Fumana Boitsebiso bo Nepahetseng
Ho fumana boitsebiso bo nepahetseng litabeng tse sa tšoaneng ho thata. Mebuso le lik’hamphani li fana ka boitsebiso bo sa fellang. Hangata mecha ea litaba e tšepisa hore e tla tlaleha ka ho hloka leeme, empa ha e phelele lentsoe la eona. Hangata lingaka ha li qaqise liphello tse mpe tsa meriana eo li fanang ka eona. Na ho na le tsela ea ho fumana boitsebiso bo ka tšeptjoang?
Ha Internet e ne e fihla ba bangata ba ile ba e thoholetsa e le mokhoa o tšepahalang oa ho fumana boitsebiso bo tsoang lefatšeng ka bophara. Seo e ka ba ’nete haeba u tseba hore na u toboketsa konopo efe ea k’homphieutha. Mohlophisi oa The New York Times o itse: “Ha ho nahanoa ka melemo ea eona, Internet e ka ruta batho ba eketsehileng ka potlako ho feta mocha leha e le ofe oa thuto. Ka lehlakoreng la eona le lebe, e ka etsa hore batho e be lithoto ka potlako ho feta sesebelisoa leha e le sefe se sebelisoang ke mocha oa litaba.”
Mohlophisi enoa o tsoela pele: “Kaha Internet e khahla batho ba bangata ka lebaka la ‘theknoloji’ ea eona, batho ba sa rutehang ba kholoa boitsebiso ba eona le ho feta. Ha ba hlokomele hore Internet, lehlakoreng la eona le lebe ka ho fetisisa e tšoana le kotopo e bulehileng ea likhoerekhoere: mocha oa elektronike o nang le boitsebiso bo sa netefatsoang le bo tala.” Ka bomalimabe, joalokaha mongoli a boletse, ha ho na lenaneo la k’homphieutha le ka phumulang boitsebiso boo bo se nang thuso.
Mang kapa mang a ka kenya ntho leha e le efe ho Internet, makasineng kapa bukeng. Kahoo, ho hlokahala hore re sebelise temoho ’me re ithute e le hore re se ke ra lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e balang. Rōna ba batlang boitsebiso bo nepahetseng re lokela ho tiisa hore mohloli oa rōna oa boitsebiso oa tšepahala. Sena se ka nka nako. Empa hang ha re fumana boitsebiso bo feletseng ka taba, re ka ba ba hlaphohetsoeng monahanong, kahlolo ea rōna ea e-ba e lokileng, ’me ra ba sebete ha re etsa liqeto tsa bohlokoa.