Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 3/8 maq. 28-30
  • Na Lieta Tsa Hao li Hlile li U Lekana Hantle?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Lieta Tsa Hao li Hlile li U Lekana Hantle?
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fumana Tse U Lekanang Hantle
  • Maoto a Hao a Lekanngoa Joang?
  • Na li U Lekana Hantle?
  • Ho Thoe’ng ka Lieta Tse Phahameng Tsa Basali?
  • Thuso Bakeng sa Maoto a Opang
    Tsoha!—1997
  • Ke lokela ho etsa’ng ha lithaka tsa ka li sa nthate?
    Bacha Baa Botsa
  • Ke Hobane’ng ha Lithaka tsa ka li sa Nkamohele?
    Tsoha!—1991
  • Nka Fumana Metsoalle e Ntoketseng Hokae?
    Tsoha!—2011
Tsoha!—2003
g03 3/8 maq. 28-30

Na Lieta Tsa Hao li Hlile li U Lekana Hantle?

“Bohloko ba seeta bo utluoa ke mong’a sona.”—HO LUMELOA HORE KE MAELE A MOHLALEFI E MONG OA MOROMA.

UQETELETSE neng ho reka lieta? Li ile tsa u tšoara joang? Na li ne li u lekana hantle? U ile ua qeta nako e kae ho li khetha? Morekisi lebenkeleng o ile a u thusa hakae? Na u li rekile hobane u rata moetso oa tsona, eseng hobane li u lekana hantle? Li u tšoara joang hona joale ha u se u li roetse nakoana? Na ho sa na le moo li u chesang?

Ho reka lieta ho bonahala ho le bonolo, empa ha ho hlile ha ho joalo. Hape ho fumana saese ea hao hantle ho batla ho le thata. Hobane’ng?

Ho Fumana Tse U Lekanang Hantle

Taba ea pele, leoto la hao le leholoanyane ke lefe—la lehoja kapa la leqele? Na u nahana hore aa lekana? Nahana hantle! Taba e ’ngoe eo u lokelang ho e hopola ke ea hore leoto ka leng le boholo bo sa tšoaneng ho latela hore na le boemong bofe ho ana a mane: ha u itekanya u lutse, ha u eme, ha u etsa ho itseng ka lona leha le chesa. Maemo aa a fapana joang?

Buka ea Professional Shoe Fitting ha e hlalosa ha u itekanya u lutse, e re: “Bona ke boemo ba ha u itekanya seeta leoto le phutholohile (moreki a lutse fatše).” Joalokaha poleloana “ha u eme” e bontša, ke ha motho a itekanya seeta a eme. Ha motho a eme boholo ba leoto le sebōpeho sa lona lia fetoha. Buka ena e qotsitsoeng ka holimo e re: “Ha leoto le phutholohile le tšoana le mokotla o tšetseng masapo le mafufuru ao ka tšohanyetso a ‘tieang’ ha motho a ema, e be leoto e ba le fapaneng.” Empa ho sa na le maemo a mang a mabeli a ho itekanya lieta.

Boemo ba leoto ha motho a le sebelisa ke ba ho ba tlas’a khatello e itseng—ha a tsamaea, a matha, a qhoma kapa a ikoetlisa. Sena se “bōpa leoto la boholo bo sa tšoaneng, sebōpeho le botenya kapa bosesaane ba lona.” Boemo ba bone ke ba ha leoto le chesa, ho bolelang ho fetoha ho itseng ha lona ka lebaka la mofuthu, mongobo le ha le fufuletsoe. Sena se ka etsa hore leoto le ruruhe ka karolo ea bohlano lekholong. Hase feela ho reng etlo! ho motho ha a rola lieta ka mor’a ho li roala letsatsi kaofela, haholo-holo haeba a roetse saese e fosahetseng! ’Me hangata ho joalo.

Maoto a Hao a Lekanngoa Joang?

Ka lilemo Eric o ’nile a reka lieta tsa saese ea 10 le halofo kapa 11, tse bophara bo itekanetseng. Nakong eo, o ne a khathatsoa joalo ke torong monoaneng oa leoto o finahaneng hape a khathatsoa ke lenala le hōlelang ka hare monoaneng o motona oa leoto la leqele. Ngaka ea hae ea maoto e ile ea mo khothalletsa hore a ke a ee ho setsebi sa ho lekanya maoto bakeng sa saese e nepahetseng ea seeta. Eric o ile a makala hakaakang ha a bolelloa hore saese e mo tšoanetseng ke 12 le halofo, le hona ea bophara ba A! “A” e bolela leoto le lesesaane. Empa na ho lekanya bolelele le bophara ba leoto ho lekane ho tiisa hore seeta se tla lekana motho hantle? U lokela ho lekanya maoto a hao joang?

Sesebelisoa se tloaelehileng linaheng tse ling bakeng sa ho lekanya saese ea leoto la motho ke Brannock. (Bona setšoantšo.) Sona se ka sebelisoa ho metha lintho tse tharo tsa bohlokoa: bolelele ba leoto kaofela, bolelele ba ho tloha seretheng ho ea lenonyeletsong la pele la monoana o motona, le bophara ba leoto. Empa leha ho le joalo, leoto le leng le le leng le na le sebōpeho sa lona le boholo ba lona. Ke ka hona re itekanyang lieta pele re li reka. Ke mona moo leraba le larileng teng. Na u kile ua itekanya lieta tseo u hlileng u li ratang ebe u fumana hore ho na le moo li u chesang hanyenyane? Morekisi o re: “Lieta tsena li tla thapa.” Ua li reka ’me u qala ho ikoahlaea matsatsi a se makae kapa libeke ka mor’a hore u li roale. Ebe ke qaleho ea torong e ’ngoe ea hao, lenala le hōlelang ka hare kapa kuru monoaneng o motona!

Na li U Lekana Hantle?

Na ho ka etsahala hore u fumane seeta se u lekanang hantle? Professional Shoe Fitting e re ho hang seo se ke ke sa etsahala. Hobane’ng? “Ka lebaka la litšitiso tse ke keng tsa hlōloa. . . . Ha ho na motho ea nang le maoto a mabeli a lekanang hantle, a tšoanang hantle ka sebōpeho, boholo kapa a sebetsang ka tsela e tšoanang.” Ka hona, haeba seeta se lekana leoto la hao le leholo hantle, ha se na ho lekana le leng ka tsela e tšoanang. “Sena ha se bolele hore ho ke ke ha fumanoa lieta tse lekanang motho hantle, empa e le hore re lokela ho ba hlokolosi haholoanyane ka lentsoe kapa khopolo ea ‘ho lekana hantle.’”

Haeba u batla ho bona hore na seeta se u tiisa kae haholo, hlahloba lieta tsa hao tsa khale. Sheba seeta ka hare. Ke hokae moo se thocholehileng haholo? Hangata e tla ba seretheng, ka mor’a serethe le ho isa bohatong ba leoto. See se bolela eng? Se bolela hore “likarolong tse ling moseho oa seeta ha o lumellane hantle le leoto la hao. Likarolo tse ling li thocholeha haholo ha tse ling tsona leoto le sa fihle ho tsona.”

Esita le mokhamo oa seeta ke oa bohlokoa bakeng sa hore leoto le khatholohe. Na u hlokometse hore lieta li sehiloe ka tsela e sa tšoaneng moo li qalang ho fasoa teng? Ho na le mofuta oa lieta tse fasoang, tseo malokoletso a tsona a fasoang ho tloha haufi le menoana ho ea holimo. Leha ho le joalo, haeba maoto a hao a le matenya, u loketsoe ke mofuta o fasetsoang holimo, kaha mahlakore ha a kopane moo li qalang ho fasoa teng. (Bona setšoantšo.) Ke hobane’ng ha boitsebiso boo e le ba bohlokoa? Buka eona eo e re: “Hangata serethe se opang ka lebaka la seeta ke ka lebaka la hobane se tiea haholo mokhamong, ka hona, o petelletsa serethe motšètšèng oa seeta ka morao.”

Ho Thoe’ng ka Lieta Tse Phahameng Tsa Basali?

Ho rata ha basali lieta tse phahameng ho etsa hore ’mele o be khatellong ka litsela tse sa tšoaneng. Lieta tse phahameng li atisa ho fetola seemo sa ’mele, hangata li etsa hore motho a hoballe, ebe ke moo motho a lokelang ho koba mangole e le hore ’mele o otlolohe. Hape lieta tse phahameng li etsa hore motho a hlahe lipotongoane.

Ka hona, hangata serethe ke karolo ea bohlokoa lieteng tsa basali ’me ke eona e etsang hore leoto la hae le khatholohe kapa le se khatholohe. Buka ea Professional Shoe Fitting e re ho na le mabaka a mararo a ka sehloohong ao ka ’ona ho nang le lieta tse phahameng: ‘(1) “bophahamo,” joaloka ho lelefatsa motho (2) merero ea ho khabisa—ho eketsa botle ba moetso kapa setaele sa seeta le (3) ho intlafatsa—joaloka lieta tse phahameng tsa basali tse etsang hore litlhafu tsa bona li shebahale hantle.’

Basali ba lokela ho ela hloko haholo hore na seeta se phahame hakae le hore na serethe se kobehile hakae, kaha seo ke sona se laolang hore na boima ba ’mele bo oela hokae. Haeba boima bo oela ka morao kapa ka pele, ho ka ba le bothata. Hobane’ng? Hobane ho ka etsa hore motho a tsoenetsehe ’me a oele habohloko.

Ka lebaka la taba ena eo re e tšohlileng ka bokhutšoanyane, ho hlakile hore ho fumana seeta se u lekanang hantle ho hloka nako, mohlomong le chelete e ngatanyana, kaha seeta sa boleng bo botle se nka nako ho etsuoa. Empa lieta tsa hao li ka bolela ho hoholo boiketlong ba ’mele esita le bophelong ba hao bo botle. Ka hona, iphe nako. Metha leoto la hao hantle. E-ba le mamello. U se ke ua thetsoa ke feshene kapa ponahalo.

[Lebokose le leqepheng la 29]

Lintlha Tse ka Nahaneloang ha ho Khethoa Lieta

William A. Rossi le Ross Tennant ba fana ka litlhahiso tse latelang bukeng ea bona ea Professional Shoe Fitting.

“Morero oa ho metha leoto hase hore ho fumanoe saese e lekanang leoto hantle, joalokaha ba bang ba nahana.” Hobane’ng? Hobane saese ea lieta e ka angoa ke lintho tse ngata, tse kang bophahamo ba serethe, setaele, moetso, thepa e sebelisitsoeng le lebitso. Sena ke ’nete haholo kajeno kaha lieta li etsoa linaheng tse ngata le hona ka mekhoa e sa tšoaneng.

Ha ho methoa leoto la hao, khoehlisa kausi hanyenyane menoaneng e le hore menoana e se ke ea kobeha ’me ea fana ka bolelele bo fosahetseng.

Leoto la hao le lokela ho methoa joang—u lutse kapa u eme? “Ho metha leoto la motho a lutse fatše ho bonolo.” Ho fana ka lipalo tse fosahetseng. Ka hona, ema nakong eo leoto la hao le methoang. U methe maoto ka bobeli. U se ke ua nka feela hore leoto la leqele ke lona le leholo. A methe ka bobeli!

“Ho lekanya lieta ke mosebetsi oa botsebi le o etsoang ke sehlopha sa batho ba koetlisitsoeng haholo se amanang le mabenkele a mangata a phahameng a utloisisang le ho ananela bohlokoa ba ho lekanngoa lieta ke batho ba nang le tsebo e phahameng.”

[Litšoantšo Tse Qanollang tse leqepheng la 28]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Likarolo tsa seeta

soli

bophara ba seeta

mokhamo

kaletsa

mopopotlo oa serethe

bohato ba serethe

nko ea seeta

soli e hlahellang ka thōko

morōko

bophara ba seeta

motšètšè oa mokhamo

morōko oa leleme

tlas’a leqaqailana

kaletsa ea serethe

serethe

[Litšoantšo tse leqepheng la 29]

Sesebelisoa sa “Brannock”

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Lieta tsohle tse etsoang li thehiloe ho o mong oa meetso ena ea motheo

[Litšoantšo tse leqepheng la 30]

Mefuta ea tse fasoang

O fasetsoang holimo

O fasetsoang haufi le menoana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela