Li Sithabetsa Batho, li ba Sisinya Tumelo
KA MOR’A hore tsunami e ripitle motse oa habo ka December 2004, monna e mong oa Sri Lanka o ile a re: “Hohle ho ne ho tletse litopo, ’me re ne re sa khone ho bona moo ntlo ea rōna e neng e le hona teng.” Sehloohong se seng se neng se bua ka koluoa, mongoli e mong oa koranta ea bolumeli o ile a re ka linako tse ling o iphumana “a rapela a halefile.”
Batho ba bangata ba nka hore likoluoa tsa tlhaho ke kotlo eo Molimo a fanang ka eona. Mongoli e mong o ile a re leholiotsoana le bakileng tšenyo ke “setebele sa Molimo.” Baeta-pele ba bang ba bolumeli United States, ba hlalositse likoluoa tse kang Leholiotsoana Katrina e le “khalefo ea Molimo” “metseng ea baetsalibe.” Mabuddha a mabifi a Sri Lanka a ile a jarisa Bakreste molato ka tsunami, ’me seo se bakile lekhalo le leholo la bolumeli. Mohlokomeli e mong oa tempele ea Mahindu o ne a lumela hore molimo ea bitsoang Shiva o halefisitsoe ke hore batho ha baa itšoara hantle. Moeta-pele e mong oa bolumeli ba Bobuddha United States o ile a re ka likoluoa tsa tlhaho: “Ha re tsebe hore na ke hobane’ng ha lintho tsena li etsahala. Ha re tsebe le lebaka leo re leng teng mona ka lona.”
Ha u bona litšoantšo tsa matlo a soahlamaneng, tsa litopo le tsa batho ba sithabetseng, na ka linako tse ling u ee u ipotse, ‘Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola a mangata hakaale?’ Kapa na ebe u nahana hore ‘E tlameha ebe Molimo o na le lebaka le utloahalang la ho lumella lintho tsee ho etsahala empa e le hore feela ha aa re bolella lona’? Lihlooho tse latelang li tšohla ntlha ena. Li boetse li tšohla mehato eo batho ba ka e nkang ho fokotsa monyetla oa hore ba tsoe likotsi kapa ba shoe haeba ho ka ’na ha e-ba le koluoa ea tlhaho kapa e hlile e etsahala.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Baeta-pele ba bangata ba bolumeli ha ba tsebe hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse likoluoa tsa tlhaho