Lefatše le Arotsoeng ke Maruo
KAROLONG e qetellang ea lekholo la bo20 la lilemo, lefatše le ne le khelelletse Ntoeng ea Mantsoe ’me le arohane likoto tse tharo tsa lipolotiki. Linaha tsa Bokomonisi, tse neng li emetsoe ke Union of Soviet Socialist Republics, le linaha tseo e neng e se tsa Bokomonisi, tse neng li eteletsoe pele ke United States, li ne li bopelane nakong ea Mokoallo oa Puso ea Lere la Tšepe. Linaha tse neng li sa ikamahanye le sehlopha leha e le sefe li ile tsa theha se neng se bitsoa Linaha Tse Fokolang.
Leha ho le joalo, hamorao polelo “Linaha Tse Fokolang” e ile ea nkoa e le tlhaloso e nyenyefatsang, ’me e ile ea nkeloa sebaka ke “lichaba tse sa hlabolohang.” Ha nako e ntse e feta, polelo ena le eona e ile ea fana ka maikutlo a mabe, ka hona litsebi tsa moruo li ile tsa qala ho sebelisa polelo “linaha tse ntseng li hōla moruong.” Kahoo, polelo ena ha ea ka ea hlola e hatisa taba ea lipolotiki haholo empa e ile ea sekamela moruong.
Lekholong lena la bo21 la lilemo, lefatše ha le sa arotsoe ka likoto tse tharo tsa lipolotiki tse boletsoeng ka holimo. Leha ho le joalo, ka kutloisiso ea moruo le ea tsa indasteri, phapang pakeng tsa linaha tse tsoetseng pele le tse ntseng li hōla moruong e ntse e le teng. Bahahlauli ba tsoang linaheng tse ruileng ba kopana le batho ba futsanehileng ba hulang ka thata hore feela ba fumane se eang ka maleng.
Ka hona, potso ena ke ea bohlokoa: Na lefatše le reretsoe hore le lule le arohane moruong, kapa na ba nang le hona, ke hore barui, hammoho le ba se nang hona, ke hore mafutsana, ba ka lekana ka ho ba boemong bo tšoanang maemong a bophelo?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
© Qilai Shen/Panos Pictures