Libetsa Tse Patehileng—Li Kotsi Hakae?
BOITEKO ba ho bolaea batho ka maloetse nakong ea ntoa hase ntho e ncha. Lekholong la bo14 la lilemo, Europe ka bochabela, litopo tsa ba neng ba bolailoe ke seoa sa lefu le bolaeang li ile tsa lahleloa ka ntle ho motse o neng o thibeletsoe. Ketsahalong e ’ngoe lilemong tse 400 hamorao, ka boomo liofisiri tsa Mabrithani li ile tsa fa Maindia a Maamerika likobo tse nang le kokoana-hloko ea sekholopane nakong eo ba leng lipuisanong tsa khotso ka Ntoa ea Mafora le Maindia. Maindia a ile a oeloa ke seoa se ileng sa etsa hore a inehele. Leha ho le joalo, e bile feela mafelong a lekholo la bo19 la lilemo moo ho ileng ha sibolloa hore likokoana-hloko li baka mafu a tšoaetsanoang. Kutloisiso ena e ile ea bula menyetla e mecha le e tšosang ea ho sebelisa maloetse e le libetsa.
Ke ’nete hore tsoelo-pele ea bongaka le ea saense le eona e ntlafalitse lithethefatsi le liente tse thibelang mafu. Lintho tsena li atlehile haholo ho phekoleng le ho thibeleng maloetse. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe tsoelo-pele ena, maloetse a tšoaetsanoang e ntse e le sera se tšosang, se bolaeang batho ba fetang limilione tse 17 selemo le selemo—batho ba ka bang 50 000 ka letsatsi. Ke boemo bo nyarosang: Ha banna le basali ba bohlale ba nehetse bophelo ba bona ho hlōleng maloetse a batho, ba bang ba nang le cheseho e tšoanang le tsebo ba tsepamisitse maikutlo tabeng ea ho hlōla batho ka ho ba tšoaetsa maloetse.
Boiteko ba ho Thibela Libetsa Tsa Likokoana-hloko
Ka lilemo tse fetang 25, United States, Soviet Union ea mehleng le lichaba tse ling li ile tsa phehella ka matla ho etsoa ha libetsa tsa likokoana-hloko. Empa ka 1972 lichaba li ile tsa lumellana ho thibela libetsa tsena. Leha ho le joalo, linaha tse ling li ile tsa tsoela pele ho li etsa ka sekhukhu le ho etsa lipatlisiso tse eketsehileng ka tsona, tsa bokella ka bongata likokoana-hloko tse bolaeang hammoho le ho lokisetsa mekhoa ea ho li tsamaisa.
Ke eng e ileng ea etsa hore libetsa tsee li thibeloe ka molao? Ho latela maikutlo a batho mathoasong a bo-1970, le hoja libetsa tsa likokoana-hloko li e-na le matla a maholo a ho bolaea, ke libetsa tse tlaasana lebaleng la ntoa. Lebaka la sena ke hore liphello tsa tsona ha li sebetse hang-hang—ho nka nako hore matšoao a bonahale. Lebaka le leng ke hore katleho ea tsona e itšetlehile ka moea le boemo ba leholimo bo lulang bo feto-fetoha. Ho feta moo, lichaba li ile tsa hlokomela hore haeba sechaba se seng se sebelisa libetsa tsa likokoana-hloko ho hlasela sechaba se seng, sechaba seo se hlaseloang se ne se ka ’na sa iphetetsa ka ho sebelisa libetsa tsa sona tsa likokoana-hloko tseo li li bokeletseng kapa ka libetsa tsa nyutlelie. Qetellong, batho ba bangata ba ile ba bona bobe ba ho sebelisa ka boomo lintho tse phelang bakeng sa ho holofatsa kapa ho bolaea batho ba bang.
Ha ho le le leng la mabaka ana le ka thibang batho ba tletseng lehloeo le ba ikemiselitseng ho se sebelise litekanyetso tsa boitšoaro tse tloaelehileng. Libetsa tsa likokoana-hloko li ipiletsa haholo ho ba ratang ho bolaea ba sa khethe. Libetsa tsa likokoana-hloko li ka hlahisoa le ho sebelisoa ka sekhukhu. Ho ka pateha hore na ke mang ea hlasetseng, ’me le haeba mohlaseli a ka tsejoa, ha ho bonolo ho iphetetsa lihlopheng tsa likhukhuni tse linaheng tse ngata. Ho feta moo, tlhaselo e khutsitseng, e sa bonahaleng, e bileng e sebetsang butle ea libetsa tsa likokoana-hloko e ka hlokisa baahi botsitso ka lebaka feela la ho tlala tšabo. Ho hlasela limela kapa mehlape ho ka baka khaello ea lijo le ho putlamisa moruo.
Ntho e ’ngoe e susumelletsang ho etsoa ha libetsa tsa likokoana-hloko ke theko ea tsona e tlaase. Ho ile ha etsoa tlhahlobo e ’ngoe ho bona hore na ho bitsa chelete e kae ho bolaea batho ba sa sireletsoang ba sebakeng se bophara ba sekoere-k’hilomithara ho sebelisoa libetsa tse fapaneng. Ho hakanyelitsoe hore ha ho sebelisoa libetsa tse tloaelehileng ho ka hlokahala chelete e kaalo ka R20 000, R8 000 bakeng sa libetsa tsa nyutlelie, R6 000 bakeng sa libetsa tsa khase e thethefatsang methapo ea kutlo le R10 bakeng sa libetsa tsa likokoana-hloko.
Litšitiso Tsa Theknoloji Bakeng sa Likhukhuni
Litlaleho tse ling tsa mecha ea litaba li re lihlopha tse ling tsa likhukhuni li ile tsa etsa liteko ka libetsa tsa likokoana-hloko. Leha ho le joalo, ho na le phapang e khōlō pakeng tsa ho etsa teko ka libetsa tsa likokoana-hloko le ho hlasela ka tsona ka matla.
Hore se atlehe, sekhukhuni kapa mokhatlo oa likhukhuni o tlameha ho hlōla mathata a rarahaneng a theknoloji. Ntlha ea pele, sekhukhuni se tlameha ho fumana kokoana-hloko e lekaneng ho bakela motho lefu le bolaeang. Ntlha ea bobeli, se lokela ho tseba hore na se tšoare kokoana-hloko eo joang le ho e beha ka nepo le ka tsela e sireletsehileng. Ea boraro, se tlameha ho tseba hore na se ka e hlahisa joang ka bongata. Tekanyo e nyenyane ea kokoana-hloko e kotsi hoo e ka bolaeang tšimo eohle ea lijalo, mohlape oa liphoofolo kapa baahi ba motse, hafeela kokoana-hloko eo e ka fihla ka ho toba phofung ea eona. Leha ho le joalo, likokoana-hloko ha li atlehe hantle ha li le ka ntle ho laboratori. Ha e le hantle, ke karolo e nyenyane feela ea kokoana-hloko e tla fihla liphofung tsa eona, ka hona, ho ka hlokahala tse ngata hore tlhaselo e tle e bake koluoa.
Ho na le litšitiso tse eketsehileng. Sekhukhuni se tlameha ho tseba tsela ea ho boloka kokoana-hloko e phela ’me e le matla nakong eo se e tlosang moo e bolokiloeng teng ho e isa sebakeng seo e tla lokolloa ho sona. Qetellong, se tlameha ho tseba mokhoa o motle oa ho e lokolla. Sena se ama ho etsa bonnete ba hore kokoana-hloko e fihla phofung e le boholo bo lekaneng, sebakeng se lekaneng hore e atlehe ho sona, ’me e be matla hore e khone ho tšoaetsa boieane ba batho. Ho ile ha nka lilemo tse fetang leshome bakeng sa sehlopha sa bafuputsi ba United States ba koetlisitsoeng haholo tabeng ea ho hlasela ka likokoana-hloko hore ba fumane mokhoa o ka tšeptjoang oa ho li tsamaisa. Hang ha likokoana-hloko li jetsoe moeeng, li pepesehela khanya ea letsatsi le maemo a fapaneng a mocheso le mohatsela, e leng lintho tse ka ’nang tsa li bolaea. Ka hona, ho sebelisa kokoana-hloko e le sebetsa ho hloka tsebo e ngata ea hore na likokoana-hloko tseo li itšoara joang ha li kopana le moea.
Ka lebaka la litšitiso tse ngata tsa theknoloji tse amehang, ha ho makatse hore ebe ke likhukhuni tse ’maloa tse kileng tsa leka ho hlasela ka libetsa tsa likokoana-hloko. Ho feta moo, boiteko boo bo hlahisitse mahlatsipa a ’maloa. Haufinyane tjena, tlhaselo ea mangolo a neng a tšetsoe koatsi United States e ile ea bolaea batho ba bahlano. Eo e bile koluoa, empa ba shoeleng ba bile ’maloa ho feta haeba ho ne ho sebelisitsoe seqhomane se senyenyane kapa bistolo. Bafuputsi ba fumane hore ho tloha ka 1975, litlhaselong tse etsang karolo ea 96 lekholong tsa lik’hemik’hale kapa likokoana-hloko lefatšeng ka bophara, ka karolelano ke batho ba bararo ba ileng ba shoa tlhaselong ka ’ngoe.
Ha le lemoha mathata a amanang le ho sebelisa likokoana-hloko ka katleho tlhaselong, Lekhotla la Boitsebiso ba Tšireletso la Mabrithani le Maamerika le itse: “Le hoja mebuso e tobane le litšokelo tse ngata tsa ho hlaseloa ke likhukhuni ka lik’hemik’hale le ka likokoana-hloko, bahlahlobi ba bangata ba lumela hore le hoja ho ka etsahala hore mahlatsipa a be mangata koluoeng e joalo, ha ho bonolo hore seo se etsahale.” Empa le haeba monyetla e ka ba o fokolang, liphello tsa tlhaselo e joalo li ka tšabeha.
Litaba Tse Bohloko
Hajoale re buile litaba tse tšepisang: Mathata a bakoang ke theknoloji le histori a bontša hore menyetla ea fokola ea hore tlhaselo ea libetsa tsa likokoana-hloko e rinye ba bangata. Empa litaba tse bohloko ke tsena: Histori hase tataiso e ka tšeptjoang bakeng sa bokamoso. Le hoja litlhaselo tsa nakong e fetileng li sa ka tsa atleha hakaalo, tsa ka moso li ka ’na tsa atleha.
Ho na le lintho tse bakang ngongoreho. Palo e eketsehang ea likhukhuni e bonahala e ikemiselitse ho bolaea boieane ba batho. Hase feela hore lihlopha tsa likhukhuni tse sebelisang theknoloji e tsoetseng pele lia eketseha, empa lihlopha tse ling tsa tsona li na le tšehetso ea lichelete le ea theknoloji e ka lekanang le ea mebuso e meng.
Ho bonahala litsebi li sa khathatsoe ke taba ea hore lichaba tse ling li ka ’na tsa fa lihlopha tsa likhukhuni libetsa tsa likokoana-hloko. Mohlahlobi e mong o itse: “Ho sa tsotellehe hore na mebuso e meng e khopo ho le hokae, e rata botumo le ho ameha ka likhopolo tse feteletseng ho le hokae, e ke ke ea lokoloha ho fa lihlopha tsa likhukhuni libetsa tse sa tloaelehang tseo li ke keng tsa li laola ka ho feletseng; mebuso e ka mpa ea hoheloa ke ho sebelisa libetsa tse joalo ha e hlasela, empa ho ka etsahala hore e li sebelise haholo bakeng sa ho tšosa ho feta ha ntoa e se e hlile e kupa.” Ho ngongorehisang litsebi ke hore bo-rasaense ba nang le tsebo e phahameng ba ka ’na ba rekoa ka chelete e ngata hore ba sebeletse lihlopha tsa likhukhuni.
Likokoana-hloko Tse Reretsoeng ho Kulisa
Tsoelo-pele e teng theknolojing ea baeloji ke taba e ’ngoe eo ho amehiloeng ka eona. Bo-rasaense ba se ba tseba hore na ba ka etsa joang hore likokoana-hloko li bolaee haholoanyane le hore na ba li sebelisang ba li tšoare joang. Ba ka sebelisa liphatsa tsa lefutso ho fetola likokoanyana tse nyenyane haholo tse se nang kotsi ho etsa chefo ka tsona. Li ka boela tsa sebetsoa hore li phonyohe mekhoa e tloaelehileng ea ho li senola. Ho feta moo, ho ka etsoa hore likokoanyana tseo li loantše meriana e li thibelang, liente le liphekolo tse ling. Ka mohlala, bo-rasaense ba tlohileng Soviet Union ea mehleng ba boletse hore ba bile le boloetse bo hlōtseng meriana e 16 e thibelang mafu.
Ho lebeletsoe hore ka moso tsoelo-pele ea theknoloji ea baeloji le ea ho fetola liphatsa tsa lefutso e tla pharalla. Bo-rasaense ba ka fetola liphatsa tsa lefutso tsa lintho tse phelang ho etsa libetsa tse ngata tsa likokoana-hloko bocha kapa ho li fetola—ho li etsa hore e be tse bolaeang haholoanyane, tse sa shoeng habonolo, tse etsoang le ho tsamaisoa habonolo. Li ka etsoa ka tsela eo ka eona ho tla bonoa esale pele hore na liphello tsa tsona e tla ba life le ho li laola habonolo. Likokoana-hloko li ka etsoa ka tsela eo ka eona li tla shoa ka mor’a nako e itseng eo li e behetsoeng—li tla bolaea ’me ebe li felloa ke matla.
Ka moso ho ka ’na ha qaptjoa libetsa tse sa tloaelehang tse nanarelang batho. Ka mohlala, libetsa tse etselitsoeng sepheo se itseng ka ho khetheha li ka bolaea tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung—ho e-na le ho tšoaetsoa lefu le itseng, motho o tla pepesehela mafu a mangata. Haeba ho ka hlaha vaerase e bolaeang e kang ea AIDS, ke mang ea tla tseba hore na e mpa e bakiloe ke phetoho e itseng ea tlhaho kapa ehlile ke mesebetsi ea lira lilaboratoring tsa tsona moo li fetotseng liphatsa tse itseng tsa lefutso?
Tsoelo-pele ea theknoloji e fetotse tsela eo masole a ikutloang ka eona. Ofisiri e ’ngoe ea mabotho a metsing a United States e ngotse: “Batho ba etsang libetsa ke hona ba sa tsoa kena mosebetsing oa ho batlisisa hore na theknoloji ea baeloji e ka sebetsa ho le hokae ntoeng. Ho lemoha hore tsoelo-pele e eketsehileng ke hona e ntseng e e-tla ho etsa hore motho a nahane ka thata.”
[Lebokose le leqepheng la 26]
Ntoa ea Libetsa Tsa Likokoana-hloko ke e Joang?
“Ntoa ea libetsa tsa likokoana-hloko” e bolela ho jala mafu ka boomo bathong, liphoofolong le limeleng. Baahi ba korotsoeng ba tšoaetsoa mafu ka likokoana-hloko tse nyenyane. Likokoana tsena lia ata (tse ling li ntša chefo), ’me ka mor’a nako matšoao a lefu aa hlahella. Libetsa tse ling tsa likokoana-hloko lia holofatsa ha tse ling li bolaea. Tse ling li ka sebelisoa ho hlasela le ho senya limela.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]
Tokomane Ea Boitsebiso Bo Buang Ka Libetsa Tsa Likokoana-hloko
Koatsi: Lefu le tšoaetsanoang le bakoang ke baktheria e etsang hlobo. Matšoao a pele a motho ea hahlametsoeng ke koatsi a ka tšoana le a sefuba. Ka mor’a matsatsi a ’maloa, matšoao ao a ka bakela motho ho hema ka thata le ho tepella maikutlo ka ho tebileng. Mofuta ona oa koatsi hangata oa bolaea.
Bathong ba hahlametsoeng ke koatsi, tšoaetso eo e ka thibeloa ka meriana e thibelang mafu. Ke habohlokoa ho phekola motho ka potlako; tieho e ka tsoala tahleho.
Ha ho bonolo hore motho a tšoaetsoe ke e mong ea hahlametsoeng ke koatsi ’me ho ka ’na ha se ke ha etsahala.
Halofong ea bobeli ea lekholo la bo20 la lilemo, linaha tse ’maloa li ile tsa fetola koatsi sebetsa linaheng tse ’maloa, ho akarelletsa United States le linaha tseo pele e neng e le Soviet Union. Lichaba tseo ho nahanoang hore li na le libetsa tsa likokoana-hloko li eketsehile ho tloha ho tse 10 ka 1989 ho ea ho tse 17 ka 1995. Ha ho tsejoe hore na ke linaha tse kae ho tsena tse sebelisang koatsi. Ho latela tlhahlobo e ’ngoe ea ’muso oa United States, ho ntšetsa khase ea koatsi ea boima ba lik’hilograma tse 100 motseng o moholo ho ka bolaea batho ba bangata joalokaha ho ka qhomisoa bomo ea haedrojene.
Botulism: Lefu le bolaeang mesifa le bakoang ke baktheria e chefo. Matšoao a lefu lena le hlahang e le chefo lijong a akarelletsa ho fifala ha pono, ho repha ha linama tse ka holim’a leihlo, ho sitoa ho bua ka ho hlaka, ho thatafalloa ke ho koenya le ho omella lehano. Mesifa e fokola ho tloha mahetleng ho ea tlaase. Ho shoa ha mesifa e thusang ho hema ho ka bolaea motho. Lefu lena ha le tšoaetsanoe.
Meriana e loantšang chefo haeba e ka sebelisoa ka potlako, e ka fokotsa ho kekela ha matšoao, mohlomong ha thibela motho ho shoa.
Chefo ea botulinum e ratoa haholo bakeng sa ho etsa sebetsa, eseng feela hobane e le e ’ngoe ea lichefo tse bohale ka ho fetisisa tse tsejoang empa hape hobane e hlahisoa habonolo le ho tsamaisoa habonolo. Ho phaella moo, ba kulisoang ke eona ba hoehla nako e telele ba le tlas’a tlhokomelo e khethehileng ea bongaka. Ho belaeloa hore linaha tse ’maloa li sebelisa chefo ena ho etsa libetsa tsa likokoana-hloko.
Lefu la seoa: Lefu le tšoaetsanoang habonolo le bakoang ke baktheria. Matšoao a pele a lefu lena la seoa le bolaeang le amang matšoafo ke feberu, ho opa ha hlooho, ho fokola le ho khohlela. Ho latele ho tepella maikutlo ho bakoang ke chefo ena, ’me haeba ho sa sebelisoe meriana e thibelang likokoana-hloko ka potlako, joang kapa joang motho eo o tla shoa.
Lefu lena le tšoaetsanoa ka mathe.
Lekholong la bo14 la lilemo, nakong ea lilemo tse hlano lefu la seoa le ile la bolaea batho ba ka bang limilione tse 13 Chaena, la bolaea ba limilione tse 20 ho ea ho tse 30 Europe.
Lilemong tsa bo-1950 ho ea ho tsa bo-1960, United States le linaha tseo pele e neng e le Soviet Union li ile tsa qapa mekhoa ea ho hasa lefu la seoa le hlaselang matšoafo. Ho lumeloa hore ke bo-rasaense ba likete ba sebelitseng ka thata ho fetola seoa sena sebetsa.
Sekholopane: Lefu le tšoaetsanoang habonolo le bakoang ke vaerase. Matšoao a lona a pele a akarelletsa feberu e matla, mokhathala, ho opa ha hlooho le mokokotlo. Hamorao ho hlaha makhopho a bohloko a tlalang bolalu. Motho a le mong ho ba bararo ba tšoereng ke lefu lena oa shoa.
Sekholopane se ile sa felisoa lefatšeng lohle ka 1977. Tloaelo ea ho entela sekholopane e ile ea fela lilemong tsa bo-1970. Ho ke ke ha tiisoa hore batho ba ileng ba entoa pele ho moo ba ke ke ba hlola ba tšoaetsoa. Ha ho na phekolo e pakiloeng e sebetsa bakeng sa sekholopane.
Lefu lena le tšoaetsanoa ka mathe. Liaparo tsa motho ea tšoaelitsoeng le likobo tseo a robalang ka tsona li ka jala vaerase ea lona.
Ho tloha ka 1980, Soviet Union e ile ea qala lenaneo le atlehang la ho hlahisa sekholopane ka bongata le ho se tsamaisa ka limisaele tse itsamaisang ho tloha k’honthinenteng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Ho ile ha boela ha etsoa boiteko ba ho hlahisa kokoana-hloko ea sekholopane e neng e le chefo haholoanyane le ho tšoaetsa batho haholo.
[Setšoantšo]
Baktheria ea koatsi le hlobo e chitja
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Mehloli: U.S. Centers for Disease Control and Prevention, Johns Hopkins Center for Civilian Biodefense Studies.
Anthrax victim: CDC, Atlanta, Ga.; anthrax bacterium: ©Dr. Gary Gaugler, Photo Researchers; botulism bacterium: CDC/Courtesy of Larry Stauffer, Oregon State Public Health Laboratory
Plague bacterium: Copyright Dennis Kunkel Microscopy, Inc.; smallpox virus: ©Meckes, Gelderblom, Eye of Science, Photo Researchers; smallpox victim: CDC/NIP/Barbara Rice
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Mangolo a tšetseng koatsi morao tjena a bakile tšabo lefatšeng ka bophara
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
AP Photo/Axel Seidemann
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Libomo tsa lik’hemik’hale/ likokoana-hloko li ile tsa senngoa ka mor’a Ntoa ea Gulf
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
AP Photo/MOD