ea ama bana.

Lars: Boitekong ba ka ba ho qetela ba hore lelapa la rōna le boele le momahane hape, ke ile ka etsa qeto ea ho tlohela mosebetsi oa ka. Ka 1985 re ile ra tloha toropong ra fallela motseng oo re lulang ho oona hona joale. Maemo a ile a ntlafala nakoana, empa ’na le mosali oa ka re ile ra tsoela pele ho tsepamisa maikutlo a rōna linthong tse fapaneng tseo re amehileng ka tsona. Qetellong ka February 1989, lenyalo la rōna la lilemo tse 16 le ile la fela ha re hlalana. Lelapa la rōna le ne le le litsekana.

Judith: Ho ne ho le bohloko ho bona lelapa la rōna le tsekolohile joalo le ho bona bana ba rōna ba angoa ke seo. Re ne re le lira hoo re sa kang ra lumellana hore re kopanele tokelo ea ho hlokomela bashanyana ba rōna, kahoo, ke ile ka fumana tokelo ea ho ba hlokomela kaofela ha bona.

Lars: ’Na le Judith re ne re ile ra etsa boiteko bo ferekaneng ba ho leka ho boloka lelapa la rōna le neng le qhalana. Re bile ra rapela Molimo hore a re thuse. Empa re ne re tseba ho fokolang haholo ka Molimo.

Judith: Lithapelo tsa rōna li ile tsa re fa maikutlo a hore Molimo ha aa li mamela. Rea leboha hore ebe ka mor’a moo, re iponetse hore Molimo o arabela lithapelo.

Lars: Re ne re sa tsebe hore ho hlokahala hore re etse boiteko le ho etsa liphetoho ho rōna ka borōna. Ka hona, tlhalo e ile ea e-ba ’nete e bohloko.

Phetoho ea Lars e sa Lebelloang

Lars: Ha ke ntse ke lula ke le mong, maemo a ile a fetoha ka tsela eo ke neng ke sa e lebella ka ho feletseng. Ka letsatsi le leng ke ile ka amohela limakasine tse peli ho Lipaki tsa Jehova. Pele ho moo, ke ne ke tloaetse ho hanela Lipaki ho bua le ’na. Empa ha ke ntse ke hlahloba limakasine tseo, ke ile ka hlokomela hore ha e le hantle Lipaki li lumela ho Molimo le ho Jesu Kreste. Ke ne ke makaletse seo haholo. Ke ne ke sa tsebe hore ke Bakreste.

Ka nako e batlang e tšoana, ke ne ke lula le mosali e mong eo ke neng ke kopane le eena. Athe mosali eo e ne e kile ea e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ha ke qala ho botsa lipotso, o ile a mpontša ka Bibeleng hore Jehova ke lebitso la Molimo. Kahoo, “Lipaki tsa Jehova” e bolela “Lipaki tsa Molimo”!

Mosali eo o ile a hlophisa hore ke be teng puong ea phatlalatsa Holong ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova. Ka sebele seo ke ileng ka se bona moo se ile sa tsosa thahasello ea ka. Ke ile ka etela Holong ea ’Muso ea moo ke leng teng bakeng sa ho tseba ho eketsehileng, ’me ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele. Ha hoa ka ha nka nako e telele hore ke lemohe hore tsela eo ke phelang ka eona e fosahetse, ka hona ke ile ka tlohela mosali eo ke neng ke lula le eena ’me ka ea lula ke le mong motseng oo ke hōletseng ho oona. Ka mor’a ho tsilatsila ho se ho kae, ke ile ka ikopanya le Lipaki tsa Jehova tsa moo ’me ka tsoela pele ka thuto ea ka ea Bibele.

Leha ho le joalo, ke ne ke ntse ke e-na le lipelaelo. Na ka sebele Lipaki tsa Jehova e ne e le batho ba Molimo? Ho thoe’ng ka lintho tseo ke neng ke ithutile tsona ha ke sa le ngoana? Kaha ke ne ke hōlisitsoe ke le Mosabatha, ke ile ka ikopanya le moruti oa Sabatha. O ile a lumela hore o tla ithuta le ’na Laboraro le leng le le leng, ha Lipaki tsa Jehova tsona li ne li ithuta le ’na Mantaha o mong le o mong. Seo ke neng ke se batla e ne e le karabo e hlakileng lihlopheng tseo ka bobeli litabeng tse ’nè tse tobileng: ho khutla ha Kreste, tsoho, thuto ea Boraro-bo-bong le tsela eo phutheho e lokelang ho hlophisoa ka eona. Ho ile ha nka likhoeli tse ’maloa feela hore lipelaelo tsohle tseo ke neng ke e-na le tsona li fele. Likarolong tseo tse ’nè—esita le litabeng tse ling tsohle—e ne e le litumelo tsa Lipaki tsa Jehova feela tse thehiloeng Bibeleng ka ho feletseng. Ka lebaka leo, ka thabo ke ile ka qala ho nka karolo mesebetsing eohle ea phutheho ’me ka potlako ka inehela ho Jehova. Ka May 1990, ke ile ka kolobetsoa.

Ho Thoe’ng ka Judith?

Judith: Ke ne ke ile ka qala ho ea kerekeng hape nakong eo mathata a lenyalo la rōna a neng a hloele mekoalaba. Ha ke ne ke utloa hore Lars o fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova, ke ne ke sa thaba ho hang. Mora oa rōna oa ho fela, Jonas ea lilemo li leshome, ka linako tse ling o ne a etela ntate oa hae, empa ke ile ka hanela Lars ho ea le Jonas libokeng leha e le life tsa Lipaki. Lars o ile a ipiletsa ho ba boholong, empa ba ne ba le ka lehlakoreng la ka.

Ke ne ke kopane le monna e mong. Hape ke ne ke kene haholoanyane lipolotiking le mefuteng eohle ea mesebetsi ea sechaba. Ka lebaka leo, haeba e mong a ne a ile a bua ka monyetla oa hore lelapa la rōna le boelane ka nako eo, ho ka be ho ile ha bonahala e le ntho e ke keng ea etsahala.

Moo ke batlang boitsebiso boo nka bang khahlanong le Lipaki tsa Jehova ka bona, ke ile ka ea ho moruti oa kereke ea moo ke lulang teng, ea ileng a lumela hang-hang hore ha a tsebe letho ka Lipaki le hore ha a na lingoliloeng tse buang ka tsona. Sohle seo a neng a ka se bolela ke hore ho molemo ha nka ka suthella hōle le tsona. Seo ha sea ka sa fetola ho se rate ha ka Lipaki tsa Jehova. Empa joale ke ile ka tlameha ho kopana le tsona ka tsela eo ke neng ke sa e lebella.

Khaitseli ea ka e lulang Sweden e ne e fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me ke ile ka memeloa lenyalong la hae Holong ea ’Muso! Phihlelo eo e ile ea etsa phetoho e khōlō tseleng eo ke neng ke nka Lipaki ka eona. Ho makaleng ha ka, e ne e se batho ba otsetseng bao kamehla ke neng ke nahana hore ba joalo. Ba ne ba le mosa ’me ba thabile, ba bile ba e-na le mesoaso.

Nakong eo, Lars eo e neng e kile ea e-ba monna oa ka o ne a fetohile ka ho feletseng. O ne a e-na le boikarabelo haholoanyane, a qeta nako le bana, a le mosa ’me a laola seo a se buang, ’me o ne a sa noe ka ho feteletseng joaloka nakong e fetileng. Botho ba hae bo ne bo ipiletsa haholo! Joale e ne e le monna oa mofuta oo e neng e le khale ke batla e be eena. Ke ne ke ferekanngoa maikutlo ke taba ea hore ha re sa nyalane le hore mohlomong ka letsatsi le leng o tla nyala mosali e mong!

Joale ke ile ka cheha “leraba.” Ka nako e ’ngoe ha Jonas a ne a etetse ntate oa hae, ke ile ka lokisetsa ho ea bona Jonas le Lars ke e-na le banab’eso ba babeli ba banana, ke etsa eka bo-’mangoane ba babeli ba batla ho bona ngoan’a ausi oa bona. Re ile ra kopana serapeng sa boithabiso. Ha bo-’mangoane ba ntse ba hlokometse moshanyana, ’na le Lars re ile ra fumana benche ’me ra lula fatše.

Ho makaleng ha ka, hang ha ke bua ka taba ea bokamoso ba rōna, Lars o ile a ntša buka ka pokothong ea hae. E ne e bitsoa Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng.a O ile a mpha buka eo ’me a etsa tlhahiso ea hore ke bale likhaolo tse buang ka karolo ea monna le ea mosali ka lapeng. Ka ho khetheha o ile a nkhothalletsa hore ke shebe mangolo.

Joale ha ’na le Lars re tloha bencheng, ke ne ke batla ho mo tšoara ka letsoho, empa ka mosa o ile a hana seo. Lars o ne a se na boikemisetso ba ho theha kamano e ncha le ’na pele a tseba maikutlo a ka ka tumelo ea hae e ncha. Seo se ile sa batla se nkhopisa, empa ke ile ka elelloa hore boikutlo ba hae bo ne bo utloahala le hore e ne e tla ba molemong oa ka haeba e ne e ka ba monna oa ka hape.

Sena sohle se ile sa etsa hore ke be le thahasello e fetang ea pele ka Lipaki tsa Jehova. Letsatsing le hlahlamang, ke ile ka ikopanya le mosali eo ke tsebang hore ke Paki, ’me re ile ra hlophisa hore eena le monna oa hae ba mphe boitsebiso boo ke bo batlang ka bolumeli ba bona. Ba ile ba arabela lipotso tsohle tsa ka tse neng li le ngata ba sebelisa Bibele. Ke ile ka khona ho bona hore seo Lipaki tsa Jehova li se rutang ka ho tiileng se thehiloe Bibeleng. Tabeng e ’ngoe le e ’ngoe eo re neng re e tšohla, ke ile ka tlameha ho inehela hore ka sebele ke ’nete.

Nakong eo, ke ile ka itokolla Kerekeng ea Lutere ’me ka khaotsa mesebetsi ea ka ea lipolotiki. Ke ile ka ba ka khaotsa ho tsuba. Oo e ne e le mohato o boima ka ho fetisisa. Ke ile ka qala ho ithuta Bibele ka August 1990, ’me ka April 1991, ke ile ka kolobetsoa joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova.

Lechato la Bona la Bobeli

Judith: Joale ka bobeli re ne re se re le Lipaki tse kolobelitsoeng. Le hoja re ne re ile ra nka litsela tse fapaneng, ka bobeli re ne re ithutile Bibele. Ka lebaka la thuto ea eona e molemo, re ne re fapane hōle le seo re neng re le sona pele. Re ne re ntse re tsotellana, mohlomong ka ho teba le ho feta pele. Kahoo, e ne e le rōna bana, re lokolohile hore re ka nyalana hape—’me ke seo re ileng ra se etsa. Re ile ra nka likano lekhetlo la bobeli, empa lekhetlong lena ra li nkela Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova.

Lars: Ho etsahetse se hlollang—lelapa la rōna le kopane hape! Hona joale re na le thabo le nyakallo e kaakang!

Judith: Lenyalong la rōna ho ne ho e-na le bara ba rōna, beng ka rōna ba bangata le metsoalle ea rōna e mengata e mecha le ea khale. E ne e le ketsahalo e tsotehang. Har’a baeti e ne e le ba bang ba ’nileng ba re tseba re sa nyalane ka lekhetlo la pele; ba ne ba thabetse ho re bona re le ’moho hape ’me ba makaletse ho bona thabo ea sebele ho Lipaki tsa Jehova.

Bana

Lars: Ka mor’a hore re kolobetsoe, re bile le thabo ea ho bona bara ba babeli ba rōna ba etsa khetho ea ho nehela bophelo ba bona ho Jehova.

Judith: Jonas o ’nile a ananela ’nete ea Bibele ho tloha ha a qala ho e tseba ha e sa le moshanyana, ha a etetse ntate oa hae. O ne a le lilemo li leshome feela ha a mpolella hore o batla ho ea lula le ntate oa hae hobane, kamoo a ileng a hlalosa kateng: “Ntate o latela Bibele.” Jonas o ile a kolobetsoa ha a le lilemo li 14. O qetile thuto ea hae ’me hona joale ke mosebeletsi oa nako e tletseng.

Lars: Mora oa rōna e moholo, Martin, o lilemo li 27 hona joale. Liphetoho tseo a ileng a bona re li etsa li ile tsa etsa hore a nahane haholo ka hona. O ile a tloha hae ’me a ea lula karolong e ’ngoe ea naha. Lilemong tse peli tse fetileng, o ile a qala ho ithuta Bibele le phutheho ea moo ea Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a likhoeli tse hlano feela, o ne a loketse ho kolobetsoa. O tsoela pele le merero e metle ea bophelo ba hae ba kamoso e le Mokreste.

Mora oa rōna ea mahareng, Thomas, hona joale hase e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka sebele re ntse re mo rata, ’me re na le kamano e ntle le eena. O thabetse phetoho e bileng teng lelapeng la rōna. ’Me kaofela ha rōna re lumellana hore ka lebaka la melao-motheo eo rōna re le batsoali re ileng ra ithuta eona ka Bibeleng, lelapa la rōna le kopane hape. Ke tlhohonolofatso e kaakang ho rōna hore ebe hona joale re khona ho ba ’moho hangata re le lelapa, bashanyana ba rōna ba bararo le batsoali ka bobeli!

Bophelo ba Rōna Kajeno

Lars: Ha re bolele hore re se re le ba phethahetseng. Empa re ithutile ho hong—hore lerato le ho hlomphana ke litšobotsi tse ka sehloohong lenyalong le atlehileng. Hona joale motheo oo lenyalo la rōna le thehiloeng ho oona o fapane hōle le oa pele. Hona joale ka bobeli re amohetse matla a bolaoli a re phahametseng, kaha ka bobeli re lemoha hore re phelela Jehova. ’Na le Judith re ikutloa re kopane ’me re letetse bokamoso ka kholiseho.

Judith: Ke nahana hore re bopaki bo phelang ba hore Jehova ke moeletsi oa manyalo le oa malapa ea molemo ka ho fetisisa ea ka fumanoang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ka 1981 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., hona joale ha e sa hatisoa.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Lars le Judith lenyalong la bona la pele ka 1973

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Bashanyana ba bararo ba ile ba lahleheloa ke lelapa labo bona le kopaneng ba ba ba le fumana hape

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Lars le Judith kajeno, ba kopantsoe hape ke ho mamela melao-motheo ea Bibele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela