Mofuta oa Katse o Kotsing ka ho Fetisisa Lefatšeng
Ka MONGOLI OA TSOHA! SPAIN
Mahlo a nchocho le ho tlōla matjato ha qoabi ke khale ho tsebahala. Ha motho a hlaketsoe ke lintho hantle, batho ba Spain ba re o na le “mahlo a qoabi.” Ka bomalimabe qoabi ea Iberia (Lynx pardinus) hona joale e tsebahala ka ho hong ho sa amaneng le mahlo a eona a nchocho kapa bohlale ba eona. E nkoa e le “mofuta oa katse o kotsing ea ho timela ka ho fetisisa lefatšeng.”a
Lilemong tse fetileng qoabi ena ea Iberia e ne e fumanoa ho pholletsa le Portugal le Spain mohlomong le ho fihlela karolong ea Fora ea Pyrenees. Mehleng ena, lihlopha tse seng kae tse qhalakaneng li phela sebakeng se ka boroa bophirimela ho Hloahloa ea Iberia. Leha ho le joalo, ke tse peli feela tsa lihlopha tsena tseo ho ka lebelloang hore li tla ikatisa, ’me palo e akaretsang ea liqoabi tsena e theohile ka tsela e tšosang.
Ho latela likhakanyo tse ling, palo ea liqoabi tsa Iberia hona joale e theohetse ho tse ka tlaase ho tse 200. Ke eng e baketseng ho theoha ka tsela e hlobaetsang hakaale? Ba bang ba re lebaka le ka sehloohong ke ho haella haholo ha seo li se jang, e leng limmutlanyana tse ’nileng tsa ripitloa ke mafu a tsona a ’maloa a seoa. Ho phaella moo, liqoabi tse ling li ’nile tsa oela lerabeng la litsomi kapa li ’nile tsa bolaoa mebileng e meholo. ’Me moo ho loketseng hore li lule teng ho ’nile ha qakolohana. Tlaleho ea haufinyane tjena ea World Wildlife Fund e boletse hore mathata ana a entse hore palo e ntseng e fokotseha e qhalanehele libakeng tse nyenyane.
Le hoja ho behelletsoe liranta tse limilione tse 230 ka thōko bakeng sa ho pholosa qoabi ena e kotsing ea ho timela, sehlopha se seng sa litsebi haufinyane tjena se hlalositse boemo boo e le bo “hapang tlhokomelo.” Ho ea ka Nicolás Guzmán, mohokahanyi oa Leano la Sechaba la Poloko ea Qoabi ea Iberia, har’a tse ka tlaase ho 200 tse setseng tse hlaha, ‘tse pakeng tsa 22 le 32 tse tšehali ke tse ka tsoalang.’ O ile a phaella, ‘Ho phela ha mofuta ona ho itšetlehile ka tsona.’ Ka masoabi, boemo ba qoabi ea Iberia bo tšoana le boemo ba libōpuoa tse ngata haholo tse ntle lefatšeng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Qoabi ea Iberia, kapa ea Spain, e ile ea behoa sehlopheng sa tse “kotsing ka ho fetisisa” Lethathamong la Tse Kotsing ea ho Timela, lethathamo la liphoofolo tse kotsing ea ho timela le lokisitsoeng ke International Union for Conservation of Nature and Natural Resources.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 18]
Foto © Fernando Ortega
sos lynx