’Nete ka Mekete e Tloaelehileng
BALOI le lithotsela, mekopu le litetema tsa mollo, malepa a ho fumana limomonane. Mekhabiso ea Halloween e bonahala habonolo. Empa ho ameha eng moketeng oo le meketeng e meng e tšoanang le oona? Lebitso lena Halloween ke khutsufatso ea polelo ea Senyesemane, All Hallows’ Eve, kapa Bosiu bo Etellang Pele Letsatsi la Bahalaleli Bohle. Le hoja mokete ona o filoe lebitso leo ho lumeloang hore ke la Bokreste, le khurumetsa tšimoloho e hōle haholo le ho halalela. Ha e le hantle, litsebi li re Halloween e qalile khale koana pele ho Bokreste—mehleng ea ha Macelt a boholo-holo a ne a lula Brithani le Ireland. Kaha a ne a bala linako ka khoeli e holimo, Macelt a ne a arola selemo likarolo tse peli—likhoeli tse lerootho tsa mariha le likhoeli tse khanyang tsa lehlabula. Nakong ea ha khoeli e tolokile ho elella ho la 1 November, Macelt a ne a keteka mokete oa Samhain, e bolelang “Ho Fela ha Lehlabula.”a
Mokete ona o neng o tšoaea ho qaleha ha selemo se secha sa Macelt, o ne o tšoaroa ha lehlabula le fela, nakong eo kotulo e phethiloeng ’me mehlape e koebile. Macelt a ne a lumela hore ha matsatsi a ntse a khutsufala, ho ne ho hlokahala hore ho tsosolosoe letsatsi ka litšebeletso tse sa tšoaneng le mahlabelo. E le ho tšoantšetsa selemo se felang, ho ne ho tingoa mello eohle, ’me selemo se secha se khakoloa ka litetema tsa mollo o halalelang oo baahi bohle ba neng ba o hotetsa maifong a bona. Litetema tsena tsa mollo—ntho e ntseng e etsoa le kajeno Brithani ka Bosiu ba Guy Fawkes le Brazil ka mekete ea June—ho ne ho lumeloa hore li tšosa meea e mebe ebile lia e leleka.
Ho ne ho lumeloa hore ka mokete oa Samhain, lesira le pakeng tsa batho le mafatše a phahametseng tlhaho le ne le haholoa ke meea e metle le e mebe, ebe e lelera lefatšeng. Ho ne ho lumeloa hore meea ea ba shoeleng e khutlela malapeng abo eona, ’me malapa a ne a beha lijo le lino ka ntle bakeng sa baeti ba bona ba lithotsela ka tšepo ea ho bōpa khotso le ka khopolo ea ho leleka bomalimabe. Ka hona, kajeno ha bana ba apara joaloka lithotsela kapa baloi ’me ba tsamaea ntlo le ntlo ba batla limomonane tsa Halloween kapa ba tšosa beng ba matlo, ha ba lemohe hore ba ntšetsa pele tloaelo ea boholo-holo ea mokete oa Samhain. Jean Markale o re bukeng ea hae ea Halloween, histoire et traditions (Halloween—Histori le Lineano tsa Eona): “Ha ba amohela ho itseng, ka tsela ea tšoantšetso ba kopanya lefatše la sebele le mafatše a sa bonahaleng empa e le ka tsela eo bona ba sa e utloisiseng. Ke ka hona ho ikhakanya ho etsoang ka Halloween . . . ha e le hantle e leng mekete e halalelang.”
Kaha batho ba ne ba lumela hore mekoallo e pakeng tsa lefatše le sebaka se phahametseng tlhaho e tlositsoe, ba ne ba boetse ba nahana hore batho ba ka khona ho ea lefatšeng la moea ntle ho mathata a letho. Ka hona, mokete oa Samhain e ne e le nako eo ka ho khetheha e leng ea ho bula liphiri tsa bokamoso ka katleho. Liapole kapa makotomane, tseo ka bobeli li nkoang e le litholoana tsa lifate tse halalelang, li ne li sebelisoa bakeng sa ho fumana boitsebiso ba bonohe malebana le lenyalo, boloetse le lefu. Ka mohlala, liapole tse nang le matšoao a emetseng batho li ne li kenngoa ka bateng ea metsi. Mohlankana kapa moroetsana o ne a tlameha ho tšoara apole ka meno hore a tsebe hore na molekane oa hae oa ka moso e tla ba mang. Mokhoa ona oa bonohe o sa le teng le kajeno papaling ea Halloween ea ho leka ho inola liapole ka metsing ka meno.
Mokete oa Samhain o ne o boetse o khetholleha ka meketjana e lerata ea matahoa le ho hloka meeli. Markale o re: “Haeba boitšoaro ba motheo bo ne bo sa nyelisoe, bo ne bo fetoloa ka ho feletseng. Ho ne ho lumelloa mekhoa e hanetsoeng, ’me e lumeletsoeng e haneloa.” Le kajeno Halloween e sa ntse e bonahatsa moea oo, e leng eona ntho eo ntle ho tikatiko e etsang hore mokete ona o tume le ho feta. Ha e bua ka sena, The Encyclopedia of Religion e hlalosa Halloween kajeno e le “nako eo batho ba baholo le bona ba ka tlōlang meeli ea boitšoaro le hona ho itebala ka ho ikakhela ka setotsoana bosiung bo se nang lithibelo ba lintho tsa lefeela. Ka hona, mofuta oa mokete oa Macelt oa bosiu boo ka bona hang ka selemo motho a itebatsang lintho tsa sebele le litebello o ’nile oa lula o sa fetoha le lekholong la bomashome a mabeli la lilemo.”
Tlhōlisano ea Bolumeli
Ka mor’a tlala ea sekoboto ea lekholong la bo19 la lilemo, e ileng ea bakoa ke ha temo ea litapole e hlōleha ka lebaka la lefu la seoa le ileng la li hlasela, bajaki ba Maaerishe ba ile ba tla United States le tloaelo ea bona ea ho keteka Halloween hammoho le meetlo e meng. Ho tloha moo, lilemong tse sa tsoa feta e ile ea khutlela Europe. Leha ho le joalo, hase bohle ba ratang ho tuma ho ntseng ho eketseha ha Halloween. Joalokaha koranta ea Le Monde e bontša, “Halloween e ketekeloang hong le Letsatsi la Bahalaleli Bohle le Letsatsi la Meea Eohle (la 1 le la 2 November), ebile e ka nkela matsatsi ao sebaka, e thabisa beng ba mabenkele ha ka lehlakoreng le leng e ngongorehisa baruti.”
Baemeli ba kereke Fora ba boletse ngongoreho ea bona ka lebaka la ho fokotseha ha batho ba kopanelang matsatsing ana a mekete ea Mak’hatholike ka lebaka la Halloween, e leng ntho eo ba e nkang e le pontšo ea “ho fetola baahi bahetene.” Stanislas Lalanne, eo e leng ’muelli oa France’s Conference ea Babishopo ba K’hatholike, eena o nka Halloween e ‘khopamisa se boleloang ke bophelo le lefu.’ Mobishopo oa Nice, Jean Bonfils o boletse hore “mokete ona le lineano tsa oona ha ho moo o amanang le meetlo ea rōna ea Mediterranean le ea Bokreste,” ’me o bile a hlokomelisa Mak’hatholike hore a lemohe “mokete oo o ka sehloohong oa Bosatane lefatšeng ka bophara.”
Ha Hippolyte Simon eo e leng mobishopo oa Clermont-Ferrand a ntša maikutlo a hae tabeng ea hore Mafora a lahla lineano tsa K’hatholike ka lebaka la mekete e joalo ea bohetene, o re: “Ho joalokaha eka sechaba sa Mafora se ne se ntse se batla bolumeli bo tla khotsofatsa lithahasello tsa sechaba bo ka nkelang litšoantšo tsa Bokreste sebaka.” Oa ngola: “Ka Halloween, ho iketsoa bafu ’me ‘lithotsela’ tsa bona li tla ho tla re tšosa le ho re sokela ka lefu. Ho fapana le hoo, ka Letsatsi la Bahalaleli Bohle, re tiisa hore ba fetileng baa phela le hore re tšepisitsoe ho ea kopana le bona Motseng oa Molimo.”—Vers une France païenne? (Na Fora e Leba Boheteneng?)
Ka ho tšoanang, Carlo Maria Martini, mok’hadinale oa Milan, Italy, o khothalletsa Mataliana hore a se lahle matsatsi a mekete ea Mak’hatholike, a bolela hore Halloween ke “ntho e sa tsejoeng neanong ea rōna, e nang le bohlokoa bo boholo ’me e tlameha ho ntšetsoa pele. Letsatsi la Meea Eohle ke mokete o tsebahalang historing ea rōna. Ke nako eo ka eona tšepo ea bophelo bo sa feleng e senolehang, nako eo Morena a etsang hore re utloisise hore ho na le ho eketsehileng bophelong ho feta bophelo ba lefatšeng mona.” Ha ho pelaelo hore Mak’hatholike a mangata a ikutloa ka tsela e tšoanang. Leha ho le joalo, na phapang e pakeng tsa Halloween le Letsatsi la Meea Eohle e hlakile joalokaha lipolelo tsee li ka etsa hore re lumele hore ho joalo? Ho hlahlobisisa mohloli oa matsatsi aa a mekete ea K’hatholike ho senola eng?
Ho Ikhakanya ho Halalelang
The Catholic Encyclopedia e hlalosa Letsatsi la Bahalaleli Bohle e le mokete o “hlomphang bahalaleli bohle, ba tsejoang le ba sa tsejoeng.” Qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo, ba bitsoang Bakreste ba ile ba qala ho hlonepha ba neng ba ile ba fetoha bashoela-tumelo, ’me ka ho lumela hore ba se ba e-na le Kreste leholimong, ba rapela hore ba ba buelle. Ho keteka sehopotso sa kamehla ho qalile ka la 13b May, 609 kapa 610 C.E., ha Mopapa Boniface IV a ne a nehela Tempele—e leng tempele ea Baroma ea melimo eohle—ho Maria le ho bashoela-tumelo bohle. Markale o re: “Melimo ea Baroma e ile ea suthela bahalaleli ba bolumeli bo hlōlang.”
Ho fetoloa ha letsatsi lena ho le isa ho November ho tlile ka Mopapa Gregory III (731-741 C.E.), ea ileng a nehela ntlo ea thapelo e Roma ho bahalaleli bohle le ho laela hore ba hlomphuoe ka la 1 November. Ha ho tsejoe lebaka-baka le ileng la etsa hore a etse sena. Empa e ka ’na eaba ke ka lebaka la hore letsatsi le joalo le ne le se le ntse le ketekoa ka letsatsi lona leo Engelane. The Encyclopedia of Religion ea bontša: “Samhain e ile ea lula e le mokete o tummeng har’a Macelt nakong eohle ea Bokreste Great Britain. Kereke ea Brithani e ile ea leka ho faposa thahasello ena eo batho ba neng ba e-na le eona litloaelong tsa bohetene ka hore e kenye mokete oa Bokreste almanakeng ka letsatsi lona leo ho neng ho ketekoa Samhain ka lona. . . . E ka ’na eaba mokete ona oa khale oa sehopotso sa Letsatsi la Bahalaleli Bohle la Mabrithani o ile oa qala ho ketekoa hohle likerekeng tsa Bokreste.”
Markale o bua ka tšusumetso e eketsehang hona joale ea baruti ba Maaerishe ho pholletsa le Europe eohle. The New Catholic Encyclopedia le eona e re: “Hangata Maaerishe a ne a abela letsatsi la pele la khoeli mekete ea bohlokoa, ’me kaha la 1 November le lona e ne e le letsatsi la ho qala ha mariha a Macelt, mohlomong e ne e le lona letsatsi la mokete oa bahalaleli bohle.” Qetellong, ka 835 C.E., Mopapa Gregory IV o ile a etsa hore mokete ona o ketekoe hohle.
Ha e le ka Letsatsi la Meea Eohle, leo ka lona lithapelo li phetoang e le ho thusa meea e pelekatoring hore e kene thabong e fetisisang ea leholimo, baitlami ba banna ba Cluny, Fora, ba ile ba le fa letsatsi la la 2 November lekholong la bo11 la lilemo. Le hoja ho totobetse hore Letsatsi la Meea Eohle ke letsatsi la phomolo la Mak’hatholike, ho hlakile hore ho bile le pherekano likelellong tsa batho feela. The New Catholic Encyclopedia e hlokomela hore “ho pholletsa le Mehla e Bohareng, ho ne ho atile tumelo ea hore ka letsatsi lena meea e pelekatoring e tla hlaha e ikentse khanya e paitsang, baloi, linqanqana le lintho tse ling tse joalo.”
Kaha kereke e ne e sitoa ho tsomula litumelo tsena tsa bohetene lipelong tsa mohlape oa eona, e ile ea li khurumetsa ka lekoko la “Bokreste.” Ha e totobatsa ntlha ena, The Encyclopedia of Religion e re: “Mokete oa Bokreste, Mokete oa Bahalaleli Bohle, ke oa ho hopola bahalaleli bohle ba tsejoang le ba sa tsejoeng ba bolumeli ba Bokreste, joalokaha Samhain e ne e amohela le ho hlompha melimo eohle ea Macelt.”
Uena le Mekete e Tloaelehileng
U lokela ho tšoenyeha hakae ka qaleho e mpe ea Halloween le mekete e meng e tšoanang le eona? Etsoe likelellong tsa batho ba bangata, Halloween e mpa e le nako ea ho apara ka tsela e sa tloaelehang le ho ithabisa. Empa na u ke ke ua lumela hore ke habohlokoa hore batsoali ba etse bonnete ba hore boithabiso leha e le bofe ba bana ba bona e ba bo hloekileng le bo seng kotsi?
Mohlahlobi oa sekolo Fora, ea nang le phihlelo ea lilemo tse fetang 20 a ruta o ile a botsoa ka tšusumetso eo Halloween e bang le eona ho bana. O itse: “Ke tšoenyehile hore ho ea ha bana ka ntlo le ntlo ba tšosa batho ba baholo hore ba ba fe lipompong ho ka ba le liphello tse kotsi baneng tse tla nka nako e telele. Ho ka etsa hore ba hlaolele botho ba boithati le ho ikhopola. Ba ithuta hore ba ka fumana ntho eo ba e batlang ha ba ka sebelisa khatello, litšokelo le litšoso.” Ka hona, batsoali ba lokela ho ipotsa, ‘Bana ba ka ba tla “ithuta” eng ka ho keteka letsatsi lee?’
Ha ho makatse hore malapa a mangata a fumana hore ho lumela lintho tsa bohlanya tsa bana tse kang ho ba rekela limomonane le liaparo tsa teng ho ka bitsa chelete e ngata. Robert Rochefort, mookameli oa France’s Research Center for the Study and Observation oa hlokomela: “Halloween . . . hase letsatsi la phomolo, ke ketsahalo ea ho buella ’maraka.” Halloween e koala sekheo se bang teng pele ho Keresemese. Ka mantsoe a mang, ke e ’ngoe ea lintho tse petetsang batho hore ba sebelise chelete—chelete eo maemong a mangata ba ke keng ba khona ho e sebelisa. Na ka sebele u rata ho latela bongata tabeng ee?
Leha ho le joalo, ho tšoenyang Bakreste le ho feta ke ’nete ea hore Halloween le mekete e meng e tšoanang le eona e qoetse ka har’a bohetene. Moapostola Pauluse o ngotse: “Ha ke rate ha le ka itsoakanya le bademona. Le ke ke la noa senoelo sa Morena le senoelo sa bademona.” (1 Bakorinthe 10:20-22, New International Version) A boela a botsa: “Molemo le bokhopo li ka ba le lithahasello tse tšoanang joang? Leseli le lefifi li ka phela hammoho joang? Ke joang ho ka bang le kutloano pakeng tsa Kreste le diabolose? Molumeli a ka tšoana le ea sa lumelang joang?” (2 Bakorinthe 6:14-16, Phillips) Ka hona, Bibele e nyatsa khopolo eohle ea hore Mokreste a kubute mokhoa oa bohetene!
Hape Bibele e lemosa khahlanong le tloaelo ea ho buisana le meea. (Deuteronoma 18:10-12) Le hoja e le ’nete hore boholo ba batho ba ketekang Halloween ba ka ipolela ba nyonya mekhoa ea Bosatane, leha ho le joalo, re ntse re lokela ho hlokomela hore ho latela histori, letsatsi lena le amana haholo le litaba tse phahametseng matla a tlhaho. Ka hona, le ka fetoha senotlolo se lebisang ho sebelisaneng le meea, haholo-holo bakeng sa bacha kaha ba susumetseha habonolo. Litšebeletso tsa bohetene le litloaelo tse silafalitsoeng ke tšebelisano le meea ka ho hlakileng ha li amohelehe borapeling ba Bokreste; li kotsi.
Taba ea ho qetela ke hore mokete oa Halloween, oa Letsatsi la Bahalaleli Bohle le oa Letsatsi la Meea Eohle, kaofela e thehiloe tumelong ea hore bafu ba utloa bohloko kapa ba ka lematsa ba phelang ka tsela e itseng. Leha ho le joalo, ka ho hlaka Bibele e bontša hore litumelo tse joalo hase ’nete, ha e re: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa, empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Ka lebaka leo, Bibele ea eletsa: “Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, u se etse ka matla a hao, etsoe ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole [lebitla le tloaelehileng la batho], e leng sebaka seo u eang ho sona.” (Moeklesia 9:10) Kaha bafu ha ba tsebe letho ’me kahoo, ba ke ke ba hlokofatsa ba bang kapa bona ka bobona ba utloa bohloko, ha re na lebaka la ho ba tšaba. Ho feta moo, ho ba rapella ha ho na molemo oa letho. Na see se bolela hore ha ho na tšepo bakeng sa baratuoa ba rōna ba shoeleng? Che. Bibele ea re tiisetsa hore “ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.”—Liketso 24:15.c
Tsebo e tsamaisana le tokoloho ea ho ikhethela. Ho ke ke ha lebelloa hore re etse liqeto tse bohlale haeba re sa tsebe lintlha kaofela. Ka mor’a ho hlahloba linnete tse ngotsoeng letotong la lihlooho tsena, u tla etsa qeto efe?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ka etsahala hore Samhain hase lebitso la molimo oa lefu oa Macelt joalokaha ho tloaelehile ho bolela joalo, empa ho e-na le hoo, ke lebitso la mokete. Ho latela Jean Markale, setsebi sa Mofora se ithutileng ka Macelt, ho ka etsahala hore e ne e le Lug, molimo oa khanya, ea neng a hlomphuoa ka mokete oa Samhain.
b Ho etsahetse hore letsatsi lena le thulane le letsatsi la mokete oa Baroma oa Lemuria, o tšoaroang ka la 9, 11 le la 13 May ho khutsisa meea ea bafu le ho e thibela ho tla pokela le ho ntša beng ka eona kotsi.
c Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka seo Bibele e re rutang sona ka tsoho ea bafu, bona sehlooho se reng “Ho Etsahala Eng ka Baratuoa ba Rōna ba Shoeleng?,” khaolong ea 9 ea buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]
Halloween e ntšetsa pele leshano la hore ha e le hantle bafu baa phela
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]
Tšebeletso ea bonohe ea Macelt e sa ntse e tsoela pele lipapaling tsa Halloween
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Halloween e simolohile moketeng oa Macelt, mohlomong borapeling ba Lug, molimo oa khanya
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Setša sa mabitla se nang le lifapano tsa Macelt a boholo-holo
[Litšoantšo tse leqepheng la 20, 21]
Ho leka ho inola liapole ka metsing ka meno ke e ’ngoe ea lipapali tse simolohileng ho Macelt
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
From the magazine: The Delineator October 1911
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Mopapa Boniface IV o ile a nehela Tempele ea bohetene ea Baroma ho Maria le ho bashoela-tumelo bohle
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Halloween e na le tšusumetso efe baneng ba hao?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Bakreste ba ’nete ba thabela boithabiso bo hloekileng ba lelapa