Ho Batla Tharollo
HO TLOHA ka 1972, lichaba tse fetang lekholo li ile tsa tekenela selekane sa machaba se hanelang ntšetso-pele, tlhahiso le ho bokella libetsa tsa likokoana-hloko. Selekane sena se neng se bitsoa Tumellano ka Libetsa Tsa Likokoana-hloko le Tse Chefo (Biological and Toxin Weapons Convention [BTWC]), e ne e le sa pele sa ho thibela mefuta eohle ea libetsa tseo. Bofokoli ba sona e bile hore se sitiloe ho fana ka mokhoa oa ho fumana hore na lichaba tse ling li mamela melao eo kapa che.
Ho thata ho netefatsa hore linaha ha li etse libetsa tsena tsa likokoana-hloko kaha mekhoa le tsebo e sebelisitsoeng bakeng sa khotso e ka boela ea sebelisoa bakeng sa ho etsa libetsa tsena. ‘Tšebeliso ena e habeli’ ea theknoloji ea baeloji e etsa hore ho be bonolo ho pata ho etsoa ha libetsa lifekthering le lilaboratoring tse bonahalang eka li sebetsa molemong oa sechaba.
E le ho rarolla qaka ena ea ho se tsebe hantle hore na lichaba tsohle li khaolitse ho hlahisa libetsa tsa likokoana-hloko kapa che, ka 1995 baemeli ba tsoang lichabeng tse fapaneng ba ile ba qala ho buisana ka hore ho etsoe tumellano e tlamang eo lichaba tsohle li tla tšepisa hore li tla e boloka. Ka lilemo tse fetang tse tšeletseng, ba ile ba tšohla mehato e tobileng e tla nkoa e le ho etsa bonnete ba hore lichaba li sebetsa tumellanong le BTWC. Ka la 7 December, 2001, seboka sa libeke tse tharo se neng se tšoeroe ke batho ba 144 bakeng sa selekane sa 1972 se ile sa fella ka pherekano. Bothata e ne e le hore United States e ne e hana ho lumellana le litlhahiso tsa motheo ho etsa bonnete ba hore lichaba li sebetsa tumellanong le BTWC. United States e ile ea bolela hore ha e ka lumella lichaba tse ling ho tla hlahloba mehaho ea eona ea sesole le lifektheri, seo se ne se tla e pepesetsa bohloela.
Se Larileng ka Pele
Theknoloji ea baeloji e na le menyetla e mengata ea botle le bobe. Mekhoa e meng e phahameng ea theknoloji—mahlale a ho sebelisa tšepe, liqhomane, ho hlahisa matla ka ho chesa lintho tse itseng, tsamaiso ea lifofane, lielektronike—kaofela li ’nile tsa sebelisoa, eseng feela molemong oa khotso empa hape le molemong oa bora. Na ho joalo le ka theknoloji ea baeloji? Ba bangata ba lumela hore ho tla ba joalo.
Tlaleho ea 1999 ea U.S. Commission on National Security e itse: “Batho ka bomong hammoho le lihlopha . . . ba tla ba le matla le tšusumetso, ’me ba bangata ba tla ba le mekhoa eo ba ka e sebelisang ea ho timetsa e tšosang. . . . Ho tla ba le lihlopha kapa batho ka bomong ba etsang liketso tsa ho betoa ke pelo, hangata ba susumetsoa ke cheseho ea bolumeli, tumelo e sa utloahaleng ea sehlotšoana sa bokhelohi kapa khalefo e tukang. Joale likhukhuni li ka sebelisa theknoloji eo pele e neng e sebelisoa feela ke mebuso e meholo le ho hlasela libaka tse nang le baahi ba bangata.”
Le hoja re sa tsebe hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang e haufi, rea tseba hore na Molimo o hopoletse moloko oa batho eng. Bibele e tšepisa hore nako ea tla eo ka eona batho ba lefatšeng ‘ka sebele ba tla lula ba sireletsehile, ho se ea etsang hore ba thothomele.’ (Ezekiele 34:28) E le hore u fumane ho eketsehileng ka tšepiso eo e tšelisang, ikopanye le Lipaki tsa Jehova sebakeng seo u lulang ho sona kapa u ngolle atereseng e nepahetseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Bafuputsi ba qapa mekhoa e mecha ea ho thethefatsa koatsi
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photo courtesy of Sandia National Laboratories
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Seboka se neng se tšoeroe mabapi le Libetsa Tsa Likokoana-hloko ka la 19 November, 2001, Switzerland
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
AP Photo/Donald Stampfli
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Bibele e tšepisa nako eo ka eona bohle ba tla ‘lula ba sireletsehile’