Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 12/8 maq. 13-18
  • Pontšo ea Lerato—Mosebetsi oa Motonanahali oa Liphallelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pontšo ea Lerato—Mosebetsi oa Motonanahali oa Liphallelo
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moroallo o Robileng Rekoto
  • Moroallo oa Baithaopi
  • Baithaopi ba Loantša Hlobo
  • Setsi se Seholo sa Tsamaiso le Tse Supileng Tse Nyenyane
  • Moralo le Boitsebiso bo K’homphieutheng
  • Ba ne ba Hloletsoe ba Bile ba Tletse Teboho
  • Lijo Tse Phehoang le ho Tsamaisoa ka Potlako
  • Mosebetsi o Phethiloe!
  • Thuso e Fumaneha Hohle
    Tsoha!—2001
  • Lerato le Leng Matla ho Feta Leholiotsoana!
    Tsoha!—2008
  • Ba Sebeletsa Mokhatlo oa Bara ba Motho oa Bakreste Linaheng Lisele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Baithaopi Mosebetsing
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 12/8 maq. 13-18

Pontšo ea Lerato—Mosebetsi oa Motonanahali oa Liphallelo

RICHARD VARA, mohlophisi ea nang le phihlelo oa koranta ea Houston Chronicle, ha a khahla-khahloe feela, empa selemong se fetileng o ile a khahloa. O ile a re: “Ha ke e-s’o bone ntho e tjena! Ha ke kholoe seo ke se bonang.” Lee P. Brown, ramotse oa Houston, Texas, U.S.A., o bile le maikutlo a tšoanang. O itse: “Ke lakatsa eka e mong le e mong Houston o ne a ka bona seo le se entseng. Ruri ke hloletsoe.” Ba ne ba khotsa eng? Mohlophisi enoa le ramotse ba ne ba bua ka mosebetsi oa liphallelo o neng o entsoe ke Lipaki Tsa Jehova, Houston. Mosebetsi oo o ne o akarelletsa eng? Ke hobane’ng ha o ne o hlokahala? Hona ke eng e ileng ea etsa hore o khahle hakaale? Ho fumana karabo, a re qaleng qalong.

Moroallo o Robileng Rekoto

Mathoasong a June 2001, sefefo se matla sa libakeng tse chesang tse mongobo, se bitsoang Allison, se ile sa ruthutha sebaka se mabalane sa Texas ka boroa-bochabela. Qetellong, ka Labohlano la la 8 June, nakong ea lihora tse 24, Allison e ile ea etsa hore ho tšolohe pula ea litloebelele eo metsi a eona a ileng a ba bophahamo ba mithara Houston—motse oa bone o moholo naheng eo.a Ka mor’a nako e khutšoanyane feela, metsi a ntseng a phahama a ile a kena mabenkeleng, liofising le matlong a likete tse mashome. Mebila e meholo motseng oo e ile ea fetoha linōka tse loebehlanang, tse hoholang makoloi le literaka tse khōlō tse tlaletsoeng. Metsi a phahameng a ile a thatafaletsa le literaka tsa litima-mollo le makoloi a mang a pholoso hore a tsamaee litseleng tsena tse tletseng metsi. Liroala-nkhoana le likoloi tse khōlō tsa sesole li ile tsa bitsoa ho tla pholosa batho.

Qetellong, ha ho ela ka Mantaha oa la 11 June, ho ile ha hlaka hore Allison e bakile tšenyo e khōlō le ho bolaea batho ba bangata. Batho ba 22 ba ne ba lahlehetsoe ke bophelo ba bona, ho akarelletsa le Lipaki Tsa Jehova tse peli: Jeffrey Green eo e neng e le moholo oa Mokreste le Frieda Willis, eo e neng e le ngoan’abo mosali oa hae.b Ho phaella moo, ho ne ho senyehile matlo a ka bang 70- 000, e leng se entseng hore moroallo ona e be koluoa ea tlhaho e mpe ka ho fetisisa e kileng ea etsahala sebakeng sena se seholo. Ha e le hantle, Allison ena e ile ea e-ba sefefo se litšenyehelo li ngata ka ho fetisisa historing ea United States ka ho baka tšenyo e batlileng e e-ja lidolara tse limilione tse likete tse hlano.

Moroallo oa Baithaopi

Batho ba ne ba tšohile. Mosebetsi e mong oa liphallelo o itse: “Libethe tsa bona li ne li le metsi. Lik’hapete tsa bona li le metsi. Linepe tsa bana ba bona li ne li senyehile.” Boholo ba Lipaki Tsa Jehova tse ka holimo ho 16 000 sebakeng sena sa Houston bo ile ba senyeheloa. Ho ne ho senyehile Liholo Tsa ’Muso tse robeli le matlo a Lipaki a makholo. A mang a matlo ana a ne a kene metsi bophahamo ba lisenthimithara li se kae; ha a mang ’ona metsi a ne a fihla marulelong. Ka kakaretso, ho ile ha ameha liphutheho tse fetang 80 tsa Lipaki Tsa Jehova. Empa batho bana ba senyehetsoeng ha baa ka ba lahloa kherehloa. Ka mor’a matsatsi a se makae ho ile ha e-ba le moroallo o mong—empa lekhetlong lena e le oa baithaopi ba neng ba tlile ho tla ba thusa. Seo se etsahetse joang?

Le pele metsi a moroallo a kokobela, baholo ba Bakreste liphuthehong tsa Lipaki Tsa Jehova, Houston, ba ile ba nka khato ka potlako. Moholo e mong oa pheta: “Re ile ra letsetsa bara le barali babo rōna, le ho ba etela. Joale re ile ra hlahloba tšenyo e entsoeng, ’me ka Mantaha oa la 11 June, re ne re bokeletse tlaleho e feletseng ea lethathamo la ba senyehetsoeng, palo ea matlo a senyehileng le hore na a senyehile hakae. Tlaleho ena e ile ea romeloa ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York.” Matsatsi a se makae hamorao, ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e United States e ile ea theha komiti ea liphallelo ea baholo ba Bakreste ba robeli ba Houston ’me ea fana ka chelete ea liphallelo. Mosebetsi oa komiti ee e ne e le ofe? E ne e le ho thusa ba senyehetsoeng hore ba hlaphoheloe maikutlong le ho lokisa matlo a Lipaki a senyehileng a fetang 700!

Litho tsa Komiti ea Liphallelo ea Lipaki Tsa Jehova Houston ea 2001 e neng e sa tsoa thehoa, li ile tsa ipotsa, ‘Mosebetsi oo oa motonanahali re tla o phetha joang?’ Li ile tsa qeta lihora tse ngata mantsiboea li hlophisa hore na li tla qala mosebetsi joang, ’me tsa mema liphutheho tse fetang 160 tsa Lipaki tsa Houston hore li tl’o thusa. Molula-setulo oa komiti eo o itse: “Karabelo e bile e hlollang. Lipaki tse fetang 11 000 li ile tsa ithaopa, tsa nehelana ka nako ea tsona, matla le litsebo tsa tsona mahala.”

Baithaopi ba Loantša Hlobo

Matsatsi a ’maloa ka mor’a moroallo, baithaopi ba ile ba ea sebetsa matlong a batho ba senyehetsoeng, ba qaqapolotsa lik’hapete tse metsi, ba tlosa lifuluru tse senyehileng, ba heletsa mabota a senyehileng, ba qaqapolotsa lik’habinete tse keneng metsi, ba ntša mamati a senyehileng le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e silafalitsoeng ke metsi a likhohola a neng a e-na le likhoerekhoere. Moithaopi e mong o itse: “Re ne re sa ameha ka ho lokisa matlo a barab’abo rōna feela, empa re ne re boetse re batla ho sireletsa bophelo ba bona.” Kaha hlobo e chefo e ne e ka qala ho haha ka potlako maboteng le ka har’a lik’habinete, matlo a ne a tlameha ho nyanyatsoa ka moriana o loantšang hlobo pele.

E le hore li tsebe ho etsa mosebetsi ka tsela e sireletsehileng, Lipaki tse ngata li ile tsa batla ho koetlisoa ke Federal Emergency Management Agency (FEMA), lekala la ’muso leo ka ho khetheha le sebetsanang le likoluoa. Ka mor’a moo, Paki e ’ngoe le e ’ngoe e koetlisitsoeng ke FEMA e ne e mema baithaopi ba leshome hore ba eo sebetsa le eona matlong a senyehileng, moo ba neng ba rutoa hore na ba nyanyatse matlo joang ka nepo. Letsatsing le hlahlamang, e mong le e mong ho baithaopi bana ba leshome ba neng ba sa tsoa koetlisoa o ne a nka ba bang ba leshome ho ea sebetsa le bona. Moithaopi e mong o re: “Ka matsatsi a seng makae, palo ea ba tsebang ho etsa mosebetsi ona e ile ea eketseha ho ba ba makholo.” Baithaopi bana ba eketsehang ba ne ba ke ke ba hlōloa ke hlobo ena e atang! Ba pencheneng le bacha ba phomolong ea likolo ba ne ba sebetsa motšehare. Bosiu ho ne ho kena baithaopi ba bang ba neng ba tsoela pele ka mosebetsi. Ka libeke tse tšeletseng, matlo ’ohle a Lipaki a nang le bothata bona a ne a hloekile ’me a sireletsehile.

Setsi se Seholo sa Tsamaiso le Tse Supileng Tse Nyenyane

Ho sa le joalo, komiti ea liphallelo e ile ea reka ’mesonaete e mengata le thepa e ’ngoe e ngata haholo ea ho haha. Empa e ne e tla bolokoa hokae? Moemeli oa komiti ea liphallelo o ile a re: “Ha mookameli oa k’hamphani e ’ngoe a tseba hore na re hloka eng, o ile a re re ka sebelisa setoro se seholo sa k’hamphani eo—se boholo ba 60 000 square feet [lisekoere-mithara tse 5 000]—mahala!” Ntle le ho boloka thepa ea mohaho, setoro seo se boetse sa e-ba le sebaka sa liofisi. Kapele setoro seo se ile sa fetoha setsi sa tsamaiso sa mosebetsi oa liphallelo, moo baithaopi ba 200 ho ea ho ba 300 ba neng ba sebeletsa teng motšehare, bosiu le ka mafelo-beke.

Kaha matlo a senyehileng a ne a jalane sebakeng sena se seholo, ho ile ha hlongoa litsi tse nyenyane tsa liphallelo Liholong Tsa ’Muso tse supileng. Mafelong a beke, setsi ka seng se ne se phethesela baithaopi. (Bona lebokose le reng “Setsi sa Tšebetso.”) Ba bangata ba bona ba ne ba kile ba sebetsa hammoho ho haheng Liholo Tsa ’Muso sebakeng seo. Ha e le hantle, baithaopi ba nang le tsebo ea ho haha ba tsoang Likomiting tse 11 Tsa Kaho Tsa Libaka tse Arkansas, Louisiana, Oklahoma le Texas ba ile ba thusa.c Setsing se seng le se seng, babetli ba mapolanka, ba pentang, ba sebetsanang le lipeipi tsa metsi le basebetsi ba bang ba nang le tsebo ba ile ba etella pele le ho koetlisa ba bang.—Bona lebokose le reng “Mananeo a Koetliso.”

Moralo le Boitsebiso bo K’homphieutheng

Baithaopi ba ile ba latela moralo o entsoeng oa ho phetha mosebetsi ka mekhahlelo e supileng. Thepa ea ho haha e ile ea thotheloa matlong ka lihlopha tse ’nè, ’me mosebetsi oa ho lokisa ntlo ka ’ngoe o ne o behetsoe hore o etsoe ka mafelo-beke a mararo. Ka tsela ena, mosebetsi oohle oa liphallelo o ne o tla phethoa ka likhoeli tse ka bang tse tšeletseng.

E le hore moralo ona o tle o sebetse, komiti e ile ea theha mafapha a 22, ho akarelletsa tlhophiso ea mosebetsi, ho reka, marobalo le ho tsamaisa thepa ka literaka. Mafapha ’ohle a ne a thusoa ke boitsebiso bo bokeletsoeng k’homphieutheng bo neng bo kentsoe ke baithaopi. Pele mosebetsi oa ho lokisa o qala, baithaopi ba ile ba qeta matsatsi a leshome ba kenya boitsebiso bona. Tlaleho e ’ngoe ea litaba e itse: “E ne e le mosebetsi o moholohali oa ho kenya boitsebiso k’homphieutheng.” Leha ho le joalo, qetellong ea ‘mosebetsi oo o moholohali’ ho ne ho bokelletsoe lintlha tsohle tsa bohlokoa. Ka ho penya konopo feela, k’homphieutha e ne e bontša hore na baithaopi ba 11 000 ba ne ba tla fumaneha neng, hore na ba na le tsebo efe le hore na ho ne ho ka iteanngoa le bona joang. Ka ho penya konopo e ’ngoe, e ne e bontša hore na ho se ho lokisitsoe hakae, hore na mangolo a tumello ea ho haha a hlokahalang a se a le teng le makolopetso a mang a matlo a senyehileng. Boitsebiso bona ba k’homphieutha bo ile ba tsebahala e le “mokokotlo oa mosebetsi ona oa liphallelo.”

Ba ne ba Hloletsoe ba Bile ba Tletse Teboho

Matlo a neng a omme ’me a se a se na hlobo a ile a eteloa ke baithaopi ba nang le tsebo ea ho haha ho hlahloba hore na ho hlokahala eng ho a lokisa. Moemeli o itse: “Baithaopi bana ba ne ba bala ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla hlokahala, esita le palo ea lipekere tse tla hlokahala. Re ne re sa batle ho senya chelete kapa thepa leha e le efe e nehetsoeng.” Ka nako e tšoanang, baithaopi ba bang ba ile ba fumana mangolo a hlokahalang a tumello ea ho haha ho ba boholong motseng oo.

Ka morao ho moo, beng ba matlo ana ba ile ba memeloa ho ea setorong se seholo ho ea khetha mefuteng e neng e le teng ea lik’hapete, lik’habinete, lifuluru le lintho tse ling tse ncha bakeng sa tse ba lahlehetseng. Batho bana ba anngoeng ke likhohola ba ne ba hloletsoe ’me hangata ba lla ha ba bona sohle seo ba se etselitsoeng. Batho bana ba bile ba fuoa keletso ke baithaopi ba nang le tsebo litabeng tsa inshorense le maano a ’muso. Joale, ho ile ha etsoa kemiso ea matlo a lokisoang, ’me letsatsing leo ka lona basebetsi ba lokisang ba hlokang thepa ea ho haha, bakhanni ba literaka ba ithaopileng ba ne ba e tlisa. Motho e mong eo e seng Paki eo ntlo ea hae e senyehileng e neng e lokisoa, o ile a bolella mosali oa hae oa Paki: “Lipaki tsa heno lia babatseha. Ha sehlopha se seng sa basebetsi se tsamaea, se seng sea kena. Ba sebetsa joaloka bohloa!”

Litokiso tsa motheo li ile tsa nka mafelo-beke a mararo ntlong ka ’ngoe. Molula-setulo oa komiti eo o itse: “Leha ho le joalo, ka linako tse ling li ne li nka libeke tse hlano kapa tsona tse robeli.” Ha ho ne ho heletsoa mabota matlong a khale, hangata baithaopi ba ne ba hlokomela lintho tse neng li se li ntse li senyehile, ’me ba ne ba sa batle ho haha mabota a macha pele ba lokisa lintho tsena. Setsebi se seng se ithaopileng sa mesebetsi ea matsoho se itse: “Ka linako tse ling re ne re fumana lipilara li hlasetsoe ke bohloa, kahoo re ne re etsa bonnete ba hore rea bo felisa. Re ile ra etsa mosebetsi o mongata oa ho lokisa maballo le lintho tse ling. Re ile ra siea matlo a le boemong bo botle.” E mong oa batho ba neng ba anngoe ke sekhohola sena, o ile a bua mantsoe a tšoanang le a ba bangata bao matlo a bona a neng a senyehile ha ka thabo a bolella moeti oa hae: “Hona joale ntlo ea ka e ntle ho feta ha ke ne ke e reka!”

Lijo Tse Phehoang le ho Tsamaisoa ka Potlako

E le hore baithaopi ba bangata ba fumane lijo, sehlopha sa Lipaki se ile sa fetola setoro se ka morao Holong e ’ngoe ea ’Muso hore e be moo ho pheheloang lijo teng le ho li isa litsing tsa mosebetsi. Lipaki tse libakeng tse fapaneng naheng eo li ile tsa nehelana ka lihatsetsi, mechini e hlatsoang lijana, litofo le thepa e ’ngoe ea kichine. Moqebelo o mong le o mong le Sontaha, liapehi tse 11 le baithaopi ba bang ba 200 ba ne ba phehela batho ba likete lijo setsing sena. Moithaopi ea neng a okametse kichine ena o itse: “Re ’nile ra phehela batho ba hahang Liholo Tsa ’Muso lijo ka lilemo tse 19, empa mosebetsi ona o ne o le moholo ho feta kamoo re neng re nahanne kateng.”

Lijo tsena li ile tsa pakoa ka lik’hontheinareng tse khōlō tse 120. Tsona tsa laeloa likoloing tse 60, tse neng li li isa litsing tsohle le ho se seholo sa tsamaiso. Ho sa le joalo, sehlopha ka seng se sebetsang ntlong e itseng se ne se romela moithaopi a le mong ho ea se latela lijo. Baithaopi ba ne ba jela hona moo ebe ba khutlela mosebetsing hang-hang.

Mosebetsi o Phethiloe!

Qetellong, ka April 2002, baithaopi ba 11 700 ba ile ba phetha letšolo le nkileng nako e telele ka ho fetisisa la liphallelo le kileng la etsoa ke Lipaki Tsa Jehova. Baithaopi ba ile ba qeta lihora tse 1 000 000 ba lokisa kapa ba tsosolosa Liholo Tsa ’Muso tse robeli le matlo a 723. Motho e mong ea anngoeng ke sekhohola o ile a buella ba bang ba bangata ka meokho ea teboho ha a re: “Ke leboha Jehova le baithaopi ka thuso eohle eo ba re etselitseng eona. Ho ba mokhatlong o lerato oa bara ba motho ke matšeliso a maholo!”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Metse e meholo ea New York, Los Angeles le Chicago e na le batho ba bangata ho feta. Toropo ea Houston e na le baahi ba ka bang 3 500 000 ’me e ka ba ka tlaasenyana ho Profensi ea Gauteng.

b Ho bile le batho ba 1 300 tšebeletsong ea lepato la Jeffrey le Frieda. Tšehetso eo e ile ea tšelisa Abigail haholo—e leng mosali oa Jeffrey le ausi oa Frieda.

c Likomiti Tsa Kaho Tsa Libaka hangata li haha mehaho ea borapeli ea Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 15]

SETSI SA TŠEBETSO

Ke Moqebelo, hora ke ea bosupa hoseng, Setsing sa 4 Houston ka leboea-bochabela. Baithaopi ka Holong ea ’Muso, baa qoqa, baa tšeha, ba phoka kofi ba bile ba ja lidonate. Ba bang ba tsamaile lik’hilomithara tse makholo ho tloha moo ba lulang ho tla fihla mona. Empa ka 7:30 hoseng, moqoqo oa khaotsa ha molebeli oa setsi sena a tšoara puisano ea temana ea Bibele. O boetse o etsa tsebiso ea hore Thuto ea Molula-Qhooa e tla tšoaroa ka Sontaha ka 7:30 hoseng, pele baithaopi ba phasalla ho ea mesebetsing ea bona, ’me o khothalletsa bohle ho kopanela thutong eo, ebang ke ka Senyesemane kapa ka Sepanishe. O fetisa litumeliso tse tsoang ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova, tse amoheloang ka mahofi.

Joale molebeli oa setsi o ba tsebisa ka tsoelo-pele e seng e entsoe mosebetsing ona oa ho thusa ’me o leboha baithaopi ka moea oa bona oa boithaopo. Oa botsa: “Na ho na le ea sa tsebeng hore na o tlil’o etsa’ng kapa o il’o sebetsa hokae kajeno?” Ha ho ea phahamisang letsoho. “Ke ba bakae ba tla hloka lijo?” Kaofela matsoho aa phahama ’me hoa keketehoa. Qetellong, hoa rapeloa ’me baithaopi ba 250—banna, basali, bacha le ba hōlileng—ba ea mesebetsing ea bona ba ikemiselitse ho sebetsa ka thata letsatsing lena.

Ho etsahala se tšoanang litsing tse ling tse tšeletseng le sebakeng seo ho bokelletsoeng thepa ho sona. Ho sa le joalo, baithaopi ba bang ba sebetsang kichineng ba se ba ntse ba fuluha lipitsa—etsoe kajeno ha nako ea lijo e fihla, baithaopi ba fetang 2 000 ba lapileng ho pholletsa le Houston ba tla be ba letetse lijo tse chesang!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16]

MANANEO A KOETLISO

Mosebetsing oa liphallelo, baithaopi ba nang le litsebo tse itseng ba ne ba rupela baithaopi ba se nang litsebo mesebetsing e khethehileng. Ba bang ba ile ba koetlisetsoa ho nyanyatsa matlo ka moriana o loantšang hlobo. Ba bang ba ile ba ithuta ho haha mabota le ho kenya lik’habinete. Ba bang ba ile ba ithuta ho poleistera le ho penta. Likoetliso tsena tse neng li fanoa ke Basebetsi ba Nang le Litsebo li ne li hatisoa ka video, ebe livideo tseo li sebelisoa litsing tse ling ho koetlisa baithaopi ba eketsehileng. Setho se seng sa komiti ea liphallelo se itse: “Ka likoetliso tsena, re ile ra etsa bonnete ba hore mosebetsi oa ho lokisa e ba oa boleng bo phahameng.”

[Setšoantšo]

Litsebi tsa mesebetsi ea matsoho li rupela lihlopha

[Lebokose le leqepheng la 18]

SEO “HA E LE HANTLE E LENG LIKETSO TSA MOLIMO”

Setho se seng sa komiti ea liphallelo se itse: “Lik’hamphani tsa inshorense li re likoluoa tsa tlhaho ke liketso tsa Molimo.” Sa phaella ka ho re: “Leha ho le joalo, baithaopi bana ba sebelitseng mona likhoeli tsena kaofela ke bona bao ha e le hantle e leng liketso tsa Molimo. Ho ba bara ba motho ke mohlolo!” Nakong ea mosebetsi ona oa liphallelo, baithaopi ba 2 500 kapa ba fetang moo ba ne ba e-ba teng ka mafelo-beke ho tla sebetsa. Molula-setulo oa komiti o ile a re: “Baithaopi bao ba sa lefuoeng ba ile ba thisisa nako ea bona ea phomolo eo ba neng ba se ba e rerile, ba hlophisa kemiso ea malapa a bona bocha le ho behella ka thōko mabaka a bona e le hore ba ka ea thusa mosebetsing oa liphallelo o moholo ka ho fetisisa o kileng oa etsoa ke Lipaki Tsa Jehova.”

Phutuho ena e nkileng nako e telele ea ho thusa e ile ea hloka boitelo. Moithaopi e mong ea ileng a tšehetsa mosebetsi ona ho tloha sethathong ho fihlela o phethoa o ne a sebetsa lihora tse 50 ka beke mosebetsing oa boipheliso. Leha ho le joalo, o ne a qeta lihora tse 40 beke ka ’ngoe mosebetsing oa liphallelo. O itse: “Jehova o ile a mpha matla. Metsoalle ea mpotsa, ‘Ua pataloa?’ Ke e bolella hore, ‘Ke ne nke ke ka etsa sena leha ke ne nka pataloa chelete leha e le efe.’” Mafelong a beke, ka mor’a ho sebetsa beke kaofela mosebetsing oa boipheliso, lelapa le leng le tsoang seterekeng sa Louisiana le ne le tsamaea lik’hilomithara tse 800 ho ea le ho khutla ho ea thusa mosebetsing ona oa liphallelo. Ba bangata ba ne ba sebetsa ho tloha ha letsatsi le chaba ho fihlela ha le likela, ba ntan’o khutlela mahae. Sehlopha se seng sa baithaopi ba 30 ba nang le litsebo tse itseng, se ileng sa tsamaea lihora tse supileng ho ea ho tse leshome ho ea feela, se itse: “Ha re ikoahlaee.” Moithaopi e mong o ne a chaisa mosebetsing ka 3:30 thapama ebe o ithaopela ho sebetsa setsing sa tsamaiso ho fihlela ka hora ea leshome bosiu. O ne a thusa hape le ka mafelo-beke. O itse: “Hoa khotsofatsa.”

Ka sebele, baithaopi bana hammoho le ba bang ba ne ba ikemiselitse ho thusa hobane ba e-na le lerato la bara ba motho—e leng letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete. (Johanne 13:35) Ramotse oa Houston ka mor’a hore a etele setsing sa tsamaiso ea mosebetsi oa liphallelo, o ile a susumelletseha hore a re ho sehlopha sa Lipaki: “Le lumela ho phetha seo Molimo a reng re se etse. Tumelo ea lōna le e bontša ka liketso.”

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Metsi a likhohola a hlasela Houston ka la 9 June, 2001

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Houston Chronicle

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Mebila e meholo e ile ea fetoha linōka

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Metsi a ile a phallela ka matlong

[Litšoantšo tse leqepheng la 17]

Tse ling tsa Lipaki tse likete tse ileng tsa ithaopa

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Basebetsi ba kichineng ba ile ba pheha lijo tse ka lekanang batho ba fetang kotara ea milione!

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]

NOAA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela