Ho Ikopanya ha Lichaba Tsa Lefatše—Seo Batho ba se Tšepileng le Seo ba se Tšabang
“Ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ke bohato ba bohlokoa moruong oa kajeno. . . . Hona joale ho hlahisa menyetla e e-s’o ka e e-ba teng ho batho ba limilione tse likete lefatšeng ka bophara.”—MARTIN WOLF, MONGOLI OA LITABA TSA MORUO KORANTENG.
“Rōna batho ba Lefatše, re lelapa le le leng le leholo. Mokhoa ona o mocha o hlahisa liphephetso tse ncha le mathata a macha a lefatše, a kang ho senyeha ha tikoloho, ho fela ha lintho tsa tlhaho tse kenyang chelete, lintoa tse sehlōhō le bofutsana.”—EDUARD SHEVARDNADZE, MOPRESIDENTE OA GEORGIA.
KA December 1999, seboka sa Mokhatlo oa Lefatše oa Khoebo se neng se tšoaretsoe Seattle, U.S.A., se ile sa sitisoa ke morusu. Mapolesa a ile a sebelisa mosi o fahlang, likulo tsa rabara le senyanyatsi sa motsoako oa pepere e le ho beha boemo taolong. Qetellong, a ile a tšoara baipelaetsi ba makholo.
Morusu oo oa Seattle o ile oa bakoa ke eng? Ke lintho tse ngata haholo tseo batho ba amehileng ka tsona mabapi le ho fela ha mosebetsi, ho senyeha ha tikoloho le ho haella ha toka sechabeng. Leha ho le joalo, ka mantsoe a bonolo feela, baipelaetsi ba ne ba tšaba ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše—liphello tsa hona bathong le lefatšeng ka bolona.
Tšabo ea bona ha e e-s’o kokobele. Ho tloha ka 1999, mekoloko ea boipelaetso khahlanong le ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše e ’nile ea ata le ho ba matla. Maemong a mang, baeta-pele ba lefatše hona joale ba leka ho tšoarela liboka tsa bona libakeng tse ka thōko moo baipelaetsi ba ke keng ba sitisa liboka habonolo.
Ho hlakile hore hase bohle ba bonang ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše e le tšokelo. Le hoja ba bang ba re ke hona ho ikarabellang mathateng a lefatše, ba bang ba ho thoholetsa e le pheko bakeng sa mathata a mangata a lefatše. Ke ’nete hore khang ena e tsoelang pele e ka bonahala e sa ame ka ho toba boholo ba batho lefatšeng, bao boholo ba bona bo sa tsebeng hore na hantle ho ikopanya hona ha lichaba tsa lefatše ke eng. Empa ho sa tsotellehe hore na pono ea hao ke efe, ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ho se ho ntse ho u ama, ’me mohlomong ho tla u ama le ho feta ka moso.
Hantle-ntle ho Ikopanya ha Lichaba Tsa Lefatše ke Eng?
“Ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše” ke polelo eo ba bang ba e sebelisang ho hlalosa ho itšetleha ho atang ha batho ka batho ba bang le ho itšetleha ha linaha ka linaha tse ling. Mokhoa ona o eketsehile haholo lilemong tse leshome tse fetileng kapa tse isang moo, ’me sena se bakiloe haholo ke mehato e tsoelang pele ea theknoloji. (Bona lebokose le leqepheng la 21.) Hona joale, Ntoa ea Mantsoe pakeng tsa linaha ha e sa le eo, lithibelo tse neng li le khoebong li fokotsehile, ’maraka o moholo oa lefatše oa lichelete o kopane ’me litefiso tsa lipalangoang li ’nile tsa theoha le ho nolofala haholoanyane.
Ho ikopanya hona ho ntseng ho ata lefatšeng lohle ho bile le liphello tse ngata—moruong, lipolotiking, mekhoeng ea bophelo le tikolohong. Ka bomalimabe, liphello tse ling e ka ba tse sa thabiseng. Khatiso ea Machaba a Kopaneng, Human Development Report 1999, e ile ea hlalosa: “Ho feta leha e le neng pele, lefatšeng ka bophara bophelo ba batho bo hokahane haholoanyane, ka botebo haholoanyane le ka ho toba haholoanyane. Sena se bula menyetla e mengata ea tsoelo-pele e ntle le e mpe.” Joaloka mesebetsi e meng e mengata ea batho, ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ho na le lehlakore le letle le le lebe.
Tšepo Bakeng sa Lefatše le Atlehileng Haholoanyane
Amartya Sen, ea hapileng Khau ea Nobel litabeng tsa moruo o re ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše “ho ruisitse lefatše molemo lehlakoreng la saense le la maemo a bophelo, ha ba ha ruisa batho ba bangata.” Human Development Report 1999 ka ho tšoanang e re ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše “ho fana ka menyetla e mengata ea ho felisa bofutsana lekholong la bo21 la lilemo.” Tšepo ena e bakiloe ke katleho e eketsehileng e tlisitsoeng ke ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše. Lelapa le itekanetseng kajeno lefatšeng le fumana moputso o imenneng hararo ha o bapisoa le oo le neng le o fumana lilemong tse 50 tse fetileng.a
Bahlahlobisisi ba bang ba bona molemo o mong hape oa ho ikopanya moruong: Ba nka hore sena se tla etsa hore linaha li be leqe haholoanyane ho loana. Thomas. L. Friedman bukeng ea hae ea The Lexus and the Olive Tree, o bolela hore ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše “ho fana ka mabaka a eketsehileng a khothalletsang batho ho tlohela ho loana ’me ho eketsa litšenyehelo tsa ho loana ka litsela tse ngata ho feta tsa mehla leha e le efe e kileng ea e-ba teng historing ea kajeno.”
Ho sebelisana ha batho ka ho eketsehileng le hona ho hlahisa monyetla oa ho ntlafatsa bonngoe ba lefatše lohle. Mekhatlo e meng ea litokelo tsa batho e ’nile ea khona ho sebelisa Internet ho buella lithahasello tsa eona hantle. Ka mohlala, selekane sa machaba sa 1997 se neng se nyatsa ka molao liqhomane tsa fatše, se ile sa thehoa ka ho sebelisa ka tekanyo e itseng mecha ea puisano ea elektronike ho hlophisa lihlopha tse fapaneng tse neng li tšehetsa sena lefatšeng kaofela. Mohato ona o neng o akarelletsa le batho feela ba tloaelehileng o ile oa thoholetsoa e le “mokhoa o mocha oa ho ba le lipuisano tsa machaba, moo mebuso le sechaba li sebetsang hammoho ho loantšeng mathata a batho lefatšeng lohle.”
Ho sa tsotellehe liphello tsena tse ntle, batho ba bangata ba ntse ba tšaba hore liphello tse kotsi tsa ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše li ngata ho feta melemo ea hona.
Tšabo ea Hore Lefatše le Tla Arohana le ho Feta
Mohlomong batho ba amehile haholo ka tsela eo ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ho ekelitseng lekhalo pakeng tsa ba nang le hona le ba se nang hona. Le hoja ho se pelaelo hore leruo la lefatše le eketsehile, le potoloha matsohong a batho ba ’maloa le linaheng tse ’maloa. Leruo la batho ba 200 ba ruileng ka ho fetisisa lefatšeng hona joale, le feta moputso oa batho ba etsang karolo ea 40 lekholong lefatšeng lohle—batho ba ka etsang limilione tse likete tse 2,4. ’Me le hoja meputso ea batho e ntse e nyoloha linaheng tse ruileng, ka karolelano meputso ea batho linaheng tse 80 tse futsanehileng e ’nile ea theoha lilemong tse leshome tse fetileng.
Ntho e ’ngoe eo batho ba tšoenyehileng ka eona ke tikoloho. Ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše moruong ho susumelitsoe ke lefatše la khoebo le lapetseng phaello ho feta ho sireletsa lefatše. Agus Purnomo, mookameli oa Mokhatlo oa Lefatše oa Paballo ea Tlhaho Indonesia, o hlalosa bothata bona tjena: “Re peisong e sa feleng ea tsoelo-pele. . . . Ke tšaba hore ka mor’a lilemo tse leshome, e tla be e le hona re tsebang molemo oa tikoloho le ho e baballa, empa e tla be e le ho haha serobe phiri e se e jele.”
Hape batho ba amehile ka mesebetsi ea bona. Mesebetsi le meputso e ’nile ea hloka botsitso ka ho eketsehileng ha likhoebo tsa lefatše li ikopanya ’me tlhōlisano e e-ba matla hoo lik’hamphani li tlamehang ho bebofatsa mesebetsi ea tsona. K’hamphaning e amehileng ka phaello, hase bothata ho hira le ho leleka basebetsi ho latela se hlokoang ke lefatše la khoebo, empa sena se tlisetsa batho mathata a tšabehang bophelong.
Ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ’marakeng oa lichelete ho hlahisitse lebaka le leng le hlokisang botsitso. Bo-ramatsete ba linaheng ka ho fapana ba ka alimana ka chelete e ngata linaheng tse tsoelang pele, empa hamorao ba ntša chelete ea bona ka tšohanyetso ha ho bonahala eka maemo a moruo aa mpefala. Ho ntša chelete e ngata joalo ho ka kenya linaha tse ngata maqakabetsing a lichelete. Maqakabetsi a lichelete Asia Bochabela ka 1998 a ile a etsa hore batho ba limilione tse 13 ba lahleheloe ke mosebetsi. Indonesia, matla a theko a meputso ea basebetsi ba sa kang ba lahleheloa ke mosebetsi a ile a theoha hoo a neng a lekana le halofo ea eona.
Ka hona, hoa utloahala hore ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ho tlisetsa batho tšabo le tšepo ka nako e le ’ngoe. Na u na le lebaka la ho tšaba ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše? Kapa na u ka lebella hore ho atlehise bophelo ba hao haholoanyane? Na ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ho re file lebaka la ho ba le tšepo ka bokamoso? Sehlooho sa rōna se latelang se tla tšohla lipotso tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Leha ho le joalo, lipalo tse sebetsoang ho latela karolelano li ka lahla, haholo-holo ha e le tsa lefatše ka bophara. Libakeng tse ngata, malapa ha aa fumana keketseho ea letho moputsong oa ’ona lilemong tse 50 tse fetileng, ha meputso ea a mang e ile ea eketseha hangata-ngata.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]
Leruo la batho ba 200 ba ruileng ka ho fetisisa lefatšeng le feta moputso oa baahi ba etsang karolo ea 40 lekholong lefatšeng lohle o kopantsoe hammoho
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 21]
THEKNOLOJI E TŠEHELITSENG HO IKOPANYA HA LICHABA TSA LEFATŠE
Theknoloji e fetotse mecha ea puisano ka ho feletseng lilemong tse leshome tse fetileng. Batho ba se ba ka fumana boitsebiso—kae kapa kae lefatšeng—ka tsela e potlakileng, e sa jeng chelete e ngata le e bobebe.
THELEVISHENE Hona joale batho ba bangata lefatšeng ba khona ho shebella thelevishene, le haeba ba se na eona mahaeng a bona. Ka 1995, bathong ba bang le ba bang ba 1 000, ba 235 ba ne ba e-na le li-TV lefatšeng lohle, e leng palo e batlang e mena ea 1980 habeli. Satellite dish e nyenyane e ka etsa hore batho ba libakeng tse thōko ba bone se etsahalang lefatšeng ka bophara. Moprofesa oa lipolotiki tsa moruo, Francis Fukuyama, o re: “Kajeno ha ho naha e ka reng eona ho hang e ke ke ea tseba litaba tsa lefatše.”
INTERNET Beke e ’ngoe le e ’ngoe, ho ba le batho ba bacha ba 300 000 ba buleloang mocha oa Internet. Ka 1999, ho ile ha hakanngoa hore Internet e tla be e sebelisoa ke batho ba limilione tse 700 selemong sa 2001. Mongoli Thomas L. Friedman oa hlalosa: “Phello ke hore historing eohle ea lefatše, ha ho e-s’o be le batho ba bangata joaloka hona joale ba khonang ho tseba lintho tse ngata hakana ka bophelo ba batho, lihlahisoa tsa bona le likhopolo tsa bona.”
THELEFONO Lik’hebole tsa fiber le tšebeliso ea sathelaete li theotse litefiso tsa thelefono haholo. Chelete e neng e lefuoa ka 1930 ha motho a founa metsotso e meraro a le New York ’me a bua le motho ea London, e ile ea theoha ho tloha ho R2 860 ho ea ho R4,00 ka 1999. Ho sebetsa ntle ho mecha ea puisano e sebetsang ka maqhubu a moea ho entse hore thelefono ea cellular e ate feela joaloka k’homphieutha. Ha selemo sa 2002 se kolumela, ho hakanngoa hore batho ba limilione tse sekete ba tla be ba sebelisa thelefono ea cellular, ’me bongata ba bona bo tla be bo khona ho kena ho Internet ka eona.
MARANG-RANG A ELEKTRONIKE Lintho tsohle tse boletsoeng ka holimo, tse ntseng li ntlafatsoa nako le nako, li etsoa ka marang-rang a elektronike. Lilemong tse ka holimo ho 30 tse fetileng, matla a marang-rang a elektronike a sebelisoang k’homphieutheng a ’nile a imena habeli likhoeling tse ling le tse ling tse 18. Ha ho mohla ho kileng ha bolokoa boitsebiso bo bongata hakana sebakeng se senyenyane tjena.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]
Globes on pages 21, 23-26, and 29: NASA photo