Matla a Lirafshoa—Ke Hobane’ng ha a Hlokahala Bophelong?
MICAH oa lesea o ile a hlaha ka August 2003. ’M’ae o ile a mathisetsoa sepetlele ka koloi e tsamaeang ka peterole. Sepetlele seo a hlahetseng ho sona se ne se bonesitsoe ka motlakase o fehloang ka mashala. Phaposi eo a hlahetseng ka ho eona e ne e futhumalitsoe ka khase e rafshoang. Haeba o mong oa mehloli ena ea matla o ne o ka khaotsa ho sebetsa, bophelo ba leseanyana Micah bo ka be bo bile kotsing.
Tsoelo-pele ea kajeno eo Micah a hlahetseng ho eona e itšetlehile ka mehloli e sa tšoaneng ea matla. Letsatsi le leng le le leng re itšetlehile ka lirafshoa ka tsela ena kapa eane—ho re isa mosebetsing, ho pheha lijo tsa rōna, kapa ho re bonesetsa, ho futhumatsa le ho pholisa mahae a rōna. Mokhatlo oa Lirafshoa Tsa Lefatše o bolela hore lirafshoa “li fana ka liphesente tse 90 tsa matla a hlokoang ke khoebo lefatšeng.” Tlaleho e phatlalalitsoeng ke Mokhatlo oo ka 2000 e re: “Ha ho buuoa ka matla a lirafshoa, oli ke oona mohloli o ka sehloohong o fepelang lefatše ka matla, ka liphesente tse 40, e lateloe ke mashala ka liphesente tse 26, e ntan’o ba khase e rafshoang ka liphesente tse ka bang 24.”a
Koranta ea Bioscience e re: “Ka karolelano, Moamerika e mong le e mong o sebelisa hoo e ka bang matla a jang li-kilowatt-hour tse 93 000 selemo le selemo, e leng a lekanang le lilithara tse 8 000 tsa oli, bakeng sa merero eohle, ho akarelletsa le lipalangoang, ho futhumatsa le ho pholisa matlo.” Australia, Chaena, Poland le Afrika Boroa, motlakase o sebelisoang, o fetang liphesente tse 75 o fehloa ke lijenereitara tsa mashala. India e itšetlehile ka mashala bakeng sa liphesente tse 60 tsa motlakase oa eona, ha United States le Jeremane li fehla ho fetang halofo ea motlakase oa tsona ka mashala.
Moqolotsi oa litaba Jeremiah Creedon o re: “E batla e le ntho e sa tsejoeng hore kajeno lijo tsa lefatše li hlahisoa ka thuso ea oli. Peterole le khase e rafshoang ke tsa bohlokoa haholo mohatong o mong le o mong oa temo ea kajeno, ho tloha ha ho etsoa monontša ho fihlela ha ho isoa lijalo libakeng tse ling.” Empa matla aa a lirafshoa ao batho ba kajeno ba iphelisang ka ’ona a sireletsehile hakae? Na ho na le mekhoa leha e le efe e meng e batlang e hloekile e teng?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka histori ea ho sebelisoa ha oli hampe, bona tokollo ea Tsoha! ea November 8, 2003, leqepheng la 3-12.